Ba Hloiloe ka Lebaka la Tumelo ea Bona
“Le tla ba ba hloiloeng ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.”—MATHEU 10:22.
1, 2. Na u ka pheta tse ling tsa liphihlelo tsa sebele tseo Lipaki tsa Jehova li fetileng ho tsona ka lebaka la ho sebelisa litumelo tsa bolumeli ba tsona?
MONG’A lebenkele e mong ea tšepahalang, sehlekehlekeng sa Kreta, o ile a tšoaroa ka makhetlo a mangata ’me a hlaha ka pel’a makhotla a Greece ka makhetlo a ’maloa. O sa hoehla lilemo tse fetang tse tšeletseng chankaneng, hōle le mosali le bana ba hae ba bahlano. Japane, seithuti se lilemo li 17 se ile sa lelekoa sekolong, le hoja se ne se itšoere hantle ’me se hlaha boemong bo holimo sehlopheng sa sona sa liithuti tse 42. Fora, batho ba bangata ba ile ba lelekoa hang-hang mesebetsing, le hoja ba e-na le litlaleho tse ntle tsa mosebetsi o mafolofolo le o hlokolosi. Ke’ng se tšoanang ka liphihlelo tsee tsa sebele?
2 Batho bana kaofela ba amehang ke Lipaki tsa Jehova. Ba entse’ng eo e leng “tlōlo ea molao”? Ha e le hantle, ba latetse litumelo tsa bona tsa bolumeli. Ka lebaka la ho mamela lithuto tsa Jesu Kreste, mong’a lebenkele o ne a abelana le ba bang tumelo ea hae. (Matheu 28:19, 20) O ile a fumanoa a le molato tlas’a molao oa Greece o fetiloeng ke nako o bolelang hore ho sokolla ke tlōlo ea molao. Seithuti se ile sa lelekoa kaha letsoalo la sona le koetlisitsoeng ke Bibele le ne le ke ke la se lumella ho kopanela boikoetlisong bo qobellang ba kendo (papali ea Japane ea ho kalla ka lisabole). (Esaia 2:4) Athe ba ileng ba lelekoa mesebetsing ea bona Fora ba ile ba bolelloa hore lebaka le ka sehloohong la ho lelekoa ha bona e ne e le hobane ba itsebahatsa e le Lipaki tsa Jehova.
3. Ke hobane’ng ha ho hlokofatsoa ha Lipaki tsa Jehova tse ngata ke batho ba bang e le ntho e etsahalang seoelo?
3 Liphihlelo tse bohloko joalo ke mohlala oa seo Lipaki tsa Jehova li fetang tlas’a sona linaheng tse ling lilemong tsa morao tjena. Leha ho le joalo, e batla e le ntho e etsahalang seoelo ho Lipaki tsa Jehova tse ngata ho hlorisoa ke batho ba bang. Batho ba Jehova ba tsebahala lefatšeng ka bophara ka boitšoaro ba bona bo botle—e leng botumo bo hlokisang mang kapa mang lebaka le utloahalang la ho batla ho li ntša kotsi. (1 Petrose 2:11, 12) Ha ba etse merero ea bolotsana leha e le hona ho kopanela boitšoarong bo kotsi. (1 Petrose 4:15) Ho fapana le hoo, ba leka ho phela tumellanong le keletso ea Bibele ea hore ba ikokobeletse Molimo pele, ’me ho latele mebuso ea lefatše. Ba lefa makhetho a hlokoang ke molao ’me ba leka ka matla ho ba “le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18; 13:6, 7; 1 Petrose 2:13-17) Mosebetsing oa bona oa ho ruta Bibele, ba khothalletsa hore ho hlompshoe molao, litekanyetso tsa lelapa le tsa boitšoaro. Mebuso e mengata e ’nile ea li thoholetsa ka hore ke baahi ba bolokang molao. (Baroma 13:3) Leha ho le joalo, joalokaha serapa se qalang se bontša, ka linako tse ling li hlaseloa ka khanyetso—linaheng tse ling, esita le ka lithibelo tsa mebuso. Na seo se lokela ho re makatsa?
“Litšenyehelo” Tsa ho ba Morutuoa
4. Ho ea ka Jesu, ke’ng seo motho a ka se lebellang ha e e-ba e mong oa barutuoa ba hae?
4 Jesu Kreste ha aa ka a siea khoao mabapi le seo ho ba morutuoa oa hae ho neng ho tla se akarelletsa. O ile a bolella balateli ba hae hore: “Lekhoba ha le leholo ho feta mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa ka ho tšoanang.” Jesu o ne a hloiloe “ntle ho lebaka.” (Johanne 15:18-20, 25; Pesaleme ea 69:4; Luka 23:22) Barutuoa ba hae ba ne ba ka lebella ntho e tšoanang—ho hanyetsoa ntle ho lebaka le utloahalang. Ketsahalong e fetang e le ’ngoe, o ile a ba lemosa: “Le tla ba ba hloiloeng.”—Matheu 10:22; 24:9.
5, 6. (a) Ke ka lebaka la’ng Jesu a ileng a phehella bao e neng e tla ba balateli ba hae “ho bala litšenyehelo”? (b) Kahoo, ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha re thulana le khanyetso?
5 Ka hona, Jesu o ile a phehella bao e neng e tla ba balateli ba hae ho “bala litšenyehelo” tsa ho ba morutuoa. (Luka 14:28, Revised Standard Version) Hobane’ng? Eseng hobane ba lokela ho etsa qeto ea ho ba balateli ba hae kapa ho se be bona, empa hobane ba lokela ho ikemisetsa ho phetha se akarelletsoang. Re lokela ho ikemisetsa ho mamella liteko leha e le life kapa mathata leha e le afe a tsamaeang le tokelo eo. (Luka 14:27) Ha ho motho ea re qobellang ho sebeletsa Jehova re le balateli ba Kreste. Ke qeto e etsoang ka boithatelo; hape ke qeto e thehiloeng tsebong. Re se re ntse re tseba hore ho phaella litlhohonolofatsong tseo re tlang ho li latsoa ka ho ba le kamano ea boinehelo le Molimo, re tla “ba ba hloiloeng.” Kahoo, ha re makale ha re thulana le khanyetso. Re ‘balile litšenyehelo,’ ’me re itokiselitse ka ho feletseng ho li khahlametsa.—1 Petrose 4:12-14.
6 Ke hobane’ng ha ba bang, ho akarelletsa le ba itseng ba boholong pusong, ba batla ho hanyetsa Bakreste ba ’nete? E le hore re fumane karabo, ke habohlokoa hore re hlahlobe lihlopha tse peli tsa bolumeli tsa lekholong la pele la lilemo C.E. Ka bobeli li ne li hloiloe—empa ka mabaka a sa tšoaneng haholo.
Ba Hloile Hape ba Hloiloe
7, 8. Ke lithuto life tse neng li bontša ho khesoa ha Balichaba, hona li ile tsa hlahisa boikutlo bofe ho Bajuda?
7 Lekholong la pele la lilemo C.E., Iseraele e ne e le tlas’a puso ea Roma, ’me Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, ka kakaretso e ne e le tlas’a khatello e matla ea baeta-pele ba kang bangoli le Bafarisi. (Matheu 23:2-4) Baeta-pele bana ba chesehang ka ho feteletseng ba ile ba nka likarolo tsa Molao oa Moshe tse buang ka ho ikarola ho lichaba tse ling ’me ba li sotha hore li tlame hore ho khesoe bao eseng Bajuda. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba hlahisa bolumeli bo neng bo khothalletsa ho hloea Balichaba ’me, ka lehlakoreng le leng bo hlohlelletsa Balichaba hore ba be le lehloeo.
8 Ha hoa ka ha e-ba thata ho baeta-pele ba Bajuda ho khothalletsa ho khesoa ha Balichaba, kaha ka nako eo Bajuda ba ne ba nka Balichaba e le libōpuoa tse sa hloekang. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ruta hore mosali oa Mojuda ha aa lokela ho ba mong le Balichaba le ka mohla, kaha ba ne ba “belaelloa hore ha baa hloeka.” Monna oa Mojuda o ne a sa lokela “ho ba mong ka har’a bona kaha ho ne ho belaelloa hore ba tšolla mali.” Lebese le hanngoeng ke Molichaba le ne le ke ke la sebelisoa ntle leha Mojuda a ne a le teng nakong eo le hangoang. Ka lebaka la tšusumetso ea baeta-pele ba bona, Bajuda ba ile ba ikhohomosa le ho itšehla thajana ka ho feteletseng.—Bapisa le Johanne 4:9.
9. Phello ea seo baeta-pele ba Bajuda ba neng ba se ruta mabapi le bao eseng Bajuda e bile efe?
9 Lithuto tse joalo ka bao eseng Bajuda li ile tsa etsa ho fokolang ho hlaolela kamano e ntle pakeng tsa Bajuda le Balichaba. Balichaba ba ile ba talima Bajuda e le lira tsa moloko oohle oa batho. Rahistori oa Moroma Tacitus (ea hlahileng hoo e ka bang ka 56 C.E.) o boletse hore Bajuda ba ne ba “talima batho ba bang bohle e le lira tse hloiloeng.” Tacitus o boetse a bolela hore Balichaba ba ileng ba fetoha basokolohi ba Bajuda ba ile ba rutoa hore ba tele naha ea habo bona le hore ba nke ba malapa le metsoalle ea bona ba se na thuso. Ka nako e telele, Baroma ba ile ba mamella Bajuda, ba neng ba le bangata hoo ba neng ba ka ba kenya tšabo. Empa phetohelo ea Bajuda ka 66 C.E. e ile ea khannela Baroma tlhaselong e sehlōhō, e ileng ea lebisa ho timetsoeng ha Jerusalema ka 70 C.E.
10, 11. (a) Molao oa Moshe o ne o hloka hore basele ba tšoaroe joang? (b) Re ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda?
10 Tsela eo basele ba neng ba talingoa ka eona e ile ea bapa joang le mofuta oa borapeli o neng o hlalositsoe Molaong oa Moshe? Molao o ne o ba khothalletsa hore ba ikarole, empa sena e ne e le molemong oa tšireletso ea Baiseraele, haholo-holo ea borapeli ba bona bo hloekileng. (Joshua 23:6-8) Leha ho le joalo, Molao o ne o hloka hore basele ba tšoaroe ka toka le ka ho hloka leeme le hore ba amoheloe ka mofuthu—hafeela ba ne ba sa hlompholle melao ea Iseraele ka ho totobetseng. (Levitike 24:22) Ka ho kheloha motheo o utloahalang o hlalositsoeng ka ho hlaka Molaong mabapi le basele, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ile ba hlahisa mofuta oa bolumeli o ileng oa hlohlelletsa ho hloea le ho hlouoa. Qetellong, sechaba sa Bajuda sa lekholong la pele la lilemo se ile sa lahleheloa ke kamohelo ea Jehova.—Matheu 23:38.
11 Na ho na le seo re ithutang sona ho see? E, se teng. Boikutlo ba ho itokafatsa, ba ho iphahamisa bo shebelang ba bang ba sa kopaneleng le rōna tumelong fatše ha bo emele borapeli bo hloekileng ba Jehova ka nepo, leha e le hore boa mo khahlisa. Nahana ka Bakreste ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo. Ha baa ka ba hloea bao eseng Bakreste, leha e le ho fetohela Roma. Leha ho le joalo, e ne e le “ba hloiloeng.” Hobane’ng? Hona ke bo-mang?
Bakreste ba Pele—Ba ne ba Hloiloe ke Bo-mang?
12. Mangolo a hlakisa joang hore Jesu o batla hore balateli ba hae ba be le pono e leka-lekaneng ka bao eseng Bakreste?
12 Lithuto tsa Jesu lia hlakisa hore o ne a batla hore barutuoa ba hae ba be le pono e leka-lekaneng ka bao eseng Bakreste. Ka lehlakoreng le leng, o ile a bolela hore balateli ba hae ba ne ba tla ikarola lefatšeng—ke hore, ba ne ba tla qoba boikutlo le boitšoaro bo hanyetsanang le litsela tse lokileng tsa Jehova. Ba ne ba tla lula ba sa nke lehlakore litabeng tsa ntoa le lipolotiking. (Johanne 17:14, 16) Ka lehlakoreng le leng, ho e-na le ho hasa molaetsa oa hore ho khesoe bao eseng Bakreste, Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba ‘rate lira tsa bona.’ (Matheu 5:44) Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste: “Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe ho hong hoo se ka ho noang.” (Baroma 12:20) O ile a boela a bolella Bakreste ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’—Bagalata 6:10.
13. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba hanyetsa barutuoa ba Kreste hakaale?
13 Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana barutuoa ba Kreste ba ile ba iphumana e le “ba hloiloeng” ke lihlopha tse tharo. Sa pele e ne e le sa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Hase feela ka mor’a nakoana Bakreste ba ileng ba hapa tlhokomelo ea bona! Bakreste ba ne ba e-na le melao-motheo e phahameng ea boitšoaro le botšepehi, ’me ba ne ba bua ka cheseho ka molaetsa o fanang ka tšepo. Ba likete ba ile ba furalla Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ’me ba amohela Bokreste. (Liketso 2:41; 4:4; 6:7) Ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda, barutuoa ba Jesu ba Bajuda e ne e le bakoenehi! (Bapisa le Liketso 13:45.) Baeta-pele bana ba halefileng ba ile ba nahana hore Bokreste bo nyenyefatsa lineano tsa bona. Ke kahoo, ba ileng ba hana ho amohela Balichaba! Ho tloha ka 36 C.E. ho ea pele, Balichaba e ne e ka ba Bakreste, ba kopanelang tumelo e tšoanang le ba thabelang litokelo tse tšoanang le Bakreste ba Bajuda.—Liketso 10:34, 35.
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ile ba hlouoa ke barapeli ba bahetene? Fana ka mohlala. (b) Bakreste ba pele e ile ea e-ba “ba hloiloeng” ke sehlopha sefe sa boraro?
14 Sa bobeli, Bakreste ba ile ba hlouoa ke barapeli ba bahetene. Ka mohlala, Efese ea boholo-holo, ho etsa litempelana tsa silevera tsa molimotsana Artemise e ne e le khoebo e nang le phaello e ngata. Empa ha Pauluse a ne a bolela moo, Baefese ba ’maloa ba ile ba arabela, ’me ba lahla borapeli ba Artemise. Kaha khoebo ea bona e ile ea sokeloa, litei tsa silevera li ile tsa tsosa morusu. (Liketso 19:24-41) Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang ka mor’a hore Bokreste bo namele Bithynia (moo hona joale e leng leboea-bophirimela ho Turkey). Nakoana ka mor’a hore ho qetoe Mangolo a Segerike a Bakreste, ’musisi oa Bithynia, Pliny e Monyenyane, o ile a tlaleha hore litempele tsa bohetene li ile tsa lahloa le hore thekiso ea furu ea liphoofolo tse etsoang mahlabelo e ile ea theoha haholo. Bakreste ba ile ba jarisoa molato—’me ba hlorisoa—kaha borapeli ba bona bo ne bo sa lumelle mahlabelo a liphoofolo le litšoantšo. (Baheberu 10:1-9; 1 Johanne 5:21) Ka ho hlakileng ho nama ha Bokreste ho ile ha ama lithahasello tse itseng tse tiileng tse amanang le borapeli ba bohetene, ’me ba ileng ba lahleheloa ke khoebo le chelete ba ile ba bo hlonamela.
15 Sa boraro, Bakreste ba ile ba fetoha “ba hloiloeng” ke Baroma ba nang le bochaba. Qalong, Baroma ba ne ba tseba Bakreste e le sehlotšoana se senyenyane sa bolumeli ’me mohlomong e bile e le se chesehang ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e-ea, ho ipolela feela hore motho ke Mokreste ho ile ha fetoha tlōlo ea molao e neng e lokeloa ke kotlo ea lefu. Ke hobane’ng ha baahi ba tšepahalang ba phelang bophelo ba Bokreste ba ne ba ka nkoa e le liphofu tse lokelang ho hlorisoa le ho bolaoa?
Bakreste ba Pele—Ke Hobane’ng ha ba ne ba Hlouoe Lefatšeng la Roma?
16. Bakreste ba ile ba lula ba arohile lefatšeng ka litsela life, hona ke hobane’ng ha see se ile sa ba etsa ba sa rateheng lefatšeng la Roma?
16 Tabeng ea pele, Bakreste ba ne ba hlouoe lefatšeng la Roma ka lebaka la ho sebelisa litumelo tsa bona tsa bolumeli. Ka mohlala, ba ile ba lula ba arohile lefatšeng. (Johanne 15:19) Kahoo ba ile ba hana ho sebetsa mosebetsi oa lipolotiki, hape ba hana tšebeletso ea sesole. Ka lebaka leo, rahistori Augustus Neander o bolela hore “ba ile ba nkoa e le batho ba sa thahaselleng lefatše le ba se nang thuso litabeng tsohle tsa bophelo.” Ho se be karolo ea lefatše ho ne ho boetse ho bolela ho qoba litsela tse khopo tsa lefatše le bolileng la Roma. Rahistori Will Durant oa hlalosa: “Lihlopha tse nyenyane tsa Bokreste li ne li tšoenya lefatše la bahetene le hlanyetsang menyaka ka borapeli ba tsona le bohloeki ba tsona.” (1 Petrose 4:3, 4) Ka ho hlorisa le ho bolaea Bakreste, mohlomong Baroma ba ne ba leka ho khutsisa Bakreste ba ba khathatsang.
17. Ke’ng se bontšang hore mosebetsi oa boboleli oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo o ne o atleha?
17 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka cheseho e sa tapeng. (Matheu 24:14) Hoo e ka bang ka 60 C.E., Pauluse o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li se li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakolose 1:23) Qetellong ea lekholo la pele la lilemo, balateli ba Jesu ba ne ba se ba entse barutuoa ba bangata ho pholletsa le ’Muso oa Roma—Asia, Europe le Afrika! Esita le litho tse ling tsa “ntlo ea Sesare” li ile tsa fetoha Bakreste.a (Bafilippi 4:22) Boboleli bona bo chesehang bo ile ba hlohlelletsa lehloeo. Neander o re: “Bokreste bo ile ba ’na ba ata ka ho tsoelang pele har’a batho ba maemo ’ohle, ’me ba sokela ho liha bolumeli ba ’muso.”
18. Ke joang ho rapela Jehova a ’notši ho ileng ha etsa Bakreste lira tsa ’muso oa Roma?
18 Balateli ba Jesu ba ile ba rapela Jehova a ’notši. (Matheu 4:8-10) Mohlomong tšobotsi ena ea borapeli ba bona ke eona e ileng ea ba etsa lira tsa Roma, ho feta leha e le efe e ’ngoe. Baroma ba ne ba mamella malumeli a mang, hafeela batšehetsi ba ’ona ba ne ba boetse ba kopanela borapeling ba moemphera. Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba kopanela borapeling bo joalo. Ba ne ba inka ba ikarabella ho ea nang le matla a ho laela a phahameng ho feta a ’Muso oa Roma, e leng Jehova Molimo. (Liketso 5:29) Ka lebaka leo, ho sa tsotellehe hore na Mokreste e ne e le moahi ea molemo hakae likarolong tse ling tsohle, o ne a nkoa e le sera sa ’Muso.
19, 20. (a) Ke bo-mang ba neng ba ikarabella haholo tabeng ea ho hasa liketselletso tse sehlōhō ka Bakreste ba tšepahalang? (b) Ho ile ha etsoa liqoso life tsa bohata khahlanong le Bakreste?
19 Ho na le lebaka le leng hape leo ka lona Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba fetoha “ba hloiloeng” ke lefatše la Roma: Liketselletso tse sehlōhō tseo ba ileng ba etselletsoa ka tsona li ile tsa lumeloa habonolo, e leng liqoso tseo baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba ikarabella haholo ka tsona. (Liketso 17:5-8) Hoo e ka bang ka 60 kapa 61 C.E., ha Pauluse a ne a le Roma a emetse hore nyeoe ea hae e mameloe ke Moemphera Nero, Bajuda ba etellang pele ba ile ba re ka Bakreste: “Kannete ha e le mabapi le sehlopha sena sa bokhelohi rea tseba hore hohle ho buuoa khahlanong le sona.” (Liketso 28:22) Ha ho pelaelo hore Nero o ne a ile a utloa ka liketselletso tseo ba etselletsoang ka tsona. Ka 64 C.E., ha a ne a qosoa ka mollo o ileng oa senya Roma, ho tlalehoa hore Nero o ile a khetha ho jarisa Bakreste ba neng ba se ba ntse ba buuoa hampe molato. Ho bonahala sena se ile sa qholotsa leqhubu la mahloriso a mabifi a reretsoeng ho felisa Bakreste ka ho feletseng.
20 Liqoso tsa bohata tse neng li etsoa khahlanong le Bakreste hangata e ne e e-ba motsoako oa mashano a totobetseng le ho sothoa ha litumelo tsa bona. Kaha ba ne ba lumela ho Molimo a le mong ’me ba ne ba sa rapele moemphera, ho ile ha thoe ba latola boteng ba Molimo. Kaha litho tse ling tsa lelapa tseo eseng Bakreste li ne li hanyetsa beng ka tsona ba Bakreste, Bakreste ba ile ba qosoa ka hore ba qhala malapa. (Matheu 10:21) Ba ile ba bitsoa malimo, e leng qoso, eo mehloli e meng e bolelang hore e ne e thehiloe ho sothoeng ha mantsoe ao Jesu a ileng a a bua Lijong tsa Shoalane tsa Morena.—Matheu 26:26-28.
21. Ke ka mabaka afe a mabeli Bakreste e ileng ea e-ba “ba hloiloeng”?
21 Ka hona, Bakreste ba tšepahalang e bile “ba hloiloeng” ke Baroma ka mabaka a mabeli a motheo: (1) litumelo le mekhoa ea bona tse thehiloeng Bibeleng le (2) liqoso tsa bohata tse khahlanong le bona. Ho sa tsotellehe lebaka, bahanyetsi ba ne ba e-na le sepheo se le seng feela—ho thibela Bokreste. Ka ho hlakileng bahlohlelletsi ba mahloriso a Bakreste e ne e le bahanyetsi ba phahametseng batho, makhotla a meea e khopo a sa bonahaleng.—Baefese 6:12.
22. (a) Ke mohlala ofe o bontšang hore Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho ‘sebetsa se molemo ho bohle’? (Bona lebokose le leqepheng la 11.) (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
22 Joaloka Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno e ’nile ea e-ba tse “hloiloeng” linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, ha li hloee batho bao eseng Lipaki; leha e le hore e kile ea e-ba mohloli oa phetohelo ea mebuso. Ho e-na le hoo, li tsejoa lefatšeng lohle ka ho sebelisa lerato la sebele le tšelang mekoallo eohle ea bochaba, merabe le litloaelo tsa sebaka. Joale, ke hobane’ng ha li ’nile tsa hlorisoa? ’Me li itšoara joang ha li le tlas’a khanyetso? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Lebokose le leqepheng la 9]
‘HO SEBETSA SE MOLEMO HO BOHLE’
Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho ela hloko keletso ea Bibele ea ho ‘sebetsa se molemo ho bohle.’ (Bagalata 6:10) Linakong tsa tlhoko, lerato la moahisani le li susumetsa ho thusa ba se nang pono e tšoanang le ea bona bolumeling. Ka mohlala, nakong ea tlokotsi Rwanda ka 1994, Lipaki tsa Europe li ile tsa ithaopela ho ea Afrika ka boiteko ba ho ea thusa ka liphallelo. Ho ile ha thehoa ka potlako litente le libaka tsa lipetlele tse hlophisitsoeng hantle bakeng sa kalafo. Lijo, liaparo le likobo tse ngata li ile tsa romeloa ka lifofane. Palo ea baphaphathehi ba ileng ba rua molemo boitekong bona ba ho fana ka liphallelo e ile ea feta lenane la Lipaki sebakeng seo ka makhetlo a fetang a mararo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelo e reng ba “ntlo ea Sesare” ha e hlile ha e bolele litho tsa lelapa tse haufi-ufi le Nero, ea neng a busa ka nako eo. Ho e-na le hoo, e ka ’na ea sebetsa ho basebetsi ba lapeng le bahlanka ba tlaasana ba ’muso, bao mohlomong ba neng ba etsa mesebetsi ea ntlo e kang ea ho pheha le ho hloekisa molemong oa lelapa le basebetsi ba boreneng.
U ne U tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu a ile a phehella bao e neng e tla ba balateli ba hae ho bala litšenyehelo tsa ho ba morutuoa?
◻ Maikutlo a neng a atile ka bao eseng Bajuda a bile le phello efe ho Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, hona re ithuta eng ho see?
◻ Bakreste ba pele ba tšepahalang ba ile ba tobana le khanyetso ea lihlopha life tse tharo?
◻ Ke ka mabaka afe a motheo Bakreste ba pele e bileng “ba hloiloeng” ke Baroma?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bolela litaba tse molemo ka cheseho e sa tapeng