Ho Boloka Sephiri Hakaale Molato?
Ho latela Encyclopædia Britannica, lihlopha tsa sephiri mehleng ea kajeno hangata li thehiloe ka mabaka a hlomphehang haholo, mohlomong ka “merero ea tulisano le e molemo,” le “ho ntšetsa pele mananeo a ho thusa bahloki le a thuto.” Mekhatlo e meng ea botsoalle, lihlopha tsa bacha, lihlopha tsa boithabiso le lihlopha tse ling le tsona ke tsa sephiri ka ho feletseng kapa bonyane ka tekanyo e itseng. Ka kakaretso, lihlopha tsena hangata ha li na morero o mobe, litho tsa tsona li mpa li fumana hore ho boloka sephiri ke ntho e thabisang. Litšebeletso tsa sephiri tsa lebollo li ipiletsa ka matla maikutlong ’me li matlafatsa litlamo tsa moea oa botsoalle bo molemo le bonngoe. Litho li ba le boikutlo ba ho ba le kamano e haufi le ba ho ba le morero. Mekhatlo ea sephiri ea mofuta ona hangata hase tšokelo ho bao e seng litho tsa eona. Ba ka ntle ha ba lahleheloe ke letho ha ba sa tsebe liphiri tsena.
Ha ho Boloka Sephiri e le Pontšo ea Kotsi
Lihlopha tsa sephiri ha li lekane ka botebo ba sephiri. Empa tse nang le “liphiri ka har’a liphiri,” joalokaha Encyclopædia Britannica e bontša, li hlahisa kotsi e khethehileng. E hlalosa hore “ka ho sebelisa mabitso a boikhakanyo, likano kapa litšenolo,” litho tse ka sehloohong li rera ka bolotsana ho “ikarola,” ka ho etsa joalo li susumelletsa “litho tsa sehlopha tse boemong bo tlaase ho etsa boiteko bo hlokahalang bakeng sa ho finyella boemo bo phahameng.” Kotsi e ka sehloohong lihlopheng tse joalo e totobetse. Ho ka etsahala hore ebe ba boemong bo tlaase ha ba tsebe lipakane tsa sebele tsa mokhatlo oo ka ho feletseng, kaha ha ba e-s’o finyelle boemong boo ba tsebo. Ho bonolo ho kena sehlopheng seo u tsebang ho fokolang feela ka lipakane tsa sona le mekhoa ea ho li finyella ’me, ha e le hantle, mohlomong u bile u sa li hlalosetsoa ka ho feletseng. Empa motho ea seng a kene sehlopheng se joalo hamorao a ka ’na a fumana ho le thata ho itokolla; ka puo ea tšoantšetso o se a tlanngoe ka liketane tsa sephiri.
Leha ho le joalo, sephiri e ba pontšo ea kotsi e khōloanyane ha sehlopha se phehella lipakane tse khahlanong le molao kapa tsa bonokoane, ka lebaka leo se leka ho pata hore se teng. Kapa haeba ho ba teng ha sona le lipakane tse akaretsang li tsejoa, se ka ’na sa leka ho pata litho tsa sona le ho boloka lipakane tsa sona tse finyelloang ka nako e khutšoanyane e le sephiri. Sena sea etsahala lihlopheng tsa likhukhuni tse ikakhetseng ka setotsoana mosebetsing oa tsona tseo nako le nako li tšosang lefatše ka litlhaselo tsa tsona tsa bokhukhuni.
E, sephiri se ka ba kotsi, ho batho ka bomong le ho mokhatlo ka kakaretso. Nahana ka likenke tsa sephiri tsa bacha tseo ka mabifi li hlaselang batho ba se nang molato, mekhatlo ea linokoane e kang Mafia ea sephiri, lihlopha tse buellang hore batho ba basoeu ba phahame tse kang Ku Klux Klan,a re se re sa re letho ka lihlopha tse ngata tsa likhukhuni ho pota lefatše tse tsoelang pele ho thibela boiteko ba ho finyella khotso ea lefatše le tšireletseho.
Li Etsa’ng Hona Joale?
Ka bo-1950, e le phello ea Ntoa ea Mantsoe, lihlopha tsa sephiri li ne li hlophisitsoe linaheng tse ngata tsa Europe Bophirimela bakeng sa ho sebeletsa e le motheo oa mekhatlo ea bohanyetsi haeba Masoviet le ka mohla a ka leka ho hapa Europe Bophirimela. Ka mohlala, ho latela makasine ea beke le beke ea Focus ea Jeremane, nakong ena ho ile ha thehoa “litsi tsa polokelo ea libetsa tse 79” Austria. Hase linaha tsohle tsa Europe tse neng li tseba le hore lihlopha tsena li teng. Makasine e ’ngoe ea beke le beke ka nepo e ile ea tlaleha sena mathoasong a bo-1990: “Ho ntseng ho sa tsejoe ke hore na ke mekhatlo e mekae ho ena e ntseng e le teng kajeno le hore na e ’nile ea etsa eng morao tjena.”
E, ka sebele. Ke mang eo ka sebele a ka tsebang hore na ke lihlopha tse kae tsa sephiri tseo hona joale li ka ’nang tsa hlahisa tšokelo e khōloanyane ho feta kamoo mang kapa mang ho rōna a ka nahanang kateng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlopha sena sa United States se ile sa boloka litšobotsi tse ling tsa bolumeli tsa mekhatlo ea sephiri ea pejana ka ho sebelisa sefapano se tukang e le letšoao la sona. Nakong e fetileng, se ne se hlasela bosiu, litho tsa sona li apara liaparo tse telele le lilakane tse tšoeu ’me li bontša khalefo ea tsona khahlanong le batho ba batšo, Mak’hatholike, Bajuda, melata le mekhatlo ea basebetsi.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
“Ha ho ntho e boima joaloka sephiri.” Kapa bonyane, maele a Sefora a bolela joalo. Na see se ne se ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ikutloa hamolemo ha re tseba sephiri se itseng empa ka linako tse ling re nyahamisoa ke ho sitoa ho bua ka sona? Empa, ho theosa le makholo a lilemo batho ba bangata ba ’nile ba thabela ho boloka sephiri, ba kenella lihlopheng tsa sephiri ka morero oa ho phehella pakane e tšoanang.
Har’a ea pele-pele mekhatlong ena ea sephiri e bile lihlotšoana tsa borapeli tsa sephiri tse fumanoang Egepeta, Greece le Roma. Hamorao lihlopha tse ling ho tsena li ile tsa kheloha bolumeling ba tsona ’me tsa qala hore ka sekhukhu li kenelle lipolotiking, litabeng tsa moruo kapa tsa tulisano. Ka mohlala, ha mekhatlo e ne e thehoa Europe ea mehleng e bohareng, litho tsa eona li ne li retelehela sephiring haholo-holo bakeng sa ho itšireletsa moruong.