Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 7/15 maq. 29-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • “Le se ke la Khathala ho Etsa Hantle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Boloka Khotso le Bohloeki ka Phuthehong
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Buka ea Bibele ea 53—2 Ba-Thessalonika
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 7/15 maq. 29-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho ‘tšoaea’ ho boletsoeng ho 2 Bathesalonika 3:14 ke bohato bo hlophisitsoeng ba phutheho, kapa na ke ntho eo Bakreste ka bomong ba e etsang ha ba qoba ba sa laoleheng?

Seo moapostola Pauluse a se ngoletseng Bathesalonika se bontša hore baholo ba phutheho ba phetha karolo e hlakileng ho ‘tšoaeng’ ho joalo. Leha ho le joalo, ka mor’a moo, Bakreste ka bomong ba etsa se tšoanang, ba etsa joalo ba nahanne ka lipakane tsa moea. Re ka utloisisa sena hantle ka ho hlahloba keletso ea Pauluse boemong boo e neng e fanoa ho bona.

Pauluse o ile a thusa ho theha phutheho ea Thesalonika, a thusa banna le basali hore ba fetohe balumeli. (Liketso 17:1-4) Hamorao o ile a ngola a le Korinthe a ba babatsa le ho ba khothatsa. Pauluse o ile a fana le ka keletso e hlokahalang. O ile a ba phehella ‘ho phela ka khutso le ho hlokomela litaba tsa bona le ho sebetsa ka matsoho a bona.’ Ba bang ba ne ba sa etse joalo, ka hona Pauluse o ile a eketsa: “Rea le eletsa, barab’eso, le eletse ba sa laoleheng, le bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang.” Ho hlakile hore har’a bona ho ne ho e-na le ba “sa laoleheng”a ba neng ba hloka keletso.—1 Bathesalonika 1:2-10; 4:11; 5:14.

Likhoeli tse itseng hamorao, Pauluse o ile a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Bathesalonika, le nang le litlhaloso tse eketsehileng mabapi le ho ba teng ha Jesu nakong e tlang. Pauluse o ile a boela a fana ka tataiso e tsoelang pele mabapi le mokhoa oa ho sebetsana le ba sa laoleheng ba neng ba “sa sebetse ho hang empa ba kena-kenana le se sa ba ameng.” Liketso tsa bona li ne li le khahlanong le mohlala oa Pauluse joaloka sekhothali, le taelo ea hae e hlakileng mabapi le ho sebetsa bakeng sa ho iphelisa. (2 Bathesalonika 3:7-12) Pauluse o ile a laela hore ho nkoe mehato e itseng. Mehato ena e ne e nkoa ka mor’a seo baholo ba neng ba se ba se entse ho eletsa kapa ho lemosa ba sa laoleheng. Pauluse o ngotse:

“Joale re le fa litaelo, barab’abo rōna, . . . hore le tlohe ho mor’abo lōna e mong le e mong ea tsamaeang ka mokhoa o sa laoleheng eseng ho ea ka neano eo le e amohetseng ho rōna. Ka lehlakoreng la lōna, barab’eso, le se ke la tela ho etseng se nepahetseng. Empa haeba leha e le mang a sa mamele lentsoe la rōna ka lengolo lena, enoa le lule le mo tšoaile, le khaotse ho tloaelana le eena, e le hore a ka hlajoa ke lihlong. ’Me leha ho le joalo le se ke la mo nka e le sera, empa le tsoele pele ho mo eletsa joaloka mor’abo lōna.”—2 Bathesalonika 3:6, 13-15.

Ka hona, mehato e tsoelang pele e ne e akarelletsa hore re ikhule ho ba sa laoleheng, re ba tšoaee, re khaotse ho tloaelana le bona, empa re ba eletse joaloka barab’abo rōna. Ke’ng se neng se ka etsa hore litho tsa phutheho li nke mehato eo? Ho re thusa ho hlakisa sena, a re hlokomeleng maemo a mararo ao Pauluse a neng a sa lebisa tlhokomelo ho ’ona mona.

1. Rea tseba hore Bakreste ha baa phethahala ’me ba na le mefokolo. Ho ntse ho le joalo, lerato ke letšoao la Bokreste ba ’nete, le re hlokang ho utloisisa le ho tšoarela ba bang ha ba entse liphoso. Ka mohlala, ka seoelo Mokreste a ka ’na a phasoloha ka bohale, joalokaha ho ile ha etsahala lipakeng tsa Barnabase le Pauluse. (Liketso 15:36-40) Kapa ka lebaka la ho khathala, motho e mong a ka ’na a bua mantsoe a hlabang le a bohloko. Maemong a joalo, ka ho bontša lerato le ho sebelisa keletso ea Bibele, re ka koahela phoso eo, ra tsoela pele ho phela le Mokreste-’moho le rōna, ra tloaelana le eena ’me ra sebetsa le eena. (Matheu 5:23-25; 6:14; 7:1-5; 1 Petrose 4:8) Ho hlakile hore mefokolo ea mofuta ona e ne e se seo Pauluse a neng a sebetsana le sona ho 2 Bathesalonika.

2. Pauluse o ne a sa bue ka boemo boo ho bona Mokreste ka boeena a khethang ho khaotsa setsoalle sa hae le e mong eo mekhoa ea hae kapa boitšoaro e seng metle—ka mohlala, motho ea bonahalang a lebisitse tlhokomelo e feteletseng boikhathollong kapa linthong tse bonahalang. Kapa motsoali a ka ’na a thibela setsoalle sa ngoana oa hae le bacha ba hlokomolohang taolo ea batsoali, ba bapalang ka tsela e mabifi kapa e kotsi, kapa ba sa nkeng Bokreste ka ho teba. Tseo e mpa e le liqeto tsa botho tumellanong le seo re se balang ho Liproverbia 13:20: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.”—Bapisa le 1 Bakorinthe 15:33.

3. Boemong bo tebileng ka ho fapaneng ho hang, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe ka ea etsang sebe se tebileng ’me a sa bake. Baetsalibe ba joalo ba sa bakeng ba ne ba tlameha ho lelekoa phuthehong. Ka puo ea tšoantšetso, eo “ea khopo” o ne a tlameha ho neheloa Satane. Ka mor’a moo, Bakreste ba tšepahalang ba ne ba sa lokela ho kopana le ba joalo ba khopo; moapostola Johanne o ile a phehella Bakreste hore ba se ke ba ba lumelisa. (1 Bakorinthe 5:1-13; 2 Johanne 9-11) Leha ho le joalo, sena le sona ha se lokele keletso ea 2 Bathesalonika 3:14.

Boemo bo fapaneng le a mararo a ka holimo ke bo amang ba “sa laoleheng” joalokaha ho builoe ka bona ho 2 Bathesalonika. Pauluse o ile a ngola hore bana e ne e ntse e le ‘barab’abo rōna,’ ba lokelang ho eletsoa le ho tšoaroa joaloka barab’abo rōna. Kahoo, bothata ba barab’abo rōna ba “sa laoleheng” e ne e se taba ea botho lipakeng tsa Bakreste ebile e ne e se taba e tebileng hoo baholo ba phutheho ba neng ba tlameha ho kenella ka ho khaola, joalokaha Pauluse a ile a etsa tabeng ea boitšoaro bo bobe ea Korinthe. Ba “sa laoleheng” ba ne ba se molato oa sebe se tebileng, joaloka monna ea ileng a khaoloa Korinthe.

Batho ba Thesalonika ba “sa laoleheng” ba ne ba le molato oa ho tsoa tseleng ea Bokreste ka tsela e bonahalang. Ba ne ba sa sebetse, mohlomong hobane ba ne ba nahana hore ho khutla ha Kreste ho haufi kapa hobane ba ne ba le botsoa. Ho feta moo, ba ne ba baka pherekano ka ho “kena-kenana le se sa ba ameng.” Ho ka etsahala hore ebe baholo ba phutheho ba ne ba ba elelitse khafetsa, tumellanong le keletso ea Pauluse lengolong la hae la pele le keletso e ’ngoe ea bomolimo. (Liproverbia 6:6-11; 10:4, 5; 12:11, 24; 24:30-34) Ho ntse ho le joalo, ba ile ba phehella tseleng e neng e tlisa nyeliso phuthehong le e neng e ka namela ho Bakreste ba bang. Ka hona, moholo oa Mokreste Pauluse, a sa bolele mabitso, o ile a hlokomelisa phatlalatsa ka ho se laolehe ha bona, a pepesa tsela ea bona e fosahetseng.

O ile a boela a tsebisa litho tsa phutheho hore e ne e tla ba ho loketseng hore joaloka Bakreste ka bomong li ‘tšoaee’ ba sa laoleheng. Sena se ne se bolela hore batho ka bomong ba lokela ho hlokomela bao liketso tsa bona li lumellanang le tsela eo phutheho e ileng ea lemosoa ka eona phatlalatsa. Pauluse o ile a fana ka keletso e reng, “le tlohe ho mor’abo lōna e mong le e mong ea tsamaeang ka mokhoa o sa laoleheng.” Ka sebele seo se ne se ke ke sa bolela hore ba qobe motho ea joalo ka ho feletseng, hobane ba ne ba lokela ho ‘tsoela pele ho mo eletsa joaloka mor’abo bona.’ Ba ne ba tla tsoela pele ho ba le kamano ea Bokreste libokeng ’me mohlomong le tšebeletsong. Ba ne ba ka ba le tšepo ea hore mor’abo bona o tla latela keletso ’me a tlohele mekhoa ea hae e tšoenyang.

Ke ka kutloisiso efe ba neng ba tla ‘tloha’ ho eena? Ho bonahala eka e ne e le boithabisong. (Bapisa le Bagalata 2:12.) Ho khaotsa ha bona ho ithabisa le ho ikhatholla le eena ho ka ’na ha mo bontša hore batho ba tataisoang ke melao-motheo e amohelehang ea boitšoaro ha ba rate mekhoa ea hae. Esita le haeba a sa soabe le ho fetoha, bonyane ba bang ba ne ba ke ke ba ithuta mekhoa ea hae le ho tšoana le eena. Ka nako e tšoanang, Bakreste bana ba lokela ho lebisa tlhokomelo linthong tse hahang. Pauluse o ile a ba eletsa: “Ka lehlakoreng la lōna, barab’eso, le se ke la tela ho etseng se nepahetseng.”—2 Bathesalonika 3:13.

Ho hlakile hore keletso ena ea boapostola hase motheo oa ho khesa kapa ho ahlola barab’abo rōna ba thellang hanyenyane kapa ba etsang liphoso. Ho e-na le hoo, pakane ea eona ke ho thusa motho ea nkang tsela e tšoenyang eo ho hlakileng hore e khahlanong le Bokreste.

Pauluse ha aa ka a fana ka litaelo tse qaqileng joalokaha eka o leka ho qapa mehato e rarahaneng. Empa ho hlakile hore baholo ba lokela ho eletsa motho ea sa laoleheng le ho leka ho mo thusa pele. Haeba ba sa atlehe ’me motho eo a tsitlellela ho etsa mekhoa e tšoenyang le eo ho nang le monyetla oa hore e name, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore phutheho e lokela ho lemosoa. Ba ka lokisetsa puo e mabapi le hore na ke hobane’ng ha motho ea joalo ea sa laoleheng a lokela ho qojoa. Ba ke ke ba bolela mabitso, empa puo ea bona e lemosang e tla thusa ho sireletsa phutheho hobane ba arabelang ba tla ba hlokolosi ka ho eketsehileng hore ba khaotse ho ithabisa le mang kapa mang eo ho hlakileng hore o bonahatsa ho se laolehe ho joalo.

Ho na le tšepo ea hore litsela tsa ea sa laoleheng li tla mo hlabisa lihlong ’me a susumelletsehe ho fetoha. Ha baholo le ba bang ka phuthehong ba bona phetoho ena, ka bomong ba ka etsa qeto ea ho boela ba kopanela le eena boithabisong.

Ha re akaretsa taba ena re ka re: Baholo ba phutheho ba etella pele ho faneng ka thuso le keletso haeba ho e-na le ea sa laoleheng. Haeba a sa bone hore tsela ea hae e fosahetse empa a tsoela pele ho ba tšusumetso e mpe, baholo ba ka lemosa phutheho ka puo e hlakisang pono ea Bibele—ebang ke mabapi le ho laetsana le ba sa lumelang, kapa tsela efe kapa efe e sa nepahalang. (1 Bakorinthe 7:39; 2 Bakorinthe 6:14) Bakreste ba phutheho ba lemositsoeng ka tsela eo ka bomong ba ka etsa qeto ea ho khaotsa ho ithabisa ka tsela efe kapa efe le bao ho hlakileng hore ba phehella tsela ea ho se laolehe empa e ntse e le barab’abo rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Segerike le ne le sebelisoa mabapi le masole a neng a sa iphaphathe ka tokisetso kapa a sa mamele taeo, hammoho le liithuti tse neng li lofa sekolo, li sa ee litlelaseng tse ling.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Baholo ba Bakreste ba eletsa ba sa laoleheng leha ho le joalo, ba ba talima e le balumeli-’moho le bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela