Litsebi Tsa ho Tšoephoha Tsa Maphaong a Lithaba
LEBŌPONG le ka bophirimela la Leoatle le Shoeleng ho ne ho e-na le motse oa boholo-holo le lefeella tse neng li bitsoa Ene-gedi. Likhoro tsa sebaka sena tse majoe le tse lilomo ke lehae la sebele la pōli ea thaba ea Naha e Tšepisitsoeng, e tšoanang le e bonoang mona.
Sebōpuoa sena se tsebang ho tseparela fatše ke o mong oa mehlolo ea pōpo ea liphoofolo. A re phetleng Bibele ’me re shebele phoofolo ena e hlollang haufinyane.
“Lithaba Tse Phahameng ke Tsa Lipōli Tsa Thaba”
Mopesaleme o ile a bina ka tsela eo. (Pesaleme ea 104:18, NW) Lipōli tsa thaba li hlomeletsoe hamolemo bakeng sa ho phela libakeng tse phahameng! Li lebelo haholo, li tsamaea sebakeng se matsaranka ka kholiseho e khōlō le kapele haholo. Ho isa tekanyong e itseng sena se bakoa ke sebōpeho sa litlhakoana tsa tsona. Tlhakoana e ka buleha ho latela boima ba pōli, e etsa hore phoofolo ena e tseparele ha e eme kapa e tsamaea lefikeng le lesesaane.
Lipōli tsa thaba li boetse li tsitsa ka mokhoa o sa tloaelehang. Li ka tlōla libaka tse telele ’me tsa hata letsatseng leo ho hang le sa lekaneng maoto a tsona a mane kaofela. Setsebi sa baeloji Douglas Chadwick se kile sa bona pōli ea thaba ea mofuta o mong e sebelisa ho tsitsa ha eona bakeng sa ho qoba ho qabelloa letsatseng le neng le le lesesaane haholo hoo e neng e ke ke ea khona ho tjeka. O re: “Ka mor’a ho qekotsa letsatsa le latelang le bohōle ba hoo e ka bang maoto a 400 [limithara tse 120] ho ella tlaase, pōli ena e ile ea tsetela maoto a eona a ka pele ’me ea phahama butle ka sehlaneng joalokaha eka e etsa hlana-phetho motšetšeng oa lefika. Ha ke feha matšoafo, pōli ena e ile ea tsoela pele ho fihlela ha maoto a eona a ka morao a hatile fatše, kahoo e ne e shebile moo e tsoang teng.” (National Geographic) Ha ho makatse hore ebe lipōli tsa thaba li ’nile tsa bitsoa “litsebi tsa ho tšoephoha tsa maphaong a lithaba”!
‘Na ua Tseba Hore na Lipōli Tsa Thaba li Tsoala Neng?’
Lipōli tsa thaba ke libōpuoa tse lihlong haholo. Li ikhethela ho lula thōko le motho. Ka sebele, batho ba na le bothata ba ho atamela pel’a tsona ka ho lekaneng hore ba li shebe bophelong ba tsona ba tlhaho. Kahoo, Mong’a “liphoofolo tse lithabeng tse sekete” ka nepo o ne a ka botsa motho Jobo: “Na u tseba nako e khethiloeng ea ho tsoala ha lipōli tsa maphaong a lithaba?”—Pesaleme ea 50:10, NW; Jobo 39:1, NW.
Tšekamelo ea tlhaho eo e e filoeng ke Molimo e bolella pōli ea thaba e tšehali hore na nako ea ho tsoala ke efe. E batla sebaka se sireletsehileng ’me e tsoala potsanyane e le ’ngoe kapa tse peli, hangata qetellong ea May kapa ka June. Lipotsanyane tse sa tsoa tsoaloa li khona ho tseparela fatše ka mor’a matsatsi a seng makae.
“Khama e Tšehali e Ratehang le Pōli ea Thaba e Khahlehang”
Morena Solomone ea bohlale o ile a phehella banna: “Thaba le mosali oa bocha ba hao, khama e tšehali e ratehang le pōli ea thaba e khahlehang.” (Liproverbia 5:18, 19, NW) Sena se ne se sa rereloa ho nyenyefatsa basali. Kamoo ho bonahalang kateng, Solomone o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka botle, mohau le litšoaneleho tse ling tse totobetseng tsa liphoofolo tsena.
Pōli ea thaba ke e ’ngoe ea ‘libōpuoa tse phelang’ tse fanang ka bopaki bo bongata ba bohlale ba ’Mōpi. (Genese 1:24, 25) Na ha re thabele hore ebe Molimo o entse hore re potolohuoe ke libōpuoa tse ngata hakaale tse hlollang?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Courtesy of Athens University