Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 9/1 maq. 25-29
  • Jehova e ’Nile ea E-ba Lefika la ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova e ’Nile ea E-ba Lefika la ka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Lelapa la Moea
  • Ho ba Pula-Maliboho ke le Mong
  • Ho Mamella Mahloriso le ho Lelekoa Naheng
  • Keketseho ho sa Tsotellehe Khanyetso
  • Jehova, “Monamoleli”
  • Ho Lekoa Sebōping sa Mollo sa Mahloriso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Khutsana e se Nang Mang oe! e Fumana Ntate ea Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho fa Jehova se mo Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 9/1 maq. 25-29

Jehova e ’Nile ea E-ba Lefika la ka

JOALOKAHA HO BOLETSE EMMANUEL LIONOUDAKIS

’Mè o ile a ncheba ka leihlo le bohale eaba o re ho ’na: “Haeba u khomarela qeto ea hao, joale u tla tlameha hore u tlohe lapeng mona.” Ke ne ke entse qeto ea ho bolela ka ’Muso oa Molimo ka nako e tletseng. Leha ho le joalo, lelapa leso le ne le sitoa ho mamella mahlabisa-lihlong ao le neng le e-ba le ’ona ka hore ebe ke ntse ke tšoaroa khafetsa.

BATSOALI ba ka e ne e le batho ba ikokobelitseng ’me ba tšaba Molimo. Ba ne ba lula motsaneng oa Douliana, karolong e ka bophirimela ea sehlekehleke sa Greece sa Kreta, e leng moo ke hlahetseng teng ka 1908. Ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ba ile ba nthuta ho tšaba le ho hlompha Molimo. Ke ne ke rata Lentsoe la Molimo, le hoja ho ne ho se mohla nkileng ka bona matichere kapa baprista ba Greek Orthodox ba tšoere Bibele.

Ka mor’a hore moahisani a bale meqolo e tšeletseng ea Studies in the Scriptures, ea C. T. Russell, le buka ea The Harp of God, ka cheseho o ile a mpolella se fuperoeng ke Mangolo se elisang kelello. Libuka tseo li ne li hatisitsoe ke Liithuti tsa Bibele, kaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo ka nako eo. Ke ile ka thabela ho fumana Bibele le likopi tsa libuka ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower e Athene. Ke sa hopola ke lutse ho fihlela bosiu ke e-na le moahisani eo, ke rapela Jehova ’me ka khanya ea kerese ke ntse ke e-noa ka matla Mangolong ka thuso ea libuka tseo.

Ke ne ke le lilemo li 20 ’me ke sebetsa ke le tichere sekolong se seng motsaneng o haufi ha ke ne ke qala ho arolela ba bang tsebo ea ka ea Bibele eo ke neng ke sa tsoa e fumana. Kapele, ra qala ho tšoara liboka tsa thuto ea Bibele kamehla re le bane Douliana. Hape re ne re aba lipampitšana, libukana, libuka le Libibele e le hore re thuse batho ba bang ho ithuta ka tšepo feela bakeng sa moloko oa batho, e leng ’Muso oa Molimo.

Ka 1931 re ne re le har’a ba likete lefatšeng ka bophara ba ileng ba amohela lebitso le thehiloeng Bibeleng, Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10) Selemong se latelang, re ile ra etsa phutuho ea phatlalatsa, re hlalosetsa ba boholong lebitso la rōna le lecha le bohlokoa ba lona. Sena se ile sa akarelletsa ho aba bukana e loketseng ho moruti e mong le e mong, moahloli, lepolesa le mohoebi tikolohong ea rōna.

Joalokaha ho ne ho lebeletsoe, baruti ba ile ba hlohlelletsa leqhubu la mahloriso. Ha ke tšoaroa ka lekhetlo la pele, ke ile ka ahloleloa matsatsi a 20 teronkong. Kapele ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka tšoaroa hape ’me ka ahloleloa khoeli e le ’ngoe teronkong. Ha moahloli a laela hore re khaotse boboleli, re ile ra arabela ka mantsoe a Liketso 5:29: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Hamorao, ka 1932, moemeli oa Watch Tower o ile a etela sehlopha sa rōna se senyenyane Douliana, ’me ra kolobetsoa kaofela ha rōna re le bane.

Ho Fumana Lelapa la Moea

Ka lebaka la takatso ea ka ea hore ke kopanele haholoanyane mosebetsing oa boboleli, ke ile ka itokolla mosebetsing oa ka oa botichere. ’Mè o ne a ke ke a mamella seo ho ea pele. O ile a ntaela hore ke tlohe lapeng. Ka tumello ea ofisi ea lekala la Watch Tower e Athene, mor’abo rōna oa Mokreste ea seatla se bulehileng motseng oa Iráklion, Kreta, o ile a nkamohela ka thabo ka tlung ea hae. Kahoo ka August 1933, barab’abo rōna ba tsoang motsaneng oa heso, hammoho le batho ba thahasellang, ba ile ba theohela boemelong ba libese ho tla ntumelisa hore ke tsamaee hantle. Ona e ne e le motsotso o amang maikutlo haholo, ’me kaofela re ile ra lla, kaha re ne re sa kholiseha hore na re tla bonana neng hape.

Ha ke le Iráklion, ke ile ka ba karolo ea lelapa le ratehang la moea. Ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba bang ba bararo ba Bakreste le morali’abo rōna bao re neng re kopana le bona kamehla bakeng sa thuto le borapeli. Ke ile ka iponela ka mahlo phethahatso ea tšepiso ea Jesu: “Ha ho le ea mong ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea se nang ho fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè.” (Mareka 10:29, 30) Kabelo ea ka e ne e le ho bolela motseng oo le metsaneng e haufi le oona. Ka mor’a hore ke akaretse motse oo, ke ile ka tsoela pele ho ea sebetsa metseng e tlas’a tsamaiso ea Iráklion le Lasithion.

Ho ba Pula-Maliboho ke le Mong

Ke ne ke qeta lihora tse ngata ke tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong. Ho feta moo, ke ne ke tlameha ho nka lingoliloeng tse boima ba lik’hilograma tse ’maloa, kaha e ne e se hangata ho romeloang lingoliloeng. Kaha ho ne ho se na moo ke robalang teng, ke ne ke kena moo ho rekisoang kofi motsaneng oo, ebe ke ema ho fihlela motho oa ho qetela ea tl’o reka a tsamaea—hangata e le ka mor’a khitla—ebe ke robala setulong se kang bethe, ’me ke tsohe hoseng haholo letsatsing le latelang pele mong’a sebaka seo a qala ho fana ka lino. Matsetse a mangata a ne a robala le ’na litulong tseo tse kang bethe.

Le hoja ka tloaelo batho ba ne ba arabela ka tsela e sa bontšeng thahasello, ke ne ke thabile hore ebe ke fana ka matla a ka a bocha ho Jehova. Ha ke ne ke fumana motho ea thahasellang ’nete ea Bibele, hoo ho ne ho nchafatsa boikemisetso ba ka ba ho tsoela pele ka tšebeletso ena e bolokang bophelo. Ho kopana le barab’eso ba moea le hona ho ne ho khatholla. Ke ne ke atisa ho ba bona ka mor’a hore ke be sieo ka matsatsi a 20 ho isa ho a 50, ho itšetlehile ka hore na ke ne ke il’o bolela hōle hakae le motse oa Iráklion.

Ke sa hopola hantle kamoo ke neng ke jeoa ke bolutu kateng thapameng e ’ngoe, haholo-holo ha ke nahana hore bara le barali babo rōna ba Bakreste koana Iráklion ba ne ba tla tšoara liboka tsa bona tsa kamehla mantsiboeeng ao. Ke ne ke lakatsa ka matla ho ba bona hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho tsamaea lik’hilomithara tse fetang 25 tse neng li nkarohantse le bona. Ha ho mohla nkileng ka tsamaea ka potlako hakaalo. E ile ea e-ba ho tšelisang hakaakang ho thabela botsoalle bo monate hakaalo le barab’eso mantsiboeeng ao le ho boela ke tlatselletsa phepelo ea ka ea moea!

Ka nako e khutšoanyane, boiteko ba ka bo matla ba ho bolela bo ile ba qala ho beha litholoana. Joaloka mehleng ea baapostola, ‘Jehova o ile a tsoela pele ho re ekeletsa ba ntseng ba pholosoa.’ (Liketso 2:47) Palo ea barapeli ba Jehova e ile ea qala ho eketseha Kreta. Ha ba bang ba ikopanya le ’na tšebeletsong, ha kea ka ka hlola ke sa jeoa ke bolutu. Re ile ra mamella mathata nameng le khanyetso e matla. Letsatsi le letsatsi re ne re e-ja bohobe, boo re neng re bo tlatselletsa ka mahe a mefuta e sa tšoaneng, mehloaare, kapa meroho eo re neng re e fumana ha re fana ka lingoliloeng tse neng li amoheloa ke batho bao re bolelang ho bona.

Motsaneng oa Ierápetra, karolong e ka boroa-bochabela ho Kreta, ke ile ka pakela Minos Kokkinakis, morekisi oa masela. Ho sa tsotellehe boiteko ba ka bo sa khaotseng ba ho qalisa thuto ea Bibele le eena, o ne a e-na le nako e fokolang ka lebaka la mokhoa oa hae oa bophelo o neng o mo phathahantse. Leha ho le joalo, eitse ha a qetella a entse qeto ea hore a tiee ka ho ithuta, o ile a etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. Hape o ile a fetoha ’moleli oa litaba tse molemo ea chesehang ka ho fetisisa le ea mafolofolo. Emmanuel Paterakis, mohiruoa ea lilemo li 18 oa Kokkinakis, o ile a khahloa ke liphetoho tseo, ’me kapele-pele a kōpa lingoliloeng tsa Bibele. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona a tsoela pele moeeng ka tsela e tsitsitseng ’me qetellong e e-ba moromuoa!a

Ho sa le joalo, phutheho koana motsaneng oa heso e ne e ntse e hōla ’me joale e ne e se e e-na le bahoeletsi ba 14. Ha ke sa tla lebala letsatsi leo ka lona ke neng ke fumana lengolo le tsoang ho khaitseli’a ka Despina, le bolelang hore eena le batsoali ba ka ba ne ba amohetse ’nete ’me joale e se e le barapeli ba Jehova ba kolobelitsoeng!

Ho Mamella Mahloriso le ho Lelekoa Naheng

Kereke ea Greek Orthodox e ile ea qala ho talima mosebetsi oa rōna oa boboleli joaloka tlokotsi e bakoang ke litsie tse senyang, ’me e ne e ikemiselitse ho re felisa ka ho feletseng. Ka March 1938, ke ile ka isoa ho moahloli oa sechaba, ea ileng a laela hore ke tlohe sebakeng seo hang-hang. Ke ile ka arabela ka ho re mosebetsi oa rōna oa boboleli ha e le hantle o ruisa molemo ebile o laetsoe ke ea nang le matla a phahameng haholoanyane a ho laela, Morena oa rōna Jesu Kreste.—Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8.

Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka bitsetsoa seteisheneng sa sepolesa sebakeng seo. Ha ke le moo, ke ile ka bolelloa hore ke tsebahalitsoe ke le motho ea kotsi sechabeng, ’me ke ne ke ahloletsoe ho lelekelloa sehlekehlekeng sa Aegean sa Amorgos selemo se le seng. Ka mor’a matsatsi a se makae, ke ile ka kenngoa seketsoaneng se eang sehlekehlekeng seo ke tlanngoe ka lihanaboi. Amorgos ho ne ho se na Lipaki tse ling tsa Jehova. Nahana hore na ke ile ka makala hakaakang, ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ha ke utloa hore Paki e ’ngoe e ne e lelekeletsoe sehlekehlekeng seo! Ebe e ne e le mang? E ne e le Minos Kokkinakis, seithuti sa ka sa Bibele ha ke ne ke le koana Kreta. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke e-na le motsoalle oa moea! Hamorao, ke ile ka ba le tokelo ea ho mo kolobetsa metsing a Amorgos.b

Kapele ka mor’a hore ke khutlele Kreta, ke ile ka boela ka tšoaroa, ’me lekhetlong lena ka lelekelloa motsaneng oa Neapolis o sehlekehlekeng sona seo ka likhoeli tse tšeletseng. Ka mor’a hore ke qete likhoeli tse tšeletseng ke lelekiloe, ke ile ka tšoaroa, ka kenngoa teronkong matsatsi a leshome, ’me ka likhoeli tse ’nè, ka isoa sehlekehlekeng seo ho lelekelloang Makomonisi ho sona. Ke ile ka hlokomela kamoo mantsoe a moapostola Pauluse e leng ’nete kateng: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.”—2 Timothea 3:12.

Keketseho ho sa Tsotellehe Khanyetso

Ha Greece e e-ba tlas’a taolo ea Jeremane lilemong tsa 1940-44, mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa batla o khaotsa. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba ile ba hlophisoa bocha ka potlako Greece, ’me ra qalisa mosebetsi oa rōna oa boboleli bocha. E le ha re leka ho lefeletsa nako e senyehileng, ka mafolofolo le ka cheseho re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa ’Muso.

Joalokaha ho ne ho lebeletsoe, khanyetso ea bolumeli e ile ea tsoha hape. Ka makhetlo a mangata, baruti ba Greek Orthordox ba ne ba inkela molao matsohong. Motsaneng o mong, moruti o ile a hlohlelletsa letšoele hore le re hlasele. Moruti eo ka boeena o ile a qala ho nkotla ha mor’a hae eena a ntse a nkotla a ntlhahile ka morao. Ke ile ka balehela ntlong e haufi bakeng sa ho itšireletsa, ha molekane oa ka mosebetsing oa boboleli eena a ile a huleloa lepatlelong la motse. Ha a le moo, ba letšoeleng leo ba ile ba tabola lingoliloeng tsa hae, ’me mosali e mong ea neng a le mathuleng a ntlo a ntse a hoeletsa, “Mo bolaeeng!” Qetellong ngaka le lepolesa le neng le iphetela ka tsela ba ile ba re thusa.

Hamorao, ka 1952, ke ile ka boela ka tšoaroa, ’me ka ahloleloa ho lelekoa ka likhoeli tse ’nè, tseo ke ileng ka li qeta ke le Kastelli Kissamos, Kreta. Kapele-pele ka mor’a moo, ke ile ka koetlisetsoa ho etela liphutheho le ho li matlafatsa moeeng. Ka mor’a hore ke qete lilemo tse peli ke le mofuteng ona oa mosebetsi oa ho tsamaea, ke ile ka nyala morali’abo rōna e mong oa Mokreste ea tšepahalang, ea bitsoang Despina joaloka khaitseli ea ka, ea ileng a ipaka e le morapeli oa Jehova ea tšepahalang kamehla. Ka mor’a ho chata, ke ile ka abeloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng motsaneng oa Hania, Kreta, moo ke ntseng ke sebeletsa teng.

Nakong ea lilemo tse ka bang 70 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ke akarelitse boholo ba Kreta—sehlekehleke se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 8 300 seo bolelele ba sona bo pharallang ho ea fihla lik’hilomithareng tse 250. Ntho e nthabisitseng ka ho fetisisa e bile ho bona Lipaki tse seng kae sehlekehlekeng sena ka bo-1930 li eketseha ’me e e-ba bahoeletsi ba mafolofolo ba ’Muso oa Molimo ba fetang 1 100 kajeno. Ke leboha Jehova ka ho mpha monyetla oa ho ba le seabo ho thuseng ba bangata ho bona hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete e tsoang Bibeleng le tšepo e babatsehang bakeng sa nako e tlang.

Jehova, “Monamoleli”

Phihlelo e nthutile hore ho hlokahala mamello le ho se fele pelo ho thusa batho hore ba tsebe Molimo oa ’nete. Ka seatla se bulehileng Jehova o fana ka litšoaneleho tsena tse hlokahalang. Nakong ea lilemo tse 67 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ka makhetlo ke ’nile ka nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse: “Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ipuella re le basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella ho hongata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata, ka likotlo, ka lichankana, ka ho hloka taolo, ka mesebetsi, ka ho se robale bosiu, ka linako tsa ho ba ntle ho lijo.” (2 Bakorinthe 6:4, 5) Haholo-holo nakong ea lilemo tse qalang tsa tšebeletso ea ka, boemo ba ka ba lichelete bo ne bo le bobe haholo. Leha ho le joalo, ha ho mohla Jehova a ileng a ntahla le lelapa la ka. O ipakile e le Mothusi ea matla le ea sa fetoheng. (Baheberu 13:5, 6) Kamehla re ne re bona tšehetso ea hae e lerato mosebetsing oa ho bokella linku tsa hae le ho hlokomeleng litlhoko tsa rōna.

Ha ke hetla morao ’me ke bona seo, ka kutloisiso ea moea, lehoatata le thuntse lipalesa, ke ba le kholiseho ea hore mosebetsi oa ka e ne e se oa lefeela. Ke sebelisitse matla a bocha ba ka ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Mosebetsi oa ka tšebeletsong ea nako e tletseng e bile oa bohlokoa ho feta mosebetsi leha e le ofe o mong. Hona joale ha ke se ke tsofetse, ke khothalletsa ba bacha ka pelo eohle hore ba ‘hopole ’Mōpi oa bona e Moholo matsatsing a bocha ba bona.’—Moeklesia 12:1, NW.

Ho sa tsotellehe hore ebe ke na le lilemo tse 91, ke ntse ke khona ho etsa lihora tse fetang tse 120 mosebetsing oa boboleli khoeli le khoeli. Letsatsi le leng le le leng, ke tsoha ka 7:30 hoseng, ebe ke pakela batho seterateng, mabenkeleng kapa lirapeng tsa boikhathollo. Ka karolelano, ke tsamaisa limakasine tse 150 ka khoeli. Hona joale mathata a ho utloa le ho hopola a nthatafalletsa bophelo, empa bara le barali beso ba moea ba lerato—lelapa leso la moea le leholo—hammoho le malapa a barali ba ka ba babeli, ba ipakile e le tšehetso ea sebele ho ’na.

Ka holim’a tsohle, ke ithutile hore ke tšepe Jehova. Ka linako tsohle, o ipakile e le ‘lefika la ka, qhobosheane ea ka le monamoleli oa ka.’—Pesaleme ea 18:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa pale ea bophelo ea Emmanuel Paterakis, bona Molula-Qhooa oa November 1, 1996, leqepheng la 22-7.

b Bakeng sa tlhōlo ea molao mabapi le Minos Kokkinakis, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1993, leqepheng la 27-31. Minos Kokkinakis o hlokahetse ka January 1999.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]

Ka tlaase: ’Na le mosali oa ka; ka ho le letšehali: ka 1927; leqepheng le bapileng le lena: ke na le Minos Kokkinakis (ka ho le letšehali) le Paki e ’ngoe, Acropolis, ka 1939, nakoana ka mor’a hore ke khutle telekong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela