Saule—Sejana se Khethetsoeng Morena
SAULE oa Tarsase e ne e le mohanyetsi ea bolaeang balateli ba Kreste. Empa Morena o ne a mo boloketse bokamoso bo fapaneng. Saule e ne e lokela ho ba moemeli ea hlaheletseng oa tsela eona eo a neng a e hanyetsa ka matla hakana. Jesu o itse: “Monna enoa [Saule] ke sejana se khethiloeng hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le bara ba Iseraele.”—Liketso 9:15.
Bophelo ba Saule e le “monna oa monyelisi” bo ile ba fetoha ka ho feletseng ha a ne a bontšoa mohau ’me e e-ba “sejana se khethiloeng” sa Morena Jesu Kreste. (1 Timothea 1:12, 13) Matla a neng a ile a mo susumelletsa ho kopanela ho tlepetseng Setefane ka majoe le liketsong tse ling tsa ho hlasela barutuoa ba Jesu a ile a sebelisetsoa lipakane tse fapaneng ka ho feletseng ha Saule a fetoha moapostola oa Mokreste Pauluse. Ho hlakile hore Jesu o ile a bona litšobotsi tse ntle ho Saule. Litšobotsi life? Saule e ne e le mang? Ke joang semelo sa hae se ileng sa etsa hore a tšoanelehe bakeng sa ho sebelisetsoa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete? Na ho na le seo re ka ithutang sona phihlelong ea hae?
Semelo sa Lelapa Labo Saule
Nakong ea polao ea Setefane kapele ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Saule e ne e le “mohlankana.” Ha a ne a ngolla Filemone hoo e ka bang ka 60-61 C.E., e ne e le “monna ea hōlileng.” (Liketso 7:58; Filemone 9) Litsebi li bolela hore, ho latela tekanyetso ea hore na motho o moholo hakae mehleng ea boholo-holo, ho ka etsahala hore ebe “mohlankana” e ne e le motho ea lilemo tse lipakeng tsa 24 le 40, athe “monna ea hōlileng” e ne e tla ba ea lilemo li 50 ho ea ho 56. Ka hona, mohlomong Saule o hlahile lilemo tse seng kae feela ka mor’a ho tsoaloa ha Jesu.
Ka nako eo, Bajuda ba ne ba lula likarolong tse ngata tsa lefatše. Lisosa tse ling tsa ho qhalana ha bona ba tloha Judea e ne e le ho haptjoa, ho ba makhoba, ho lelekoa naheng ea habo bona, ho hoeba le ho falla ka boithatelo. Le hoja lelapa labo Saule e ne e le la Bajuda ba ileng ba qhalana, o hatisa hore le ne le boloka Molao, o bolela hore e ne e le ea ‘bololitsoeng ka letsatsi la borobeli, ea tsoang lesikeng la lelapa la Iseraele, oa leloko la Benjamine, Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu; mabapi le molao, Mofarisi.’ Lebitso la Saule la Seheberu le ne le tšoana le la setho se hlaheletseng lelokong la habo—morena oa pele oa Iseraele. E le Moroma ka tsoalo, Saule oa Tarsase o ne a boetse a e-na le lebitso la Selatine, Paullus.—Bafilippi 3:5; Liketso 13:21; 22:25-29.
Ho tsoaloa ha Saule e le Moroma ho ne ho bolela hore e mong oa baholo-holo ba hae ba batona o ne a fumane tokelo ea ho ba moahi. Joang? Ho na le menyetla e mengata. Ntle le ho ja tokelo ea ho ba moahi lefa, e ne e ka fuoa batho ka bomong kapa lihlopha ebang ke ka lebaka la litšoaneleho tse khethehileng, ho tšoaneleha ho itseng lipolotiking kapa e le moputso bakeng sa tšebeletso e khethehileng ea Naha. Lekhoba le neng le khona ho reka tokoloho ea lona ho Moroma kapa le lokolotsoeng litlamong ke moahi oa Roma, le ne le tla fetoha Moroma ka bolona. Ho ne ho e-ba joalo le ka eo e kileng ea e-ba setho sa mabotho a hlometseng ha a lokolloa lebothong le leholo la sesole sa Roma. Matsoalloa a libaka tseo e leng likolone tsa Roma ’me a lula ho tsona, ha nako e ntse e feta a ne a ka fetoha baahi. Ho boetse ho boleloa hore ka linako tse ling tokelo ea ho ba moahi e ne e rekoa ka chelete e ngata. Ho ntse ho sa tsejoe hore na litho tsa lelapa labo Saule li ile tsa fumana tokelo ea ho ba baahi joang.
Rea tseba hore Saule o ne a e-tsoa Tarsase, motse o ka sehloohong ebile e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Silisia (eo hona joale e leng ka boroa ho Turkey). Le hoja ho ne ho e-na le sechaba se seholo sa Bajuda se neng se lula sebakeng seo, bophelo ba moo le bona bo ne bo tla etsa hore Saule a pepesetsehele setso sa Balichaba. Tarsase e ne e le motse o moholo o atlehileng o talingoang e le setsi sa thuto ea Bagerike. Ho hakanngoa hore lekholong la pele la lilemo baahi ba oona ba ne ba le lipakeng tsa 300 000 le 500 000. E ne e le setsi sa khoebo se tseleng e khōlō e lipakeng tsa Asia Minor, Syria le Mesopotamia. Tarsase e ne e atlehisoa ke khoebo le ho nona ha thota e e potolohileng, eo boholo ba lijo tseo e neng e li hlahisa e neng e le lijo-thollo, veine le line. Indastering ea eona ea masela e atlehileng ho ne ho etsoa masela a boea ba pōli ao ho neng ho etsoa litente ka ’ona.
Thuto ea Saule
Saule, kapa Pauluse, o ne a itlhokomela ka botšepehi a bile a lefella litšenyehelo tsa mesebetsi ea hae ea boromuoa ka ho etsa litente. (Liketso 18:2, 3; 20:34) Khoebo ea ho etsa litente e ne e tloaelehile motseng oo a tsoaletsoeng ho oona, Tarsase. Ho ka etsahala hore ebe Saule o ile a ithuta khoebo ea ho etsa litente ho ntate oa hae ha e sa le mocha.
Ho tseba lipuo ha Saule—haholo-holo ho ipabola ha hae ka Segerike, puo e neng e tloaelehile ’Musong oa Roma—le hona ho ile ha ipaka e le habohlokoahali mosebetsing oa hae oa boromuoa. (Liketso 21:37–22:2) Bahlahlobi ba lingoliloeng tsa hae ba bolela hore Segerike sa hae ke se tsoileng matsoho. Pokello ea hae ea mantsoe hase ea Segerike sa khale kapa sa lingoliloeng empa e tšoana le ea Segerike sa Septuagint, phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu eo a neng a atisa ho e qotsa kapa ho hlalosa taba ea eona ka mantsoe a hae. Ka lebaka la bopaki bona, litsebi tse sa tšoaneng li nahana hore Saule o ile a fumana bonyane thuto ea motheo e ntle ka Segerike, mohlomong sekolong sa Bajuda. Setsebi Martin Hengel se re: “Mehleng ea boholo-holo thuto e ntle—haholo-holo thuto ea Segerike—e ne e ke ke ea fumanoa mahala; hangata, ho ne ho hlokahala hore e lefelloe.” Kahoo, thuto ea Saule e bontša hore o ne a e-tsoa lelapeng le hlaheletseng.
Ho ka etsahala hore ha a ne a le lilemo li 13 kapa ka tlaase ho moo, Saule o ile a tsoela pele ho kena sekolo Jerusalema, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 840 ho tloha habo. O ile a rutoa ke Gamaliele, mosuoe ea tsebahalang le ea hlomphehang haholo oa lineano tsa Bafarisi. (Liketso 22:3; 23:6) Lithuto tseo, tse lekanang le thuto ea univesithi kajeno, li ile tsa bula monyetla oa ho ba le botumo bo itseng Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda.a
Tsebo e Sebelisoa Hamolemo
Kaha o ne a hlahetse lelapeng la Bajuda motseng oa Bagerike le Baroma, Saule e ne e le setho sa lihlopha tse tharo tsa batho. Ha ho pelaelo hore ho hōlela ha hae sebakeng seo ho sona ho nang le batho ba tsoang likarolong tse ngata tsa lefatše, ba buang lipuo tse ngata ho ile ha mo thusa ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakorinthe 9:19-23) Tokelo ea hae ea ho ba moahi oa Roma hamorao e ile ea mo lumella ho emela tšebeletso ea hae ka molao le ho isa litaba tse molemo ho balaoli ba ka holimo-limo ’Musong oa Roma. (Liketso 16:37-40; 25:11, 12) Ho hlakile hore semelo sa Saule, thuto le botho ba hae li ne li tsejoa ke Jesu ea tsohileng bafung, ea ileng a re ho Ananiase: “Tsamaea, hobane ho ’na monna enoa ke sejana se khethiloeng hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le bara ba Iseraele. Etsoe ke tla mo bontša ka ho hlaka hore na ke lintho tse ngata hakae tseo a lokelang ho utloisoa bohloko ke tsona bakeng sa lebitso la ka.” (Liketso 9:13-16) Ha e sebelisoa ka tsela e loketseng, cheseho ea Saule e ile ea hlahisa litholoana ho phatlalatsoeng ha molaetsa oa ’Muso masimong a hōle.
Ho khetha ha Jesu Saule bakeng sa thōmo e khethehileng e bile ketsahalo e ikhethang historing ea Bokreste. Empa, Bakreste bohle ba kajeno ha ba lekane ka matla le ka litšobotsi tse ka sebelisoang ka katleho ho phatlalatsoeng ha litaba tse molemo. Ha Saule a utloisisa hore na Jesu o ne a batla eng ho eena, ha aa ka a hana. O ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Na ho joalo ka uena?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le se neng se fuperoe ke thuto eo Saule a ileng a e fumana ho Gamaliele le mofuta oa eona, bona Molula-Qhooa oa July 15, 1996, leqepheng la 26-9.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho Ngolisetsoa Tokelo ea ho ba Moahi oa Roma le ho Paka Seo
Ho ngolisoa ha bana ba molao ba baahi ba Roma ho ile ha qalisoa ke Augustus ka litaelo tse peli tse ileng tsa etsoa melao ka 4 le ka 9 C.E. Ho ngolisoa ho ne ho lokela ho etsoa matsatsing a 30 ka mor’a tsoalo. Liprofinseng lelapa le ne le tlameha ho ikana ka pel’a ’maseterata ofising e loketseng ea litlaleho tsa sechaba, le bolela hore ngoana enoa ke oa molao ’me ke moahi oa Roma. Ho ne ho boetse ho ngolisoa le mabitso a batsoali, hore na ngoana ke ngoanana kapa ke moshanyana le lebitso la hae le letsatsi la tsoalo. Esita le pele melao eo e kenngoa tšebetsong, metsaneng eohle ea Roma, likoloneng le literekeng baahi ba ne ba ngolisoa bocha lilemong tse ling le tse ling tse hlano ka ho bala sechaba.
Kahoo, boemo ba motho bo ne bo ka bontšoa ka ho batlisisa libukeng tsa litlaleho tse bolokiloeng hantle sebakeng sa polokelo ea litlaleho. Likopi tseo ho nang le bopaki ba hore ke tsa ’nete tsa litlaleho tse joalo li ne li ka fumanoa ka sebōpeho sa li-diptych (mamatjana a menoang) tsa lehong tse nkehang habobebe. Ho latela maikutlo a litsebi tse ling, ha Pauluse a ne a bolela hore ke moahi oa Roma, e ka ’na eaba o ile a khona ho hlahisa lengolo la bopaki bakeng sa ho tiisa seo. (Liketso 16:37; 22:25-29; 25:11) Kaha ho ba moahi oa Roma ho ne ho nkoa e le ho ba le hoo e batlang e le “tšoaneleho e halalelang” ’me ho ne ho etsa hore motho a be le litokelo tse ngata, ho etsa litokomane tse joalo ka bolotsana e ne e le tlōlo ea molao e tebileng ka ho fetisisa. Ha motho a ne a qala leshano ka boemo ba hae, kotlo ea hae e ne e e-ba lefu.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Historic Costume in Pictures/Dover Publications, Inc., New York
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]
Lebitso la Saule la Seroma
Moahi e mong le e mong e motona oa Roma o ne a e-na le bonyane likarolo tse tharo tsa lebitso la hae. O ne a e-na le lebitso leo a le rehiloeng, fane (e amanang le leloko la hae, kapa gens), le lebitso le leng. Mohlala o mong o hlaheletseng ke oa Gaius Julius Caesar. Bibele ha e fane ka mabitso a Seroma a feletseng, empa mehloli ea lefatše e re bolella hore Agripa e ne e le Marcus Julius Agripa. Galio e ne e le Lusiase Junius Galio. (Liketso 18:12; 25:13) Mehlala ea Mangolo ea mabitso a mabeli a qetellang mabitsong a motho a mararo ke Ponse Pilato (mongolo o tlaase), Sergiase Paulase, Claudiase Lysiase le Porkiase Festase.—Liketso 4:27; 13:7; 23:26; 24:27.
Ha ho khonehe ho fumana hantle hore na Paullus e ne e le lebitso leo Saule a le rehiloeng kapa e ne e le lebitso le leng. Ho ne ho tloaelehile hore motho a rehoe lebitso le leng leo lelapa le batho ba mo tloaetseng ba ka mo bitsang ka lona. Ka ho fapaneng, lebitso leo e seng la Seroma le kang Saule le ne le ka sebelisoa e le le emang sebakeng. Setsebi se seng se re: “Lebitso la [Saule] le ne le ke ke la tšoaneleha e le lebitso la Seroma, empa le ne le ka tšoaneleha e le lebitso la tsoalo le fanoeng e le lebitso le leng, ho moahi oa Roma le tla tšoaneleha hantle ka sebele.” Libakeng tseo ho tsona ho buuoang lipuo tse ngata, e ka ’na eaba boemo bo ne bo rera hore na motho a ka khetha ho sebelisa mabitso afe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph by Israel Museum, ©Israel Antiquities Authority