Jerome Pula-maliboho eo ho Phehisanoang Khang ka Eena Phetolelong ea Bibele
KA LA 8 April, 1546, Lekhotla la Trent le ile la etsa qeto ea hore Vulgate ea Selatine “e amohetsoe ke Kereke [ea K’hatholike] . . . le hore ha ho motho ea lokelang leha e le hona ho leka ho e hana tlas’a lebaka leha e le lefe la boikaketsi.” Le hoja Vulgate e ile ea qetoa lilemong tse ka holimo ho tse sekete tse fetileng, ke khale ho phehisanoa khang ka eona le mofetoleli oa eona Jerome. Jerome e ne e le mang? Ke hobane’ng ha ho bile le phehisano ka eena le phetolelo ea hae ea Bibele? Mosebetsi oa hae o susumetsa ho fetoleloa ha Bibele joang kajeno?
Ho Atleha ha Setsebi
Lebitso la Jerome la Selatine e ne e le Eusebius Hieronymus. O hlahile hoo e ka bang ka 346 C.E. a hlahela Stridon, profinseng ea Roma ea Dalmatia, ho elella moeling oa kajeno oa Italy le Slovenia.a Batsoali ba hae ba ne ba batla ba ruile, ’me o ile a latsoa melemo ea chelete a sa le monyenyane, a fumana thuto ea sekolo Roma ho Donatus ea neng a tumme ka hore ke setsebi sa sebōpeho-puo. Jerome o ile a ipaka e le seithuti se nang le bokhoni ba sebōpeho-puo, lipuo le filosofi. Nakong ena o ile a boela a qala ho ithuta le Segerike.
Ka mor’a ho tloha Roma ka 366 C.E., Jerome o ile a leba libakeng tse ngata, ’me qetellong a fihla Aquileia, Italy, moo a ileng a amohela mokhoa oa ho itšoara ka thata haholo. A khahliloe ke maikutlo ana a ho itela ka ho feteletseng, eena le metsoalle ea hae ba ile ba qeta lilemo tse ’maloa tse latelang ba hlaolela ho phela ka tsela ena ea ho itšoara ka thata haholo.
Ka 373 C.E., ho ile ha e-ba le pherekano e sa hlaloseheng e bakileng hore sehlopha seo se qhalane. A feletsoe ke tšepo, Jerome o ile a leba nģ’a bochabela a haola le Bithynia, Galatia le Cilicia ’me qetellong a fihla Antioke, Syria.
Leeto leo le lelelele le ile la mo ama habohloko. Jerome o ile a batla a tšoaroa ke feberu, kaha a ne a khathetse a bile a sa phele hantle. Ha a ne a ngolla motsoalle oa hae, o ile a re: “Hoja Morena Jesu Kreste u ne u ka ntlisa ho uena hang-hang. ’Mele oa ka o kulang, o fokolang esita le ha ke phela hantle, o sohlokehile.”
Joalokaha eka ho kula, ho jeoa ke bolutu le ho loantšana ha maikutlo a hae ho ne ho sa lekana, ka mor’a nakoana Jerome o ile a tobana le tlokotsi e ’ngoe hape—ea moea. Torong o ile a ipona a “hulanyetsoa ka pel’a setulo sa kahlolo” sa Molimo. Ha ho thoe a ipolele hore na ke mang, Jerome o ile a re: “Ke Mokreste.” Empa mookameli a kharuma: “U leshano, u molateli oa Cicero eseng oa Kreste.”
Ho fihlela nakong eo takatso ea Jerome e ne e sekametse haholo ho ithuteng lineano tsa bohetene eseng Lentsoeng la Molimo. O ile a re: “Ke ile ka hlokofatsoa ke mollo oa letsoalo.” A lakatsa ho otlolla lintho, Jerome o ile a ikana torong ea hae: “Morena, haeba nka hlola ke e-ba le libuka tsa lefatše hape, kapa haeba nka hlola ke li bala hape, ke tla be ke U latotse.”
Hamorao, Jerome o ile a tsitlallela hore ha aa lokela ho nkoa a ikarabella bakeng sa tšepiso eo a e entseng torong. Ho ntse ho le joalo, o ile a ikemisetsa ho phetha kano ea hae—bonyane linthong tsa motheo. Kahoo, Jerome o ile a tloha Antioke a il’o phela a inotši Chalcis, lehoatateng la Syria. A phela e le ea ikarotseng mokhatlong oa batho a bile a itima lintho, o ile a ikakhela ka setotsoana ho ithuteng Bibele le libuka tse ling tsa thuto ea bolumeli. Jerome o ile a re: “Ke bala libuka tsa Molimo ka cheseho e fetang eo ke bileng le eona nakong e fetileng libukeng tsa batho.” O ile a boela a ithuta puo ea sebakeng seo ea Sesyria, ’me a qala ho ithuta Seheberu ka thuso ea Mojuda ea sokolohetseng Bokresteng.
Thōmo ea Mopapa
Ka mor’a ho qeta lilemo tse ka bang hlano a phela e le moitlami, Jerome o ile a khutlela Antioke ho ea ntšetsa pele lithuto tsa hae. Leha ho le joalo, ha a fihla o ile a fumana hore kereke e arohane haholo. Ke ’nete hore ha a ntse a le lehoatateng, Jerome o ne a ile a kōpa keletso ho Mopapa Damasus, a re: “Kereke e arohane ho ba lihlopha tse tharo, ’me se seng le se seng sa tsona se labalabela ho nkhapa ho ba oa sona.”
Ka mor’a nakoana, Jerome o ile a etsa qeto ea ho ikamahanya le Paulinus, e mong oa banna ba bararo ea neng a ipolela hore o tšoaneloa ke tlotla ea bobishopo ba Antioke. Jerome o ile a lumela ho hlomamisoa ke Paulinus tlas’a litumellano tse peli. Ea pele, o ne a batla ho ba le bolokolohi e le hore a hahamalle takatso ea hae ea ho ba moitlami. ’Me ea bobeli, o ile a tsitlallela ho lula a lokolohile boikarabellong leha e le bofe ba boprista ba ho sebeletsa kereke e itseng.
Ka 381 C.E., Jerome o ile a tsamaea le Paulinus ho ea Lekhotleng la Constantinople ’me ka mor’a moo ba fetela Roma. Mopapa Damasus o ile a phakisa a hlokomela botsebi le bokhoni ba Jerome ba lipuo. Ka mor’a selemo Jerome o ne a se a phahamiselitsoe boemong ba botumo ba ho ba mongoli e moholo oa Damasus.
E le mongoli, Jerome ha aa ka a qoba ho ba le phehisano. Ho e-na le hoo, o ile a bonahala eka oa e mema. Ka mohlala, o ile a tsoela pele ho itšoara ka thata har’a bophelo bo mabothobotho ba lekhotleng la bopapa. Ho feta moo, ka ho buella bophelo ba hae ba ho itšoara ka thata le ho nyatsa ka matla ho kena-kena ha baruti mafureng a lefatše, Jerome o ile a ipakela lira tse ngata.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bahanyetsi ba hae, Jerome o ile a tšehetsoa ke Mopapa Damasus ka ho feletseng. Mopapa o ne a e-na le lebaka le letle la ho khothalletsa Jerome ho tsoela pele ho etsa phuputso ea hae ea Bibele. Nakong eo, ho ne ho sebelisoa liphetolelo tse ngata tsa Bibele tsa Selatine. Bongata ba tsona li ne li fetoletsoe ka ho se natse, ’me li e-na le liphoso tse totobetseng. Ntho e ’ngoe e neng e tšoenya Damasus e ne e le hore puo e ne e arola kereke ka libaka tse ka Bochabela le tse ka Bophirimela. Ba seng bakae ka Bochabela ba ne ba tseba Selatine; ba seng bakae ka Bophirimela ba ne ba tseba Segerike.
Ke kahoo Mopapa Damasus a neng a labalabela phetolelo e ntlafalitsoeng ea Likosepele ka Selatine. Damasus o ne a batla phetolelo e neng e tla bontša ka nepo Segerike sa qalong, empa e hlakile ebile e utloahala ka Selatine sa eona. Jerome e ne e le e mong oa litsebi tse seng kae tse neng li ka hlahisa phetolelo e joalo. O ne a tšoaneleha bakeng sa mosebetsi oo, kaha o ne a le phollatsi puong ea Segerike, Selatine le Sesyria ’me a bile a e-na le tsebo e lekaneng ea Seheberu. Kahoo, ka taelo ea Damasus, Jerome o ile a qala mosebetsi oo a neng a tla qeta lilemo tse fetang 20 tse latelang a ntse a o etsa.
Phehisano ea Tōta
Le hoja a ne a fetolela Likosepele ka potlako e khōlō, Jerome o ile a bontša hore o etsa lintho ka tsela e hlakileng, e nang le tsebo. Ka ho bapisa libuka tsohle tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li le teng ka nako eo, o ile a lokisa liphoso tse mangolong a Selatine, tsa mokhoa oa ho ngola le tse tabeng e ngotsoeng, e le hore li lumellane haholoanyane le mangolo a Segerike.
Phetolelo ea Jerome ea Likosepele tse ’nè e ile ea amoheleha ho ba bangata, ho bile joalo le ka phetolelo ea hae ea Selatine ea Lipesaleme e ntlafalitsoeng, e neng e thehiloe mangolong a Septuagint ea Segerike. Leha ho le joalo, o ne a ntse a e-na le ba mo nyatsang. Jerome o ile a ngola: “Libōpuoa tse ling tse nyelisehang, li ile tsa ntlhasela ka boomo ka qoso ea hore ke leka ho lokisa liphoso tse litemaneng tsa likosepele, khahlanong le babusi ba boholo-holo le maikutlo a lefatše lohle.” Liqoso tse joalo li ile tsa ipha matla ka mor’a lefu la Mopapa Damasus ka 384 C.E. Kaha likamano pakeng tsa Jerome le mopapa e mocha li ne li batla li se ntle hakaalo, o ile a etsa qeto ea ho falla Roma. Jerome o ile a boela a leba nģ’a bochabela.
Ho Atleha ha Setsebi sa Seheberu
Ka 386 C.E., Jerome o ile a fihla Bethlehema, moo a ileng a lula teng bophelo bohle ba hae. O ne a tsamaea le sehlotšoana sa balateli ba tšepahalang, ho akarelletsa Paula, mosali e mong oa morui ea neng a hlaheletse ka mahetla, Roma. Paula o ile a amohela mokhoa oo oa ho itšoara ka thata haholo ka lebaka la boboleli ba Jerome. Ka tšehetso ea hae ea lichelete, ho ile ha thehoa sebaka sa baitlami tlas’a tataiso ea Jerome. Ke ho sona moo a ileng a ntšetsa pele mosebetsi oa hae oa botsebi le ho qeta tšebetso ea hae e khōlō ka ho fetisisa bophelong.
Ho lula Palestina ho ile ha fa Jerome monyetla oa hore a ntlafatse kutloisiso ea hae ea Seheberu. O ile a lefa barupeli ba ’maloa ba Bajuda hore ba mo thuse ho utloisisa likarolo tse ling tsa puo tse batlang li le thatanyana. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo le hoja a ne a e-na le morupeli. Ka tichere e ’ngoe, Baraninas oa Tiberias, Jerome o ile a re: “Ke ile ka tšoenyeha le ho senyeheloa haholo hore ke fumane Baraninas hore a nthute bosiu.” Ke hobane’ng ha ba ne ba ithuta bosiu? Hobane Baraninas a ne a tšaba hore sechaba sa Bajuda se tla ba le maikutlo a hore o tloaelane le “Mokreste”!
Mehleng ea Jerome, Bajuda ba ne ba atisa ho soma Balichaba ba buang Seheberu ka hore ha ba khone ho bitsa hantle melumo ea mantsoe a rarahaneng. Ho ntse ho le joalo, ka mor’a ho etsa boiteko bo matla, Jerome o ile a khona ho bitsa melumo ena hantle. Jerome o ile a boela a ngola mantsoe a mangata a Seheberu ka litlhaku tsa Selatine. Khato ena ha ea ka ea mo thusa feela ho hopola mantsoe empa e ile ea boela ea sireletsa ho bitsoa ha mantsoe a Seheberu ka nako eo.
Phehisano e Khōlō ka ho Fetisisa ka Jerome
Hore na ke karolo e kae ea Bibele eo Mopapa Damasus a neng a batla hore Jerome a e fetolele ha ho hlake. Empa ho batla ho e-na le pelaelo e itseng tabeng e mabapi le hore na Jerome o ile a talima mosebetsi oo joang. Jerome o ne a tsepamisitse mohopolo tabeng a bile a ikemiselitse. Takatso ea hae e matla e ne e le ho hlahisa ho hong “ho molemo Kerekeng, ho tla thusa meloko eohle e tlang.” Kahoo o ile a ikemisetsa ho hlahisa phetolelo e ntlafalitsoeng ea Bibele eohle ka Selatine.
Bakeng sa Mangolo a Seheberu, Jerome o ile a rera ho sebelisa Septuagint e le mohloli oa hae. Phetolelo ena ea Segerike ea Mangolo a Seheberu, e qaliloeng ho fetoleloa lekholong la boraro la lilemo B.C.E., ba bangata ba ne ba e talima e le e bululetsoeng ka ho toba ke Molimo. Ke kahoo, Septuagint e ileng ea abjoa ka bongata har’a Bakreste ba buang Segerike ba nakong eo.
Leha ho le joalo, ha Jerome a ntse a tsoela pele ka mosebetsi oa hae, o ile a hlokomela ho se lumellane ho itseng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike, ho tšoanang le hoo a ileng a ho hlokomela ho tsa Selatine. Jerome o ile a ferekana le ho feta. Qetellong, o ile a etsa qeto ea hore e le hore a hlahise phetolelo e tšepahalang, o ne a tla lokela ho pota ka thōko libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike, ho akarelletsa le Septuagint e neng e hlompshoa haholo, ’me a sebelise ka ho toba mangolo a Seheberu a qalong.
Qeto ena e ile ea tsosa moferefere. Ba bang ba ile ba re Jerome ke ea khopamisang mangolo, ea hlomphollang Molimo, ea lahlang lineano tsa kereke molemong oa Bajuda. Esita le Augustine—moruti oa thuto ea bolumeli ea neng a eteletse kereke pele nakong eo—o ile a kōpa Jerome ka tieo hore a khutlele mangolong a Septuagint, a re: “Haeba phetolelo ea hao e ka qala ho baloa ke batho ba eketsehileng likerekeng tse ngata, e tla ba ho utloisang bohloko hore, ha ho baloa Mangolo, ho tlamehe ho hlaha phapang pakeng tsa Likereke tse buang Selatine le Likereke tse buang Segerike.”
E, Augustine o ne a tšaba hore kereke e ka ’na ea arohana haeba likereke tse ka Bophirimela li sebelisa mangolo a Jerome a Selatine—a thehiloeng mangolong a Seheberu—ha likereke tse buang Segerike tse ka Bochabela tsona li tsoela pele ho sebelisa phetolelo ea Septuagint.b Ho phaella moo, Augustine o ile a bontša ho tšoenyeha ka ho behelloa ka thōko ha Septuagint molemong oa phetolelo eo e leng Jerome feela ea ka e sireletsang.
Jerome o ile a itšoara joang ho bahanyetsi baa bohle? Ka lebaka la botho ba hae, Jerome o ile a hlokomoloha banyatsi ba hae. O ile a tsoela pele ho fetolela ho tloha Seheberung ka ho toba, ’me a qeta Bibele ea hae ea Selatine ka selemo sa 405 C.E. Lilemo tse ’maloa hamorao phetolelo eo ea hae e ile ea bitsoa Vulgate, e bolelang hore ke phetolelo e fumanoang hohle (vulgatus ea Selatine e bolela “e hohle, e ratoang”).
Katleho ea Nako e Telele
Phetolelo ea Jerome ea Mangolo a Seheberu ha ea ka ea ntlafatsa mangolo a seng a ntse a le teng feela. E ile ea fetola mokhoa oa ho ithuta Bibele le ho e fetolela bakeng sa meloko e neng e tla latela. Rahistori Will Durant o ile a re: “Vulgate e sala e ntse e le buka e khōlō ka ho fetisisa le e susumetsang ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa lekholong la bone la lilemo.”
Le hoja Jerome a ne a le puo e hlabang a bile a le leqhoko, o ile a khutlela mangolong a bululetsoeng a Seheberu a le mong ho ea etsa lipatlisiso tsa Bibele ho ’ona. O ile a ithuta le ho bapisa ka hloko libuka tsa Bibele tsa Seheberu le tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho tseo re seng re ke ke ra li fumana kajeno. Hape libuka tsa hae li tlile pele ho tsa Masorete a Bajuda. Kahoo, Vulgate ke buka ea litšupiso ea bohlokoa bakeng sa ho bapisa litlhaloso tse ling tse ka sebelisoang tsa mangolo a Bibele.
Ba sa hlokomolohe boitšoaro ba hae bo feteletseng kapa lipono tsa hae tsa bolumeli, barati ba Lentsoe la Molimo ba ka ananela boiteko bo matla ba pula-maliboho enoa eo ho phehisanoang khang ka eena phetolelong ea Bibele. ’Me ka sebele, Jerome o ile a finyella pakane ea hae—o ile a hlahisa buka “e tla thusa meloko eohle e tlang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase borahistori bohle ba lumellanang ka matsatsi le tatellano ea liketsahalo tse etsahetseng bophelong ba Jerome.
b Ha li phutholoha, phetolelo ea Jerome e ile ea e-ba Bibele e ka sehloohong ho Bokreste-’mōtoana ka Bophirimela, ha Septuagint e ile ea ’na ea tsoela pele ho sebelisoa ke Bokreste-’mōtoana ka Bochabela ho fihlela kajeno.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Seemahale sa Jerome se Bethlehema
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 26]
Top left, Hebrew manuscript: Courtesy of the Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem; Bottom left, Syriac manuscript: Reproduced by kind permission of The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin; Top center, Greek manuscript: Courtesy of Israel Antiquities Authority