Ba Entse Thato ea Jehova
Mosali ea Masene o Qoba Koluoa
MOSALI ea nang le kelello ea nyetsoeng ke monna ea se nang molemo—boo e ne e le boemo ba Abigaile le Nabale. Abigaile e ne e le “ea kelello e elileng, ea sebopeho se setle.” Ho fapana le hoo, Nabale o ne a le “thata, a le mobe metsamaong ea hae.” (1 Samuele 25:3) Se ileng sa etsahalla banyalani bana ba sa tšoanelaneng se ile sa etsa hore mabitso a bona a ngoloe ka ho ke keng ha hlakoha historing ea Bibele. A re boneng hore na joang.
Molemo o Nkiloeng Habobebe
E ne e le lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. Davida o ne a tlotsitsoe joaloka morena oa Iseraele oa nakong e tlang, empa ho e-na le ho busa o ne a baleha. Morena ea busang, Saule o ne a ikemiselitse ho mo bolaea. Ka lebaka leo, Davida o ile a tlameha ho phela joaloka moleleri. Eena le balekane ba hae ba ka bang 600 ba ile ba qetella ba fumane tširelo lefeelleng la Parane, ka boroa ho Juda ’me e le ho ella lefeelleng la Sinai.—1 Samuele 23:13; 25:1.
Ha ba le moo, ba ile ba kopana le balisa ba hiriloeng ke monna ea bitsoang Nabale. Setloholo sena sa Kalebe se ruileng se ne se e-na le linku tse 3000 le lipōli tse 1000, ’me se ne se kuta linku tsa sona Karmele, motse o ka boroa ho Hebrone ’me mohlomong o le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 40 feela ho tloha Parane.a Davida le banna ba hae ba ile ba thusa balisa ba Nabale ho lebela mehlape ea bona masholung a neng a solla ho pholletsa le lefeella.—1 Samuele 25:14-16.
Ho sa le joalo, ho kutoa ha linku ho ne ho qalile Karmele. Ena e ne e le ketsahalo e ketekeloang, e tšoanang le nako ea kotulo ho sehoai. Hape e ne e le nako ea ho fana ka seatla se bulehileng, ha beng ba linku ba ne ba putsa ba ba sebelelitseng. Ka hona Davida o ne a sa tlōle meeli ha a ne a roma banna ba leshome motseng oa Karmele ho ea kōpa lijo ho Nabale, e le puseletso bakeng sa tšebeletso eo ba e entseng molemong oa mehlape ea hae.—1 Samuele 25:4-9.
Karabelo ea Nabale ha ea ka ea bontša ho fana ka seatla se bulehileng ho hang. O ile a soma: “Davida ke mang?” Joale, a fana ka maikutlo a hore Davida le banna ba hae e ne e le bahlanka ba balehileng feela tjee, o ile a botsa: “Hleka ke tla nka bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ea ka eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, hore ke e nee banna bao ke sa tsebeng le moo ba tsoang teng na?” Ha Davida a utloa sena, a re ho banna ba hae: “E mong le e mong a nke sabole ea hae.” Banna ba ka bang 400 ba ile ba itokisetsa ntoa.—1 Samuele 25:10-13.
Masene a Abigaile
Mantsoe a mabe a Nabale a ile a fihla litsebeng tsa mosali oa hae, Abigaile. Mohlomong lena e ne e se lekhetlo la pele leo ka lona a neng a ile a tlameha ho kenella le ho etsetsa Nabale khotso. Leha ho le joalo, Abigaile o ile a nka bohato hang-hang. A sa bolelle Nabale, o ile a etsa mofaho—o akarelletsang linku tse hlano le lijo tse ngata—’me a ea lefeelleng ho ea kopana le Davida.—1 Samuele 25:18-20.
Ha Abigaile a bona Davida, hang-hang o ile a khumama ka pel’a hae. A mo kōpa ka tieo: “Morena oa ka a a se ke a beha pelo ea hae ho monna enoa ea se nang molemo, Nabale. . . . Ha e le tlhohonolofatso ena ea mpho eo lekhabunyane la hao le e tliselitseng morena oa ka, e lokela ho fuoa banna ba bacha ba tsamaeang mehatong ea morena oa ka.” O ile a phaella: “Sena [boemo bo mabapi le Nabale] a se se ke sa fetoha ho uena lebaka la ho thekesela kapa khopiso pelong ea morena oa ka.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng mona e le “ho thekesela” le bolela ho khathatsoa ke letsoalo. Ka hona Abigaile o ile a lemosa Davida khahlanong le ho nka bohato ka potlako boo hamorao a neng a tla ikoahlaela bona.—1 Samuele 25:23-31, NW.
Davida o ile a mamela Abigaile. A re ho eena: “Ho bokoe le kelello ea hao, ho bokoe le uena, hobane u nthibetse kajeno, hore ke se ee ho tšolla mali. Hojane u sa ka ua phakisa, ua tla nkhahlanyetsa, Nabale o ba a sa tl’o [salloa ke mang kapa mang ea ntšetsang metsi leboteng, NW] ha bo e-sa.”b—1 Samuele 25:32-34.
Lithuto Bakeng sa Rōna
Tlaleho ena ea Bibele e bontša hore ka sebele ha hoa fosahala hore mosali ea tšabang Molimo a nke bohato ba pele bo loketseng haeba ho hlokahala. Abigaile o ile a nka bohato khahlanong le thato ea monna oa hae, Nabale, empa Bibele ha e mo nyatse bakeng sa sena. Ho fapana le hoo, e mo rorisa e le mosali ea masene le ea nang le kelello. Ka ho nka bohato ba pele boemong bona ba maqakabetsi, Abigaile o ile a boloka bophelo ba batho ba bangata.
Le hoja ka kakaretso mosali a lokela ho bontša moea oa boikokobetso ba bomolimo, e ka ba ho loketseng hore a se lumellane le monna oa hae ha melao-motheo e lokileng e le kotsing. Ka sebele o lokela ho leka ka matla ho boloka “moea o thōtseng le o bonolo” ’me ha aa lokela ho nka bohato ka ho itaola feela ka lebaka la bokhopo, boikhohomoso kapa borabele. (1 Petrose 3:4) Leha ho le joalo, mosali ea tšabang Molimo ha aa lokela ho ikutloa a hatellehile ho etsa ntho efe kapa efe eo a tsebang hore ho hang ha ho bohlale ho e etsa kapa e khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Ka sebele, tlaleho ea Abigaile e fana ka lebaka le tiileng la ho hanyetsa ba phehellang hore Bibele e hlalosa basali e le makhoba feela tjee.
Tlaleho ena e boetse e re ruta ka boitšoaro. Ka linako tse ling Davida o ile a bontša tšoaneleho ena ka ho feletseng. Ka mohlala, o ile a hana ho bolaea Morena Saule ea ratang ho iphetetsa, le hoja a ne a e-na le menyetla e mengata ea ho etsa joalo ’me lefu la Saule le ka be le tliselitse Davida khotso. (1 Samuele 24:2-7) Ka ho fapaneng, ha Nabale ka ho rohakana a ne a mo nyelisa, Davida o ile a tšohanyetsoa ’me a hlapanya hore o tla iphetetsa. Ena ke temoso e hlakileng ho Bakreste, ba lekang ka matla hore ba “se ke [ba] busetsa bobe ka bobe ho mang kapa mang.” Maemong ’ohle, ba lokela ho latela keletso ea Pauluse: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la ipheteletsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka.”—Baroma 12:17-19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho nkoa hore lefeella la Parane le namela ka leboea ho ea fihla Beer-sheba. Karolo ena ea naha e ne e akarelletsa lekhulo le leholo.
b Polelo “mang kapa mang ea ntšetsang metsi leboteng” e ne e le maele a Seheberu bakeng sa ba batona, ka ho hlakileng ke polelo ea nyeliso.—Bapisa le 1 Marena 14:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Abigaile o tlisetsa Davida limpho