Ho Ba Ba kopaneng Tseleng E Molemohali Ea Bophelo
Haeba palo ea baahi ba lefatše e ntse e hōla, haufinyane ho tla ba le batho ba limilione tse likete tse tšeletseng lefatšeng. Le hoja kaofela ba tsoa ho moholo-holo a le mong, ha ho bonahale eka ba bangata ba lumela hore ke litho tsa lelapa la lefatše lohle ’me ba ikarabella ho ’Mōpi ea bohlale le ea lerato. Likarohano le likhohlano tse teng pakeng tsa lichaba, merabe le litso li fana ka bopaki bo tepeletsang ba boemo bona ba litaba bo soabisang.
HA HO talingoa maemo a lefatše hona joale, ho ka ’na ha bonahala eka bonngoe ba lefatše lohle ke pakane e ke keng ea finyelloa. The Columbia History of the World e re: “Tabeng ea bohlokoahali ea tsela ea ho phela hammoho, lefatše la kajeno ha le na khopolo leha e le efe e ncha eo le ka fanang ka eona, leha e le ’ngoe.”
Leha ho le joalo, ho etsa hore ho be le bonngoe har’a baahi bohle ba lefatše ha ho hloke khopolo e ncha. Tsela e isang bonngoeng e bontšitsoe ka Mangolong a Halalelang. E likoloha borapeling ba Ea bōpileng lefatše le bophelo bohle bo ho lona. Bonngoe ba ’nete ba monahano, morero le tsela ea bophelo bo se bo ntse bo le teng har’a batho ba Molimo. Ba le ka holimo ho limilione tse hlano le halofo linaheng tse 233, ba bonngoeng tumelong ea bona ea hore tsela ea Molimo ea bophelo ke eona e molemohali. Joaloka mopesaleme, baa rapela: “Nthute, Uena Jehova, mabapi le tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”—Pesaleme ea 86:11, NW.
Khale-khale moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele ka ho kopanngoa hona ha batho borapeling bo hloekileng. O ile a ngola: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.”—Esaia 2:2, 3.
Bonngoe ba Lipaki tsa Jehova boa ikhetha. Liphuthehong tse fetang 87 000 lefatšeng ka bophara, li ja lijo tsa moea tse tšoanang libokeng tsa tsona tsa beke le beke. (Matheu 24:45-47) Leha ho le joalo, ho tloha bohareng ba 1998 ho fihlela mathoasong a 1999, Lipaki li ile tsa bontša bonngoe ba tsona ka tsela e ’ngoe—ka ho bokana Likopanong tsa tsona tsa matsatsi a mararo tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” lefatšeng lohle. Linaheng tse 13, lipokano tsena li ne li akarelletsa baemeli ba bangata ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng ’me li ne li bitsoa likopano tsa machaba. Tse ling li ne li bitsoa likopano tsa setereke. Empa likopanong tsena kaofela ho ile ha fanoa ka lenaneo le tšoanang la lintho tse molemo tsa moea.
Ho ne ho le monate hakaakang ho bona baemeli ba thabileng, ba apereng hantle ba kena ka bongata liholong le mabaleng a lipapali ho ea rutoa ke Jehova! Polelo ea moemeli e mong ea neng a le kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Michigan, U.S.A. e ne e le e tloaelehileng. O ile a re: “Ho ne ho thabisa hakaakang ho bona barab’abo rōna ba tsoang lefatšeng lohle—Czech Republic, Barbados, Nigeria, Hungary, Engelane, Holland, Ethiopia, Kenya le linaheng tse ling tse ngata—ba kopana ka matsoho! Ho ne ho le hotle ho bona barab’abo rōna ba lutse hammoho ba le bonngoeng, ba ntša meokho ea thabo ka lebaka la lerato leo ba ratanang ka lona le leo ba ratang Molimo oa bona e moholo, Jehova, ka lona.” Sehlooho se latelang se tla hlahloba lenaneo la kopano le ileng la thabeloa ke ba limilione lefatšeng lohle.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.