Ho na le ea Hlileng a Tsotellang
BATHO ba likete ba bontša hore ba hlile baa tsotella. Ha ba amohele maikutlo a ho hloka kutloelo-bohloko le a boithati a hore mathata a ba bang ha a ba ame. Ho e-na le hoo, ba etsa sohle seo ba ka se khonang—ka linako tse ling ba bile ba beha le bophelo ba bona kotsing—e le hore ba ka fokotsa mahlomola. Ona ke mosebetsi o moholohali, o rarahantsoeng ke makhotla a matla ao ba ke keng ba a laola.
Maemo a kang meharo, ho qhekella lipolotiking, lintoa le likoluoa tsa tlhaho a ka nyopisa esita le “boiteko ba ho felisa tlala bo etsoang ka tsebo le ka boikemisetso,” ho rialo motho e mong ea sebetsanang le liphallelo. Ho felisa tlala ke bo bong ba mathata a mangata ao batho ba tsotellang ba talimanang le ’ona. Ba boetse ba loantša lintho tse kang boloetse, bofutsana, ho hloka toka le mahlomola a maholohali a bakoang ke ntoa. Empa na baa hlōla?
Motsamaisi ea ka sehloohong oa mokhatlo o mong oa liphallelo o boletse hore ba etsang “boiteko [bo joalo] bo etsoang ka tsebo le boikemisetso” ba ho fokotsa tlala le bohloko ba tšoana le Mosamaria ea bontšang qenehelo ea hlalositsoeng papisong ea Jesu Kreste. (Luka 10:29-37) O boletse hore ho sa tsotellehe hore na ba etsa eng, palo ea bahlaseluoa e ntse e eketseha. Ka hona, o ile a botsa: “Mosamaria ea molemo o lokela ho etsa eng haeba a tsamaea tseleng eona eo letsatsi le letsatsi ka lilemo tse ’maloa ’me a fumana mohlaseluoa e mong oa masholu beke ka ’ngoe a le ka thōko ho tsela?”
Ho ne ho tla ba bonolo hore a inehele ho se hlalosoang e le ‘boloetse bo bolaeang ba mokhathala oa mohlokomeli’ ebe oa tela ka lebaka la ho tsieleha. Ba hlileng ba tsotellang ba rorisoa ka hore ha ba tele. (Bagalata 6:9, 10) Ka mohlala, monna ea ileng a ngolla Jewish Telegraph ea Brithani o ile a babatsa Lipaki tsa Jehova, tse “ileng tsa thusa Bajuda ba likete hore ba pholohe masisa-pelo a Auschwitz,” nakong ea Jeremane ea Bonazi. Mongoli enoa o ile a re: “Ha lijo li ne li fokola, li ne li ngoathelana bohobe le bara le barali babo rōna ba [Bajuda]!” Lipaki li ile tsa tsoela pele ho etsa seo li neng li ka se khona ka matlotlo ao li neng li e-na le ’ona.
Empa, ’nete ke hore ha ho na palo leha e le efe ea mahobe a ngoathelanoang e tla felisa mahlomola a batho ka ho feletseng. Ho hang sena ha sea rereloa ho nyenyefatsa seo batho ba nang le qenehelo ba se entseng. Ketso leha e le efe eo ka ho loketseng e fokotsang mahlomola ea tšoaneleha. Lipaki tseo li ile tsa kokobetsa bohloko ba batšoaruoa-’moho le tsona ho isa bohōleng bo itseng, ’me Bonazi bo ile ba qetella bo felisitsoe. Leha ho le joalo, tsamaiso ea lefatše eo e leng sesosa sa khatello e joalo e ntse e tsoela pele, ’me batho ba sa tsotelleng ba ntse ba ata. Ka sebele, “moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang lithipa, o ja bahlomohi, ho ba felisa lefatšeng, ho felisa le bafumanehi bathong.” (Liproverbia 30:14) Ho ka etsahala hore ebe u ipotsa hore na ke hobane’ng ha sena se etsahala.
Ke Hobane’ng ha ho E-na le Bofutsana le Khatello?
Jesu Kreste o kile a re: “Ka mehla le na le mafutsana, ’me neng kapa neng ha le batla ka mehla le ka a etsetsa molemo.” (Mareka 14:7) Na Jesu o ne a bolela hore bofutsana le khatello li ke ke tsa hlola li fela? Joaloka batho ba bang, na o ne a lumela hore mahlomola a joalo ke karolo ea tokisetso ea Molimo ea ho fa batho ba nang le qenehelo monyetla oa ho bontša hore na ba tsotella hakae? Che! Jesu o ne a sa lumele seo. O ne a mpa a bontša hore bofutsana e ne e tla ba karolo ea bophelo hafeela tsamaiso ena ea lintho e ntse e le teng. Empa le Jesu o ne a tseba sena: E ne e se morero oa tšimolohong oa Ntate oa hae oa leholimo hore ho be le maemo a joalo lefatšeng.
Jehova Molimo o bōpile lefatše hore e be paradeise, eseng sebaka se tletseng bofutsana, ho hloka toka le khatello. O ile a bontša hore na o tsotella lelapa la motho hakae ka ho etsa litokisetso tse babatsehang tse neng li tla tlatsetsa ho thabeleng bophelo. Nahana feela ka lebitso la serapa seo batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba iphumaneng ba le ho sona! Se ne se bitsoa Edene, e leng se bolelang “Thabo.” (Genese 2:8, 9) Jehova ha aa ka a lekanyetsa hore batho ba be le lintho tse hlokahalang feela, hore ba phele tikolohong e bolutu, e tšoenyang. Qetellong ea mosebetsi oa hae oa ho bōpa, Jehova o ile a hlahloba seo a neng a se entse ’me a bolela hore se “molemo haholo.”—Genese 1:31.
Joale, ke hobane’ng ha bofutsana, khatello le lisosa tse ling tsa mahlomola li atile hakaale lefatšeng ka bophara kajeno? Tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale e teng hobane batsoali ba rōna ba pele ba ile ba khetha ho fetohela Molimo. (Genese 3:1-5) Sena se ile sa phahamisa potso ea hore na ho ne ho loketse hore Molimo a batle hore libōpuoa tsa hae li mo mamele. Ka hona, Jehova o lumeletse bana ba Adama nako e lekanyelitsoeng ea bolokolohi. Molimo o ne a ntse a tsotella se etsahaletseng lelapa la motho. O ile a etsa tokisetso ea ho etsolla tšenyo eohle e neng e tla hlahisoa ke ho mo fetohela. ’Me haufinyane haholo, Jehova o tla felisa bofutsana le khatello—ha e le hantle, mahlomola ’ohle.—Baefese 1:8-10.
Bothata bo Phahametseng Tharollo ea Batho
Ho theosa le lilemo tse makholo esale motho a bōptjoa, moloko oa batho o suthetse hōle haholo le litekanyetso tsa Jehova. (Deuteronoma 32:4, 5) Ka ho tsoela pele ba hana melao le melao-motheo ea Molimo, batho ba loantšane, ’me ‘ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Boiteko bohle ba hore ho be le mokhatlo oa batho oo ka sebele o nang le toka, o lokolohileng nthong e ’ngoe le e ’ngoe e hlaselang matšoele a mahlomoleng, bo ’nile ba nyopisoa ke boithati ba ba batlang ho etsa lintho ka tsela ea bona ho e-na le ho ikokobelletsa bobusi ba Molimo.
Ho na le bothata bo bong—boo ba bangata ba ka ’nang ba bo hlokomoloha ka hore ke tumela-khoela e bontšang bothoto. Mohlohlelletsi oa ho fetohela Molimo o ntse a susumelletsa batho bobeng le boithating. Ke Satane Diabolose, ’me Jesu Kreste o ile a mo bitsa “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 14:30; 2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Tšenolong e fuoeng moapostola Johanne, Satane o tsebahatsoa e le mohloli o ka sehloohong oa bomalimabe—eo ka ho khethehileng e leng eena ea ikarabellang bakeng sa ho ‘khelosa lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9-12.
Ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba tsotella batho ba bang hakae, ha ho mohla ba tla khona ho tlosa Satane Diabolose kapa ho fetola tsamaiso ena e tlatsetsang keketsehong e sa khaotseng ea palo ea bahlaseluoa. Joale, ke’ng se hlokahalang bakeng sa ho rarolla mathata a moloko oa batho? Tharollo hase feela hore ho be le e mong ea tsotellang. Ho hlokahala e mong ea ratang ho felisa Satane le tsamaiso eohle ea hae e se nang toka le ea nang le matla a ho etsa joalo.
“Thato ea Hao a e Etsahale . . . Lefatšeng”
Molimo o tšepisa ho felisa tsamaiso ena ea lintho e khopo. Oa rata ebile o na le matla a hlokahalang bakeng sa ho etsa joalo. (Pesaleme ea 147:5, 6; Esaia 40:25-31) Bukeng ea Bible ea boprofeta ea Daniele, ho boletsoe esale pele: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Me ’muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya ’me o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang”—e, ka ho sa feleng. (Daniele 2:44, NW) Jesu Kreste o ne a nahanne ka ’muso ona oa leholimo o tšoarellang le o molemo ha a ne a ruta barutuoa ba hae hore ba kōpe Molimo ka matla thapelong ba re: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.
Jehova o tla araba lithapelo tse joalo hobane o hlile o tsotella lelapa la motho. Ho latela mantsoe a boprofeta a Pesaleme ea 72, Molimo o tla fa Mora oa hae, Jesu Kreste, matla a ho tlisa tokoloho e tšoarellang ho ba futsanehileng, ba mahlomoleng le ba hateletsoeng ba tšehetsang bobusi ba Jesu. Kahoo, mopesaleme ea bululetsoeng o ile a bina: “[Morena oa Bomesia oa Molimo] a ke a ahlole ba hlorileng ba sechaba, a pholose bara ba mofutsana, ’me a silakanye molotsana. . . . O tla lopolla ea futsanehileng ea hooang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, ’me o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, ’me mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:4, 12-14, NW.
Ponong e akarelletsang mehla ea rōna, moapostola Johanne o ile a bona “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” tsamaiso ea lintho e ncha ka ho feletseng e thehiloeng ke Molimo. Ke tlhohonolofatso e kaakang bakeng sa moloko oa batho o mahlomoleng! Ha Johanne a bolela esale pele seo Jehova a neng a tla se etsa o ile a ngola: “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’ Eaba Ea lutseng teroneng o re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape, o re: ‘Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.’”—Tšenolo 21:1-5.
E, re ka lumela mantsoe ana, hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete. Haufinyane Jehova o tla nka bohato ho lokolla lefatše bofutsaneng, tlaleng, khatellong, ho kuleng le ho hlokeng toka hohle. Joalokaha makasine ena e ’nile ea bontša khafetsa ka Mangolo, ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore re phela nakong ea ha litšepiso tsena li tla phethahala. Lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng le haufi! (2 Petrose 3:13) Haufinyane, Jehova o tla “metsa lefu ka ho sa feleng” ’me o tla “hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8, NW.
Ho fihlela seo se etsahala, re ka thabela hore ebe esita le hona joale ho na le batho ba tsotellang e le kannete. Lebaka le leholoanyane la ho thaba ke hore ebe Jehova Molimo ka boeena o hlile oa tsotella. Haufinyane o tla felisa khatello eohle le bohloko.
U ka tšepa litšepiso tsa Jehova ka ho feletseng. Ka sebele mohlanka oa hae Joshua o ile a ho etsa. Ka kholiseho e feletseng, o ile a bolella batho ba Molimo ba boholo-holo: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.” (Joshua 23:14) Ka lebaka leo, le hoja tsamaiso ea hona joale ea lintho e ntse e le teng, u se ke ua lumella hore liteko tseo u ka ’nang ua tlameha ho talimana le tsona li u sithabetse. Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho Jehova, hobane o hlile oa tsotella.—1 Petrose 5:7.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, lefatše le tla lokoloha bofutsaneng, khatellong, ho kuleng le ho hlokeng toka