Likereke Li Ipolela Libe
“Mopapa o Qosa Kereke.” “Lekhotla le Otlang Bakhelohi le Bora Khahlanong le Bajuda—Kereke e Lokisetsa ho Lumela Molato oa Eona Phatlalatsa [Mea Culpa].”a “Ho Lumela Molato Phatlalatsa Bakeng sa Polao e Sehlōhō.” “Mamethodiste a Kōpa Tšoarelo ho Maindia a Bophirimela bo Hōle.”
NA U se u kile ua bala lihlooho tsa litaba tse kang tsee? Ho bonahala eka ka makhetlo a ntseng a eketseha, likereke li amohela molato ’me li kōpa tšoarelo ka lintho tseo li ’nileng tsa li etsa ho theosa le makholo a lilemo. Hangata, phatlalatso ea litaba e hatisa ho lumela molato phatlalatsa ho hocha hoo mopapa a ho etsang.
Ha Mopapa a Kōpa Tšoarelo
Bukeng ea hae ea Quando il papa chiede perdono (Ha Mopapa a Kōpa Tšoarelo), motlalehi oa litaba oa Vatican, Luigi Accattoli o itse lipakeng tsa 1980 le 1996, John Paul II ‘o hlokometse melato ea Kereke e tummeng historing kapa o kōpile tšoarelo’ bonyane ka makhetlo a 94. Ho latela Accattoli, “Kerekeng e K’hatholike, ke mopapa feela eo ka nepo a ka lumelang molato phatlalatsa.” ’Me sena o ’nile a se etsa ha a bua ka litlaleho tse tsosang khang ka ho fetisisa historing ea K’hatholike—Lintoa tsa Bolumeli, lintoa tse ling, ho tšehetsa puso ea khatello, likarohano ka likerekeng, bora khahlanong le Bajuda, Makhotla a Otlang Bakhelohi, Mafia le khethollo ea morabe. Lengolong le ileng la romelloa bak’hadinale ka 1994, (leo ba bang ba le nkang e le tokomane ea bohlokoa ka ho fetisisa ea lekhotla la baprista), John Paul II o ile a etsa tlhahiso ea ho “ipolela ho akaretsang ha libe tse entsoeng nakong ea sekete sa bobeli sa lilemo.”
Babishopo ba bangata ba ’nile ba latela mohlala oa mopapa. Ka December 1994, koranta ea Italy, Il Giornale, e ile ea tlaleha: “Babishopo ba bangata ba Maamerika ba ile ba hlaha thelevisheneng ’me ba kōpa tšoarelo phatlalatsa.” Bakeng sa eng? Bakeng sa ho nyenyefatsa bothata ba baprista ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, bo lemalitseng bana ba bangata ba ileng ba hlaseloa. Ka January 1995, koranta ea La Repubblica e ile ea tlaleha ka “ketso eo ho seng e tšoanang le eona historing ea Bok’hatholike ba mehleng eo”—ho ile ha sebetsanoa le bothata ba ho thōla ha Mopapa Pius XII ka taba ea Polao e Sehlōhō. Ka January 1995, koranta eona eo e ile ea tlaleha hore sehlopha sa babishopo ba Jeremane se ile sa kōpa tšoarelo bakeng sa “melato e mengata” ea Maroma a K’hatholike a ileng a tšehetsa litlōlo tsa molao tsa Manazi. Likereke tse ngata tsa Maprostanta le tsona li ’nile tsa inyatsa.
Hobane’ng?
Bibele e re khothalletsa hore re kōpe tšoarelo ha re le molato, ’me ba bangata ba thoholetsa likereke ha li inyatsa. (Jakobo 5:16) Empa ke hobane’ng ha likereke li etsa see? See se lokela ho ama tsela eo re li talimang ka eona joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelo ea Selatine e bolelang “ke molato oa ka,” e leng karolo ea thapelo ea K’hatholike (Confiteor, kapa “Kea ipolela”), eo ho eona litho tsa kereke li pheta-phetang polelo ena.