Lefatše le Nang le Toka Hase Toro!
DANIEL WEBSTER, setsebi sa Leamerika litabeng tsa ’muso, o ile a hlokomela hore “batho ba amehile haholo ka toka lefatšeng.” ’Me Bibele ea bolela: “Jehova ke morati oa toka.” (Pesaleme ea 37:28, NW) Ba entsoe ka setšoano sa Molimo, banyalani ba pele ba ne ba e-na le litšobotsi tsa bomolimo, ho kopanyelletsa le boikutlo ba toka.—Genese 1:26, 27.
Mangolo a boetse a bua ka “batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” Kahoo ba ‘bontša boitsebiso ba molao hore bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, pakeng tsa menahano ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.’ (Baroma 2:14, 15) E, batho ba fuoe matla a letsoalo—boikutlo bo ka hare ba se nepahetseng le se fosahetseng. Ka ho hlakileng, ke ha tlhaho ho motho ho batla toka.
Ho batla ha motho thabo ho amana haufi-ufi le tlhoko ea hae ea toka, kaha Pesaleme ea 106:3 (NW) ea bolela: “Ho thaba ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka linako tsohle.” Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba hlōlehile ho tlisa lefatše le nang le toka?
Ke Hobane’ng ha Batho ba Hlōlehile?
Lebaka le ka sehloohong la ho hlōleha ho tlisa lefatše le nang le toka ke sekoli seo re se futsitseng ho batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Bibele ea hlalosa: “Ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Sekoli seo ke sebe. Le hoja Adama le Eva ba bōpiloe ba se na molato, ba ile ba iketsetsa qeto ea ho fetohela Molimo ’me ka hona, ba iketsa baetsalibe. (Genese 2:16, 17; 3:1-6) Ka lebaka la sena, ba ile ba siela bana ba bona lefa la sebe, tšekamelo ea se fosahetseng.
Na litšobotsi tsa botho tse mpe joaloka meharo le leeme hase liphello tsa tšekamelo ea boetsalibe? ’Me na litšobotsi tsee ha li tlatsetse ho hlokeng toka ho teng lefatšeng? Ho makatsang, meharo ke eona sesosa se seholo sa tšebeliso e mpe ea tikoloho le khatello ea moruo tse etsoang ka boomo! Ka sebele, leeme ke lona le susumetsang lintoa tsa merabe le ho hloka toka ha merabe. Litšobotsi tse joalo li boetse li susumelletsa batho hore ba utsoe, ba qhekelle le ho itšoara ka tsela e lematsang ba bang.
Esita le boiteko bo etsoang ka sepheo se setle ba ho sebelisa toka le ho etsa molemo hangata boa hlōleha ka lebaka la tšekamelo ea rōna ea boetsalibe. Moapostola Pauluse ka boeena o ile a bolela: “Molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.” O tsoela pele ho hlalosa ntoa eo ka hore: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Baroma 7:19-23) Ka ho tšoanang, le rōna kajeno re na le ntoa e tšoanang. Ke ka hona ho hloka toka ho etsahalang hangata tjena.
Tsela eo motho a busang ka eona le eona e tlatselitse ho hlokeng toka ha lefatše. Naheng e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le melao hammoho le ba sebeletsang hore e phethahatsoe. ’Me ho boetse ho na le baahloli le makhotla. Ka sebele, batho ba bang ba sebelisang molao-motheo ba leka ho emela litokelo tsa batho le ho bona hore ho na le toka e lekanang bakeng sa bohle. Leha ho le joalo, boholo ba boiteko ba bona bo hlōlehile. Hobane’ng? Ha e akaretsa lintlha tse amehang ho hlōleheng ha bona, Jeremia 10:23 e re: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Ba ikarotse ho Molimo, batho ba hlōleha habonolo feela ho theha lefatše le lokileng le le nang le toka.—Liproverbia 14:12; Moeklesia 8:9.
Satane Diabolose ke tšitiso e khōlō boitekong ba batho ba ho bōpa lefatše le nang le toka. Bibele e bolela ka ho hlaka hore lengeloi la lerabele, Satane, ke “’molai” oa ho qala le “ea leshano,” le hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (Johanne 8:44; 1 Johanne 5:19) Moapostola Pauluse o ile a mo tsebahatsa e le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:3, 4) Kaha o hloile ho loka, Satane o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ka e khonang ho tlatsa bobe. Hafeela a ntse a laola lefatše, ho hloka toka ha mefuta eohle le liphello tsa hona tse malimabe li tla kenya moloko oa batho bokhobeng.
Na see sohle se bolela hore batho ba ke ke ba qoba ho hloka toka? Na lefatše le nang le toka ke toro e ke keng ea phethahala?
Lefatše le Nang le Toka e Tla ba Ntho ea Sebele—Joang?
E le hore tšepo ea lefatše le nang le toka e be ntho ea sebele, moloko oa batho o lokela ho talima mohloling o ka khonang ho fothola lisosa tsa ho hloka toka. Empa ke mang ea ka motsulang sebe le ho felisa Satane hammoho le puso ea hae? Ho hlakile hore ha ho motho kapa mokhatlo leha e le ofe oa batho o ka khonang ho phetha mosebetsi oo o thatahali. Ke Jehova Molimo feela ea ka khonang! Malebana le eena, Bibele e re: “Ke Lefika‚ mosebetsi oa hae o phethahetse‚ hobane litsela tsa hae kaofela ke toka. Ke Molimo oa botšepehi‚ oo ho seng ho hloka toka ho oona; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4, NW) ’Me kaha Jehova “ke morati oa toka,” o batla hore moloko oa batho o thabele bophelo lefatšeng le nang le toka.—Pesaleme ea 37:28, NW.
Moapostola Petrose ha a bua ka tokisetso ea Molimo ea ho tlisa lefatše le nang le toka, o ngotse: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho tsena ho loka ho tla aha.” (2 Petrose 3:13) “Maholimo [ana] a macha” hase maholimo a sebele a macha. Molimo o entse maholimo a rōna a sebele a phethahetse, ’me aa mo rorisa. (Pesaleme ea 8:3; 19:1, 2) “Maholimo a macha” ke puso e ncha holim’a lefatše. “Maholimo” a hona joale a entsoe ka mebuso ea batho. Haufinyane, ka ntoa ea Molimo ea Armagedone, ana a tla suthela “maholimo a macha”—’Muso oa hae oa leholimo, kapa puso. (Tšenolo 16:14-16) Morena oa ’Muso oo ke Jesu Kreste. Ka ho timetsa puso ea batho ka ho feletseng, ’muso ona o tla busa ka ho sa feleng.—Daniele 2:44.
Joale “lefatše le lecha” ke eng? Hase polanete e ncha, kaha Molimo o entse lefatše le loketse ka ho feletseng hore le ahuoe ke batho, ’me ke thato ea hae hore le hlole ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 104:5) “Lefatše le lecha” le bolela mokhatlo o mocha oa batho. (Genese 11:1; Pesaleme ea 96:1) “Lefatše” le tla felisoa ke la batho ba iketsang karolo ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. (2 Petrose 3:7) “Lefatše le lecha” le tlang ho ba nkela sebaka le tla etsoa ka bahlanka ba ’nete ba Molimo ba hloileng bokhopo ’me ba rata ho loka le toka. (Pesaleme ea 37:10, 11) Kahoo, lefatše la Satane le tla be le ile.
Empa Satane o letetsoe ke eng? Moapostola Johanne o boletse: ‘[Kreste Jesu] a tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me a e tlama ka lilemo tse sekete. ’Me a e lihela ka mohohlong ’me a o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba.’ (Tšenolo 20:1-3) Satane ea tla beng a tlanngoe, a ke ke a hlola a ba le tšusumetso molokong oa batho, joalo feela ka motšoaruoa ea koaletsoeng teronkong e ka mohohlong. Eo e tla ba khatholoho e kaakang ho moloko oa batho, e tla hlaha e le selelekela sa lefatše le nang le toka! ’Me qetellong ea lilemo tse sekete, Satane o tla silakanngoa ka ho feletseng.—Tšenolo 20:7-10.
Empa ho thoe’ng ka sebe se futsitsoeng? Jehova o se a ntse a lokiselitse motheo oa ho motsula sebe. ‘Mora oa motho [Jesu Kreste] o ile a tla ho tla fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Lentsoe “thekollo” le bolela theko e hlokoang bakeng sa ho lopolla batšoaruoa. Jesu o ile a lefa ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le ho rekolla moloko oa batho.—2 Bakorinthe 5:14; 1 Petrose 1:18, 19.
Sehlabelo sa Jesu sa thekollo se ka re tsoela molemo le hona joale. Ka ho ba le tumelo ho sona, re ka ba le boemo bo hloekileng ka pel’a Molimo. (Liketso 10:43; 1 Bakorinthe 6:11) Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, thekollo e tla etsa hore moloko oa batho o khutle sebeng ka ho feletseng. Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa “nōka ea metsi a bophelo” ea tšoantšetso e e-tsoa teroneng ea Molimo, ’me mabōpong a eona ke lifate tsa tšoantšetso tsa litholoana tse nang le makhasi “a ho phekola lichaba.” (Tšenolo 22:1, 2) Se boleloang ke Bibele mona se bontša ka ho hlaka tokisetso e tsotehang ea ’Mōpi bakeng sa ho khutlisa moloko oa batho sebeng, motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Tšebeliso e feletseng ea tokisetso ena e tla lokolla batho ba mamelang sebeng le lefung.
Bophelo Lefatšeng le Nang le Toka
Nahana hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a puso ea ’Muso oo. Tlōlo ea molao le pefo e tla ba lintho tse fetileng. (Liproverbia 2:21, 22) Ho hloka toka ha moruo ho tla be ho felile. (Pesaleme ea 37:6; 72:12, 13; Esaia 65:21-23) Mesaletsa eohle ea khethollo ea bochaba, morabe, moloko le masika e tla be e felisitsoe. (Liketso 10:34, 35) Lintoa le libetsa tsa ntoa li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Pesaleme ea 46:9) Bafu ba limilione ba tla tsosetsoa lefatšeng le nang le toka. (Liketso 24:15) E mong le e mong o tla thabela bophelo bo phethahetseng le bo sehlahlo. (Jobo 33:25; Tšenolo 21:3, 4) Bibele e re tiisetsa hore ‘ka botšepehi, [Jesu Kreste] o tla tlisa toka.’—Esaia 42:3, NW.
Ho sa le joalo, re ka ’na ra thulana le ho hloka toka, empa, e se eka le ka mohla, re ka se busetse ka ho hloka toka. (Mikea 6:8) E se eka re ka lula re e-na le pono e nepahetseng esita le ha re lokela ho mamella ho hloka toka. Haufinyane, lefatše le tšepisitsoeng le nang le toka e tla ba la sebele. (2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:11-13) Molimo ea Matla ’Ohle o buile ’me ‘ho tla lula ho le joalo.’ (Esaia 55:10, 11) Ena ke nako ea ho itokisetsa bophelo lefatšeng leo la toka ka ho ithuta seo Molimo a se hlokang ho rōna.—Johanne 17:3; 2 Timothea 3:16, 17.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mesaletsa eohle ea ho hloka toka e tla felisoa lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng