Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Re ile ra thabela thuto ea rōna ea setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli. Mabapi le kutloisiso e ncha e hlahileng ho “Molula-Qhooa” oa October 15, 1995, na re ntse re ka re Lipaki tsa Jehova kajeno li kopanela mosebetsing oa ho arola?
E. Ka ho utloahalang, ba bangata ba ile ba nahana ka sena hobane Matheu 25:31, 32 e re: “Ha Mora oa motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. ’Me lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli.” Molula-Qhooa oa October 15, 1995, o ile oa bontša hore na ke hobane’ng ha litemana tsena li sebetsa ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale. Jesu o tla fihla ka khanya ea hae a e-na le mangeloi a hae ’me o tla lula teroneng ea hae ea kahlolo. Joale o tla arola batho. Ka kutloisiso efe? O tla etsa liqeto a itšetlehile ka seo batho ba se entseng kapa seo ba sa se etsang nakong e fetileng.
Re ka bapisa sena le mehato ea molao e nkuoang, e lebisang nyeoeng. Bopaki bo bokelloa nako e telele pele lekhotla le ka etsa qeto le ho liha kahlolo. Bopaki ba hore na batho ba phelang hona joale ba tla ipaka e le linku kapa lipōli bo ’nile ba bokelloa ka nako e telele. ’Me bo ntse bo eketseha. Empa ha Jesu a lula teroneng ea hae, nyeoe e tla phethoa. O tla be a loketse ho liha kahlolo. Batho ba tla aroloa ho ea timetsong ea ka ho sa feleng kapa bophelong bo sa feleng.
Leha ho le joalo, taba ea hore ho aroloa ha batho ho boletsoeng ho Matheu 25:32 ho ba isa bophelong kapa lefung, ke hona ho tlang, ha e bolele hore ha ho na mosebetsi o etsoang oa ho khetha kapa oa ho arola pele ho moo. Ho Matheu khaolo ea 13, Bibele e bua ka mosebetsi o mong oa ho arola o etsoang pejana. Ka ho thahasellisang, buka ea Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete, leqepheng la 179-80, e tšohla taba ena tlas’a sehlooho se reng “Ho Aroloa ha Batho”.a Buka eo e re: “Ho sa na le liketsahalo tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a hlileng a li amahanya le bofelo ba tsamaiso ea lintho. E ’ngoe ea tsona ke ho aroloa ha ‘bana ba ’muso’ ho ‘bana ba e mobe.’ Jesu o buile sena setšoantšong sa hae se neng se bua ka tšimo ea koro eo sera se ileng sa e jalella le mofoka.”
Buka eo e ne e bua ka papiso ea Jesu e boletsoeng ho Matheu 13:24-30, e hlalositsoeng temaneng ea 36-43. Hlokomela hore temaneng ea 38, peō e ntle ea koro e emela bara ba ’Muso, empa mofoka o emela bara ba ea khopo. Temana ea 39 le ea 40 li bontša hore ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’—nakong eo re phelang ho eona hona joale—mofoka oa bokelloa. Oa aroloa ’me qetellong oa chesoa, oa timetsoa.
Papiso eo e sebetsa ho Bakreste ba tlotsitsoeng (ba bitsoang barab’abo Jesu setšoantšong sa linku le lipōli). Leha ho le joalo, ho hlakile hore ho arola ha bohlokoa hoa etsahala nakong ena ea rōna, ha batlotsuoa ba khetholloa ho ba ipolelang e le Bakreste empa ba ipaka e le “bara ba ea khopo.”
Jesu o ile a fana ka mehlala e meng ea batho ba aroloang, kapa ba khethoang. Hopola hore mabapi le tsela e sephara e lebisang timetsong o ile a re: “Ba bangata ke ba kenang ka eona.” (Matheu 7:13) Eo e ne e se tlhaloso e buang ka phello ea taba. E ne e le tlhaloso ea se ntseng se tsoela pele ho etsahala, joalokaha e le ’nete ka ba fokolang bao hona joale ba fumanang tsela e patisaneng e isang bophelong. Hopola hape hore ha a roma baapostola ba hae, Jesu o ile a re ba ne ba tla fumana ba tšoanelehang. Ba bang e ne e tla ba ba sa tšoaneleheng, ’me baapostola ba ne ba lokela ho hlohlora lerōle le maotong a bona “hore e be bopaki khahlanong le” batho ba joalo. (Luka 9:5) Na hase ’nete hore ho etsahala ntho e tšoanang ha Bakreste ba ntšetsa pele mosebetsi oa bona oa phatlalatsa kajeno? Ba bang ba arabela hantle, athe ba bang ba hana molaetsa oa bomolimo oo re o isang ho bona.
Lihlooho tse ho Molula-Qhooa tse buang ka taba ea linku le lipōli li ile tsa bolela: “Le hoja ho ahlola joalokaha ho hlalositsoe papisong ena ho tla etsahala nakong e tlang e haufi, esita le hona joale ho etsahala ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Rōna Bakreste re kopanela mosebetsing oa ho pholosa bophelo oa ho phatlalatsa molaetsa o bakang karohano har’a batho. (Matheu 10:32-39).” Karolong eona eo e ho Matheu khaolo ea 10, re bala hore Jesu o ile a re ho mo latela ho ne ho tla baka karohano—ntate khahlanong le mora oa hae, morali khahlanong le ’mè oa hae.
Qetellong, barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba eteletse pele boboleling ba molaetsa oa ’Muso lefatšeng ka bophara. Ha batho ba ntse ba o utloa ’me ba arabela hantle kapa hampe, baa ikhetholla. Rōna batho re ke ke, ebile ha rea lokela, ho bolela hore ‘Motho enoa ke nku; eane ke pōli,’ ka kutloisiso e sebelisitsoeng ho Matheu khaolo ea 25. Leha ho le joalo, ho senola ha rōna litaba tse molemo ho batho ho ba lumella hore ba iponahatse moo ba emeng teng—seo ba leng sona le kamoo ba itšoarang kateng ho barab’abo Jesu. Kahoo, joaloka bopaki bo ntseng bo eketseha ba nyeoe, karohano lipakeng tsa ba tšehetsang barab’abo Jesu, le ba hanang ho ba tšehetsa, e hlaka haholoanyane. (Malakia 3:18) Joalokaha Molula-Qhooa o ile oa bontša, haufinyane Jesu o tla lula teroneng ea hae ’me a lihe kahlolo, ka toka batho ba aroleloe bophelong kapa timetsong ka kutloisiso ea ho qetela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ka 1983 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.