Ke Mang ea Bōpang Monahano oa Hao?
“HA HO motho ea ka mpolellang hore na ke nahane eng! ’Me ha ho motho ea ka mpolellang hore na ke etse eng!” Ho hatella seo hakaalo ho bolela hore u itšepa haholo hammoho le liqeto tseo u li etsang. Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Hoa utloahala hore ha ho na motho e mong ea lokelang ho u etsetsa liqeto. Empa na ke bohlale ho potlakela ho hana se ka ’nang sa ipaka ho ba keletso e molemo? Na ho hang ha ho na motho ea ka u thusang ho etsa liqeto tse bontšang bohlale? Leha ho le joalo, na u ka hla ua tiiseha hore ha e le hantle ha ho motho ea bōpang monahano oa hao, u sa lemohe?
Ka mohlala, pele ho ntoa ea bobeli ea lefatše, Joseph Goebbels, ea neng a phatlalatsa likhopolo tse kotsi tsa Hitler, o ile a laola indasteri ea Jeremane ea lifilimi. Hobane’ng? Hobane o ile a hlokomela hore sena se ne se tla mo fa sebetsa se matla haholo seo ka sona a neng a ka “susumetsa seo batho ba se lumelang ’me ka tsela eo a susumetse boitšoaro ba bona.” (Propaganda and the German Cinema 1933-1945) Mohlomong u lemoha katleho e tepelletsang eo ka eona a ileng a sebelisa mokhoa ona le e meng bakeng sa ho thetsa batho feela ba tloaelehileng—ba phelang hantle, ba nang le kahlolo e molemo—hore ka bofofu ba latele filosofi ea Manazi.
Bonneteng, tsela eo u nahanang ka eona, le eo u etsang lintho ka eona, kamehla e susumetsoa ka tsela e itseng ke maikutlo le pono ea bao u ba mamelang. Ha e le hantle, hase kamehla sena se leng sebe. Haeba batho bana ke ba amehileng ka katleho ea hao—joaloka mesuoe, metsoalle le batsoali—joale u tla fumana molemo o moholo temosong le keletsong ea bona. Empa haeba ke batho ba amehileng ka katleho ea bona feela, le bao ka bobona ba nang le monahano o khelohileng kapa o mobe, “bathetsi ba kelello,” joalokaha moapostola Pauluse a ile a ba hlalosa, joale hlokomela!—Tite 1:10; Deuteronoma 13:6-8.
Kahoo, u se ke ua ba ea sa tsotelleng ’me ua nahana hore ha ho na mohla ho nang le motho ea tla u susumetsa. (Bapisa le 1 Bakorinthe 10:12.) Mohlomong ho se ho ntse ho etsahala—hangata ho feta kamoo u ka lumelang—u bile u sa lemohe. Nahana ka mohlala o bonolo oa ntho eo u etsang qeto ea ho e reka ha u e-ea mabenkeleng. Na ke kamehla qeto eo u e etsang e bang ea botho ka ho feletseng, e bontšang kahlolo e molemo? Kapa na batho ba bang, hangata u sa ba bone, ka mano empa e le ka matla ba susumetsa qeto ea hao? Eric Clark, moqolotsi oa litaba ea etsang lipatlisiso o nahana hore baa ho etsa. O re: “Ha re ntse re hlaseloa haholoanyane ka papatso, ha re lemohe tšusumetso ea eona hakaalo, empa, ka sebele, e re ama haholoanyane.” O boetse o tlaleha hore ha batho ba botsoa hore na ba nahana hore papatso e atleha hakae, “ba bangata ba lumela hore ea sebetsa, empa eseng ho bona.” Batho ba sekametse ho ba le maikutlo a hore e mong le e mong a ka hlaseleha habonolo, empa eseng bona. “E le batho ka bomong, ho bonahala eka ha ba amehe.”—The Want Makers.
Na re Hatelloa Hore re Tšoane le Satane?
Ebang u susumetsoa ke papatso ea letsatsi le letsatsi ho ka ’na ha se be le liphello tse tebileng. Leha ho le joalo, ho na le tšusumetso e ’ngoe, e kotsi le ho feta. Bibele e bontša ka ho hlaka hore Satane ke mothetsi ea ka sehloohong. (Tšenolo 12:9) Ha e le hantle filosofi ea hae e tšoana le tsela eo ’muelli e mong oa papatso a nahanang ka eona ha a bolela hore ho na le litsela tse peli tsa ho susumetsa bareki—“ho ba khelosa kapa ho ba fetola.” Haeba batho ba phatlalatsang likhopolo tse kotsi le ba bapatsang ba ka sebelisa mekhoa e joalo e mano ho bōpa monahano oa hao, e tlameha ebe Satane o na le tsebo e kaakang ha a sebelisa mekhoa e joaloka eo!—Johanne 8:44.
Moapostola Pauluse o ne a tseba sena. O ne a tšaba hore ba bang ba Bakreste-’moho le eena ba ka ’na ba otsela ’me ea e-ba liphofu tsa thetso ea Satane. O ile a ngola: “Ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong tse lokelang Kreste.” (2 Bakorinthe 11:3) Nka temoso eo ka ho teba. Ho seng joalo u ka ’na ua tšoana le batho ba lumelang hore likhopolo tse kotsi le ho fetola batho lia sebetsa—“empa eseng ho bona.” Taba ea hore likhopolo tse kotsi tsa bosatane lia sebetsa e bonoa ka ho hlakileng ho re potoloha, mabifing, lonyeng le boikaketsing tse khethollang moloko ona.
Ka lebaka leo, Pauluse o ile a kōpa Bakreste-’moho le eena ka tieo hore ba “khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Baroma 12:2) Mofetoleli e mong oa Bibele, ka mantsoe a hae, o ile a beha mantsoe a Pauluse tjena: “U se ke ua lumella lefatše le u potolohileng hore le u hatelle hore u tšoane le lona.” (Baroma 12:2, Phillips) Satane o tla leka eng kapa eng ho u qobella hore u tšoane le eena, joaloka sebōpi sa letsopa sa boholo-holo se neng se peteletsa letsopa nthong e bulehileng e le hore le nke matšoao le litšobotsi tseo se neng se batla ho li hatisa ho lona. Satane o lokisitse lipolotiki, khoebo, bolumeli le boithabiso tsa lefatše lena hore li etse seo. Tšusumetso ea hae e sabaletse hakae? E atile ka tsela e tšoanang le ea mehleng ea moapostola Johanne. Johanne o itse: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19; bona le 2 Bakorinthe 4:4.) Haeba u na le pelaelo leha e le efe ka matla a Satane a ho khelosa batho le ho senya monahano oa bona, hopola hore o ile a etsa sena ka katleho e kae sechabeng sohle sa Baiseraele, ba neng ba inehetse ho Molimo. (1 Bakorinthe 10:6-12) Na ntho e tšoanang e ka u etsahalla? E ka etsahala haeba u tlohella kelello ea hao hore e pepesetsoe tšusumetso ea Satane e khelosang.
Tseba se Etsahalang
Ka tloaelo, matla a joalo a thetsang a tla susumetsa monahano oa hao hafeela u a lumella. Bukeng ea hae ea The Hidden Persuaders, Vance Packard o ile a re: “Re ntse re e-na le tšireletso e matla khahlanong le basusumetsi ba joalo ba [patiloeng]: re ka ikhethela hore re se ke ra susumetsoa. Hoo e ka bang maemong ’ohle re ntse re e-na le khetho, ’me re ke ke ra thetsoa ka ho teba haeba re tseba se etsahalang.” Ho boetse ho joalo ka likhopolo tse kotsi le thetso.
Ka sebele, e le hore u ‘tsebe se etsahalang,’ u lokela ho boloka kelello ea hao e bulehetse ho amohela litšusumetso tse molemo. Kelello e phetseng hantle, feela joaloka ’mele o phetseng hantle, ho hlokahala hore e feptjoe hantle e le hore e ka sebetsa hantle. (Liproverbia 5:1, 2) Ho haelloa ke boitsebiso le hona ho ka ba kotsi joaloka boitsebiso bo fosahetseng. Ka hona, le hoja e le ’nete hore ho hlokahala hore u sireletse kelello ea hao likhopolong le lifilosofing tse khelosang, leka hore u se ke ua ba le maikutlo a ho se thabele le ho nyatsa keletso e ’ngoe le e ’ngoe kapa boitsebiso boo u bo fuoang.—1 Johanne 4:1.
Tšusumetso e etsoang ka botšepehi ha e tšoane le likhopolo tse kotsi tse patiloeng. Ka sebele moapostola Pauluse o ile a lemosa mohlankana Timothea hore a hlokomele “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” Empa Pauluse o ile a eketsa: “Leha ho le joalo, uena, u tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe.” (2 Timothea 3:13, 14) Kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e kenyang kelellong ea hao e tla u susumetsa ho ea bohōleng bo itseng, senotlolo ke ‘ho tseba hore na u ithuta lintho ho batho bafe,’ e le hore u ka tiiseha hore ke batho ba amehileng ka katleho ea hao, eseng ea bona.
Khetho ke ea hao. U ka khetha ho ba “ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho” ka ho lumella lifilosofi tsa lefatše lena le lintho tseo lefatše lena le li nkang e le tsa bohlokoa hore li laole monahano oa hao. (Baroma 12:2) Empa lefatše lena ha lea ameha ka katleho ea hao. Ka lebaka leo, moapostola Pauluse oa lemosa: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.” (Bakolose 2:8) Ho qobelloa ho tšoana le Satane ka tsela ena, kapa ho ‘nkoa joaloka phofu ea hae,’ ha ho hloke boiteko bo itseng. Ho tšoana le ho ba har’a batho ba tsubang. U ka ameha feela ka ho hema moea o silafalitsoeng.
Ka ho fapaneng, u ka qoba ho hema “moea” oo. (Baefese 2:2) Ho e-na le hoo, latela keletso ea Pauluse: “Le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Sena se hloka boiteko. (Liproverbia 2:1-5) Hopola, Jehova ha a thetse. O etsa hore boitsebiso bohle bo hlokahalang bo fumanehe, empa ho fumana molemo ho bona, u lokela ho bo mamela ’me u etse hore bo ame monahano oa hao. (Esaia 30:20, 21; 1 Bathesalonika 2:13) U lokela ho ikemisetsa ho tlatsa kelello ea hao ka ’nete e ka har’a “lingoliloeng tse halalelang,” e leng Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Bibele.—2 Timothea 3:15-17.
Arabela ha Jehova a U Bōpa
Tlhokahalo ea hore u arabele ka tsela e bontšang boikemisetso le boikokobetso e le hore u rue molemo tšusumetsong ea Jehova e bōpang e ile ea bontšoa ka matla ha Jehova a ne a bolella moprofeta Jeremia ho etela ntlo eo sebōpi sa letsopa se sebeletsang ho eona. Jeremia o ile a bona ha sebōpi sa letsopa se fetola maikutlo mabapi le seo se lokelang ho se etsa ka pitsa e ’ngoe ha seo se neng se leka ho se bōpa ‘se sentsoe ke letsoho la sebōpi sa letsopa.’ Eaba Jehova o re: “Na ha ke khone ho etsa joaloka sebōpi sena sa letsopa ho lōna, ntlo ea Iseraele? . . . Bonang! Joaloka letsopa letsohong la sebōpi sa letsopa, le lōna le joalo letsohong la ka, Lōna ntlo ea Iseraele.” (Jeremia 18:1-6, NW) Na seo se ne se bolela hore sechaba sa Iseraele se ne se tšoana le khoabi ea letsopa le se nang bophelo ka matsohong a Jehova e le hore a se bōpe kamoo a ratang kateng a se etse pitsa ea mofuta o mong kapa o mong osele?
Ha ho mohla Jehova a sebelisang matla a hae a fetisisang ho etsa hore batho ba etse lintho tseo ba sa li rateng; leha e le hore oa ikarabella bakeng sa libōpuoa tse nang le lipha, joalokaha ho ka ba joalo tabeng ea motho eo e leng sebōpi sa letsopa. (Deuteronoma 32:4) Lipha li ba teng ha bao Jehova a lekang ho ba bōpa ka tsela e nepahetseng ba hana tataiso ea hae. Eo ke phapang e le ’ngoe e khōlō pakeng tsa hao le khoabi ea letsopa e se nang bophelo. U na le bolokolohi ba ho ikhethela. U sebelisa bolokolohi boo, u ka ikhethela ho arabela tšusumetsong ea Jehova e bōpang kapa ua e furalla ka boomo.
Ke thuto e tebileng hakaakang! Ho molemo hakaakang ho mamela lentsoe la Jehova ho e-na le hore ka boikakaso u tiise ka matla, “Ha ho motho ea ka mpolellang hore na ke etse eng”! Kaofela ha rōna re hloka tšusumetso ea Jehova e tataisang. (Johanne 17:3) E-ba joaloka mopesaleme Davida, ea ileng a rapela: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao.” (Pesaleme ea 25:4) Hopola seo Morena Solomone a se buileng: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng.” (Liproverbia 1:5, NW) Na u tla mamela? Haeba u etsa joalo, joale “matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa.”—Liproverbia 2:11, NW.