Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 11/15 maq. 4-7
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Teana le Mangeloi
  • Na re Lokela ho Kōpa Thuso ho Mangeloi?
  • Ho Ipiletsa ho Molimo
  • Mangeloi le Boitšoaro
  • Mangeloi a Bahlokomeli
  • Molaetsa o Hasoang ke Mangeloi
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Mangeloi a ka U Thusa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 11/15 maq. 4-7

Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng

LENTSOE la Molimo le bontša hore mangeloi a teng. Lea re bolella hore libōpuoa tsena tsa moea li ngata haholo. Daniele, mohlanka oa Jehova Molimo, o ile a ba le pono ea lintho tsa leholimo tseo a ileng a ngola sena ka tsona: ‘Molimo o ne a sebeletsoa ke likete tsa likete, limilione tsa limilione li ne li eme pel’a hae.’—Daniele 7:10.

Hlokomela hore polelo ea Daniele e re bolella ho fetang feela hore ho na le mangeloi a mangata. E boetse e bontša hore mangeloi a sebeletsa Molimo. Ke bahlanka ba hae. Tumellanong le sena, mopesaleme o ile a bina: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae! Bokang Jehova, lōna makhotla a hae kaofela, lōna bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratoang ke eena!”—Pesaleme ea 103:20, 21.

Bibele e boetse e hlalosa hore mangeloi ha aa ka a qala bophelo ba ’ona e le batho lefatšeng. Jehova o ile a bōpa mangeloi leholimong le pele a bōpa lefatše. Ha Molimo a ‘theha lefatše, bara bohle ba Molimo ba mangeloi ba ile ba bina ka nyakallo.’—Jobo 38:4-7.

Mangeloi ke libōpuoa tsa moea—tse sa bonahaleng, tse matla, tse bohlale. Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu mal·ʼakhʹ le lentsoe la Segerike agʹge·los, a fetoleloa e le “lengeloi” ha ho buuoa ka sebōpuoa sa moea. Mantsoe ana a hlaha ka makhetlo a ka bang 400 ka Bibeleng. Kaofela a bolela ntho e le ’ngoe, e leng “lenģosa.”

Ho Teana le Mangeloi

Ka sebele, mangeloi ke manģosa. E ka ’na eaba u tloaelane le tlaleho ea Bibele ea nako eo ka eona lengeloi Gabriele le neng le hlaha ho Maria. Le ile la mo bolella hore le hoja e ne e le moroetsana, o ne a tla tsoala mora ea neng a tla rehoa lebitso la Jesu. (Luka 1:26-33) Lengeloi le ile la boela la hlaha ho balisa ba neng ba le naheng. Le ile la phatlalatsa: “Kajeno le ile la tsoalloa Mopholosi, eo e leng Kreste Morena.” (Luka 2:8-11) Ka tsela e tšoanang, mangeloi a ile a isa melaetsa ho Hagare, Abrahama, Lota, Jakobo, Moshe, Gideone, Jesu le ba bang ba tlalehiloeng ka Bibeleng.—Genese 16:7-12; 18:1-5, 10; 19:1-3; 32:24-30; Exoda 3:1, 2; Baahloli 6:11-22; Luka 22:39-43; Baheberu 13:2.

Hoa hlokomeleha hore melaetsa ena kaofela eo mangeloi a ileng a e fetisa e ne e le tumellanong le ho phethahatsoa ha merero ea Molimo, eseng hakaalo-kaalo ea batho ba neng ba ameha. Mangeloi a ile a hlaha e le baemeli ba Molimo, ho ea ka thato ea hae le kemiso ea hae ea nako. Ha aa ka a bitsoa ke batho.

Na re Lokela ho Kōpa Thuso ho Mangeloi?

Na ho loketse ho ipiletsa ho mangeloi nakong ea tsieleho? Haeba ho joalo, re ne re tla batla ho tseba lebitso la lengeloi le tšoanelehang ka ho fetisisa bakeng sa ho re thusa. Ka lebaka leo, libuka tse ling tsa khoebo li thathamisa mabitso a iqapetsoeng a mangeloi a mangata, hammoho le boemo ba ’ona, litlotla tsa ’ona le mesebetsi ea ’ona. Buka e ’ngoe e thathamisa seo e se bitsang “likhalala tse leshome tse ka sehloohong leholimong, mangeloi a tsebahalang haholo ka Bophirimela.” Lethathamong leo ho na le keletso e reng u koale mahlo, u pheta-phete lebitso la lengeloi butle, u khe moea haholo, u heme butle, ’me u “itokisetse hore u ka ’na ua teana le ’ona.”

Ho fapana le hoo, Bibele e re fa mabitso a mangeloi a mabeli feela a tšepahalang a Molimo, Mikaele le Gabriele. (Daniele 12:1; Luka 1:26) Ho ka etsahala hore ebe lebaka le entseng hore ho fanoe ka mabitso ana e ne e le ho bontša hore lengeloi le leng le le leng ke sebōpuoa se ikhethang sa moea se nang le lebitso, eseng feela matla kapa tšusumetso e sa pheleng.

Hoa hlokomeleha hore mangeloi a mang a ile a hana ho bolella batho mabitso a ’ona. Ha Jakobo a ne a kōpa lengeloi hore le mo bolelle lebitso la lona, ha lea ka la etsa joalo. (Genese 32:29) Ha le kōptjoa hore le bolele lebitso la lona, lengeloi le ileng la hlaha ho Joshua le ile la bolela feela hore e ne e le “molaoli oa makhotla a Jehova.” (Joshua 5:14) Ha batsoali ba Samsone ba botsa lengeloi hore na lebitso la lona ke mang, le ile la re: ‘Le botsetsa’ng lebitso la ka? Ke le makatsang!’ (Baahloli 13:17, 18) Ka hore ebe Bibele ha e fane ka mabitso a mangeloi, ke ho re sireletsa hore re se fe mangeloi tlotla le borapeli bo sa lokelang. Hape, joalokaha re tla bona, ha e re laele hore re kōpe thuso ho ’ona.

Ho Ipiletsa ho Molimo

Bibele e re bolella sohle seo re lokelang ho se tseba ka litaba tse sebakeng sa moea. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta . . . e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Haeba Molimo a ne a batla hore re tsebe mabitso a mangeloi a mangata, a ka be a ile aa senola ka Lentsoeng la hae, Bibele. ’Me haeba Molimo a ne a rata ho re ruta kamoo re ka iteanyang le mangeloi le ho bua le ’ona kateng thapelong, a ka be a fane ka boitsebiso bo joalo ka Mangolong.

Ho e-na le hoo, Jesu Kreste o rutile: “Ha u rapela, u kene ka kamoreng ea hao ea botho ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntate oa hao ea leng sephiring . . . Joale, le lokela ho rapela ka tsela ena: ‘Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe.’” (Matheu 6:6, 9) Pono ea Mangolo ke ena: Ha rea lokela ho ipiletsa ho mangeloi kapa ho a rapela, empa re lokela ho atamela ’Mōpi oa mangeloi ka thapelo, Molimo ka boeena. Lebitso la hae hase sephiri, ’me ha ho hlokahale hore ho bonoe lipono tse le senolang. Le hoja ho ile ha etsoa boiteko ba ho pata lebitso la Molimo, le hlaha ka makhetlo a fetang 7000 tlalehong ea Bibele. Ka mohlala, mopesaleme o ne a bua ka Ntate oa leholimo ha a bina: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

Ha ho mohla Jehova a phathahaneng hoo a ka sitoang ho re mamela haeba re mo atamela ka tsela e nepahetseng thapelong. Bibele e fana ka tiiso ena: “Mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.”—2 Likronike 16:9.

Mangeloi le Boitšoaro

Ho fapana le seo hangata mecha ea litaba e se bontšang, mangeloi ha a ahlole batho. Seo se nepahetse kaha mangeloi ha aa fuoa matla a ho ahlola batho. Jehova ke “Moahloli oa bohle,” le hoja a “behile ho ahlola hohle kalosong ea Mora,” Jesu Kreste. (Baheberu 12:23; Johanne 5:22) Leha ho le joalo, e ne e tla ba phoso ho nahana hore mangeloi ha a tšoenyehe mabapi le tsela eo re phelang ka eona. Jesu o itse: “Thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.”—Luka 15:10.

Leha ho le joalo, mangeloi hase bashebelli feela. Nakong e fetileng, a ile a sebeletsa e le baphethahatsi ba kahlolo, a phethahatsa likahlolo tsa Molimo. Ka mohlala, Molimo o ile a sebelisa mangeloi khahlanong le Baegepeta ba boholo-loho. Ho latela Pesaleme ea 78:49, o ile a “ba betsa ka mollo oa bohale ba oona, ka khalefo, tšeno, matsoalo, ka lekhotla la mangeloi a bohale.” Ka tsela e tšoanang, Bibele e tlaleha hore lengeloi le le leng le ile la timetsa masole a Baassyria a 185 000 ka bosiu bo le bong.—2 Marena 19:35.

Ka tsela e tšoanang, nakong e tlang mangeloi a tla timetsa bao ka ho hana ho boloka litekanyetso tse lokileng tsa Molimo, ba sokelang boiketlo ba ba bang. Jesu o tla tla “le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo.”—2 Bathesalonika 1:7, 8.

Kahoo, Mangolo a bontša hore mangeloi a tšepahalang a Molimo kamehla a etsa thato ea hae ka ho phetha litaelo tsa hae le ho khomarela litekanyetso tsa hae tse lokileng. Ka ho hlakileng, haeba re batla hore mangeloi a Molimo a re thuse, re lokela ho tseba hore na thato ea Molimo ke efe ’me re leke ka matla ho e etsa.

Mangeloi a Bahlokomeli

Na mangeloi a hlokomela batho le ho ba sireletsa? Moapostola Pauluse o ile a botsa: “Na [mangeloi] kaofela hase meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko?” (Baheberu 1:14) Ka ho hlakileng, karabo ea potso eo ea Pauluse ke e.

Ka lebaka la ho hana ha bona ho inamela setšoantšo sa khauta se neng se emisitsoe ke Morena Nebukadnezare oa Babylona, Baheberu ba bararo, Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba ile ba lahleloa sebōping sa mollo o bohale. Leha ho le joalo, bahlanka bao ba Molimo ba tšepahalang ha baa ka ba chesoa ke mollo oo. Ha morena a sheba ka sebōping, o ile a bona “batho ba bane,” ’me o ile a re “e mong oa bona o bonahala joalo ka hoja e le mora oa melimo.” (Daniele 3:25) Lilemo hamorao, Daniele o ile a iphumana a le ka mokoting oa litau ka lebaka la botšepehi ba hae. Le eena o ile a pholoha a sa tsoa kotsi ’me a re: “Molimo oa ka o romile lengeloi la oona, ’me o thibile melomo ea litau.”—Daniele 6:22.

Ka mor’a ho thehoa ha phutheho ea balateli ba Kreste lekholong la pele la lilemo C.E., mangeloi a ile a boela a hlaha, a lokolla baapostola teronkong. (Liketso 5:17-24; 12:6-12) ’Me nakong eo bophelo ba Pauluse bo neng bo le kotsing leoatleng, lengeloi le ile la mo tiisetsa hore o tla fihla a sireletsehile Roma.—Liketso 27:13-24.

Bahlanka ba Jehova Molimo ba kajeno ba kholisehile ka ho feletseng hore makhotla a Molimo a sa bonahaleng a mangeloi a fela a le teng, le hore a khona ho fana ka tšireletso, joalokaha a ile a sireletsa Elisha le mohlokomeli oa hae. (2 Marena 6:15-17) Ka sebele, “lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka.”—Pesaleme ea 34:7; 91:11.

Molaetsa o Hasoang ke Mangeloi

Ha mangeloi a ntse a amehile ka boiketlo ba ba sebeletsang Jehova Molimo, a boetse a nka karolo ho etseng bonnete ba hore batho ba ithuta ka eena le ka morero oa hae. Moapostola Johanne o ngotse: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng ho li bolela e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le sehlopha se seng le se seng sa batho, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.’”—Tšenolo 14:6, 7.

Na u batla ho tseba se fuperoeng ke “litaba [tsee] tse molemo tse sa feleng”? Haeba ho joalo, botsa Lipaki tsa Jehova. Li tla thabela ho li arolelana le uena.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lengeloi le sebakeng le bolela litaba tse molemo tse sa feleng. Na u batla ho li tseba?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela