Basebetsi-’moho le Pauluse E ne e le Bo-mang?
BUKENG ea Bibele ea Liketso le mangolong a Pauluse ho buuoa ka batho ba ka bang lekholo bao e neng e le litho tsa phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le bolekane bo itseng le “moapostola ho lichaba.” (Baroma 11:13) Ho tsejoa ho hongata ka ba ’maloa ba bona. Mohlomong u tloaelane le mesebetsi ea Apolose, Barnabase le Silase. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong u ne u ka bona ho le thata haholoanyane ho bua haholo ka Arkipase, Claudia, Damarise, Linase, Persise, Pudense le Sopatere.
Linakong tse sa tšoaneng le tlas’a maemo a fapaneng, batho ba bangata ba ile ba phetha karolo e mafolo-folo ho tšehetseng tšebeletso ea Pauluse. Ba bang ba kang Aristakase, Luka le Timothea ba sebelitse haufi-ufi le moapostola enoa ka lilemo tse ngata. Ba bang ba ne ba e-na le eena ha a ne a le teronkong kapa ha a ntse a tsamaea, e le ba tsamaeang le eena kapa banna le basali ba mo amohelang boeting. Ka masoabi, ba bang, ba kang Alexandere, Demase, Hermogenese le Figelase ha baa ka ba tiisetsa tumelong ea Bokreste.
Tabeng ea metsoalle ea Pauluse e meng e mengata e kang Asinkritase, Hermase, Julia kapa Filologase, ha re bua ka e seng mekae feela, re tseba mabitso a eona feela. Tabeng ea ngoan’abo Nerease kapa ’mè oa Rufase kapa ba ntlo ea Kloe, ha re tsebe le mabitso a bona. (Baroma 16:13-15; 1 Bakorinthe 1:11) Leha ho le joalo, ho hlahloba boitsebiso bo bonyenyane boo re nang le bona ka batho bana ba lekholo kapa ho feta ho etsa hore re utloisise kamoo moapostola Pauluse a neng a sebetsa kateng. Ho boetse ho re ruta ho hong ka melemo ea ho ba har’a balumeli-’moho le rōna ba bangata le ea ho sebetsa haufi-ufi le bona.
Ba Neng ba Tsamaea le Eena, Banna le Basali ba Neng ba mo Amohela Boeting
Tšebeletso ea moapostola Pauluse e ne e akarelletsa ho tsamaea haholo. Mongoli e mong o lekanya hore sebaka seo a se tsamaileng naheng le leoatleng kamoo se tlalehiloeng kateng ho Liketso feela e ne e ka ba lik’hilomithara tse 16 000. Morao koo, ho tsamaea ho ne ho sa khathatse feela empa ho ne ho bile ho le kotsi. Har’a likotsi tse sa tšoaneng tseo a ileng a talimana le tsona e bile ho robeheloa ke sekepe, likotsi tsa linōkeng le tsa masholu a litseleng, likotsi tsa lefeelleng le likotsi tsa leoatleng. (2 Bakorinthe 11:25, 26) Ke ho loketseng hore ebe e ne e e-ba seoelo Pauluse a neng a e-ba mong ha a tsamaea ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng.
Ba neng ba tsamaea le Pauluse e ne e ka ba mohloli oa bolekane, khothatso le thuso e ka sebelisoang tšebeletsong. Ka linako tse ling, Pauluse o ne a ba siea morao e le hore ba ka hlokomela litlhoko tsa moea tsa balumeli ba bacha. (Liketso 17:14; Tite 1:5) Empa ho ka etsahala hore ho ne ho hlokahala hore balekane ba be teng bakeng sa tšireletseho le ho mo tšehetsa ha a sebetsana le mathata a leeto. Ka hona, batho ba joaloka Sopatere, Sekundase, Gaiase le Trofimase, bao re tsebang hore e ne e le ba bang ba ba neng ba tsamaea le Pauluse, e ka ’na eaba ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa ho atlehiseng tšebeletso ea hae.—Liketso 20:4.
Se neng se ananeloa ka ho tšoanang e ne e le thuso e neng e fanoa ke banna le basali ba neng ba mo amohela boeting. Ha Pauluse a ne a fihla motseng o itseng moo a neng a rerile ho etsa phutuho ea boboleli kapa ho robaletsa feela, bohato ba pele e ne e e-ba ho fumana sebaka sa bolulo. Mang le mang ea neng a tsamaea haholo joaloka Pauluse o ne a tlameha ho robala libetheng tse ngata tse sa tšoaneng. Hangata o ne a ka robala ntlong ea baeti, empa bo-rahistori ba a hlalosa e le “libaka tse kotsi le tse litšila,” ka hona, moo ho neng ho khoneha, mohlomong Pauluse o ne a lula le balumeli-’moho le eena.
Re tseba mabitso a banna le basali ba bang ba neng ba amohela Pauluse boeting—Akuila le Priska, Gaiase, Jasone, Lydia, Mnasone, Filemone le Filipi. (Liketso 16:14, 15; 17:7; 18:2, 3; 21:8, 16; Baroma 16:23; Filemone 1, 22) Filippi, Thesalonika le Korinthe, libaka tse joalo tsa bolulo e ne e e-ba litsi tseo Pauluse a neng a ka hlophisa mosebetsi oa boromuoa a le ho tsona. Korinthe, Titiase Justase le eena o ile a bula ntlo ea hae hore e be sebaka seo moapostola a neng a ka bolela a le ho sona.—Liketso 18:7.
Metsoalle e Mengata
Joalokaha ho ka lebelloa, metsoalle ea Pauluse e ne e hopoloa ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng ka lebaka la maemo a sa tšoaneng ao a kopaneng le eona tlas’a ’ona. Ka mohlala, Maria, Persise, Fibi, Tryfina le Tryfosa, kaofela e ne e le balumeli-’moho le eena ba basali ba neng ba babatsoa ka mesebetsi ea bona le ho sebetsa ka thata. (Baroma 16:1, 2, 6, 12) Pauluse o ile a kolobetsa Krispase, Gaiase le ba ntlo ea Setefanase. Dionysiase le Damarise ba ile ba amohela molaetsa oa ’nete ho eena Athene. (Liketso 17:34; 1 Bakorinthe 1:14, 16) Andronikase le Juniase, “banna ba tummeng har’a baapostola” bao e neng e bile balumeli ka nako e teletsana ho feta Pauluse, ba bitsoa “baholehuoa-’moho le [eena].” Mohlomong ba ne ba bile teronkong le eena ka nako e ’ngoe. Bana ba babeli, joaloka Herodione, Jasone, Lusiase le Sosipatere, Pauluse o ne a boetse a ba bitsa “beng” ka eena. (Baroma 16:7, 11, 21) Le hoja lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le bolela “batho ba naha ea habo,” moelelo oa motheo oa lona ke “beng ka motho molokong o le mong.”
Boholo ba metsoalle ea Pauluse bo ne bo tsamaea ka lebaka la litaba tse molemo. Ntle le balekane ba hae ba tsebahalang, ho boetse ho na le Akaikase, Fortunatase, Setefanase, ea ileng a nka leeto la ho tloha Korinthe ho ea Efese bakeng sa ho eletsana le Pauluse mabapi le boemo ba moea ba phutheho ea habo bona. Artemase le Tykikase ba ne ba loketse ho tsamaea ba il’o kopana le Tite, ea neng a sebeletsa sehlekehlekeng sa Kreta, ’me Zenase o ne a lokela ho nka leeto le Apolose.—1 Bakorinthe 16:17; Tite 3:12, 13.
Ho na le bao Pauluse a fanang ka makolopetso a manyenyane a hlollang ka bona. Ka mohlala, re bolelloa hore Epinitase e ne e le “litholoana tsa pele tsa Asia,” Erastase e le “motsamaisi oa motse” Korinthe, Luka e le ngaka, Lydia e le morekisi oa lintho tse pherese, ’me Tershiase e le eo Pauluse a ileng a mo sebelisa ho ngola lengolo la hae le eang ho Baroma. (Baroma 16:5, 22, 23; Liketso 16:14; Bakolose 4:14) Ho mang kapa mang ea neng a ka rata ho tseba se eketsehileng ka batho ba joalo, makumane ana a boitsebiso aa hlolla a ntse a le makhutšoanyane hakaalo.
Balekane ba Pauluse ba bang ba ne ba amohela melaetsa e ba tobileng, eo hona joale e tlalehiloeng ka Bibeleng. Ka mohlala, lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o ile a khothatsa Arkipase: “U lule u lebetse bosebeletsi boo u ileng ua bo amohela Moreneng, hore u bo phethahatse.” (Bakolose 4:17) Ho hlakile hore Evodia le Syntike ba ne ba e-na le khohlano eo ba neng ba lokela ho e rarolla. Kahoo, Pauluse o ile a ba khothatsa ka ‘molekane jokong’ oa Filippi ea neng a sa boleloa ka lebitso “hore ba be le kelello e tšoanang Moreneng.” (Bafilippi 4:2, 3) Ka sebele, ena ke keletso e molemo ho rōna kaofela.
Tšehetso e Tšepahalang ha a le Teronkong
Pauluse o bile teronkong ka makhetlo a ’maloa. (2 Bakorinthe 11:23) Makhetlong ao, haeba ho ne ho e-na le Bakreste sebakeng seo, e tlameha ebe ba ne ba leka ho etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho etsa hore a mamelle phihlelo ea hae haholoanyane. Ha Pauluse a ne a kene teronkong ka lekhetlo la pele Roma, o ile a lumelloa ho hira ntlo ka lilemo tse peli ’me metsoalle ea hae e ne e ka mo etela. (Liketso 28:30) Nakong eo, o ile a ngolla liphutheho tsa Efese, Filippi le Kolose mangolo, hammoho le Filemone. Mehloli ena e re bolella ho hongata ka ba neng ba le haufi le Pauluse nakong ea litlamo tsa hae.
Ka mohlala, re hlokomela hore Onesimase, lekhoba la Filemone le balehileng, o ile a kopana le Pauluse Roma, joalokaha ho ile ha e-ba joalo ka Tykikase, ea neng a lokela ho felehetsa Onesimase leetong la hae la ho khutlela ho monghali oa hae. (Bakolose 4:7-9) E mong e ne e le Epafroditase, ea ileng a nka leeto le lelelele la ho tloha Filippi a tšoere mpho e tsoang phuthehong ea habo, ’me ka mor’a moo o ile a kula. (Bafilippi 2:25; 4:18) Ba neng ba sebetsa haufi-ufi le Pauluse Roma e ne e le Aristakase, Mareka le Jesu ea bitsoang Justase, eo Pauluse a reng ka eena: “Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na bakeng sa ’muso oa Molimo, ’me bona bana ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.” (Bakolose 4:10, 11) Har’a bana ba tšepahalang kaofela, ho ne ho e-na le ba tsebahalang e leng Timothea le Luka, hammoho le Demase eo hamorao, ka lebaka la ho rata lefatše, a ileng a furalla Pauluse.—Bakolose 1:1; 4:14; 2 Timothea 4:10; Filemone 24.
Kamoo ho bonahalang kateng, ha ho le ea mong oa bao ea neng a tsoa Roma, empa ba ne ba le haufi-ufi le Pauluse. Mohlomong ba bang ba ne ba ile ka ho khetheha bakeng sa ho mo thusa ha a ntse a le teronkong. Ha ho pelaelo hore ba bang e ne e le bao a ba romang, ba bang ba ne ba rongoa libakeng tse hōle, ’me ba bang Pauluse o ne a ba bolella seo ba tšoanetseng ho se ngola mangolong. Ke bopaki bo hlakileng hakaakang ba lerato le mofuthu le botšepehi tseo bana bohle ba neng ba e-na le tsona bakeng sa Pauluse le bakeng sa mosebetsi oa Molimo!
Qetellong ea mangolo a mang a Pauluse, re hlokomela hore mohlomong o ne a le ka har’a sehlopha se seholo sa bara le barali babo ba Bakreste se fetang mabitso a seng makae ao re a tsebang. Makhetlong a fapaneng, o ile a ngola: “Bahalaleli bohle ba le romela litumeliso” le, “Bohle ba nang le ’na ba u romela litumeliso.”—2 Bakorinthe 13:13; Tite 3:15; Bafilippi 4:22.
Nakong ea ho kenngoa teronkong ho mahlonoko ha Pauluse Roma ka lekhetlo la bobeli, ha ho shoela tumelo ho ne ho sokela, Pauluse o ne a nahanne haholo ka basebetsi-’moho le eena. O ne a ntse a le mafolofolo ho hlokomeleng le ho hokahanyeng mesebetsi, bonyane ea ba bang ba bona. Tite le Tykikase ba ne ba ronngoe likabelong tsa boromuoa, Kresense o ne a ile Galatia, Erastase o ne a setse Korinthe, Trofimase o ne a siiloe a kula Miletase, empa Mareka le Timothea ba ne ba lokela ho tla ho eena. Leha ho le joalo, Luka o ne a le haufi-ufi le Pauluse, ’me ha moapostola enoa a ne a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Timothea, balumeli ba bang ba bangata, ho akarelletsa le Eubulase, Pudense, Linase le Claudia ba ne ba le teng bakeng sa hore ho fetisoe litumeliso tsa bona. Ha ho pelaelo hore ba ne ba etsa seo ba ka se khonang ho thusa Pauluse. Ka nako e tšoanang, Pauluse ka boeena o ile a re a lumelisetsoe Priska le Akuila le ba ntlo ea Onesiforase. Leha ho le joalo, ka masoabi nakong eo ea khathatso, Demase o ile a mo furalla, le Alexandere o ile a mo etsa hampe ka makhetlo a mangata.—2 Timothea 4:9-21.
“Re Basebetsi-’moho le Molimo”
Ke ka seoelo Pauluse a neng a e-ba mong mosebetsing oa hae oa ho bolela. Mohlalosi E. Earle Ellis o re: “Setšoantšo se hlahang, ke sa moromuoa ea nang le balekane ba bangata. Ka sebele, ke ka seoelo Pauluse a fumanoang a se na balekane.” Tlas’a tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, Pauluse o ne a khona ho phutha batho ba bangata le ho hlophisa matšolo a boromuoa a atlehileng. O ne a le ka har’a balekane ba haufi, bathusi ba nakoana, batho ba maikutlo a bona le bahlanka ba bangata ba ikokobelitseng. Empa, bana e ne e se basebetsi-’moho feela tjee. Ho sa tsotellehe hore ba ile ba sebetsa le Pauluse kapa ea e-ba balekane ba hae ho ea bohōleng bofe, ho hlakile hore ho ne ho e-na le tlamo ea lerato la Bokreste le botsoalle.
Moapostola Pauluse o ne a e-na le seo ho ’nileng ha thoe ke “tšekamelo e matla ea setsoalle.” O ile a etsa ho hongata ho isa litaba tse molemo lichabeng, empa ha aa ka a leka ho etsa seo a le mong. O ile a sebelisana le phutheho ea Bokreste e hlophisitsoeng ’me a e sebelisa ka botlalo. Pauluse ha aa ka a lebisa tlotla ho eena bakeng sa liphello tse finyeletsoeng empa ka boikokobetso o ile a hlokomela hore e ne e le lekhoba le hore tlotla eohle e lokela ho ea ho Molimo, e leng eena ea ikarabellang bakeng sa keketseho.—1 Bakorinthe 3:5-7; 9:16; Bafilippi 1:1.
Mehla ea Pauluse e ne e fapane le ea rōna, empa leha ho le joalo, ha ho na motho ka phuthehong ea Bokreste kajeno ea lokelang ho nahana hore a ka ikemela kapa hore ho hlokahala hore a ikemele. Ho e-na le hoo, kamehla re lokela ho sebetsa le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, le phutheho ea habo rōna le balumeli-’moho le rōna. Re hloka thuso ea bona, tšehetso ea bona le khothatso linakong tse monate le linakong tsa likhathatso. Re na le tokelo ea bohlokoa ea ho ba karolo ea ‘mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng.’ (1 Petrose 5:9) Haeba ka botšepehi le ka lerato re sebetsa hammoho re bile re sebelisana le bona kaofela, joale, hantle feela joaloka Pauluse, le rōna re ka re “re basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakorinthe 3:9.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
APOLOSE
ARISTAKASE
BARNABASE
LYDIA
ONESIFORASE
TERSHIASE
TYKIKASE