Ma-Collegiant Thuto ea Bibele e Ile ea a Etsa a Fapaneng
Na U se U kile oa Utloa ka Ma-Collegiant?
Sehlopha sena se senyenyane sa bolumeli sa Madache sa lekholong la bo17 la lilemo se ne se fapane le likereke tse neng li hlomamisitsoe tsa mehleng eo. Joang, hona re ka ithuta eng ho sona? Ho fumana karabo, a re khutleleng morao koo.
KA 1587, Jacobus Arminius (kapa, Jacob Harmensen) o ile a fihla motseng oa Amsterdam. Ha aa ka a ba le bothata ba ho fumana mosebetsi kaha boitsebiso bo fanang ka phihlelo ea hae ea tsebo ea mosebetsi e bile bo khahlang haholo. O ile a fumana lengolo Univesithing ea Leiden, Holland, ha a le lilemo li 21. Ka mor’a moo, o ile a qeta lilemo tse tšeletseng Switzerland, a ithuta thuto ea bolumeli a rutoa ke Théodore de Bèze, mohlahlami oa Raliphetoho tsa Boprostanta, John Calvin. Hase feela Maprostanta a Amsterdam a ileng a thabela ho khetha Arminius ea lilemo li 27 hore e be e mong oa baruti ba ’ona! Leha ho le joalo, lilemo tse seng kae hamorao, litho tse ngata tsa kereke li ile tsa ikoahlaela khetho eo ea tsona. Hobane’ng?
Qaka ea ho Rereloa Qetello Esale Pele
Hang ka mor’a hore Arminius a hloelle sefalaneng, ho ile ha e-ba le tsitsipano har’a Maprostanta a Amsterdam ka thuto ea ho rereloa qetello esale pele. Thuto ena e ile ea fetoha motheo oa Thuto ea Calvin, empa litho tse ling tsa kereke li ile tsa nka hore Molimo, ea reretseng ba bang qetello ea poloko, eaba o rerela ba bang timetso, o ne a se na kutloelo-bohloko a bile a hloka toka. Balateli ba Calvin ba ne ba nahanne hore kaha Arminius e ne e le morutoana oa Bèze, o ne a tla khalemela bafetoheli. Ho e-na le hoo, Balateli ba Calvin ba ile ba ema le monna oa mateneng ha Arminius a khetha ho ema le bafetoheli bao. Ka 1593, qabang e ne e totile hoo e ileng ea arola motse oa Maprostanta likoto tse peli—ba tšehetsang thuto eo le ba e hanang, ba neng ba sa feteletse litaba.
Ka lilemo tse seng kae, qabang ena e ile ea fella ka hore sechaba sohle sa Maprostanta se hloke kutloano. Qetellong, ka November 1618, boemo bo ile ba fihla ho makhaola-khang. Balateli ba Calvin, ba tšehelitsoe ke lebotho la ntoa le maikutlo a sechaba, ba ile ba bitsetsa bafetoheli (bao ka nako eo ba neng ba bitsoa Bahanyetsia) lekhotleng la sechaba, Sinoto ea Maprostanta ea Dordrecht. Qetellong ea seboka seo, basebeletsi bohle ba Bahanyetsi ba ile ba fuoa khetho: Hore ba saene tšepiso ea hore ba ke ke ba hlola ba ruta hape, kapa ho tsoa ka har’a naha. Ba bangata ba ile ba khetha ho tsoa ka har’a naha. Balateli ba Calvin ba neng ba sa sisinyehe ho seo ba se lumelang ba ile ba nka libaka tsa boruti tse neng li siiloe ke Bahanyetsi ba neng ba tsamaile. Thuto ea Calvin e ne e hlōtse—kapa ke sona seo sinoto e neng e tšepa hore se etsahetse.
Qaleho le Khōlo ea Ma-Collegiant
Joaloka sebakeng se seng le se seng, phutheho ea Bahanyetsi e neng e le motseng oa Warmond, haufi le Leiden, e ile ea lahleheloa ke moruti oa eona. Leha ho le joalo, ho fapana le libakeng tse ling, phutheho eo ha ea ka ea amohela moruti ea neng a koala sekheo ea neng a chaetsoe monoana ke sinoto. Ho feta moo, ha moruti oa Mohanyetsi a beha bophelo ba hae kotsing ka hore a khutlele Warmond ka 1620 bakeng sa ho hlokomela phutheho eo, le eena litho tse ling tsa phutheho li ile tsa hana ho mo amohela. Litho tsena li ne li qalile ho itšoarela liboka tsa tsona tsa bolumeli sephiring ntle le thuso ea moruti leha e le ofe. Hamorao, liboka tseo li ile tsa bitsoa likoleche ’me ba kenang ho tsona ba bitsoa Ma-Collegiant.
Le hoja Ma-Collegiant a ile a hlaha ka lebaka la boemo bo neng bo le teng, eseng ka molao-motheo, boemo boo bo ile ba fetoha ka potlako. Setho sa phutheho, Gijsbert van der Kodde, o ile a beha lebaka la hore ka ho kopana ntle le tsamaiso ea moruti, sehlopha seo se ne se lumellana le Bibele le tsela ea Bakreste ba pele haholoanyane ho feta kamoo ho neng ho le ka teng likerekeng. O ile a re sehlopha sa baruti se ile sa hlaha ka mor’a lefu la baapostola e le hore se hlahise mesebetsi bakeng sa banna ba neng ba sa ikemisetsa ho ba le tsebo ea mesebetsi e itseng.
Ka 1621, Van der Kodde le litho tse ling tse neng li e-na le maikutlo a tšoanang le a hae ba ile ba fallisetsa liboka tsa bona motseng oa boahisani oa Rijnsburg.b Lilemo tse itseng hamorao ha mahloriso a bolumeli a entse hore ho be le mamello bakeng sa litumelo tsa ba bang, botumo ba liboka tsa Ma-Collegiant bo ile ba hasana ho pholletsa le naha ’me ba khahla “linonyana tseo e seng tsa lesiba le le leng,” kamoo rahistori Siegfried Zilverberg a ileng a beha taba kateng. Ho ne ho e-na le Bahanyetsi, Mamennone, Masocinus esita le baruti ba thuto ea bolumeli. Ba bang e ne e le lihoai. Ba bang e le liroki, bahatisi, lingaka le bahoebi. Rafilosofi Spinoza (Benedictus de Spinoza) le mosuoe Johann Amos Comenius (kapa Jan Komenský), hammoho le motšoantši ea tumileng Rembrandt van Rijn, ba ile ba lumellana le mokhatlo ona. Maikutlo a fapaneng ao batho bana ba hlomphehang ba ileng ba tla le ’ona a ile a e-ba le tšusumetso ho hōleng ha litumelo tsa Ma-Collegiant.
Ka mor’a 1640, sehlopha sena se matla se ile sa hōla ka potlako. Ho ile ha ba le likoleche Rotterdam, Amsterdam, Leeuwarden le metseng e meng. Moprofesa oa histori, Andrew C. Fix o hlokomela hore lilemong tse lipakeng tsa 1650 le 1700, “Ma-Collegiant . . . a ile a fetoha sehlopha sa bohlokoa le se matla ka ho fetisisa sa bolumeli Holland ea lekholong la bo17 la lilemo.”
Litumelo tsa Ma-Collegiant
Kaha bohlale, mamello le ho bua ka bolokolohi e ne e le matšoao a khethollang mokhatlo oa Ma-Collegiant, Ma-Collegiant ka bo-mong a ne a lokolohile ho ba le litumelo tse fapaneng. Leha ho le joalo, a ne a momahantsoe ke litumelo tse itseng tse tšoanang. Ka mohlala, Ma-Collegiant kaofela a ne a utloisisa ka ho feletseng bohlokoa ba ho ba le thuto ea botho ea Bibele. Mo-Collegiant e mong o ile a ngola hore setho se seng le se seng se lokela ho “iketsetsa lipatlisiso ’me se se ke sa rutoa Molimo ke motho e mong.” A ile a etsa joalo. Ho latela rahistori oa kereke oa lekholong la bo19 la lilemo, Jacobus C. van Slee, tsebo e ngata ea Bibele e ile ea fumaneha ho Ma-Collegiant ho feta lihlopheng leha e le life tse ling tsa bolumeli tsa mehleng eo. Esita le ba neng ba hanyetsa Ma-Collegiant ba ile ba a rorisa ka tsebo ea ’ona ea ho sebelisa Bibele ka mokhoa o babatsehang.
Leha ho le joalo, ha Ma-Collegiant a ntse a ithuta Bibele ka ho eketsehileng, a ile a ba le litumelo tse eketsehileng tse fapaneng le tsa likereke tse hlomamisitsoeng. Mehloli ea ho tloha lekholong la bo17 la lilemo ho ea ho la bo20 la lilemo e hlalosa tse ling tsa litumelo tsa oona:
Kereke ea Pele. Ka 1644, Mo-Collegiant le moruti oa thuto ea bolumeli, Adam Boreel, o ile a ngola hore ha kereke ea pele e itšunya lipolotiking nakong ea Moemphera Constantine, e ile ea roba selekane sa eona le Kreste ’me ea lahleheloa ke pululelo ea moea o halalelang. O ile a phaella ka hore seo se ile sa baka hore lithuto tsa bohata li ate ’me li tsoele pele ho fihlela mehleng ea hae.
Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike. Phetohelo ea lekholong la bo16 la lilemo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike, e neng e eteletsoe pele ke Luther, Calvin le ba bang, ha ea ka ea khona ho fetola kereke ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, ho latela Mo-Collegiant ea neng a le kapele-pele, ebile e le ngaka, Galenus Abrahamsz (1622-1706), Phetohelo eo e ile ea mpefatsa boemo ba bolumeli ka ho baka likhang le lehloeo. Phetoho ea ’nete e lokela ho fetola pelo, e leng seo Phetohelo eo e ileng ea hlōleha ho se etsa.
Kereke le Baruti. Likereke tse hlomamisitsoeng li senyehile, li etsa lintho ka tsela ea lefatše ’me ha li na taolo ea bomolimo. Mang kapa mang ea nkang bolumeli ka ho teba a ke ke a etsa khetho e ’ngoe e molemo ho feta ea ho tsoa kereke eo a e kenang e le hore a se ke a kenya letsoho libeng tsa eona. Ma-Collegiant a ile a re boemo ba baruti bo khahlanong le Mangolo ’me bo “kotsi boiketlong ba moea ba phutheho ea Bokreste.”
’Muso le Paradeise. E mong oa bathehi ba koleche ea Amsterdam, Daniel de Breen (1594-1664), o ile a ngola hore ’Muso oa Kreste e ne e se ’muso oa moea o ka pelong ea motho. Mosuoe Jacob Ostens, Mo-Collegiant oa Rotterdam, o ile a re “bapatriareka ba ne ba lebeletse litšepiso tsa lefatšeng.” Ka tsela e tšoanang, Ma-Collegiant a ne a emetse nako eo ka eona lefatše le tla fetoloa paradeise.
Boraro-bo-bong. Ma-Collegiant a mang a eteletseng pele, a susumelitsoe ke litumelo tsa Masocinus, a ile a hana taba ea Boraro-bo-bong.c Ka mohlala, Daniel Zwicker (1621-78), o ile a ngola hore tumelo leha e le efe e hananang le mabaka a utloahalang, joaloka ea Boraro-bo-bong, e ne e “ke ke ea etsahala ’me ke bohata.” Ka 1694, phetolelo ea Bibele e neng e fetoletsoe ke Mo-Collegiant Reijnier Rooleeuw e ile ea hatisoa. E ne e fetoletse karolo e qetellang ea Johanne 1:1 tjena: “’Me lentsoe e ne e le molimo” ho e-na le ho e fetolela ka tsela ea Seorthodox e reng: “’Me lentsoe e ne e le Molimo.”d
Liboka Tsa Beke le Beke
Le hoja Ma-Collegiant a ne a sa lumellane ka ho feletseng litumelong tsa ’ona, likoleche tsa ’ona metseng ka ho fapana li ne li sebetsa ka tsela e tšoanang. Rahistori Van Slee o tlaleha hore mehleng e qalang ea mokhatlo ona oa Ma-Collegiant, ho hang liboka li ne li sa lokisetsoe e sa le pele. Ma-Collegiant a ne a nahana hore ka lebaka la mantsoe a moapostola Pauluse mabapi le tlhokahalo ea ho “profeta,” litho tsohle tsa banna li ne li ka bua ka bolokolohi kolecheng. (1 Bakorinthe 14:1, 3, 26) Ka lebaka leo, hangata liboka li ne li tšoaroa ho fihlela bosiu bo boholo ’me ba bang ba neng ba le ho tsona ba ne ba “e-ea le sephume sa boroko.”
Hamorao, liboka li ile tsa hlophiseha haholoanyane. Ma-Collegiant ha aa ka a kopana feela ka Lisontaha, empa hape le har’a beke mantsiboea. E le ho nolofalletsa sebui le phutheho hore ba tsebe ho lokisetsa liboka tsohle tsa selemo esale pele, ho ne ho hatisoa lenaneo le thathamisitseng litemana tsa Bibele tse neng li tla tšohloa hammoho le litlhaku tse qalang tsa mabitso a libui. Ka mor’a hore seboka se buloe ka pina le thapelo, sebui se ne se hlalosa litemana tsa Bibele. Ha se qetile, se ne se kōpa banna hore ba fane ka litlhaloso sehloohong se sa tsoa tšohloa. Ka mor’a moo, sebui sa bobeli se ne se bontša kamoo litemana tseo li ka sebelisoang ka teng. Pina le thapelo li ne li koala seboka seo.
Ma-Collegiant a motseng oa Harlingen, profensing ea Friesland, a ne a e-na le mokhoa o fapaneng bakeng sa ho boloka liboka tsa ’ona li le kemisong. Sebui se neng se bua nako e telele ho feta kamoo se neng se lokela se ne se tlameha ho lefa tefiso e itseng e nyenyane.
Likopano Tsa Sechaba
Ma-Collegiant a ile a boela a bona tlhokahalo ea lipokano tse khōlōanyane. Ka hona, ho tloha ka 1640, Ma-Collegiant a tsoang likarolong tsohle tsa naha a ne a e-ea Rijnsburg habeli ka selemo (nakong ea selemo le ea lehlabula). Rahistori Fix o ngola hore lipokano tsena li ile tsa ba lumella hore ba “tloaelane le mehopolo, maikutlo, litumelo le mesebetsi ea barab’abo bona ba tsoang libakeng tsohle.”
Ma-Collegiant a mang a etileng a ne a hira likamore tsa batho motseng, ha a mang a ne a fihlela Groote Huis, kapa Ntlong e Khōlō, sebaka sa bolulo sa Ma-Collegiant se neng se e-na le likamore tse 30. Ho ne ho fanoa ka lijo tsa kopanelo bakeng sa batho ba ka bang 60 ho ea ho 70. Ka mor’a tinare, baeti ba ne ba ka otlolla maoto serapeng se seholo sa sebaka seo sa bolulo e le hore ba thabele ‘mesebetsi ea Molimo, ho qoqela tlaase kapa ho ba le nako ea ho thuisa.’
Le hoja e ne e se Ma-Collegiant ’ohle a neng a bona kolobetso e hlokahala, a mangata a ile a bona e hlokahala. Ka hona, kolobetso e ile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea lipokano tse khōlō. Rahistori Van Slee o re hangata ketsahalo eo e ne e e-ba Moqebelo hoseng. Pina le thapelo li ne li lateloa ke puo e bontšang tlhokahalo ea ho qoelisoa. Joale sebui se ne se mema batho ba baholo ba neng ba batla ho kolobetsoa hore ba etse boipolelo ba tumelo, bo kang, “Ke lumela hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo ea phelang.” Ka mor’a hore puo eo e koaloe ka thapelo, bohle ba teng ba ne ba e-ea letamong la kolobetso ’me e e-ba lipaki tsa ha banna le basali ba khumama ka har’a letamo e le hore metsi a ka ba fihla mahetleng. Joale mokolobetsi o ne a kobotetsa hlooho ea molumeli e mocha butle ’me a mo qoelisa. Ka mor’a ketsahalo eo, bohle ba ne ba khutlela litulong tsa bona bakeng sa puo e ’ngoe hape.
Moqebelo ka 5:00 mantsiboea, seboka se ne se qala ka ’malo o mokhutšoanyane oa Bibele, pina le thapelo. E le ho etsa bonnete ba hore kamehla ho ba le sebui, likoleche tsa Rotterdam, Leiden, Amsterdam le Holland Leboea li ne li fapanyetsana ho faneng ka libui bakeng sa kopano ka ’ngoe. Hoseng ha Sontaha ho ne ho bolokeloa ho ketekoa ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ka mor’a puo, thapelo le pina, banna ba ne ba e-ja bohobe le ho noa veine, ebe joale ho latela basali. Ho ne ho latela lipuo tse eketsehileng mantsiboeeng a Sontaha, ’me hoseng ha Mantaha bohle ba ne ba phutheha hammoho bakeng sa puo e koalang. Van Slee o bolela hore boholo ba lipuo tse neng li fanoa likopanong tsena e ne e le tse molemo, tse hatellang bohlokoa ba ketso ho feta ba ho fana feela ka tlhaloso.
Motse oa Rijnsburg o ne o thabela ho amohela lipokano tsena. Sebohi se seng sa lekholong la bo18 la lilemo se ile sa ngola hore tšubuhlellano ea baeti, ba neng ba hloka tse eang ka maleng, e ne e tlisa phaello e ntle ea chelete motseng oo. Ho phaella moo, ka mor’a kopano e ’ngoe le e ’ngoe, Ma-Collegiant a ne a nehelana ka chelete e itseng ho bafutsana ba Rijnsburg. Ntle ho pelaelo, motse oo o ile oa ikutloa o lahlehetsoe ha liboka tseo li khaotsa ka 1787. Ka mor’a moo, mokhatlo oa Ma-Collegiant o ile oa fela. Hobane’ng?
Lebaka Leo o Ileng oa Fela ka Lona
Ho elella qetellong ea lekholo la bo17 la lilemo, ho ne ho qhomme khang ea hore na karolo ea ho beha mabaka ke efe bolumeling. Ma-Collegiant a mang a ne a nka hore ho beha mabaka ha batho ho lokela ho nkoa e le ha bohlokoa ho feta tšenolo ea bomolimo, empa ba bang ba ne ba hana. Qetellong, khang eo e ile ea khaohanya mokhatlo oohle oa Ma-Collegiant. Ebile feela ka mor’a hore babuelli ba mahlakore ao a mabeli a hanyetsanang ba hlokahale moo Ma-Collegiant a ileng a kopana hape. Leha ho le joalo, rahistori Fix o bolela hore ka mor’a ho hloka kutloano hoo, mokhatlo oo “ha oa ka oa hlola o tšoana le pele.”
Ho eketseha ha mamello ea litumelo tsa ba bang likerekeng tsa Maprostanta tsa lekholong la bo18 la lilemo le hona ho ile ha tlatsetsa ho oeng ha Ma-Collegiant. Ha melao-motheo ea ho beha mabaka ha Ma-Collegiant le ho mamella ha ’ona litumelo tse ling ho amoheleha haholoanyane sechabeng ka kakaretso, “leseli le le leng le neng le kile la e-ba teng la Bocollegiant le ile la fetoha meso e khanyang ea Tsebo.” Ho elella bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, boholo ba Ma-Collegiant bo ne bo amohetse mekhoa ea Mamennone le lihlopha tse ling tsa bolumeli.
Kaha Ma-Collegiant a ne a sa sebeletse hore joang kapa joang maikutlo a ’ona a tšoane ka har’a mokhatlo, ho ne ho e-na le maikutlo a mangata a sa tšoaneng, joalokaha Ma-Collegiant a ne a le mangata. A ile a lemoha sena, ka hona, ha aa ka a ipolela a ‘kopane mokhoeng o tšoanang oa ho nahana,’ joalokaha moapostola Pauluse a khothalletsa Bakreste hore ba be joalo. (1 Bakorinthe 1:10) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang Ma-Collegiant a ne a lebeletse ka cheseho nako eo ka eona litumelo tsa motheo tsa Bokreste, tse kang ho kopana ha mohopolo, ho neng ho tla phethahala.
Ha ho nahanoa ka ’nete ea hore tsebo ea ’nete e ne e e-s’o ka e ata mehleng eo ea Ma-Collegiant, a ile a beha mohlala o motle oo malumeli a mangata kajeno a ka o hlokomelang. (Bapisa le Daniele 12:4.) Ho hatella ha ’ona tlhokahalo ea thuto ea Bibele ho ne ho le tumellanong le keletso ea moapostola Pauluse: “Nepisisang lintho tsohle.” (1 Bathesalonika 5:21) Thuto ea botho ea Bibele e ile ea ruta Jacobus Arminius le ba bang hore lithuto tsa bolumeli le mekhoa ea eona, tseo e neng e le khale li lateloa, ho hang li ne li sa thehoa Bibeleng. Ha a elelloa sena, a ile a ba le sebete sa ho fapana le bolumeli bo neng bo hlomamisitsoe. Na u ka be u ile ua etsa se tšoanang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka 1610, bafetoheli ba ne ba ile ba romela ho babusi ba Madache khanyetso e molaong (tokomane e neng e bolela mabaka a neng a etsa hore ba hanyetse). Ka mor’a ketso eo, ba ile ba bitsoa Bahanyetsi.
b Ka lebaka la sebaka sena, Ma-Collegiant a ile a boela a bitsoa Ma-Rijnsburg.
c Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 1988, leqepheng la 19, “The Socinians—Why Did They Reject the Trinity?”
d Het Nieuwe Testament van onze Heer Jezus Christus, uit het Grieksch vertaald door Reijnier Rooleeuw, M.D. (Testamente e Ncha ea Morena oa Rōna Jesu Kreste, e fetoletsoeng ho tsoa Segerikeng ke Reijnier Rooleeuw, M.D.)
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Rembrandt van Rijn
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Motse oa Warmond moo Ma-“Collegiant” a ileng a qala teng, le Nōka ea De Vliet eo ho neng ho kolobelletsoa ho eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]
Background: Courtesy of the American Bible Society Library, New York