Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 10/1 maq. 21-25
  • Ke Ananela Bophelo bo Bolelele Tšebeletsong ea Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ananela Bophelo bo Bolelele Tšebeletsong ea Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Susumetsoa ke Likhopolo Tsa Bolumeli
  • Ho Emela ha ka ’Nete ea Bibele
  • Tšebeletso ea Bethele
  • Ho ba le Kholiseho Tšepong ea ’Muso
  • Mosebetsi Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
  • Mosebetsi o Nchafalitsoeng ka Mor’a Ntoa
  • Ho Etsa Seo Nka se Khonang
  • Ho Tiisetsa Tumelong ho Fihlela Qetellong
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Na Ebe oo e ka ba Oona Mosebetsi o Molemo ka ho Fetisisa Bakeng sa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na U ka Ithaopa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Bophelo Ba Ka Kahare ho Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Tsamaisoang ka Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 10/1 maq. 21-25

Ke Ananela Bophelo bo Bolelele Tšebeletsong ea Jehova

JOALOKAHA HO BOLETSE OTTILIE MYDLAND

Ho ella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, likepe li ne li emisitsoe li bapile boema-kepeng ba Kopervik, Norway e ka bophirimela. Matsatsing ao banna le lipere ba ne ba hula likariki literateng. Batho ba ne ba khantša ka mabone a parafine, ’me matlo a lifate a pentiloeng ka pente e tšoeu a ne a futhumatsoa ka patsi le mashala. Ke hlahetse moo ka June 1898, ke le ngoana oa bobeli ho ba bahlano.

KA 1905, Ntate o ne a hloka mosebetsi, ka hona o ile a ea United States. O ile a khutla ka mor’a lilemo tse tharo ka sutuk’heise e tletseng limpho tse thabisang bakeng sa rōna bana le masela a silika le lintho tse ling bakeng sa ’Mè. Empa matlotlo a hae a bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le meqolo ea Charles Taze Russell e nang le sehlooho se reng Studies in the Scriptures.

Ntate o ile a qala ho bolella metsoalle le beng ka eena lintho tseo a ithutileng tsona libukeng tsena. Ntlong ea thapelo ea sebakeng seo, o ne a sebelisa Bibele ho bontša hore ha ho na lihele tse tukang. (Moeklesia 9:5, 10) Ka 1909, selemo se latelang seo Ntate a ileng a khutla ka sona United States, Mor’abo rōna Russell o ile a etela Norway ’me a nehelana ka lipuo Bergen le Kristiania, eo hona joale e leng Oslo. Ntate o ile a ea Bergen ho ea mo mamela.

Batho ba bangata ba ne ba qosa Ntate ka ho khothalletsa lithuto tsa bohata. Ke ne ke mo utloela bohloko ’me ke mo thusa ho aba lipampitšana tsa Bibele ho baahisani. Ka 1912, ke ile ka abela morali oa moruti pampitšana e buang ka lihele. O ile a nthohaka le Ntate. Ke ile ka makala ha morali oa moruti a sebelisa puo e litšila hakaalo!

Liithuti tsa Bibele tse ling, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, ka linako tse ling li ne li re etela Kopervik, ho akarelletsa le Theodor Simonsen, sebui se hloahloa. Ke ne ke ee ke memele batho lipuong tseo a neng a nehelana ka tsona heso. Pele a nehelana ka puo o ne a letsa thōmō ebe oa bina, ’me ka mor’a puo a bine pina e koalang. Re ne re mo hlompha haholo.

Moeti e mong ea neng a tla heso e ne e le Anna Andersen, morekisi oa libuka tsa bolumeli, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng. O ne a tloha toropong e ’ngoe a e-ea ho e ’ngoe hohle Norway, haholo-holo ka baesekele, a tsamaisetsa batho lingoliloeng tsa Bibele. E ne e kile ea e-ba ofisiri ea Salvation Army ’me a tseba liofisiri tse ling tsa Salvation Army tse leng Kopervik. Li ile tsa mo lumella ho fana ka puo ea Bibele ntlong eo li neng li kopanela ho eona, ’me ke ile ka memela batho ho tla mo mamela.

Morekisi e mong oa libuka tsa bolumeli ea ileng a re etela Kopervik ke Karl Gunberg. Monna enoa ea ikokobelitseng, ea thōtseng, empa a tšehisa, nako le nako o ne a boetse a sebeletsa e le mofetoleli ofising ea lekala e Oslo. Re ile ra sebetsa hammoho moo ka nako e telele hamorao.

Ho Susumetsoa ke Likhopolo Tsa Bolumeli

Ka nako eo batho ba bangata ba ne ba se na tumelo e matla ho Molimo le Bibele feela, empa ba ne ba boetse ba e-na le litumelo tse metseng ka metso, tse kang tsa mollo oa lihele le Boraro-bo-bong. Ka lebaka leo ho ruta ha Liithuti tsa Bibele hore lithuto tsena ha li lumellane le Bibele ho ile ha baka moferefere oa sebele. Ke ile ka susumetsoa ke liqoso tse matla tsa baahisani ba rōna tsa hore Ntate ke mokhelohi. Nkile ka ba ka re ho eena: “Seo u se rutang hase ’nete. Ke bokhelohi!”

O ile a nkhothatsa: “Tloo mona, Ottilie, ’me u bone seo Bibele e se buang.” Eaba o mpalla Mangolo. Ka lebaka leo, tšepo ea ka ho eena le ho seo a neng a se ruta e ile ea hōla. O ile a nkhothalletsa ho bala Studies in the Scriptures, ka hona lehlabuleng la 1914, ke ne ke atisa ho bala ke lutse leralleng le okametseng toropo.

Ka August 1914 batho ba ile ba khobokana ka ntle ho mohaho oa likoranta oa sebaka seo ba bala ka ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše. Ntate o ile a tla ’me a bona se neng se etsahala. O ile a khotsa: “Tanki Molimo!” Ka ho qhoma ha ntoa o ile a hlokomela phethahatso ea boprofeta ba Bibele boo a ’nileng a bo bolela. (Matheu 24:7) Joale Liithuti tsa Bibele tse ngata li ne li lumela hore haufinyane li tla nkeloa leholimong. Ha sena se sa etsahale, tse ling li ile tsa nyahama.

Ho Emela ha ka ’Nete ea Bibele

Ka 1915, ha ke le lilemo li 17, ke ile ka qeta sekolong se bohareng ’me ka qala ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso ofising. Joale ke ile ka qala ho bala Molula-Qhooa kamehla. Empa ha hoa ka ha tšoaroa liboka tsa kamehla Kopervik ho fihlela ka 1918. Qalong, ba bang teng re ne re e-ba bahlano. Re ne re bala lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower, tse kang Studies in the Scriptures, ’me re buisana ka boitsebiso bona ka lipotso le likarabo. Le hoja ’Mè a ne a bua hantle ka Liithuti tsa Bibele ho ba bang, ha ea ka ea e-ba e mong oa rōna le ka mohla.

Ofising eo ke neng ke sebeletsa ho eona, ho tloha ka 1918, ke ile ka tloaelana le Anton Saltnes, eo ke ileng ka khona ho mo thusa ho ba Seithuti sa Bibele. Nakong ena ke ile ka ba mohoeletsi oa kamehla ’me ke ile ka kolobetsoa kopanong ea Bergen ka 1921.

Ka May 1925 ho ne ho e-na le kopano ea Scandinavia eohle, e neng e tšoaretsoe Örebro, Sweden. Ba bileng teng ba ne ba le ka holimo ho 500, ho akarelletsa le Joseph F. Rutherford, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Ba ka bang 30 ho rōna ba ile ba tsamaea ho tloha Oslo ka terene ka lekarecheng leo re neng re le boloketsoe.

Ho ile ha tsebisoa kopanong ena hore Ofisi ea Europe Leboea e ne e tla thehoa Copenhagen, Denmark, bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa ho bolela ho pholletsa le Scandinavia le linaha tsa Baltic. William Dey ea tsoang Scotland o ile a fuoa kabelo ea ho hlokomela mosebetsi oa boboleli. O ne a ratoa haholo, ’me kapele o ile a fuoa lebitso la Big Scotsman. Qalong Mor’abo rōna Dey o ne a sa tsebe puo leha e le ’ngoe ea Scandinavia, ka hona o ne a ee a lule ka morao ka libokeng le likopanong ’me a hlokomele bana e le hore batsoali ba bona ba tsepamise mehopolo ho se neng se buuoa sethaleng.

Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1925, o ne o tšohla Tšenolo khaolo ea 12 ’me o ne o hlalosa hore khaolo ena e amana le tsoalo ea ’Muso oa Molimo le hore tsoalo ena e etsahetse leholimong ka 1914. Ke ile ka fumana ho le thata ho utloisisa sena, ka hona ke ile ka bala sehlooho sena khafetsa. Ke ile ka ikutloa ke thabile haholo ha ke se utloisisa qetellong.

Ha ho entsoe liphetoho kutloisisong ea rōna ea litaba tsa Bibele, ba bang ba ’nile ba khoptjoa ’me ba ikhula bathong ba Molimo. Empa ha ho ne ho le thata ho utloisisa phetoho e joalo, kamehla ke ’nile ka bala boitsebiso khafetsa ho leka ho utloisisa mabaka. Haeba ke ntse ke sa utloisise tlhaloso e ncha, ke emela hore e hlakisoe. Nako le nako ke ’nile ka putsoa ka lebaka la mamello e joalo.

Tšebeletso ea Bethele

Ka lilemo tse itseng ke ile ka etsa mosebetsi oa ho boloka litlaleho tsa khoebo, oa ho ba mongoli le oa ho ba mohlahlobi oa setereke oa litlaleho tsa khoebo. Ka 1928 motho ea neng a hlokomela litlaleho tsa lichelete tsa Mokhatlo o ile a kula ’me a tlameha ho tloha Bethele. Kaha ke ne ke e-na le phihlelo ea mosebetsi o joalo, ke ile ka kōptjoa ho etsa mosebetsi ona. Ke ile ka qala tšebeletso ea Bethele ka June 1928. Ka linako tse ling, Mor’abo rōna Dey o ne a re etela ’me a hlahloba mosebetsi oa ka oa litlaleho tsa lichelete. Lelapa la rōna la Bethele le ne le boetse le etella pele mosebetsing oa ho bolela phatlalatsa Oslo, moo ka nako eo re neng re e-na le phutheho e le ’ngoe feela.

Ba bang ba rōna re ne re thusa mohlanka oa Bethele ea romelang lingoliloeng, e leng Mor’abo rōna Sakshammer, ka ho paka le ho romela The Golden Age (eo hona joale e leng Tsoha!). Mor’abo rōna Simonsen le Mor’abo rōna Gunberg ba ne ba le har’a ba neng ba re thusa. Re ne re e-ba le nako e thabisang, re atisa ho bina lipina ha re ntse re sebetsa.

Ho ba le Kholiseho Tšepong ea ’Muso

Ka 1935 re ile ra utloisisa hore “bongata bo boholo” e ne e se sehlopha sa leholimo se tlaasana. Re ile ra hlokomela hore ho e-na le hoo bo emela sehlopha se pholohang matšoenyeho a maholo ’me se na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Tšenolo 7:9-14) Ka kutloisiso ena e ncha, ba bang ba neng ba ile ba e-ja litšoantšetso tsa Sehopotso ba ile ba hlokomela hore tšepo ea bona ke ea lefatšeng, ’me ba ile ba khaotsa ho ja.

Le hoja le ka mohla ke sa ka ka ba le lipelaelo mabapi le tšepo ea ka ea leholimo, hangata ke ne ke nahana, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a batla ’na?’ Ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehele tokelo e khōlō hakaalo. Ke le mosali e monyenyane ka seemo, ea lihlong, ke ile ka fumana e le ntho e sa tloaelehang ho inahana ke le morena ea busang hammoho le Kreste leholimong. (2 Timothea 2:11, 12; Tšenolo 5:10) Leha ho le joalo, ke ile ka nahanisisa ka mantsoe a moapostola Pauluse a reng, “hase ba bangata ba matla” ba ileng ba bitsoa, empa “Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong.”—1 Bakorinthe 1:26, 27.

Mosebetsi Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše

Ka la 9 April, 1940, Norway e ile ea hlaseloa ke masole a Majeremane, ’me kapele a ile a lula naheng ena. Ka lebaka la ntoa, ba bangata ba ile ba arabela molaetseng oa ’Muso. Ho tloha ka October 1940 ho ea ho June 1941, re ile ra tsamaisa libuka le libukana tse fetang 272 000. Sena se bolela hore ka karolelano e mong le e mong ho Lipaki tsa Norway tseo ka nako eo li neng li le ka holimo ho 470 o ile a tsamaisa libuka le libukana tse ka holimo ho 570 ka likhoeli tseo tse robong!

Ka la 8 July, 1941, Gestapo e ile ea etela balebeli ba okamelang kaofela ’me ea ba bolella hore haeba mosebetsi oa boboleli o sa emise, ba tla romeloa likampong tsa mahloriso. Liofisiri tse hlano tsa mapolesa a Jeremane li ile tsa tla Bethele ’me tsa nka boholo ba thepa ea Mokhatlo oa Watch Tower ka mahahapa. Litho tsa lelapa la Bethele li ile tsa nkoa ’me tsa hlongoa lipotso, empa ha ho le ea mong ho rōna ea ileng a kenngoa teronkong. Qetellong, ka la 21 July, 1941, mohaho oa Mokhatlo, o Inkognitogaten 28 B, o ile oa nkoa ka mahahapa, ’me mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa thibeloa. Ke ile ka khutlela Kopervik ’me ka fumana mosebetsi oa boipheliso e le hore nka iphelisa.

Ka nako eo, Ntate o ne a sebeletsa e le pula-maliboho. Ka letsatsi le leng Manazi a ile a tla ’me a phenyekolla ntlo ea Ntate. A ile a nka lingoliloeng tsa hae kaofela, ho akarelletsa le Libibele tsa hae le lik’honk’hodense tsa Bibele. Re ne re fumana lijo tsa moea tse nyenyane haholo ka nako ena. Hore re lule re le matla moeeng, re ne re ithuta libuka tsa khale re li pheta-pheta, tse kang buka ea Government, ’me re ile ra tsoela pele ho bolela.

Ka masoabi, libakeng tse ngata barab’abo rōna ba ne ba arohane. Ba bang ba ne ba e-na le maikutlo a hore re lokela ho bolela phatlalatsa ’me re ee ka ntlo le ntlo ha ba bang ba ne ba e-na le maikutlo a hore re lokela ho sebetsa ka sekhukhu haholoanyane, re kopane le batho ka litsela tse ling. Kahoo barab’abo rōna ba hlaheletseng, bao pele ba neng ba sebelisana hantle haholo, bao re neng re ba rata haholo, ba ne ba sa buisane. Karohano e neng e le teng pakeng tsa bona e ile ea mpakela bohloko ba pelo bo fetang ba boemo bofe kapa bofe bophelong ba ka ke le Paki.

Mosebetsi o Nchafalitsoeng ka Mor’a Ntoa

Ka mor’a ntoa, lehlabuleng la 1945, Mor’abo rōna Dey o ile a etela Norway ’me a tšoara liboka Oslo, Skien le Bergen. O ile a ipiletsa ho barab’abo rōna hore ba lokise litaba ’me a kōpa hore bohle ba lakatsang ho etsa joalo ba eme. Bohle ba ile ba ema! Qabang ena e ile ea rarolleloa ruri ka December 1945, ka mor’a ketelo ea Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower.

Ho sa le joalo, ka la 17 July, 1945, ke ile ka amohela thelekramo e tsoang ho mohlanka oa lekala, Mor’abo rōna Enok Öman, e reng: ‘U ka khutlela Bethele ne’ng?’ Ba bang ba ne ba re ke lokela ho lula hae ke hlokomele Ntate, eo ka nako eo a neng a le lilemo tse ka holimo ho 70. Empa Ntate o ile a nkhothalletsa ho qalisa tšebeletso ea Bethele bocha, e leng seo ke ileng ka se etsa. Ka 1946, Marvin F. Anderson, mor’abo rōna oa United States, e ile ea e-ba molebeli oa rōna oa lekala, ’me mosebetsi oa boboleli o ile oa hlophisoa bocha.

Linakong tsa phomolo ea lehlabula ke ne ke ee ke khutlele Kopervik ho ea bona lelapa leso. Likhaitseli tsa ka tse peli le baena ba ka ba banana ha ea ka ea e-ba Lipaki, empa kamehla ba ne ba le mosa ho Ntate le ho ’na. Khaitseli ea ka e ’ngoe e ile ea e-ba mookameli oa boema-kepe le mookameli oa batsamaisi ba hloahloa ba likepe, ’me e mong ea e-ba mosuoe. Le hoja ke ne ke sa ateloa ke lintho tse bonahalang, Ntate o ne a ee a re ho bona: “Ottilie o ruile ho le feta.” ’Me e ne e le ’nete! Seo ba neng ba se finyeletse se ne se ke ke sa bapisoa le matlotlo a moea ao ke neng ke a thabela! Ntate o ile a shoa a le lilemo li 78 ka 1951. ’Mè o ne a hlokahetse ka 1928.

Karolo e hlaheletseng ea bophelo ba ka e bile ho ba teng kopanong ea machaba ea batho ba Jehova New York City ka 1953. Selemong seo tšimo ea lefatše e ne e e-na le bahoeletsi ba fetang 500 000, ’me ba fetang 165 000 ba ile ba e-ba teng kopanong eo! Pele ho kopano ea 1953, ke ile ka qeta beke ke sebetsa Bethele ea Brooklyn, ntlo-khōlō ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova lefatšeng.

Ho Etsa Seo Nka se Khonang

Lilemong tsa morao tjena ha ke sa bona hantle ka lebaka la lera la mahlo. Ke ntse nka bala hanyenyane mongolo o moholo ka likhalase tsa mahlo tse matla le ka khalase e hōlisang mongolo. ’Me baralib’eso ba Bakreste baa nketela le ho mpalla habeli ka beke, e leng seo ke se ananelang haholo. Mosebetsi oa ka oa boboleli le oona oa fokola. Nakong ea lehlabula, baralib’eso ba Bakreste nako le nako ba ’nile ba nkisa sebakeng seo nka etsang boboleli ho sona ka setulo sa ka sa likooa. Hape kamehla ke posetsa limakasine le libukana likolong tsa Kopervik, tse kang sekolo sa mathomo seo ke neng ke le morutoana oa sona lilemong tse ka bang 100 tse fetileng. Ke thabile hore ebe ke ntse ke khona ho ba mohoeletsi oa kamehla. Ka lehlohonolo kamore ea ho jela le Holo ea ’Muso li mokatong oo kamore ea ka e leng ho oona mona Bethele, eo ho tloha ka 1983 e ’nileng ea e-ba Ytre Enebakk ka ntle ho Oslo. Ka hona ke khona ho ba teng borapeling ba hoseng, lijong le libokeng tsa rōna ke tsamaea ka seikokotlelo. ’Me ke thabela hore ebe ke ntse ke khona ho ba teng likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Ke thabela ho kopana le metsoalle eo ke e tsebileng ka lilemo tse ngata, esita le bara le barali babo rōna bao ke qalang ho ba tseba le bana ba bangata ba batle.

Ho Tiisetsa Tumelong ho Fihlela Qetellong

Ke tlhohonolofatso ho ba har’a batho ba sehlahlo, ba mosa le ba sekametseng linthong tsa moea mona Bethele. Ha ke ne ke qalisa tšebeletso ea ka ea Bethele, litho tsa lelapa lena kaofela e ne e le ba nang le tšepo ea leholimo. (Bafilippi 3:14) Hona joale e mong le e mong mona Bethele ntle le ’na o lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.

Ke ’nete hore re ne re lebeletse hore Jehova o tla be a se a nkile bohato pejana. Empa, ke thabela ho bona bongata bo boholo bo tsoela pele ho eketseha. Ke bone keketseho e kaakang! Ha ke ne ke kopanela tšebeletsong ka lekhetlo la pele, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 5000 lefatšeng ka bophara. Hona joale ho na le ba fetang 5400 000! Ka sebele, ke bone ‘e monyenyane a ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetoha sechaba se sengata.’ (Esaia 60:22) Re lokela ho lula re lebeletse Jehova, joalokaha moprofeta Habakuke a ile a ngola: ‘Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.’—Habakuke 2:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela