Tumelo le Bokamoso ba Hao
“Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—BAHEBERU 11:1.
1. Batho ba bangata ba batla bokamoso ba mofuta ofe?
NA U thahasella bokamoso? Batho ba bangata baa bo thahasella. Ba na le tšepo ea bokamoso bo nang le khotso, ba ho hloka tšabo, ba maemo a khotsofatsang a bophelo, mosebetsi o hlahisang litholoana le o thabisang, ba ho se kule le ho phela halelele. Ha ho pelaelo hore moloko o mong le o mong historing o ’nile oa batla lintho tseo. ’Me kajeno, lefatšeng lena le tletseng likhathatso, maemo a joalo a lakatseha ho feta leha e le neng.
2. Setsebi se seng sa lipolotiki se boletse pono efe ka bokamoso?
2 Ha batho ba lebile lekholong la bo21 la lilemo, na ho na le tsela leha e le efe eo ka eona u ka lekanyetsang hore na bokamoso bo tla ba joang? Tsela e ’ngoe e ile ea boleloa ke setsebi sa lipolotiki sa Moamerika Patrick Henry, lilemong tse fetileng tse fetang 200. O ile a re: “Ha ho tsela eo ke e tsebang ea ho bolela hore na bokamoso bo tla ba joang haese ka ho sheba hore na nako e fetileng e bile joang.” Ho latela pono ena, bokamoso ba lelapa la motho bo ka tsejoa ho ea tekanyong e khōlō ka seo motho a se entseng nakong e fetileng. Ba bangata ba lumellana le khopolo eo.
Nako e Fetileng e Bile Joang?
3. Tlaleho ea histori e bontša’ng mabapi le litebello tsa nako e tlang?
3 Haeba bokamoso e tla ba setšoantšo sa se etsahetseng nakong e fetileng, na seo sea u khothatsa? Na ka lilemo tsee tsohle bokamoso bo ’nile ba ntlafala bakeng sa meloko e fetileng? Ha ho hlile ha ho joalo. Ho sa tsotellehe tšepo eo batho ba ’nileng ba e-ba le eona ka lilemo tse likete, hape ho sa tsotellehe hore na libaka tse ling li tsoetse pele hakae linthong tse bonahalang, histori ea motho e ’nile ea tlala khatello, tlōlo ea molao, pefo, ntoa le bofutsana. Lefatše lena le bile litlokotsing tse latellanang, tseo boholo ba tsona li bakiloeng ke puso ea motho e sa khotsofatseng. Ke ka nepo Bibele e reng: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’—Moeklesia 8:9.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha batho ba ne ba e-na le tšepo mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo? (b) Ho ile ha etsahala’ng ka tšepo ea bona ea bokamoso?
4 Ke ’nete hore histori e mpe ea batho e ntse e ipheta—empa e ipheta ka tekanyo e khōloanyane le e senyang haholoanyane. Lekholo lena la bo20 la lilemo ke bopaki ba seo. Na motho o ithutile ho hong liphosong tsa nakong e fetileng, le ho li qoba? Ha e le hantle, qalong ea lekholo lena la lilemo, ba bangata ba ile ba beha tšepo ea bona bokamosong bo molemo ka lebaka la hore ho ne ho bile le nako e batlang e le telele ea khotso le ka lebaka la tsoelo-pele mesebetsing ea khoebo, saenseng le thutong. Moprofesa e mong oa univesithi o itse mathoasong a bo-1900, ho ne ho lumeloa hore ntoa e ne e ke ke ea hlola e e-ba teng hobane “batho ba ne ba tsoetse pele haholo.” Eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea Brithani o ile a bua tjena ka pono eo batho ba neng ba e-na le eona ka nako eo: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla ntlafala ho ea pele. Ke lefatše leo ke tsoaletsoeng ho lona.” Empa joale o ile a re: “Ka tšohanyetso, ho sa lebelloa, hoseng ho hong ka 1914, ntho eohle e ile ea fela.”
5 Ho sa tsotellehe tumelo ea hore ho tla ba le bokamoso bo molemo e neng e rena ka nako eo, lekholo le lecha la lilemo le ne le sa tsoa qala ha lefatše le apareloa ke tlokotsi e mpe ka ho fetisisa e kileng ea bakoa ke motho—Ntoa ea I ea Lefatše. E le mohlala oa sebōpeho sa eona, hlokomela se ileng sa etsahala ka 1916 ha ntoeng e ’ngoe masole a Brithani a hlasela moleng o ka pele oa ntoa oa Jeremane, pel’a Nōka ea Somme, Fora. Ho ile ha bolaoa masole a Brithani a 20000 ka lihora tse seng kae feela, ’me a mangata a ile a bolaoa ka lehlakoreng la Jeremane. Lilemong tse ’nè tsa polao masole a limilione tse leshome le baahi ba bangata ba ile ba e-shoa. Palo ea baahi ba Fora e ile ea fokotseha ka nako e itseng ka lebaka la banna ba bangata haholo ba ileng ba e-shoa. Moruo o ile oa oa, e leng ho ileng ha etsa hore ho be le Ho Putlama ha Moruo ka bo-1930. Hase feela ba bang ba itseng letsatsi leo Ntoa ea I ea Lefatše e qalileng ka lona, ke letsatsi leo lefatše le ileng la hlanya ka lona!
6. Na bophelo bo ile ba ntlafala ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše?
6 Na ke bona bokamoso boo moloko oo o neng o bo lebeletse? Le hanyenyane. Tšepo ea oona e ile ea fela; ’me seo sohle ha sea hlahisa molemo o itseng. Lilemo tse 21 feela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, kapa ka 1939, ho ile ha qala tlokotsi e mpe haholoanyane e bakoang ke motho—Ntoa ea II ea Lefatše. E ile ea bolaea banna, basali le bana ba limilione tse 50. Ho qhomisoa ho hoholo ha liqhomane ho ile ha batalatsa metse. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha bolaoa masole a likete ntoeng e le ’ngoe, ka lihora tse seng kae feela, athe Ntoeng ea II ea Lefatše, liqhomane tse peli feela tsa athomo li ile tsa bolaea batho ba fetang 100000 ka metsotsoana e seng mekae feela. Seo ba bangata ba se nkang se le sebe le ho feta, e bile polao e hlophisitsoeng ea batho ba limilione likampong tsa mahloriso tsa Manazi.
7. Ke’ng seo e leng ’nete ka lekholo lee lohle la lilemo?
7 Mehloli e mengata ea boitsebiso e bolela hore haeba re akarelletsa lintoa tse lipakeng tsa lichaba, likhohlano tsa lehae, le baahi ba bolailoeng ke mebuso ea bona, batho ba bolailoeng lekholong lena la lilemo ba ka balloa ho limilione tse 200. Mohloli o mong oa boitsebiso o bile o re e ka ba limilione tse 360. Inahanele ho tšosa ha sena sohle—bohloko, meokho, mahlomola le bophelo bo senyehileng! Ho phaella moo, ka karolelano, batho ba ka bang 40 000, boholo e le bana, ba shoa letsatsi le letsatsi ka lebaka la lisosa tse amanang le bofutsana. Palo e menang eo hararo e bolaoa ka ho ntšoa ha limpa letsatsi le letsatsi. Hape, batho ba ka bang limilione tse sekete ba futsanehile haholo hore ba ka fumana lijo tse hlokahalang bakeng sa ho etsa mosebetsi o tloaelehileng oa letsatsi. Maemo ana kaofela ke bopaki ba se ileng sa boleloa esale pele boprofeteng ba Bibele ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho e khopo.—2 Timothea 3:1-5, 13; Matheu 24:3-12; Luka 21:10, 11; Tšenolo 6:3-8.
Batho ha ba na Tharollo
8. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba batho ba ke ke ba rarolla mathata a lefatše?
8 Ha lekholo lena la bo20 la lilemo le le haufi le ho fela, re ka kenyelletsa phihlelo ea lona phihlelong ea makholo a lilemo a fetileng. ’Me histori eo e re bolella’ng? E re bolella hore ha ho mohla baeta-pele ba batho ba kileng ba rarolla mathata a lefatše a ka sehloohong, hore ha ba a rarolle hona joale ebile ba ke ke ba a rarolla nakong e tlang. Ho tlisa bokamoso ba mofuta oo re o batlang ho phahametse matla a bona, ho sa tsotellehe hore na boikemisetso ba bona bo botle hakae. ’Me ba bang ba pusong ha ba na boikemisetso bo botle hakaalo; ba batla boemo le matla hore ba iketelletse pele le hore ba fumane lintho tse bonahalang, eseng molemong oa ba bang.
9. Ke hobane’ng ha ho e-na le lebaka la ho belaela hore saense e na le likarabo mathateng a batho?
9 Na saense e na le likarabo? Ha ho joalo ha re nahana ka nako e fetileng. Bo-rasaense ba ’muso ba sebelisitse chelete e ngata, nako e ngata le ho etsa boiteko bo matla ba ho ntlafatsa lihlomo tse senyang tse entsoeng ka lik’hemik’hale le metsoako e chefo, le tsa mefuta e meng. Lichaba, ho akarelletsa le tse kollang ntsi hanong, li sebelisa liranta tse fetang libilione tse tharo lihlomong selemo le selemo! Hape, ho isa tekanyong e itseng ‘tsoelo-pele ea saense’ e ikarabella bakeng sa lik’hemik’hale tse tlatselitseng tšilafatsong ea moea, naha, metsi le lijo.
10. Ke hobane’ng haesita le thuto e ke ke ea tiisa hore ho na le bokamoso bo molemo?
10 Na re ka ba le tšepo ea hore litsi tsa thuto tsa lefatše li tla thusa ho haha bokamoso bo molemo ka ho ruta litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, ho nahanela ba bang le ho rata moahisani? Che. Ho e-na le hoo, li lebisa tlhokomelo mesebetsing le ho bokelleng chelete. Li hōlisa moea o matla oa tlhōlisano eseng oa tšebelisano; likolo le tsona ha li rute boitšoaro. Ho e-na le hoo, tse ngata li khothalletsa bolokolohi ba ho kopanela liphate bo entseng hore bacha ba ime ka bongata le bo bakileng mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.
11. Ke joang tlaleho ea mekhatlo e meholo ea lefatše ea khoebo e belaetsang tabeng ea bokamoso?
11 Na ka tšohanyetso mekhatlo e meholo ea lefatše ea khoebo e tla susumelletseha ho hlokomela polanete ea rōna hantle ’me e bontše lerato ho ba bang ka hore e etse lihlahisoa tse hlileng li leng molemo tse sa etsetsoeng phaello feela? Ha ho bonahale joalo. Na e tla khaotsa ho etsa mananeo a thelevishene a tletseng pefo le boitšoaro bo bobe a tlatsetsang ho silafatseng likelello tsa batho, haholo-holo tsa bacha? Nako e sa tsoa feta, ho hang ha e khothatse hobane ka kakaretso, TV e fetohile qhafutso ea boitšoaro bo bobe le pefo.
12. Boemo ba batho ke bofe mabapi le ho kula le lefu?
12 Ho feta moo, ho sa tsotellehe hore na lingaka li ikemiselitse hakae, li ke ke tsa fenya ho kula le lefu. Ka mohlala, qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, li ile tsa hlōleha ho laola ho jaleha ha mokakallane oa Spain; o ile oa bolaea batho ba ka bang limilione tse 20 lefatšeng ka bophara. Kajeno, lefu la pelo, kankere le maloetse a mang a bolaeang a tsoile taolong. Lefapha la bongaka ha lea fenya seoa sa kajeno sa lefu la AIDS. Ho fapana le hoo, tlaleho ea Machaba a Kopaneng e hatisitsoeng ka November 1997 e ile ea phetha ka hore tekanyo eo kokoana-hloko ea AIDS e jalehang ka eona, e mena litekanyetso tsa nakong e fetileng habeli. E se e bolaile ba limilione. Haufinyane tjena, batho ba eketsehileng ba limilione tse tharo ba ile ba tšoaetsoa.
Kamoo Lipaki Tsa Jehova li Talimang Bokamoso Kateng
13, 14. (a) Lipaki tsa Jehova li talima bokamoso joang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba tlisa bokamoso bo molemo?
13 Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li lumela hore batho ba na le bokamoso bo khanyang, bo molemohali! Empa ha lia lebella hore bokamoso boo bo molemo bo tla tla ka boiteko ba motho. Ho e-na le hoo, li tšepile ’Mōpi, Jehova Molimo. Oa tseba hore na bokamoso bo tla ba joang, ’me e tla ba bo babatsehang! Hape oa tseba hore batho ba ke ke ba tlisa bokamoso bo joalo. Kaha Molimo o ba bōpile, o tseba mefokolo ea bona hamolemo ho feta mang kapa mang. Lentsoeng la hae, o re bolella ka ho hlakileng hore ha aa ka a bōpa batho ba e-na le matla a ho busa ka katleho ntle ho tataiso ea bomolimo. Ho lumella ha Molimo puso ea motho e sa itšetlehang ka eena ka nako e telele, ka sebele ho bontšitse ho hlōleha hoo. Mongoli e mong o ile a lumela: “Kelello ea motho e lekile mefuta e sa tšoaneng ea puso, ’me e hlōlehile.”
14 Ho Jeremia 10:23, re bala mantsoe a moprofeta ea bululetsoeng: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Hape, Pesaleme ea 146:3 e re: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Ha e le hantle, kaha re tsoetsoe re sa phethahala, joalokaha Baroma 5:12 e bontša, Lentsoe la Molimo le re lemosa hore le rōna re se ke ra itšepa. Jeremia 17:9 e re: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe.” Kahoo, Liproverbia 28:26 e re: “Ea itšepelang pelo ea hae ke lehlanya; empa ea tsamaeang bohlaleng; o tla pholoha.”
15. Re ka fumana bohlale bo re tataisang hokae?
15 Re ka fumana bohlale boo hokae? “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova; ho tseba Ea halalelang ke hlalefo.” (Liproverbia 9:10) Ke Jehova feela ea nang le bohlale bo ka re tataisang ho pholletsa le linako tsena tse tšosang. ’Me o entse hore re fumane bohlale ba hae ka Mangolo a Halalelang, ao a a bululetseng hore a re tataise.—Liproverbia 2:1-9; 3:1-6; 2 Timothea 3:16, 17.
Bokamoso ba Puso ea Motho
16. Ke mang ea lekanyelitseng bokamoso?
16 Joale, Lentsoe la Molimo le re bolella’ng ka bokamoso? Le re bolella hore ka sebele bokamoso e ke ke ea e-ba setšoantšo sa seo batho ba se entseng nakong e fetileng. Ka hona, pono ea Patrick Henry e ne e fosahetse. Bokamoso ba lefatše lena le ba batho ba ho lona bo lokela ho lekanyetsoa ke Jehova Molimo, eseng batho. Lefatšeng ho tla etsoa thato ea hae, eseng ea batho leha e le bafe kapa ea lichaba tsa lefatše lena. “Mehopolo e mengata ka pelong ea motho, empa morero oa Jehova ke oona o tieang.”—Liproverbia 19:21.
17, 18. Thato ea Molimo ke efe bakeng sa nako ea rōna?
17 Thato ea Molimo ke efe bakeng sa mehla ea rōna? O rerile ho felisa tsamaiso ena e mabifi, e tletseng boitšoaro bo bobe. Haufinyane puso ea motho e mpe e bileng teng ka lilemo tse makholo e tla nkeloa sebaka ke puso ea Molimo. Boprofeta bo ho Daniele 2:44 bo re: “Mehleng ea marena ao [a teng kajeno], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [leholimong] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” ’Muso ona o tla felisa tšusumetso e mpe ea Satane Diabolose, e leng ntho eo ho seng mohla batho ba ka e etsang. Puso ea hae lefatšeng lena e tla fela ka ho sa feleng.—Baroma 16:20; 2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19.
18 Hlokomela hore ’muso oa leholimo o tla robaka mefuta eohle ea mebuso ea batho. Puso ea lefatše lena e ke ke ea tlohelloa ho batho. Leholimong, bao ’Muso oa Molimo o entsoeng ka bona ba tla laola litaba tsohle tsa lefatše molemong oa batho. (Tšenolo 5:10; 20:4-6) Lefatšeng, batho ba tšepahalang ba tla sebetsa tumellanong le litaelo tsa ’Muso oa Molimo. Ena ke eona puso eo Jesu a re rutileng hore re e rapelle ha a ne a re: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:10.
19, 20. (a) Bibele e hlalosa tokisetso ea ’Muso joang? (b) Puso ea oona e tla etsetsa batho eng?
19 Lipaki tsa Jehova li behile tšepo ea tsona ’Musong oa Molimo. Ke oona “maholimo a macha” ao moapostola Petrose a ngotseng ka ’ona: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho tsena ho loka ho tla aha.” (2 Petrose 3:13) “Lefatše le lecha” ke mokhatlo o mocha oa batho ba tla busoa ke maholimo a macha, e leng ’Muso oa Molimo. Ena ke tokisetso eo Molimo a ileng a e senolela moapostola Johanne ponong, ’me o ile a ngola: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile . . . ’Me [Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:1, 4.
20 Hlokomela hore lefatše le lecha e tla ba la ho loka. Likaroloana tsohle tse sa lokang li tla be li tlositsoe ka bohato boo Molimo a tla bo nka ntoeng ea Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Boprofeta bo ho Liproverbia 2:21, 22 bo beha taba tjena: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.” ’Me Pesaleme ea 37:9 ea tšepisa: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.” Na u ne u ke ke ua rata ho phela lefatšeng le joalo le lecha?
Lumela Litšepiso Tsa Jehova
21. Ke hobane’ng ha re ka lumela litšepiso tsa Jehova?
21 Na re ka lumela litšepiso tsa Jehova? Mamela seo a se buang ka moprofeta oa hae Esaia: “Hopolang liketso tsa pele tse etsahetseng khale, hobane ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong; ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joalo ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.” Karolo e qetellang ea temana ea 11 e re: “Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.” (Esaia 46:9-11) Ka sebele, re ka lumela ho Jehova le litšepiso tsa hae re kholisehile joalokaha eka litšepiso tseo li se li phethahetse. Bibele e beha taba ka tsela ena: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.”—Baheberu 11:1.
22. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae?
22 Batho ba ikokobelitseng ba bontša tumelo e joalo hobane baa tseba hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Ka mohlala, ho Pesaleme ea 37:29 rea bala: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” Na re ka lumela see? E, hobane Baheberu 6:18 e re: ‘Ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ Na lefatše ke la Molimo, e le hore a ka le fa baikokobetsi? Tšenolo 4:11 e re: “U bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa ba teng ’me tsa bōptjoa.” Kahoo, Pesaleme ea 24:1 e re: “Lefatše ke la Jehova le tsohle tse ho lona.” Jehova o bōpile lefatše, ke la hae, ’me o le fa ba lumelang ho eena. Ho re thusa ho haha kholiseho ea rōna ho sena, sehlooho se latelang se tla bontša kamoo Jehova a bolokileng litšepiso tsa hae ho batho ba hae kateng mehleng e fetileng esita le mehleng ea rōna le lebaka leo ka lona re ka bang le kholiseho e feletseng ea hore o tla etsa joalo le nakong e tlang.
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Ho etsahetse’ng ka tšepo ea batho ho pholletsa le histori?
◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa batho bakeng sa bokamoso bo molemo?
◻ Thato ea Molimo ke efe mabapi le bokamoso?
◻ Ke hobane’ng ha re kholisehile hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ka nepo Bibele e re: “Motho . . . a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bomb: U.S. National Archives photo; famished children: WHO/OXFAM; refugees: UN PHOTO 186763/J. Isaac; Mussolini and Hitler: U.S. National Archives photo