Mokhatlo o Hlophisitsoeng—oa Jehova o Tšehetsa Tšebeletso ea hao
“Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng ho li bolela e le litaba tse nyakallisang.”—TŠENOLO 14:6.
1. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lekoa joang, ’me ke hobane’ng ha li pholohile?
KE HOBANE’NG ha e le habohlokoa hakaale ho hlokomela karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo tabeng ea ho tšehetsa tšebeletso ea Bokreste? Ha e le hantle, na Lipaki tsa Jehova li ka be li khonne ho phetha boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho pholletsa le lefatše le tletseng bora ntle ho tšehetso ea mabotho a Jehova a leholimo? Lipaki li entse boboleli bo joalo lekholong la lilemo la bochaba bo feteletseng, mekhatlo ea lipolotiki ea bohatelli, lintoa tsa lefatše le mahlomola a mangata. Ntle ho thuso ea Jehova na Lipaki li ka be li ile tsa pholoha moroallo oa khethollo, leeme le mahloriso ao hangata a neng a le mabifi, a ’nileng a tobisoa ho tsona?—Pesaleme ea 34:7.
Ho Pholoha ho sa Tsotellehe Khanyetso ea Lefatše ka Bophara
2. Ke ho tšoana hofe ho teng lipakeng tsa Bakreste ba ’nete ba lekholong la pele la lilemo le ba kajeno?
2 Lekholong lena la bo20 la lilemo, lira tsa bolumeli le tsa lipolotiki, li behile litšitiso tsohle tseo li ka li sebelisang, tsa molao le tse ling, ho leka ho thibela kapa ho felisa mosebetsi oa Jehova. Bara le barali babo rōna ba Bakreste ba ’nile ba hlorisoa, ba senngoa lebitso, ba etselletsoa, ’me ba buuoa hampe—ba bangata ba bile ba bolaoa—hangata e le ka tšusumetso ea baruti ba Babylona e Moholo. Ho ka boleloa, joalokaha ho ile ha boleloa ka Bakreste ba pele, hore “ha e le mabapi le sehlopa sena sa bokhelohi rea tseba hore hohle ho buuoa khahlanong le sona.” Feela joalokaha baruti ba Bajuda ba nakong ea Kreste ba ile ba loana ka mabifi ho thibela tšebeletso ea hae, ka ho tšoanang baruti le bakoenehi, ba kopane le linyatsi tsa bona tsa lipolotiki, ba lekile ho thibela mosebetsi o moholo oa bopaki o rutang oa batho ba Jehova.—Liketso 28:22; Matheu 26:59, 65-67.
3. Re ka ithuta eng botšepehing ba Henryka Żur?
3 Ka mohlala nahana ka se ileng sa etsahala Poland ka la 1 March, 1946. Henryka Żur, ngoanana oa Paki ea lilemo li 15 oa sebaka se haufi le Chełm, o ne a tsamaea le mor’abo rōna e mong oa Paki, ho etela batho ba thahasellang motsaneng o haufi. Litho tsa sehlopha sa sesole sa K’hatholike se bitsoang Narodowe Siły Zbrojne (Lebotho la Naha le Hlometseng) li ile tsa ba kenya litlamong. Mor’abo rōna o ile a otloa hampe empa a pholoha. Henryka eena ha aa ka a pholoha. O ile a hlokofatsoa habohloko ka nako e telele ha li ntse li leka ho mo qobella ho etsa pontšo ea sefapano ea K’hatholike. E mong oa batubi ba hae o ile a re: “U ka lumela eng kapa eng eo u batlang ho e lumela ka pelong, u mpe u etse pontšo ea sefapano ea K’hatholike feela. Ho seng joalo u tla thunngoa!” Na o ile a fokola botšepehing ba hae? Che. Makoala ana a bolumeli a ile a mo hulela morung o haufinyane ’me a mo thunya. Ho ntse ho le joalo, o ne a hlōtse! Ba ne ba hlōlehile ho senya botšepehi ba hae.a—Baroma 8:35-39.
4. Mekha ea lipolotiki le ea bolumeli e lekile joang ho hatella mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso?
4 Ka lilemo tse fetang lekholo, bahlanka ba Molimo ba kajeno ba ’nile ba tšoaroa hampe le ho tlotlolloa. Kaha Lipaki tsa Jehova hase karolo ea malumeli a maholo a Satane, ’me ha li batle ho ba karolo ea ’ona, li talingoa e le liphofu tse loketseng kahlolo leha e le efe e leeme kapa khanyetso e feteletseng. Mekha ea lipolotiki e ’nile ea li hlasela ka mabifi. Lipaki tse ngata li ’nile tsa shoela tumelo ea tsona. Esita le lichaba tseo ho thoeng ke tsa puso ea sechaba ka sechaba li ’nile tsa leka ho thibela boboleli ba litaba tse molemo. Morao koo ka 1917 Canada le United States, baruti ba ile ba hlohlelletsa hore Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki li neng li tsebahala kateng ka nako eo, li qosoe ka ho liha ’muso. Ba boholong Mokhatlong oa Watch Tower ba ile ba kenngoa teronkong ka phoso empa hamorao ba hlakoloa molato ka ho feletseng.—Tšenolo 11:7-9; 12:17.
5. Bahlanka ba Jehova ba khothalitsoe ke mantsoe afe?
5 Satane o sebelisitse mekhoa eohle eo a ka e sebelisang ho leka ho thibela mosebetsi oa ho paka oa barab’abo Kreste le metsoalle ea bona e tšepahalang. Empa, joalokaha liphihlelo tse ngata haholo li bontša, ha ho na tšokelo, tšoso, ho otloa, literonko, likampo tsa mahloriso kapa esita le lefu tse kileng tsa khutsisa Lipaki tsa Jehova. ’Me ho bile joalo ho theosa le histori. Nako le nako, mantsoe a Elisha a ’nile a sebeletsa e le khothatso: “Se tšabe, hobane ba nang le rōna ba feta ba nang le bona ka bongata.” Lebaka le leng ke hore palo ea mangeloi a tšepahalang e feta ea letšoele la Diabolose!—2 Marena 6:16; Liketso 5:27-32, 41, 42.
Jehova o Hlohonolofatsa Boboleli bo Etsoang ka Cheseho
6, 7. (a) Pele ho ile ha etsoa boiteko bofe ba ho bolela litaba tse molemo? (b) Ho bile le phetoho efe e molemo ho tloha ka 1943?
6 Lekholong la bo20 la lilemo, Lipaki tsa Jehova li sebelisitse lintho tse ngata tsa tsoelo-pele ea theknoloji bakeng sa ho atolosa le ho potlakisa mosebetsi o moholo oa ho paka pele bofelo bo e-tla. Morao koana ka 1914, Moruti Russell, mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a ntšetsa pele tšebeliso ea pele ea li-slide le baesekopo e tsamaisanang le tlhaloso e thehiloeng Bibeleng e leng lirekotong tsa keramafono, baesekopong ea Bibele ea metsotso e robeli e bitsoang “The Photo-Drama of Creation.” E ile ea etsa hore bamameli ba eona ba linaheng tse ngata ba nako eo ba hlolloe. Hamorao, ka bo-1930 le bo-1940, Lipaki li ile tsa tsebahala ka boboleli ba tsona ba ntlo le ntlo ka likeramafono tse nkehang habobebe, li sebelisa lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng tsa J. F. Rutherford, mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo.
7 Ka 1943 ho ile ha nkoa bohato bo bontšang sebete tlas’a tataiso ea Nathan H. Knorr, mopresidente oa boraro oa Mokhatlo, ha ho ne ho etsoa qeto ea ho theha sekolo bakeng sa phutheho e ’ngoe le e ’ngoe. Lipaki li ne li tla koetlisetsoa ho bolela le ho ruta ka ntlo le ntlo li sa sebelise lirekoto tsa keramafono. Ho tloha ka nako eo, likolo tse ling li ’nile tsa hlophisoa bakeng sa ho koetlisa baromuoa, basebeletsi ba nako e tletseng ba bo-pula-maliboho, baholo ba liphutheho le balebeli ba ikarabellang makaleng a Mokhatlo oa Watch Tower. Phello e bile efe?
8. Lipaki li ile tsa bontša tumelo e khōlō joang ka 1943?
8 Morao koana ka 1943, bohareng ba Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolofolo tse 129 000 feela linaheng tse 54. Empa, li ne li e-na le tumelo le qeto e tiileng ea hore Matheu 24:14 e ne e tla phethahala pele bofelo bo fihla. Li ne li kholisehile hore Jehova o ne a tla etsa hore molaetsa oa bohlokoa oa temoso o boleloe pele ho liketsahalo tse latellanang tse neng li tla tlisa bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e senyehileng. (Matheu 24:21; Tšenolo 16:16; 19:11-16, 19-21; 20:1-3) Na boiteko ba tsona bo putsitsoe?
9. Ke linnete life tse bontšang hore mosebetsi oa bopaki o atlehile?
9 Hona joale ho na le bonyane linaha tse 13 tse nang le Lipaki tse mafolofolo tse fetang 100000 naheng ka ’ngoe. Bongata ba tsona ke linaha tse busoang ke Kereke e K’hatholike. Empa, sheba boemo bona. Brazil e na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba ka bang 450000, ’me ba fetang 1200 000 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1997. Mexico ke mohlala o mong, e na le Lipaki tse ka bang 500000 ’me ba fetang 1600 000 ba bile teng moketeng oa Sehopotso. Linaha tse ling tsa K’hatholike ke Italy (Lipaki li ka ba 225 000), Fora (li ka ba 125 000), Spain (li feta 105 000) le Argentina (li feta 115 000). United States, moo ho atileng malumeli a Boprostanta, Bok’hatholike le Bojuda, ho na le Lipaki tse fetang 975 000 ’me ba fetang 2000 000 ba bile teng Sehopotsong. Ka sebele, matšoele a tsoa a potlakile Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ka lithuto tsa eona tse makatsang ’me a retelehela litšepisong tsa Molimo tse hlakileng le tse tiileng tsa “maholimo a macha le lefatše le lecha.”—2 Petrose 3:13; Esaia 2:3, 4; 65:17; Tšenolo 18:4, 5; 21:1-4.
Ho Ikamahanya le Litlhoko Tsa Batho
10. Maemo a fetohile joang libakeng tse ling?
10 Batho ba bangata ba retelehetseng ho Jehova ka Kreste Jesu ba fumanoe ka ntlo le ntlo. (Johanne 3:16; Liketso 20:20) Empa ho ’nile ha sebelisoa mekhoa e meng. Linako li fetohile, ’me boemo ba moruo bo ka tsela eo hona joale basali ba bangata ba sebetsang ka ntle ho lelapa. Hangata, har’a beke, ke batho ba seng bakae feela ba fumanehang lapeng. Kahoo, Lipaki tsa Jehova li ikamahantse le boemo bona. Joaloka Jesu le barutuoa ba pele, li ea moo batho ba leng teng le ka nako eo ba fumanehang ka eona.—Matheu 5:1, 2; 9:35; Mareka 6:34; 10:1; Liketso 2:14; 17:16, 17.
11. Lipaki tsa Jehova li bolela hokae kajeno, hona e le ka liphello life?
11 Lipaki li nka bohato ba pele ’me ka bohlale li bolela ho batho libakeng tse khōlō tsa ho paka likoloi, mabenkeleng, lifekthering, liofising le libakeng tsa khoebo, likolong, liteisheneng tsa mapolesa, moo ho tšeloang peterole, lihoteleng le libakeng tsa ho jela le literateng. Ha e le hantle, li bolela hohle moo batho ba ka fumanehang teng. ’Me ha batho ba le malapeng, joale Lipaki li tsoela pele ho ba etela moo. Ho atamela batho ka tsela ena ea ho ikamahanya le maemo le e sebetsang ho fella ka ho aba lingoliloeng tsa Bibele tse eketsehileng. Ho fumanoa ba kang linku. Ho qalisoa lithuto tse ncha tsa Bibele. Mosebetsi oa thuto o moholohali historing ea batho o ntse o etsoa ka cheseho ke basebeletsi ba baithaopi ba fetang limilione tse hlano le halofo! Na u na le tokelo ea ho ba e mong oa bona?—2 Bakorinthe 2:14-17; 3:5, 6.
Lipaki Tsa Jehova li Susumetsoa Ke’ng?
12. (a) Jehova o ruta batho ba hae joang? (b) Thuto ee e na le phello efe?
12 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o phetha karolo efe ho see sohle? Esaia o ile a profeta: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” (Esaia 54:13) Jehova o ruta mokhatlo ona oa bara ba motho o kopaneng oa lefatše ka bophara ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang oa lefatšeng—Liholong tsa ’Muso, likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Sena se fella ka bonngoe le khotso. Thuto ea Jehova e hlahisitse batho ba ikhethang, ba rutiloeng ho ratana le ho rata baahelani ba bona joalokaha ba ithata, eseng ho hloea baahelani ba bona, hohle moo ba lulang teng lefatšeng lena le bakang likarohano le le arohaneng.—Matheu 22:36-40.
13. Ke joang re ka kholisehang hore tataiso ea mangeloi ea ameha mosebetsing oa ho bolela?
13 Lerato ke lona le susumetsang Lipaki tsa Jehova ho tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe boiphapanyo le mahloriso. (1 Bakorinthe 13:1-8) Lia tseba hore mosebetsi oa tsona o pholosang bophelo o laoloa leholimong, joalokaha Tšenolo 14:6 e bontša. Molaetsa o phatlalatsoang tlas’a tataiso ea mangeloi ke ofe? “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, ’me kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.” Boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso bo phahamisa lebitso la Jehova. Batho ba memeloa ho isa khanya ho ’Mōpi, Molimo, eseng ho libōpuoa le khopolong ea ho iphetola ha lintho e se nang temoho. ’Me ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela o potlakile hakaale? Hobane hora ea kahlolo e fihlile—kahlolo khahlanong le Babylona e Moholo le likarolo tse ling tsohle tsa tsamaiso ea Satane ea lintho e bonahalang.—Tšenolo 14:7; 18:8-10.
14. Ke bo-mang ba kopanelang phutuhong ee e khōlō ea ho ruta?
14 Ha ho Mokreste ea inehetseng le ea mong ea lokolotsoeng mosebetsing ona oa ho bolela. Baholo ba moea ba etella pele ho boleleng le phutheho. Bo-pula-maliboho ba koetlisitsoeng ba tšoarehile ka ho feletseng mosebetsing ona. Bahoeletsi ba chesehang ba molaetsa ona oa ’Muso, ebang ba khona ho qeta lihora tse seng kae feela ka khoeli boboleling kapa ba khona ho qeta tse ngata, ba jala molaetsa ona lefatšeng lohle.—Matheu 28:19, 20; Baheberu 13:7, 17.
15. Ke eng se bontšang phello ea boboleli ba Lipaki tsa Jehova?
15 Na boiteko boo bohle bo bile le tšusumetso lefatšeng? Bopaki bo le bong ba hore bo bile le tšusumetso ke makhetlo ao ka ’ona Lipaki tsa Jehova li hlahisoang mananeong a TV le lihloohong tsa litaba. Hangata li totobatsa ho phehella ha rōna le boikemisetso ba ho finyella motho e mong le e mong. E, cheseho ea rōna le ho lula re le teng li na le phello e tebileng, esita le haeba bongata ba batho bo hana molaetsa le manģosa!
Cheseho ea Rōna ea ho Phetha Bopaki
16. Hona joale ke boikutlo bofe bo lokelang ho bontšoa ka nako ee e lekanyelitsoeng e setseng?
16 Ha re tsebe hore na tsamaiso ena ea lintho e saletsoe ke nako e kae, leha e le hona hore ho hlokahala hore re tsebe hafeela sepheo sa rōna sa ho sebeletsa Jehova se le setle. (Matheu 24:36; 1 Bakorinthe 13:1-3) Empa rea tseba hore e le hore lerato la Jehova, matla le toka li bonahale, litaba tse molemo li lokela ho boleloa “pele.” (Mareka 13:10) Ka lebaka leo, ho sa tsotellehe hore na re ’nile ra letela bofelo ba lefatše lena le khopo le se nang toka le le mabifi ka thahasello ka lilemo tse kae, re lokela ho phelela boinehelo ba rōna ka cheseho ho ea ka maemo a rōna. E ka ’na eaba re hōlile kapa rea kula, empa re sa ntse re ka sebeletsa Jehova ka cheseho eo re neng re e-na le eona ha re sa ntse re le bacha kapa re phela hantle ’meleng. Mohlomong ha re sa khona ho qeta nako eo re neng re e qeta pele tšebeletsong, empa ka sebele re ka boloka boleng ba sehlabelo sa rōna seo re rorisang Jehova ka sona.—Baheberu 13:15.
17. Pheta phihlelo e khothatsang e ka ’nang ea re thusa kaofela.
17 Ka lebaka leo, ebang re bacha kapa re hōlile, a re cheseheng ’me re abeleng bohle bao re kopanang le bona molaetsa o hlakileng oa lefatše le lecha. A re tšoaneng le ngoanana oa Australia ea lilemo li supileng ea lihlong ea ileng a tsamaea le ’mè oa hae ho ea lebenkeleng. O ne a utloile Holong ea ’Muso hore ho bohlokoa hakae hore bohle ba bolele, ka hona o ile a kenya libukana tse peli tsa Bibele ka mokotlaneng oa hae. Ha ’mè oa hae a ntse a tšoarehile k’haontareng, ngoanana enoa o ile a nyamela. Ha ’mè oa hae a ntse a mo batla, ke eloa a fa mofumahali e mong bukana! ’Mè oa hae o ile a ea kōpa tšoarelo bakeng sa tsela leha e le efe eo ho ka etsahalang hore ebe morali oa hae o tšoentse mofumahali enoa ka eona. Empa mofumahali enoa o ne a amohetse bukana ena ka mosa. Ha ba se ba le babeli le morali oa hae ’mè o ile a mo botsa hore na ke joang a bileng le sebete sa ho atamela motho eo a sa mo tsebeng. “Ke mpile ka re, Ke se ke itokisitse, iu! Eaba kea ea!”
18. Re ka bontša moea o motle joang?
18 Kaofela re hloka moea o kang oa ngoanana enoa oa Australia, haholo-holo e le hore re ka atamela batho bao re sa ba tsebeng kapa esita le ba boholong ka litaba tse molemo. Re ka ’na ra tšaba ho khesoa. A re se keng ra lebala seo Jesu a se buileng: “Le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng ho itšireletsa kapa ka seo le tla se bua; kaha moea o halalelang o tla le ruta ka eona hora eo lintho tseo le tšoanelang ho li bua.”—Luka 12:11, 12.
19. U ikutloa joang ka tšebeletso ea hao?
19 Ka hona, le tšepe thuso ea moea oa Molimo ha le atamela batho ka tsela e mosa ka litaba tse molemo. Ba limilione ba tšepa banna le basali bao hangata ba sa tšoaneleheng ba phelang ka nakoana. Re tšepa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo—Kreste Jesu, mangeloi a halalelang, le Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsohileng bafung—ba phelang ka ho sa feleng! Ka lebaka leo, hopola: “Ba nang le rōna ba feta ba nang le bona ka bongata”!—2 Marena 6:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa mehlala e eketsehileng, bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1994 (ea Senyesemane), leqepheng la 217-20.
U Araba Joang?
◻ Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo o phethile karolo efe pholohong ea batho ba Jehova?
◻ Ke mekha efe ea lipolotiki le ea bolumeli e ’nileng ea hlasela Lipaki tsa Jehova lekholong la bo20 la lilemo?
◻ Lipaki tsa Jehova li amahantse tšebeletso ea tsona le litlhoko tsa mehla joang?
◻ Ke’ng se u susumelletsang ho bolela?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Henryka Żur
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Japane
Martinique
United States
Kenya
United States
Lipaki tsa Jehova li bolela neng kapa neng le kae kapa kae moo batho ba fumanehang teng
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Mathoasong a lekholo lena la lilemo, likeramafono li ne li sebelisetsoa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso