Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 7/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Jesu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu Kreste—Ke Mang?
    Jesu Kreste—Ke Mang?
  • Melaetsa—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Likosepele—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jesu oa Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 7/1 leq. 3

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Jesu

Kreste?

“ESITA le batho bao e seng Bakreste baa lumela hore E ne e le mosuoe e moholo le ea bohlale. Ka sebele e ne e le e mong oa batho ba nang le tšusumetso ka ho fetisisa ba kileng ba phela.” (The World Book Encyclopedia) Ke Mang? Jesu Kreste, mothehi oa Bokreste.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe seo encyclopedia e se bolelang, ho batho ba limilione tse makholo-kholo ba Bochabela le libakeng tse ling, Jesu Kreste ke motho ea sa tsejoeng, ke lebitso feela leo ba hopolang ba le bona libukeng tsa sekolo se phahameng. Esita le likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, ho na le baruti ba thuto ea bolumeli le baruti ba bolelang hore ha re hlile ha re tsebe Jesu ’me ba tsosa lipelaelo botšepehing ba litlaleho tse ’nè tse teng tsa bophelo ba hae (Likosepele) tse fumanoang ka Bibeleng.

Na ebe bangoli ba Likosepele ba ile ba etsa bolotsana bo itseng paleng ea bophelo ba Jesu? Le hanyenyane! Rahistori ea tsebahalang haholo Will Durant, ka mor’a hore a hlahlobisise litlaleho tseo tsa Likosepele o ile a ngola: “Taba ea hore molokong o le mong batho ba seng bakae ba pala ba iqapetse botho bo matla le bo ipiletsang hakaalo, tekanyetso ea boitšoaro e phahameng le pono ea bara ba motho e susumetsang hakaalo, e ne e tla ba mohlolo oo ho neng ho tla ba thata ho o lumela ho feta mohlolo leha e le ofe o tlalehiloeng Likosepeleng. Ka mor’a lilemo tse makholo a mabeli tsa Tlhahlobisiso e Phahameng ea Bibele, litlaleho tsa bophelo ba Kreste, botho ba hae le thuto ea hae li lula li ntse li utloahala ka ho hlakileng, ’me li bōpa karolo e thahasellisang ka ho fetisisa ea histori ea motho oa Bophirimela.”

Leha ho le joalo, ho na le ba bang ba sa batleng ho lebisa tlhokomelo ea bona ho Jesu Kreste ka lebaka la seo ba ipitsang balateli ba hae ba se entseng. Ba bang Japane ba ka ’na ba re, ‘Ba lihetse bomo ea athomo Nagasaki. ’Me Nagasaki e ne e e-na le Bakreste ba bangata ho feta metse e mengata ea Japane.’ Empa na u ka beha ngaka molato bakeng sa boloetse bo tšoereng mokuli haeba mokuli a hlōleha ho latela litaelo tseo ngaka e mo fileng tsona? Ke khale batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba hlokomolohe seo Jesu a ba laetseng sona bakeng sa ho hlōla mathata a moloko oa batho. Leha ho le joalo, Jesu o fane ka tharollo ea mathata a rōna a letsatsi le letsatsi hammoho le ea mahlomola a moloko oa batho lefatšeng ka bophara. Ke ka lebaka leo re u memang hore u bale sehlooho se latelang ’me u iponele hore na e ne e le motho oa mofuta ofe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela