Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/15 maq. 8-9
  • ’Musisi oa Moikhohomosi o Lahleheloa ke ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Musisi oa Moikhohomosi o Lahleheloa ke ’Muso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Musisi Kapa Morena?
  • ’Musisi ea Itšepang ho Tlōlisa le ea Ikakasang
  • Balshatsare—Khosana Kapa Morena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mantsoe a Mane a Ileng a Fetola Lefatše
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Re u Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/15 maq. 8-9

’Musisi oa Moikhohomosi o Lahleheloa ke ’Muso

MOPROFETA DANIELE o ile a ngola: “Morena Belshatsare o na a etsetse mahosana a hae a sekete mokete o moholo, ’me a noa veine pel’a batho bao ba sekete.” Leha ho le joalo, ha mokete o ntse o tsoela pele, “eaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ea hae ea ferekanngoa; mesifa ea matheka a hae ea hlepha, mangole a hae a otlana.” Pele bo e-sa, “Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa, ’me Dariuse mo-Mede a inkela ’muso.”—Daniele 5:1, 6, 30, 31.

Belshatsare e ne e le mang? Ho tlile joang hore a bitsoe “morena oa ba-Kalde”? Hantle-ntle, boemo ba hae e ne e le bofe ’Musong oa Neo-Babylonia? Ho tlile joang hore a lahleheloe ke ’muso?

’Musisi Kapa Morena?

Daniele o bua ka Nebukadnesare e le ntate oa Belshatsare. (Daniele 5:2, 11, 18, 22) Leha ho le joalo, kamano ena hase ea sebele. Buka e bitsoang Nabonidus and Belshazzar, e ngotsoeng ke Raymond P. Dougherty, e bolela hore mohlomong Nebukadnesare e ne e le ntate-moholo oa hae ka ’mè oa hae, Nitocris. Hape, kaha Nebukadnesare e bile morena pele ho eena, e ka ’na eaba e ne e le “ntate” oa Belshatsare tabeng ea terone feela. (Bapisa le Genese 28:10, 13.) Leha ho le joalo, mongolo oa cuneiform o licylindareng tse fapaneng tsa letsopa tse ileng tsa sibolloa ka boroa Iraq lekholong la bo19 la lilemo, o hlalosa Belshatsare e le mora e moholo oa Nabonidus, morena oa Babylona.

Kaha tlaleho e ho Daniele khaolo ea 5 e lebisitse tlhokomelo linthong tse ileng tsa etsahala bosiung boo Babylona e ileng ea oa ka bona ka 539 B.C.E., ha e bolele hore na ho tlile joang hore Belshatsare a be le matla a ho laela a borena. Empa mehloli ea thuto ea ho epolla lintho tsa khale e fana ka khopolo e itseng mabapi le kamano e neng e le pakeng tsa Nabonidus le Belshatsare. Alan Millard, moepolli oa lintho tsa khale le eo e leng setsebi lipuong tsa boholo-holo tsa Sesema o re: “Taba e ngotsoeng ea Babylona e senola hore Nabonidus e ne e le ’musi ea sa tloaelehang.” Millard oa phaella: “Le hoja a sa ka a hlokomoloha melimo ea Babylona, o . . . ile a lebisa tlhokomelo e khōlō ho molimo oa khoeli metseng e meng e ’meli, oa Ure le oa Kharane. Ka lilemo tse ’maloa tsa ho busa ha hae, Nabonidus ha aa ka a lula Babylona; ho e-na le hoo, o ile a lula sebakeng se hōle se neng se lula se le setala sa Teima [kapa, Tema], Arabia leboea.” Motheong oa bopaki bo fanoeng, Nabonidus o ile a qeta boholo ba puso ea hae a le sieo motse-moholo, Babylona. Nakong eo a leng sieo, Belshatsare o ile a fuoa matla a ho busa.

Ha e fana ka leseli le eketsehileng boemong boo Belshatsare a neng a hlile a le ho bona, tokomane ea mongolo oa cuneiform e hlalositsoeng e le “Tlaleho ea Temana ea Nabonidus” e re: “[Nabonidus] o ile a beha ‘Mabotho a Sesole’ tlhokomelong ea (mora) oa hae e moholo, letsibolo, a beha masole a neng a le hohle ka har’a naha (taolong) ea hae. O ile a tlohella (ntho e ’ngoe le e ’ngoe), [a] beha borena mahetleng a hae.” Kahoo, Belshatsare e ne e le ’musisi.

Leha ho le joalo, na ’musisi a ka nkoa e le morena? Seemahale sa ’musi oa boholo-holo se ileng sa fumanoa Syria leboea ka bo-1970 se bontša hore e ne e le ntho e tsejoang hore ’musi a ka bitsoa morena, le hoja ha e le hantle, a e-na le tlotla e tlaasana. Seemahale seo e ne e le sa ’musi oa Gozan ’me se ne se ngotsoe ka Seasyria le ka Searame. Mongolo oa Seasyria o ne o bitsa monna eo ’musisi oa Gozan, empa mongolo o bapileng le oona oa Searame o mo bitsa morena. Kahoo, e ne e ke ke ea e-ba mohlolo hore mengolong ea ’muso ea Babylona Belshatsare a bitsoe khosana e busang, ha bukeng ea Daniele ea Searame a bitsoa morena.

Tokisetso ea ho kopanela puso ha Nabonidus le Belshatsare e ile ea tsoela pele ho fihlela matsatsing a ho qetela a ’Muso oa Neo-Babylonia. Kahoo, bosiung bona boo Babylona e ileng ea oa ka bona, Belshatsare o ile a bolela hore o tla etsa Daniele ’musi oa boraro ’musong, eseng oa bobeli.—Daniele 5:16.

’Musisi ea Itšepang ho Tlōlisa le ea Ikakasang

Liketsahalo tsa ho qetela tsa puso ea Belshatsare li bontša hore khosana eo e ne e itšepa ho tlōlisa ’me e ikakasa. Ha puso ea hae e fela ka la 5 October, 539 B.C.E., Nabonidus o ne a tšabetse Borsippa, a hlōtsoe ke mabotho a Medo-Persia. Babylona ka boeona e ne e thibeletsoe ke masole. Empa Belshatsare o ne a ikutloa a sireletsehile motseng o neng o pota-potiloe ke marako a maholohali hoo hona bosiung boo, a ileng a etsetsa “mahosana a hae a sekete mokete o moholo.” Herodotus, rahistori oa Mogerike oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., o re ka har’a motse, batho “ba ne ba tantša ka nako eo, ’me ba e-na le nako e monate.”

Leha ho le joalo, ka ntle ho marako a Babylona mabotho a Medo-Persia a ne a falimehile. Tlas’a tataiso ea Cyruse, a ne a khelositse metsi a Nōka ea Eufrate e neng e parola motse ka lehare. Mabotho a hae a ne a itokiselitse ho qaputsa ka nōkeng hang ha metsi a kokobela ka ho lekaneng. A ne a tla nyolosa moepa ’me a kene motseng ka menyako ea koporo e neng e butsoe e lerakong mabapa le lebōpo la nōka.

Hoja Belshatsare a ela hloko se neng se etsahala ka ntle ho motse, a ka be a ile a koala liheke tsa koporo, a beha banna ba hae ba matla marakong a mabapa le lebōpo la nōka ’me a tšoasa sera. Ho e-na le hoo, a le tlas’a tšusumetso ea veine, Belshatsare oa moikakasi o ile a re ho tlisoe lijana tse nkiloeng tempeleng ea Jehova. Eaba eena, baeti ba hae, basali ba hae le lirethe tsa hae ba noella ho tsona ka ho hloka tlhompho ha ba ntse ba rorisa melimo ea Babylona. Ka tšohanyetso, ho ile ha hlaha letsoho ka mohlolo ’me la qala ho ngola leboteng la ntlo ea borena. A tšohile, Belshatsare a bitsa banna ba hae ba bohlale hore ba hlalose molaetsa oo. Empa ba ne ba “sitoa ho bala lengolo leo, leha e le ho koahollela morena taba tsa lona.” Qetellong, Daniele o ile a “tlisoa pel’a morena.” A le tlas’a pululelo ea Molimo, moprofeta eo ea sebete oa Jehova o ile a senola se boleloang ke molaetsa oo oa mohlolo, o neng o bolela esale pele ho oela ha Babylona matsohong a Bamede le Bapersia.—Daniele 5:2-28.

Bamede le Bapersia ba ile ba hapa motse habobebe, ’me Belshatsare ha aa ka a phela bosiung boo. Ka ho shoa ha hae, le ka ho inehela ho hlakileng ha Nabonidus ho Cyruse, ’Muso oa Neo-Babylonia o ile oa fela.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Daniele o hlalosa molaetsa oa timetso ea ’Muso oa Babylona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela