Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Molao
HO TLOHA nakong eo motho a qalileng ho haha metse ka eona, o ’nile a haha marako. Haholo-holo mehleng e fetileng, liqhobosheane tsena e ne e le tšireletso. Ba le ka holimo ho mokoallo ona, basireletsi ba ne ba ka loana ho sireletsa marako hore ba hlaselang ba se ke ba a tlōla kapa ba a cheka. Hase feela hore baahi ba motse ba ne ba fumana tšireletseho, empa hangata le bona ba lulang metsaneng e o potolohileng ba ne ba sireletseha ka har’a marako ana.—2 Samuele 11:20-24; Esaia 25:12.
Ka tsela e tšoanang, Lipaki tsa Jehova li hahile lerako—lerako la molao—la tšireletso. Lerako lena ha lea haheloa ho arola Lipaki sechabeng ka kakaretso, etsoe Lipaki tsa Jehova li tsebahala e le batho ba nang le botsoalle, ba ratang ho ba har’a batho. Ho e-na le hoo, le etsa hore tšepiso ea molao ea ho fa batho bohle bolokolohi bo feletseng e be e tiileng. Ka nako e tšoanang, le sireletsa litokelo tsa molao tsa Lipaki e le hore li ka ntšetsa pele borapeli ba tsona li lokolohile. (Bapisa le Matheu 5:14-16.) Lerako lena le sireletsa borapeli ba tsona le tokelo ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Lerako lee ke eng, ’me le hahiloe joang?
Ho Haha Lerako la Molao la Tšireletso
Le hoja Lipaki tsa Jehova li e-na le tokoloho ea bolumeli linaheng tse ngata, li ’nile tsa hlaseloa ntle ho mabaka linaheng tse ling. Ha bolokolohi ba tšebeletso ea tsona ka ho bokana hammoho kapa ka ho bolela ka ntlo le ntlo bo phephetsoa, li ’nile tsa sebetsa litaba ka molao. Linyeoe tsa Lipaki li se li le likete lefatšeng ka bophara.a Hase linyeoe tsohle tse ileng tsa hlōloa. Empa ha makhotla a tlaasana a lihile kahlolo e khahlanong le tsona, hangata li ’nile tsa ipiletsa makhotleng a phahameng. Ka liphello life?
Ho theosa le mashome a lilemo lekholong la bo20 la lilemo, linyeoe tseo li ileng tsa li hlōla linaheng tse ngata li ralile metheo ea kahlolo eo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa ipiletsa ho eona linyeoeng tse latelang. Joaloka litene kapa majoe a hahang lerako, liqeto tsena tse molemo li haha lerako la molao la tšireletso. Li le ka holim’a lerako lena la motheo oa kahlolo, Lipaki ’nile tsa tsoela pele ho loanela bolokolohi ba bolumeli hore li ntšetse pele borapeli ba tsona.
Ka mohlala, nahana ka nyeoe ea Murdock v. Commonwealth of Pennsylvania, eo ho eona kahlolo e ileng ea lihuoa ke Lekhotla le ka Holimo-limo la United States ka la 3 May, 1943. Potso e ileng ea phahamisoa nyeoeng ena e bile ena: Na Lipaki tsa Jehova li lokela ho fumana lakesense ea ho tsamaea li rekisa bakeng sa ho aba lingoliloeng tsa tsona tsa bolumeli? Lipaki tsa Jehova li ile tsa ba le maikutlo a hore ha lia lokela ho tlangoa hore li etse joalo. Mosebetsi oa tsona oa ho bolela hase oa khoebo, ebile ha ho mohla e kileng ea e-ba oa khoebo. Pakane ea tsona hase ho etsa chelete, empa ke ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 10:8; 2 Bakorinthe 2:17) Qetong e ileng ea etsoa nyeoeng ea Murdock, Lekhotla le ile la lumellana le Lipaki, la liha kahlolo ea hore tlhokahalo leha e le efe ea tefo ea lekhetho la lakesense bakeng sa ho aba lingoliloeng tsa bolumeli e khahlanong le molao-motheo.b Qeto ena e ile ea rala motheo oa kahlolo oa bohlokoa, ’me Lipaki li ’nile tsa o sebelisa ka katleho e le oona o laolang linyeoeng tse ngata ho tloha ka nako eo. Qeto ea nyeoe ea Murdock e ipakile e le motheo oa kahlolo oa bohlokoa lerakong la molao la tšireletso.
Linyeoe tse joalo li entse ho hongata ho sireletsa bolokolohi ba bolumeli ba batho bohle. Mabapi le karolo eo Lipaki li e phethileng bakeng sa ho sireletsa litokelo tsa sechaba United States, University of Cincinnati Law Review e itse: “Lipaki tsa Jehova li bile le tšusumetso e matla ntlafatsong ea molao oa motheo, haholo-holo ka ho atolosa meeli ea tšireletso ea puo le ea bolumeli.”
Ho Matlafatsa Lerako Lena
Nyeoe ka ’ngoe e hlōloang e etsa hore lerako lena le be matla haholoanyane. Nahana ka liqeto tse seng kae tsa bo-1990 tse tsoetseng Lipaki tsa Jehova molemo, hammoho le barati bohle ba bang ba tokoloho lefatšeng lohle.
Greece. Ka la 25 May, 1993, Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho le ile la tšehetsa tokelo ea moahi oa Greece ea ho ruta ba bang litumelo tsa hae tsa bolumeli. Nyeoe eo e ne e le ea Minos Kokkinakis, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 84. E le e mong oa Lipaki tsa Jehova, Kokkinakis o ne a ile a tšoaroa ka makhetlo a fetang 60 ho tloha ka 1938, a bilelitsoe ka pel’a makhotla a Greece ka makhetlo a fetang a 18, ’me a bile teronkong ka lilemo tse ka holimo ho tse tšeletseng. O ne a ile a ahloloa haholo tlas’a molao oa Greece oa bo-1930 o hanelang ho sokolla batho—molao o ileng oa etsa hore Lipaki tsa Jehova tse ka bang 20 000 li tšoaroe ho tloha ka 1938 ho ea ho 1992. Lekhotla la Europe le ile la etsa qeto ea hore ’muso oa Greece o hataketse bolokolohi ba bolumeli ba Kokkinakis ’me la mo buselletsa litšenyehelo tsa R42500. Qetong ea lona, Lekhotla le ile la bolela hore ka sebele Lipaki tsa Jehova ke “bolumeli bo tsebahalang.”—Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1993, leqepheng la 27-31.
Mexico. Ka la 16 July, 1992, bohato bo boholo ba ho sireletsa bolokolohi ba bolumeli bo ile ba nkoa Mexico. Letsatsing leo ho ile ha etsoa Molao oa Mekhatlo ea Bolumeli le Borapeli ba Phatlalatsa. Ka molao ona, sehlopha sa bolumeli se ka amoheloa ka molao e le mokhatlo oa bolumeli ka ho ngolisoa ka tsela e hlokahalang. Pele ho moo, joaloka malumeli a mang ka har’a naha, Lipaki tsa Jehova li ne li le teng empa li sa ngolisoa ka molao. Ka la 13 April, 1993, Lipaki li ile tsa etsa kōpo ea ho ngolisoa. Ka la 7, May, 1993, li ile tsa atleha ho ngolisoa ka molao e le La Torre del Vigía, A. R., le Los Testigos de Jehová en México, A. R., eo bobeli ba eona e leng mekhatlo ea bolumeli.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea July 22, 1994, leqepheng la 12-14.
Brazil. Ka November 1990, Mokhatlo oa Sechaba oa ho Thusa ba Hlokang (INSS [National Institute of Social Security]) oa Brazil o ile oa tsebisa ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower hore basebeletsi ba baithaopi ba Bethele (e leng lebitso la mehaho ea lekala ea Lipaki tsa Jehova) ba ne ba ke ke ba hlola ba talingoa e le basebeletsi ba bolumeli ’me ka lebaka leo ba ne ba tla ba tlas’a melao ea Brazil ea basebetsi. Lipaki li ile tsa ipiletsa mabapi le qeto ena. Ka la 7 June, 1996, Boeletsi ba Boahloli ba Ofisi ea ’Muelli-kakaretso Litabeng tsa Molao Brasília bo ile ba etsa qeto e tšehetsang boemo ba basebeletsi ba Bethele e le litho tsa sehlopha sa bolumeli se lumeletsoeng ka molao, eseng ba sebetsang mosebetsi oa boipheliso.
Japane. Ka la 8 March, 1996, Lekhotla le ka Holimo-limo la Japane le ile la etsa qeto tabeng ea thuto le bolokolohi ba bolumeli—molemong oa e mong le e mong Japane. Lekhotla lena le ile la e-ba ntsoe-leng ha le etsa qeto ea hore Koleche ea ’Masepala ea Mesebetsi ea Matsoho ea Indasteri ea Kobe e tlōtse molao ka ho leleka Kunihito Kobayashi ka lebaka la ho hana ha hae ho kopanela koetlisong ea mekhoa ea ho itšireletsa ka ho loana ntle le ho sebelisa libetsa. Kahlolo ena e tšoaea lekhetlo la pele leo ka lona Lekhotla le ka Holimo-limo le ileng la etsa qeto e thehiloeng bolokolohing ba bolumeli boo Molao oa Motheo oa Japane o bo tšepisitseng. Ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele, Paki ena e nyenyane e ile ea hlokomela hore boitlhakiso bona bo ne bo se tumellanong le melao-motheo ea Bibele joaloka o fumanoang ho Esaia 2:4, o reng: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Qeto ena ea Lekhotla e ile ea rala motheo oa kahlolo bakeng sa linyeoe tsa nakong e tlang.—Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1996, leqepheng la 19-21.
Ka la 9 February, 1998, Lekhotla le Phahameng la Tokyo le ile la etsa qeto e ’ngoe e khōlō e tšehetsang tokelo ea Paki e bitsoang Misae Takeda ea ho hana phekolo ea bongaka e sa lumellaneng le taelo ea Bibele ea ho ‘ila mali.’ (Liketso 15:28, 29) Ho ile ha etsoa boipiletso mabapi le nyeoe ena Lekhotleng le ka Holimo-limo, ’me ho sa emetsoe hore ho bonoe hore na qeto eo ea Lekhotla le Phahameng e tla tšehetsoa na.
Philippines. Qetong e ileng ea etsoa ka la 1 March, 1993, Lekhotla le ka Holimo-limo la Philippines le ile la e-ba ntsoe-leng ha le liha kahlolo tumellanong le Lipaki tsa Jehova nyeoeng ea bacha ba Lipaki ba ileng ba lelekoa sekolong hobane ka tlhompho ba ile ba hana ho lumelisa folakha.
Kahlolo e ’ngoe le e ’ngoe e molemong oa Lipaki tsa Jehova e tšoana le lejoe le behoang kapa setene se matlafatsang lerako la molao le sa sireletseng litokelo tsa tsona feela, empa le sireletsa le tsa batho bohle.
Ho Sireletsa Lerako Lena
Lipaki tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao linaheng tse 153, ka tšoanelo li thabela bolokolohi bo bongata joaloka malumeli a mang a amoheloang. Ka mor’a mashome a lilemo a ho hlorisoa le ho thibeloa Europe Bochabela le moo pele e neng e le Soviet Union, Lipaki tsa Jehova hona joale li amoheloa ka molao linaheng tse kang Albania, Belarus, Czech Republic, Georgia, Hungary, Kazakstan, Kyrgyzstan, Romania le Slovakia. Leha ho le joalo, linaheng tse ling kajeno, ho akarelletsa le linaha tse ling tsa Europe Bophirimela tseo e leng khale li thehile tsamaiso ea boahloli, litokelo tsa Lipaki tsa Jehova li phephetsoa ka tieo kapa lia hanoa. Ka mafolofolo bahanyetsi ba leka ho ‘baka khathatso ka molao-taelo’ khahlanong le Lipaki. (Pesaleme ea 94:20, NW) Li arabela joang?c
Lipaki tsa Jehova li batla ho sebelisana le mebuso eohle, empa li boetse li batla hore li fuoe bolokolohi ka molao hore li ntšetse pele borapeli ba tsona. Li lumela ka tieo hore melao leha e le efe kapa liqeto tsa lekhotla tse neng li ka li thibela ho mamela litaelo tsa Molimo—ho akarelletsa le taelo ea ho bolela litaba tse molemo—ke tsa lefeela. (Mareka 13:10) Haeba ho ke ke ha finyelloa litumellano tse etsoang ka khotso, Lipaki tsa Jehova li tla itoanela molaong, li ipiletse kahohle kamoo ho hlokahalang kateng bakeng sa ho sireletsa ka molao tokelo eo li e filoeng ke Molimo ea ho ntšetsa pele borapeli ba tsona. Lipaki tsa Jehova li na le tšepo e feletseng tšepisong ena ea Molimo: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho.”—Esaia 54:17.
[Lebokose le leqepheng la 21]
HO SIRELETSA LITOKELO TSA LIPAKI TSA JEHOVA
Mahloriso ao Lipaki tsa Jehova li ileng tsa hlorisoa ka ’ona a feletse ka hore li hulanyetsoe ka pel’a baahloli le ba boholong ’musong lefatšeng lohle. (Luka 21:12, 13) Lipaki tsa Jehova li sebelitse ka mafolofolo ho sireletseng litokelo tsa tsona ka molao. Linyeoe tse hlōtsoeng makhotleng linaheng tse ngata li thusitse ho sireletsa bolokolohi ba molao ba Lipaki tsa Jehova, ho akarelletsa le tokelo ea tsona ea:
◻ ho bolela ka ntlo le ntlo ho se na lithibelo tse tlisoang ke barekisi ba khoebo—Murdock v. Commonwealth of Pennsylvania, Lekhotla le ka Holimo-limo la United States (1943); Kokkinakis v. Greece, Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho (ECHR [European Court of Human Rights]) (1993).
◻ ho bokana ka bolokolohi bakeng sa borapeli—Manoussakis and Others v. Greece, (ECHR) (1996).
◻ ho etsa qeto ea kamoo ho latela matsoalo a bona, ba ka bontšang tlhompho bakeng sa folakha ea sechaba kapa letšoao la eona—West Virginia State Board of Education v. Barnette, Lekhotla le ka Holimo-limo la United States (1943); Supreme Court of the Philippines (1993); Supreme Court of India (1986).
◻ ho hana tšebeletso ea sesole e tšoenyang matsoalo a tsona a Bokreste—Georgiadis v. Greece, ECHR (1997).
◻ ho khetha liphekolo le meriana e sa tšoenyeng matsoalo a tsona—Malette v. Shulman, Ontario, Canada, Lekhotla la Boipiletso (1990); Watch Tower v. E.L.A., Lekhotla le ka Holimo-limo, San Juan, Puerto Rico (1995); Fosmire v. Nicoleau, New York, U.S.A., Lekhotla la Boipiletso (1990).
◻ ho hōlisa bana ba tsona ho latela litumelo tsa tsona tse thehiloeng Bibeleng esita leha litumelo tsena li phephetsoa liphehisanong tsa tlhokomelo ea bana—St-Laurent v. Soucy, Lekhotla le ka Holimo-limo la Canada (1997); Hoffmann v. Austria, ECHR (1993).
◻ ho ba le mekhatlo ea molao e sa lefisoeng lekhetho le ho e sebelisa, joaloka mekhatlo e sebelisoang ke malumeli a mang a amoheloang—People v. Haring, New York, U.S.A., Lekhotla la Boipiletso (1960).
◻ hore ba khethetsoeng ho ba mofuteng o itseng oa tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng ba amohele tšoaro e molemo e tšoanang le e fuoang basebeletsi ba nako e tletseng ba malumeli a mang tabeng ea lekhetho—Mokhatlo oa Sechaba oa Brazil oa ho Thusa ba Hlokang, Brasília, (1996).
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo feletseng ba tlaleho ea molao ea Lipaki tsa Jehova, re kōpa hore u bone khaolo ea 30 bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Qetong ea nyeoe ea Murdock, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la fetola maikutlo ao le neng le e-na le ’ona nyeoeng ea Jones v. City of Opelika. Nyeoeng ea Jones, ka 1942, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la tšehetsa qeto ea lekhotla le tlaasana ea ho ahlola Rosco Jones, e mong oa Lipaki tsa Jehova, ka lebaka la ho aba lingoliloeng literateng tsa Opelika, Alabama, a sa lefa lekhetho la lakesense.
c Bona lihlooho tse reng “Ba Hloiloe ka Lebaka la Tumelo ea Bona” le “Ho Sireletsa Tumelo ea Rōna,” leqepheng la 8-18.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Minos Kokkinakis le mosali oa hae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]
Kunihito Kobayashi