Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/1 leq. 26
  • Ho Itokolla Matleng a Bademona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Itokolla Matleng a Bademona
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • ’Nete ea Bibele e Lokolla Tšebelisanong le Meea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/1 leq. 26

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Itokolla Matleng a Bademona

TLOAELO ea ho sebelisana le meea e ’nile ea laola bophelo ba batho ba limilione. Empa motho a ka khona ho itokolla! Ke se ileng sa etsoa ke ba bangata motseng oa boholo-holo oa Efese. Ho latela tlaleho ea Bibele, “ba bangata ba ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba tlisa libuka tsa bona hammoho ’me ba li chesa . . . Kahoo ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na la hōla le ho hlōla.”—Liketso 19:19, 20.

Ka ho tšoanang, phutheho ea Bokreste ea hōla kajeno. Joalokaha ho ile ha e-ba joalo Efese, batho ba kileng ba sebelisana le bademona ba har’a ba fetohang balumeli. Phihlelo e latelang e tsoang Zimbabwe e bontša sena.

Gogo (Nkhono) Mthupha o ne a tsebahala haholo ka matla a hae a bothuela. Batho ba ne ba tla ho eena ba e-tsoa hōle Zambia, Botswana le Afrika Boroa hore a ba phekole ka mere ea hae eo a e epileng. Nkhono Mthupha o ne a boetse a fehlella ba bang hore e be n’anga, kapa lingaka. Ka linako tse ling o ne a bile a phosa!

Sontaha se seng hoseng, Nkhono Mthupha o ile a eteloa ke Lipaki tsa Jehova tse neng li le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. O ile a thabela ka ho feletseng ho qoqa le tsona ka tšepiso ea Bibele ea lefatše le lecha la ho loka, lefatše le lokolohileng litšusumetsong tsohle tse khopo. O ile a amohela buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me a lumela hore a ruteloe Bibele ha hae.a Ka mor’a makhetlo a mararo feela a ithuta, o ile a qala ho ba teng libokeng.

Thutong ea hae ea Bibele, Nkhono Mthupha o ile a ithuta hore matla a hae a khethehileng a ne a e-tsoa ho libōpuoa tsa moea tse khopo tse neng li fetohetse bobusi ba Jehova. (2 Petrose 2:4; Jude 6) O ile a boela a ithuta hore bademona bana ba ikemiselitse ho etsa hore motho e mong le e mong eo ba ka khonang ho mo fetola, a be khahlanong le Jehova le borapeli bo hloekileng. Kaha mokhoa oa hae oa boipheliso o ne o itšetlehile ka ho sebelisana le libōpuoa tsena tsa moea tse khopo, o ne a tla etsa joang?

Nkhono Mthupha o ile a bolela hore o batla ho felisa mere eohle ea hae le thepa eohle ea bothuela. Thepa ena e ne e akarelletsa katiba ea hae e khethehileng le “manaka a poho a buang” ao, joaloka n’anga, a neng a a sebelisa ha a phekola. Nkhono Mthupha o ne a batla ho lahla lintho tsohle tse joalo e le hore a ka sebeletsa Molimo a le mong feela oa ’nete le ea phelang, Jehova.

Leha ho le joalo, ba bang ba beng ka eena ba ile ba hanyetsa hobane o ne a ba phelisa. Ba ile ba mo kōpa hore a ba fe lintho tseo, hammoho le matla a hae a mohlolo, e le hore ba ka ’na ba fumana molemo. Nkhono Mthupha o ile a hana.

Ka thuso ea phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea moo a lulang teng, o ile a bokella thepa ea bothuela e tlalang mekotla e meraro e meholo ’me a e chesa kaofela. Ha malakabe a aparela thepa ea hae ea ho sebeletsa bademona, Nkhono Mthupha o ile a khotsa: “Bonang! Lenaka lena le sitoa ho itšireletsa.”

Ka nako e loketseng, ka thabo Nkhono Mthupha o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Hona joale o iphelisa joang? Ka ho rekisa meroho. E, ka matla a Lentsoe la Molimo, motho a ka itokolla ho sebeletseng bademona. Nkhono Mthupha o re: “Ha ke e-s’o ka ke ikutloa ke lokolohile hakana.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela