Lumella Temoho e U Sireletse
“Matla a ho nahana ka booona a tla u lebela, temoho ka boeona e tla u sireletsa.”—LIPROVERBIA 2:11, NW.
1. Temoho e ka re sireletsa ho eng?
JEHOVA o batla hore u sebelise temoho. Hobane’ng? Hobane oa tseba hore e tla u sireletsa likotsing tse sa tšoaneng. Mantsoe a qalang a Liproverbia 2:10-19 (NW) a re: “Ha bohlale bo kena pelong ea hao le tsebo ka boeona e thabisa oona moea oa hao, matla a ho nahana ka booona a tla u lebela, temoho ka boeona e tla u sireletsa.” E tla u sireletsa ho eng? Linthong tse kang “mokhoa o mobe,” ho ba tlohelang litsela tsa ho loka, le ho batho ba tletseng mano mekhoeng ea bona e tloaelehileng.
2. Temoho ke eng, hona ke ea mofuta ofe eo Bakreste ba lakatsang ho ba le eona ka ho khethehileng?
2 Mohlomong u tla hopola hore temoho ke matla a kelello a ho khetholla ntho e ’ngoe ho e ’ngoe. Motho ea nang le temoho o lemoha phapang ea mehopolo kapa lintho ’me o na le kahlolo e molemo. Joaloka Bakreste, ka ho khethehileng re lakatsa ho ba le temoho ea moea e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Ha re ithuta Mangolo, ho joalokaha eka re cheka majoe a ho haha temoho ea moea. Seo re ithutang sona se ka re thusa ho etsa liqeto tse thabisang Jehova.
3. Re ka fumana temoho ea moea joang?
3 Ha Molimo a ne a botsa Morena Solomone oa Iseraele hore na o batla tlhohonolofatso efe, ’musi eo e mocha o ile a re: “U nee ke hona mohlanka oa hao pelo e kelello ea ho ahlolela sechaba sa hao, ke tle ke [lemohe, NW] ho khetha botle le bobe.” Solomone o ile a kōpa temoho, ’me Jehova o ile a mo fa eona ka tekanyo e sa tloaelehang. (1 Marena 3:9; 4:30) E le hore re ka ba le temoho, ho hlokahala hore re rapele, ’me re tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ka thuso ea lingoliloeng tse behang leseling tse lokiselitsoeng ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Sena se tla re thusa ho hlaolela temoho ea moea ho isa bohōleng ba ho ba “ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso,” ba khonang ho “khetholla [kapa, ho lemoha pakeng tsa] se nepahetseng le se fosahetseng.”—1 Bakorinthe 14:20; Baheberu 5:14.
Tlhokahalo e Khethehileng ea Temoho
4. Ho ba le leihlo le ‘talimang ’nģa e le ’ngoe’ ho bolela’ng, hona ho ka re tsoela molemo joang?
4 Ka temoho e loketseng, re ka nka bohato tumellanong le mantsoe a Jesu Kreste: “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha [Molimo], ’me lintho tsena tse ling tsohle [tse bonahalang] le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Jesu o ile a boela a re: “Lebone la ’mele ke leihlo la hao. Ha leihlo la hao le talima ’nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao le oona oa khanya.” (Luka 11:34) Leihlo ke lebone la tšoantšetso. Leihlo le ‘talimang ’nģa e le ’ngoe,’ lea tšepahala, le lebisitse tlhokomelo eohle ’nģa e le ’ngoe. Ha re e-na le leihlo le joalo, re ka bontša temoho ’me ra tsamaea re sa khoptjoe moeeng.
5. Mabapi le litšebelisano tsa khoebo, re lokela ho hopola eng mabapi le morero oa phutheho ea Bokreste?
5 Ba bang, ho e-na le ho boloka mahlo a bona a talimile ’nģa e le ’ngoe, ba entse hore bophelo ba bona le bophelo ba ba bang bo rarahane ka litšebelisano tsa khoebo tse hohelang. Empa re lokela ho hopola hore phutheho ea Bokreste ke “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Joaloka litšiea tsa mohaho, phutheho e tšehetsa ’nete ea Molimo, e seng khoebo ea mang kapa mang. Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ha lia theheloa ho ba libaka tsa ho ntšetsa pele lithahasello tsa khoebo, tsa thepa kapa tsa litšebeletso. Re tlameha ho qoba ho hahamalla litaba tsa khoebo ea botho Holong ea ’Muso. Temoho e re thusa ho bona hore Liholo tsa ’Muso, Lithuto tsa Buka tsa Phutheho, likopano tse nyenyane le tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova ke libaka tsa pokano ea Bokreste le puisano ea moea. Haeba re ne re ka sebelisa likamano tsa moea ho ntšetsa pele mofuta leha e le ofe oa khoebo, na see se ne se ke ke sa bontša ho haelloa ke kananelo ho itseng bakeng sa lintho tsa bohlokoa tsa moea? Le ka mohla likamano tsa phutheho ha lia lokela ho sebelisoa hampe bakeng sa ho etsa phaello ea chelete.
6. Ke hobane’ng ha thepa ea khoebo le litšebeletso li sa lokela ho rekisoa kapa ho buelloa libokeng tsa phutheho?
6 Ba bang ba sebelisitse likamano tsa puso ea Molimo ho rekisa meriana kapa litlolo, livithamine, litšebeletso tsa mehala, thepa ea mohaho, litokisetso tsa maeto, mananeo a lik’homputha le thepa ea tsona, le tse ling. Leha ho le joalo, liboka tsa phutheho hase libaka tsa ho rekisa kapa ho khothalletsa thepa ea khoebo kapa litšebeletso. Re ka lemoha molao-motheo o ka sehloohong haeba re hopola hore Jesu o ile “a lelekela bohle ba nang le linku le likhomo ka ntle ho tempele, ’me a tšolla lichelete tsa tšepe tsa ba ananyang chelete le ho phethola litafole tsa bona. Eaba o re ho ba rekisang maeba: ‘Tlosang lintho tsena mona! Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea thekiso!’”—Johanne 2:15, 16.
Ho Thoe’ng ka Matsete?
7. Ke hobane’ng ha temoho le masene li hlokahala mabapi le matsete?
7 Temoho le masene lia hlokahala ha ho nahanoa ka ho etsa letsete khoebong ea ho leka letsoho. Nka hore motho e mong o batla ho alima chelete ’me o etsa litšepiso tsa mofuta ona: “Kea u tiisetsa u tla etsa chelete.” “U ke ke ua lahleheloa ke letho. Ena ke ntho e tla atleha ka sebele.” E-ba hlokolosi ha motho leha e le ofe a etsa litiiso tse joalo. Ho ka etsahala hore ebe ha a talime lintho ka tsela ea sebele kapa ha a tšepahale, hobane ke ka seoelo ho etsa letsete la chelete ho atlehang. Ha e le hantle, batho ba qhekellang, ba sa tšepahaleng ba qhekeletse litho tsa phutheho. Sena se re hopotsa ka “batho ba se nang bomolimo” ba ileng ba khukhunela ka phuthehong ea lekholong la pele la lilemo ’me ba ‘fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’ Ba ne ba tšoana le mafika a ka tlas’a metsi a sehang ka mahlakoreng, a neng a ka hlaba le ho bolaea lisesi. (Jude 4, 12) Ke ’nete hore sepheo sa balotsana bana se fapane, empa le bona ba hlasela litho tsa phutheho.
8. Ho etsahetse eng likhoebong tse ling tsa ho leka letsoho tseo ho bonahalang eka li na le phaello?
8 Esita le Bakreste ba nang le sepheo se setle ba ’nile ba fetisa boitsebiso bo mabapi le likhoebo tsa ho leka letsoho tse bonahalang li e-na le phaello, empa ba fumana hore chelete ea bona eo ba neng ba e entse letsete, hammoho le ea ba latetseng mohlala oa bona, e oetse. Ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba lahlehetsoe ke litokelo ka phuthehong. Ha ho hlahella hore likhoebo tsa ho leka letsoho tse ruisang kapele ke mekhoa ea bolotsana, molotsana, eo hangata a nyamelang ka potlako ke eena feela ea fumanang phaello. Temoho e ka thusa motho joang hore a qobe maemo a joalo?
9. Ke hobane’ng ha ho hlokahala temoho ho lekanyetsa se boleloang ka matsete?
9 Temoho e na le moelelo oa ho khona ho utloisisa se poteletseng. Matla ana aa hlokahala e le hore re ka lekanyetsa se boleloang ka matsete. Bakreste baa tšepana, ’me ba bang ba ka ’na ba beha mabaka a hore bara le barali babo bona ba moea ba ne ba ke ke ba kena khoebong ea ho leka letsoho e neng e tla beha matlotlo a balumeli-’moho le bona kotsing. Empa taba ea hore rakhoebo ke Mokreste ha e fane ka tiiso ea hore oa ipabola litabeng tsa khoebo kapa hore khoebo ea hae e tla atleha.
10. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba alima chelete ea ho etsa khoebo ho balumeli-’moho le bona, ’me ho ka etsahala eng ka matsete a joalo?
10 Bakreste ba bang ba batla ho alima chelete ho balumeli-’moho le bona bakeng sa ho etsa khoebo hobane mekhatlo e tsebahalang e alimanang ka chelete le ka mohla e ne e ke ke ea ba alima chelete bakeng sa likhoebo tsa bona tseo ho se nang tiiso ea hore li tla atleha. Ba bangata ba ’nile ba thetsoa hore ba lumele hore ka ho etsa chelete ea bona letsete feela, ba ka rua kapele ntle le ho sebetsa ka thata kapa mohlomong ba sa sebetsa ho hang. Ba bang ba hohelloa letseteng ka lebaka la ho khahleha ha lona, feela hore ba lahleheloe ke chelete eo ba e bokeletseng bophelong bohle ba bona! Mokreste e mong o ile a etsa letsete ka chelete e ngata haholo, a lebeletse ho fumana phaello ea karolo ea 25 lekholong ka libeke tse peli feela. Chelete ea hae e ile ea oelella kaofela ha ho phatlalatsoa ka molao hore k’hamphani eo e oele. Ketsahalong e ’ngoe ea ho leka letsoho khoebong, morekisi e mong oa matlo o ile a alima chelete e ngata ho ba bang ka phuthehong. O ile a tšepisa phaello e phahameng ka ho sa tloaelehang empa o ile a oa ’me lichelete tseo a neng a li alimile li ile tsa oelella.
Ha Likhoebo Tsa ho Leka Letsoho li E-oa
11. Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le meharo le lerato la chelete?
11 Ho oa ha likhoebo ho feletse ka ho nyahama esita le ho oa moeeng ha Bakreste ba bang ba ileng ba kena likhoebong tsena tsa ho leka letsoho tse sa tšepahaleng. Ho hlōleha ho lumella temoho hore e sebeletse e le tšireletso ho bakile masisa-pelo le ho hlonama. Meharo e tšoasitse ba bangata. Pauluse o ile a ngola: ‘Meharo a e se ke ea boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang.’ (Baefese 5:3) Hape o ile a hlokomelisa: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.
12. Haeba Bakreste ba kopanela khoebo, ba lokela ho hopola eng ka ho khethehileng?
12 Haeba Mokreste a ne a ka hlaolela lerato la chelete, o ne a ka ipakela kotsi e khōlō moeeng. Bafarisi e ne e le barati ba chelete, ’me ena ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa batho ba bangata matsatsing ana a ho qetela. (Luka 16:14; 2 Timothea 3:1, 2) Ka ho fapaneng, mokhoa oa Mokreste oa bophelo o lokela hore “e be o se nang lerato la chelete.” (Baheberu 13:5) Ha e le hantle, Bakreste ba ka kopanela khoebo kapa ba qala khoebo hammoho. Leha ho le joalo, haeba ba etsa joalo, lipuisano le ho rerisana li lokela ho aroha litabeng tsa phutheho. Hape hopolang: Esita le har’a bara ba motho ba moea, kamehla litumellano tsa khoebo li lokela ho ngoloa fatše. Ho thusang ntlheng ena ke sehlooho se reng “Tumellano e Tiisoe ka Lengolo!,” se hatisitsoeng ho Tsoha! ea August 8, 1983, leqepheng la 13 ho ea ho la 15.
13. U ne u ka sebelisa Liproverbia 22:7 joang likhoebong tsa ho leka letsoho?
13 Liproverbia 22:7 ea re bolella: “Ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.” Hangata hase bohlale hore re ipehe kapa re behe mor’abo rōna boemong ba mofo ea joalo. Ha mang kapa mang a re kōpa hore re mo alime chelete bakeng sa ho ea leka letsoho khoebong, ho ne ho tla ba molemo ho ela hloko hore na o tla khona ho lefa chelete eo. Na o tsebahala e le ea ka tšeptjoang le ea tšepahalang? Ha e le hantle, re lokela ho hlokomela hore ho alimana ho joalo ho ka fella ka ho oelella ha chelete ea rōna hobane likhoebo tsa ho leka letsoho tse ngata lia oa. Ho ba le tumellano ka bohona ha ho fane ka tiiso ea khoebo ea ho leka letsoho e atlehileng. ’Me ka sebele hase bohlale hore mang kapa mang a ka ipeha kotsing ea ho alimana ka chelete e ngata khoebong hoo a salang a se na letho.
14. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re bontše temoho haeba re alimane ka chelete ho Mokreste-’moho le rōna eo khoebo ea hae e oang?
14 Ho hlokahala hore re bontše temoho haeba re alimile Mokreste chelete bakeng sa merero ea khoebo ’me chelete eo e ile ea oelella, le hoja ho se mekhoa ea ho hloka botšepehi e neng e ameha. Haeba ho oa ha khoebo e ne e se molato oa molumeli-’moho le rōna ea alimileng chelete ho rōna, na re ka re re sitetsoe? Che, hobane re ile ra ithaopela ho alimana, mohlomong re ne re ntse re amohela tsoala ea eona, ’me ha hoa etsahala letho le bontšang ho hloka botšepehi. Kaha ha hoa ka ha e-ba le ho hloka botšepehi, ha re na motheo bakeng sa ho nka bohato ba molao khahlanong le ea alimileng. Ho ne ho tla ba le molemo ofe ho qosa Mokreste-’moho le uena ea tšepahalang ea ileng a tlameha ho phatlalatsa ka molao hore o oele kaha khoebo ea ho leka letsoho e neng e reriloe ka sepheo se setle e oele?—1 Bakorinthe 6:1.
15. Ke lintlha life tseo ho hlokahalang hore li nahanisisoe haeba ho entsoe phatlalatso ea molao ea ho oa?
15 Bao khoebo ea bona e oang ka linako tse ling ba batla ho lopoloha ka ho phatlalatsa ka molao hore ba oele. Kaha Bakreste ba tsotella likoloto tsa bona, esita le ka mor’a hore ba lokolohe ka molao melatong e itseng, ba bang ba ile ba ikutloa ba tlamehile ho leka ho lefa melato e hlakotsoeng haeba batho bao ba neng ba ba kolota ba ka amohela tefo eo. Empa ho thoe’ng haeba ea alimileng a lihela chelete ea mor’abo ebe ka mor’a moo o phela ka mokhoa o mabothobotho? Kapa ho thoe’ng haeba ea alimileng a e-ba le chelete e lekaneng hore a ka lefa seo a neng a se kolota empa a hlokomoloha molato oa lichelete oo e ka ’nang eaba o na le oona ho mor’abo? Joale ho ne ho tla belaelloa litšoaneleho tsa ea alimileng tsa ho sebeletsa boemong ba boikarabelo ka phuthehong.—1 Timothea 3:3, 8; bona Molula-Qhooa oa September 15, 1994, leqepheng la 30-1.
Ho Thoe’ng Haeba Bolotsana bo le Teng?
16. Ke mehato efe e ka ’nang ea nkuoa haeba ho bonahala hore re liphofu tsa bolotsana khoebong?
16 Temoho e re thusa ho hlokomela hore hase matsete ’ohle a hlahisang phaello. Empa ho thoe’ng haeba ho ameha bolotsana? Bolotsana ke “ho sebelisa thetso ka morero, ho qhekella kapa ho sotha ’nete ka morero oa ho susumelletsa motho e mong ho fana ka ntho ea hae ea bohlokoa kapa hore a tele tokelo ea molao.” Jesu Kreste o ile a thathamisa mehato e ka ’nang ea nkuoa ha motho a nahana hore o entsoe ka bolotsana ke morapeli-’moho le eena. Ho ea ka Matheu 18:15-17, Jesu o itse: “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno. Empa haeba a sa mamele, u nke a le mong kapa ba bang ba babeli, e le hore ka melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa. Haeba a sa ba mamele, u bue le phutheho. Haeba a sa mamele phutheho, ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Papiso eo Jesu a ileng a e etsa hamorao e bontša hore o ne a nahanne ka libe tse kang tse amanang le litaba tsa lichelete, tse akarelletsang bolotsana.—Matheu 18:23-35.
17, 18. Haeba motho ea ipolelang hore ke Mokreste a re etsa ka bolotsana, temoho e ka re sireletsa joang?
17 Ha e le hantle, ho ne ho ke ke ha e-ba le motheo oa Mangolo oa ho nka mehato e thathamisitsoeng ho Matheu 18:15-17 haeba ho ne ho se na bopaki kapa pontšo ea bolotsana. Empa, ho thoe’ng haeba motho ea ipolelang hore ke Mokreste a ile a hla a re etsetsa bolotsana? Temoho e ka re sireletsa ho nkeng bohato bo ka ’nang ba senya botumo ba phutheho. Pauluse o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena ho itlohella hore ba fosetsoe esita le ho etsetsoa bolotsana ho e-na le ho isa mor’abo bona khotla.—1 Bakorinthe 6:7.
18 Bara le barali babo rōna ba ’nete hase ba ‘tletseng bolotsana le ba babe ka ho feteletseng,’ joaloka senohe Bar-Jesu. (Liketso 13:6-12) Ka hona a re sebeliseng temoho ha chelete e oelelletse likhoebong tsa ho leka letsoho tse amang balumeli-’moho le rōna. Haeba re nahana ka ho nka bohato ba molao, re lokela ho nahana ka liphello tseo ho ka etsahalang hore li tlele rōna, motho e mong kapa ba bang, phutheho le ba ka ntle. Ho lelekisa matšeliso ho ka senya nako ea rōna e ngata, matla le matlotlo a mang. Ho ka ’na ha fella feela ka ho ruisa babuelli ba molao le litsebi tse ling. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba tetse litokelo tsa puso ea bomolimo ka lebaka la ho ikakhela ka setotsoana linthong tsena. E tlameha ebe ho khelosoa ha rōna ka tsela ena ho thabisa Satane, empa re batla ho thabisa pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) Ka lehlakoreng le leng, ho amohela tahlehelo ho ka ’na ha re thusa ho qoba masisa-pelo le ho boloka nako e ngata bakeng sa rōna le baholo. Ho tla thusa ho boloka khotso ea phutheho ’me ho tla re nolofalletsa hore re ’ne re batle ’Muso pele.
Temoho le ho Etsa Liqeto
19. Temoho ea moea le thapelo li ka re etsetsa eng ha re etsa liqeto tse bakang khatello ea kelello?
19 Ho etsa liqeto litabeng tsa lichelete kapa tsa khoebo ho ka baka khatello e ngata kelellong. Empa temoho ea moea e ka re thusa ho leka-lekanya lintlha le ho etsa liqeto tse bohlale. Ho feta moo, ho itšetleha ka Jehova ka thapelo ho ka re tlisetsa “khotso ea Molimo.” (Bafilippi 4:6, 7) Ke khutso le botsitso tse tlisoang ke kamano ea botho e haufi le Jehova. Ka sebele, khotso e joalo e ka re thusa ho boloka ho leka-lekana ha re talimane le liqeto tse thata.
20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng moo ho amehang litaba tsa khoebo le phutheho?
20 E se eka re ka ikemisetsa ho se lumelle hore litsekisano tsa khoebo li senye khotso ea rōna kapa ea phutheho. Ho hlokahala hore re hopole hore phutheho ea Bokreste e sebeletsa ho re thusa moeeng, eseng ho sebeletsa e le setsi sa ho hahamalla lintho tsa khoebo. Ka linako tsohle litaba tsa khoebo li lokela ho bolokoa li arohile mesebetsing ea phutheho. Ho hlokahala hore re sebelise temoho le masene ha re kena likhoebong tsa ho leka letsoho. ’Me kamehla a re bolokeng pono e leka-lekaneng litabeng tse joalo, re batle lithahasello tsa ’Muso pele. Haeba khoebo eo ho lekoang letsoho ho eona, e amanang le barapeli-’moho le rōna e ka oa, e se eka re ka batla se molemohali bakeng sa bohle ba amehang.
21. Re ka sebelisa temoho joang ’me ra sebetsa tumellanong le Bafilippi 1:9-11?
21 Ho e-na le ho ameha haholo ka litaba tsa lichelete le lintho tse ling tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo, e se eka kaofela ha rōna re ka sekamisetsa lipelo tsa rōna temohong, re rapelle tataiso ea Molimo, ’me re etelletse lithahasello tsa ’Muso pele. Tumellanong le thapelo ea Pauluse, ‘e se eka lerato la rōna le ka ata ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng e le hore re ka nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane, le hore re se ke ra ba ba khopisang ba bang’ kapa ra ikhopisa. Hona joale kaha Kreste Morena o teroneng ea hae ea leholimong, a re bontšeng temoho ea moea tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. ’Me ‘e se eka re ka tlala litholoana tse lokileng tse teng ka Jesu Kreste, khanyeng le thorisong tsa Molimo oa rōna,’ Morena ’Musi Jehova.—Bafilippi 1:9-11.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Temoho ke eng?
◻ Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e khethehileng ea ho bontša temoho mabapi le litšebelisano tsa khoebo har’a Bakreste?
◻ Temoho e ka re thusa joang haeba re ikutloa hore molumeli-’moho le rōna o re entse ka bolotsana?
◻ Temoho e lokela ho phetha karolo efe ha ho etsoa liqeto?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Temoho e tla re thusa ho sebelisa keletso ea Jesu ea ho tsoela pele ho batla ’Muso pele
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Ka linako tsohle ngola litumellano tsa khoebo fatše