‘Re Hloka Batho ba Tšepahalang’
BOTŠEPEHI boa fokola lefatšeng kajeno. Leha ho le joalo, ke tlhokahalo ea motheo ho Bakreste. Pauluse o ngotse: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Sena ke seo Wilma, Paki e ’ngoe ea Jehova ea Faenza, Italy, a neng a batla ho se etsa.
Koranta ea Il Resto del Carlino e tlaleha hore ha a ne a thola sepache se tšetseng chelete e ngata ka ntle ho lebenkele le leholo motseng oa habo, “ntle ho tikatiko” o ile a se isa mapoleseng e le hore se ka khutlisetsoa ho mong’a sona.
Ha ramotse a utloa ka sena, hang-hang o ile a romela lengolo le lekhutšoanyane la ho leboha Wilma. O ngotse: “Lebitsong la Motse, ke u leboha haholo bakeng sa ketso ea hao e ntle. Motse oa rōna o hlaheletseng oa Faenza o hloka batho ba molemo le ba tšepahalang.”
Ho sa tsotellehe hore na liketso tse ntle lia tsebahala kapa che, ka linako tsohle re lokela ho loanela ho tšepahala. Joalokaha Mangolo a Halalelang a eletsa, “re leka ho etsa se lokileng, eseng mahlong a Molimo feela empa hape le mahlong a batho.”—2 Bakorinthe 8:21, The Jerusalem Bible.