“Seaparo se Halalelang sa Trier”
TRIER, e nang le histori e khutlelang morao koana lilemong tse 2000 tse fetileng, ke motse oa Jeremane oa khale-khale.a Trier e bile le likamano tse matla le Kereke e K’hatholike ka makholo a lilemo. Ka 1996 cathedral e Trier e ile ea beha reliki pontšeng eo ho lumeloang hore e bile teng ho tloha ha motse oo o thehoa. E bitsoa Seaparo se Halalelang sa Trier.
Seaparo seo se bolelele ba limithara tse 1,57 le bophara ba limithara tse 1,09, se matsoho a fihlang litsoeng. Se entsoe ka k’hothone ’me, ho latela Hans-Joachim Kann bukeng ea hae Wallfahrtsführer Trier und Umgebung (Tataiso ea Leeto la Bolumeli le Eang Trier le Mathōko a Eona), mohlomong se ne se aparoa e le seaparo sa ka ntle. Likhakanyo tse ling li bolela hore seaparo sa pele—seo karolo e khōlō ea sona e ileng ea lokisoa le ho lapuoa ka masela a mang ho theosa le makholo a lilemo—ke sa morao lekholong la bobeli kapa esita le la pele la lilemo C.E. Haeba li nepahetse, seo se ne se tla etsa hore e be seaparo se sa fumaneheng habonolo, thepa ea musiamo e thahasellisang.
Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore hase feela hore seaparo sena ha se fumanehe habonolo empa hape sea halalela—ke ka lebaka leo se bitsoang Seaparo se Halalelang. Ke hobane ha se na moroko, joaloka seaparo sa ka hare se neng se aparoa ke Jesu Kreste. (Johanne 19:23, 24) Ba bang ba bolela hore “Seaparo se Halalelang” sena ha e le hantle e ne e le sa Mesia.
Hore na seaparo sena se tlile joang Trier ha ho tsebahale hantle. Buka e ’ngoe ea litšupiso e bolela hore se ile sa “nehoa motse ona ke moemphera oa mosali Helena, ’mè oa Constantine e Moholo.” Kann o bontša hore tlaleho ea pele e tšepahalang ea boteng ba seaparo sena Trier ke ea ho tloha ka 1196.
Seaparo sena, se bolokiloeng ka har’a cathedral, se ’nile sa behoa pontšeng ka linako tse sa tšoaneng ho tloha lekholong la bo16 la lilemo. Ka mohlala, sena se ile sa etsoa ka 1655, nakoana ka mor’a Ntoa ea Lilemo tse 30, eo ho eona ho ileng ha sebelisoa chelete e ngata Trier. Thekiso ea lintho tse hopotsang ka leeto la bolumeli nako le nako e ’nile ea kenya chelete e ngata.
Ho bile le maeto a bolumeli a “Seaparo se Halalelang” a mararo lekholong lena la lilemo—ka 1933, 1959 le 1996. Ka 1933 leeto la bolumeli le ile la phatlalatsoa letsatsing leo ka lona Hitler e bileng tona-khōlō e khethiloeng ea ’Muso oa Jeremane. Kann o bontša hore ho etsahala hona ha tšohanyetso ha liketsahalo tsena tse peli ka letsatsi le le leng ho hlakisa maemo a potolohileng leeto lena la bolumeli. Masole a Manazi a apereng junifomo e bile ’ona balebeli bakeng sa baeti ba bolumeli ba neng ba le ka ntle ho cathedral. Batho ba limilione tse peli le halofo ba ile ba bona seaparo sena selemong seo.
Herbert, eo e bileng moahi oa Trier ka lilemo tse ngata, o ile a bapisa leeto la bolumeli la 1959 le la 1996. “Ka 1959 literata li ne li tletse batho, ho e-na le liraka tseo ho tsona ho neng ho rekisetsoa lintho tsa khopotso hoo e ka bang k’honeng e ’ngoe le e ’ngoe ea seterata. Selemong sena ho khutsitse haholoanyane ketsahalong ena eohle.” Ka sebele, ke feela ba 700 000 ba ileng ba bona seaparo sena ka 1996, palo e ka tlaase ho ea 1959 ka milione.
Ke Hobane’ng ha ba Il’o Bona Seaparo Seo?
Kereke e totobatsa hore seaparo sena ha sea lokela ho talingoa e le ntho e lokelang ho hlomphuoa ka tsela ea borapeli. Seaparo sena se se nang moroko se nkoa e le se tšoantšetsang bonngoe ba kereke. Frankfurter Allgemeine Zeitung e tlaleha hore ha a tsebisa ka leeto lena la bolumeli, Mobishopo Spital o ile a re: “Boemo bo sa tloaelehang lefatšeng la rōna bo phephetsa rōna Bakreste hore re be le likarabo tse sa tloaelehang. Re tlameha ho hanyetsa leqhubu le hōlang la lehloeo, sehlōhō le pefo.” Mobishopo enoa o ile a hlalosa hore ho bona seaparo sena ho ne ho tla hopotsa motho bonngoe.
Empa ke hobane’ng ha motho ofe kapa ofe a hloka “Seaparo se Halalelang” hore a hopotsoe bonngoe ba kereke? Ho thoe’ng haeba seaparo see se ka senyeha kapa sa tsekoloha likoto kapa ha totobala hore ke sa bohata? Na joale bonngoe ba kereke bo tla ba kotsing? Ho thoe’ng ka batho ba sa khoneng ho nka leeto la bolumeli le eang Trier? Na ha ba seli hakaalo ka bonngoe bo ka har’a kereke?
Mangolo a Halalelang ha a re letho ka hore Bakreste ba pele ba ne ba hloka lintho tse itseng ho ba hopotsa hore bonngoe ba Bokreste boa hlokahala. Ka sebele, moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ka mantsoe ana: “Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” (2 Bakorinthe 5:7) Kahoo, bonngoe boo Bakreste ba ’nete ba bo thabelang bo hlalositsoe e le ‘bonngoe tumelong.’—Baefese 4:11-13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Awake! ea April 22, 1980, leqepheng la 21-3.