Na Jehova o Batla Ntho e Boima Haholo ho Rōna?
‘U tsebisitsoe seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.’—MIKEA 6:8.
1. E ka ’na eaba ba bang ha ba sebeletse Jehova ka lebaka lefe?
JEHOVA o na le seo a se batlang ho batho ba hae. Empa ka mor’a ho bala mantsoe a ka holimo joalokaha a qotsitsoe boprofeteng ba Mikea, u ka ’na ua etsa qeto ea hore lintho tseo Molimo a li batlang lia utloahala. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba sebeletse ’Mōpi oa rōna e Moholo, ’me ba bang ba kileng ba mo sebeletsa, ba khaolitse. Hobane’ng? Hobane ba nahana hore Molimo o batla ntho e boima haholo ho rōna. Na ho joalo? Kapa na bothata e ka ’na ea e-ba boikutlo ba motho ka seo Jehova a se batlang? Tlaleho ea histori e re bula likelello tabeng ena.
2. Naamane e ne e le mang, ’me moprofeta oa Jehova o ile a batla hore a etse’ng?
2 Molaoli oa lebotho oa Syria Naamane o ne a hlasetsoe ke lepera, empa o ile a eletsoa hore Iseraele ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova ea neng a ka mo phekola. Kahoo, Naamane le bahlanka ba hae ba ile ba nka leeto la ho ea Iseraele ’me qetellong ba fihla lapeng la moprofeta oa Molimo Elisha. Ho e-na le hore Elisha a tsoe ka tlung ea hae ho ea lumelisa moeti enoa oa hae ea khethehileng, o ile a roma mohlanka oa hae hore a re ho Naamane: “Itlhatsoe hasupa Jordane, ’me nama ea hao e tla boela ho uena e nchafetse, u hloeke.”—2 Marena 5:10.
3. Ke hobane’ng ha qalong Naamane a ile a hana ho etsa seo Jehova a se batlang?
3 Haeba Naamane a ne a ka lumellana le ntho ena ea bohlokoa e boletsoeng ke moprofeta oa Molimo, o ne a tla phekoleha lefu leo le nyonyehang. Ka hona, na Jehova o ne a batla ntho e boima haholo ho eena? Che. Leha ho le joalo, Naamane o ne a sa ikemisetsa ho etsa seo Jehova a se batlang. O ile a ipelaetsa: “Ana Abana le Parpare, linōka tsa Damaseka, ha li ntle ho feta metsi ’ohle a Iseraele na? Ana ke ne nke ke ke ka itlhatsoa teng, ka hloeka na?” Eaba Naamane o tloha a halefile.—2 Marena 5:12.
4, 5. (a) Ho mamela ha Naamane ho ile ha putsoa ka eng, ’me o ile a re’ng ha a fumana moputso? (b) Joale re tla hlahloba eng?
4 Hantle-ntle bothata ba Naamane e ne e le bofe? Hase hore se neng se batloa ho eena se ne se le thata hakaalo hore a se etse. Ka bohlale bahlanka ba Naamane ba ile ba re: “Hojane moprofeta a u laetse ntho e khōlō, ha re re, u ka be u e entse na? Haholo ha a itse ho uena: Ea itlhatsoa, u hloeke.” (2 Marena 5:13) Bothata e ne e le boikutlo ba Naamane. O ne a ikutloa hore ha aa tšoaroa ka tlhompho e mo loketseng le hore ho ne ho batloa hore a etse seo ho bonahalang a ne a nka hore se ke ke sa sebetsa ebile se mo tlosa seriti. Leha ho le joalo, Naamane o ile a amohela keletso ea bahlanka ba hae e fanoeng ka masene eaba o itahlela ka Nōkeng ea Jordane ka makhetlo a supileng. Nahana thabo eo a ileng a e thaba ha ‘nama ea hae e boela e e-ba joalo ka nama ea ngoana e monyenyane, ’me a hloeka’! O ile a tlala teboho. Ho feta moo, Naamane o ile a bolela hore ho tloha ka nako eo ho ea pele, ho ne ho se molimo e mong eo a tla mo rapela haese Jehova feela.—2 Marena 5:14-17.
5 Historing eohle ea motho, Jehova o ’nile a batla hore batho ba latele litaelo tse sa tšoaneng. Re kōpa hore u hlahlobe tse ’maloa tsa tsona. Ha u ntse u li hlahloba, ipotse hore na u ka be u ile ua etsa joang haeba Jehova a ne a batla hore u etse lintho tse joalo. Hamorao, re tla hlahloba hore na Jehova o batla eng ho rōna kajeno.
Seo Jehova a Ileng a se Batla Nakong e Fetileng
6. Ke eng seo ho ileng ha batloa hore batho ba babeli ba pele ba se etse, ’me u ka be u ile ua arabela joang litaelong tse joalo?
6 Jehova o ile a laela batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, hore ba be le bana, ba rene holim’a lefatše ba be ba buse liphoofolo. Monna eo le mosali oa hae ba ne ba boetse ba hlohonolofalitsoe ka lehae le nang le sebaka se seholo se kang serapa sa ho ikhatholla. (Genese 1:27, 28; 2:9-15) Empa ba ne ba behetsoe thibelo. Ba ne ba sa lokela ho ja litholoana tsa sefate se itseng, se le seng feela har’a lifate tse ngata tsa litholoana tse neng li le serapeng sa Edene. (Genese 2:16, 17) Na hoo e ne e le ho batla ntho e boima haholo? Na u ka be u sa ka ua thabela ho phethahatsa kabelo e joalo, u e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng u phela hantle ’meleng? Le haeba moeki a ne a ka itlhahisa serapeng seo, na u ka be u sa ka ua hana mabaka a hae? Hona na u ne u sa tl’o lumela hore Jehova o na le tokelo ea ho beha thibelo e le ’ngoe e bonolo?—Genese 3:1-5.
7. (a) Noe o ile a fuoa kabelo efe, ’me o ile a kopana le khanyetso efe? (b) U talima seo Jehova a ileng a se batla ho Noe joang?
7 Hamorao, Jehova o ile a batla hore Noe a hahe areka e le tsela ea poloko moroallong oa lefatše lohle. Kaha areka eo e ne e le khōlō haholo, mosebetsi oo o ne o se bonolo ’me mohlomong o ne o etsoa har’a bora le litšomo tse ngata. Leha ho le joalo, e bile tokelo e kaakang ho Noe hore a pholose ba ntlo ea hae, ho akarelletsa le liphoofolo tse ngata-ngata tseo a ileng a li pholosa! (Genese 6:1-8, 14-16; Baheberu 11:7; 2 Petrose 2:5) Haeba u ne u filoe kabelo e joalo, na u ka be u ile ua sebetsa ka thata hore u e phethahatse? Kapa u ka be u ile ua etsa qeto ea hore Jehova o batla ntho e boima haholo ho uena?
8. Ke eng seo ho ileng ha batloa hore Abrahama a se etse, ’me ho etsa ha hae se neng se batloa ho ile ha tšoantšetsa eng?
8 Molimo o ile a batla hore Abrahama a etse ntho e thata haholo, ha a re ho eena: “Nka mora oa hao, ea mong ho uena, eo u mo ratang, eena Isaaka; u ee naheng ea Moria, u mo etse teng sehlabelo sa secheso.” (Genese 22:2) Kaha Jehova o ne a tšepisitse hore Isaka ea neng a e-s’o be le ngoana ka nako eo o ne a tla ba le bana, tumelo ea Abrahama matleng a Molimo a ho tsosetsa Isaka bophelong e ile ea lekoa. Ha Abrahama a leka ho etsa Isaka sehlabelo, Molimo o ile a pholosa mohlankana eo. Ketsahalo ena e ile ea tšoantšetsa hore Molimo o ne a tla nyehela Mora oa hae molemong oa batho le hore o ne a tla mo tsosa hamorao.—Genese 17:19; 22:9-18; Johanne 3:16; Liketso 2:23, 24, 29-32; Baheberu 11:17-19.
9. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a sa batle ntho e boima haholo ho Abrahama?
9 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore Jehova Molimo o ne a batla ntho e boima haholo ho Abrahama. Empa na ho joalo? Na ka sebele ke ho hloka lerato hore ’Mōpi oa rōna ea ka tsosang bafu a batle hore re mo mamele le haeba ho etsa joalo ho ka fella ka hore re robale lefung ka nakoana? Jesu Kreste le balateli ba hae ba pele ba ne ba sa nahane joalo. Ba ne ba ikemiselitse ho mamella ho hlekefetsoa ’meleng, esita le lefu ka bolona, e le hore ba etse thato ea Molimo. (Johanne 10:11, 17, 18; Liketso 5:40-42; 21:13) Haeba maemo a ka hloka hore ho be joalo, na u tla ikemisetsa ho etsa ka tsela e tšoanang? Nahana ka lintho tse ling tseo Jehova a ileng a li batla ho ba ileng ba lumela ho ba batho ba hae.
Molao oa Jehova ho Baiseraele
10. Ke bo-mang ba ileng ba tšepisa hore ba tla etsa sohle seo Jehova a se batlang, ’me o ile a ba fa eng?
10 Litloholo tsa Abrahama ka mora oa hae Isaka le setloholo sa hae Jakobo, kapa Iseraele, li ile tsa ata tsa fetoha sechaba sa Iseraele. Jehova o ile a lokolla Baiseraele bokhobeng Egepeta. (Genese 32:28; 46:1-3; 2 Samuele 7:23, 24) Kapele ka mor’a moo, ba ile ba tšepisa hore ba tla etsa sohle seo Molimo a se batlang ho bona. Ba ile ba re: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (Exoda 19:8) Tumellanong le takatso ea Baiseraele ea ho busoa ke eena, Jehova o ile a fa sechaba seo melao e fetang 600, ho akarelletsa le Melao e Leshome. Ha nako e ntse e e-ea, melao ena ea Molimo, e fanoeng ka Moshe, e ile ea tsejoa e le Molao.—Esdrase 7:6; Luka 10:25-27; Johanne 1:17.
11. Morero o mong oa Molao e ne e le eng, hona ke litaelo life tse ling tse ileng tsa sebeletsa ho o phethahatsa?
11 Morero o mong oa Molao e ne e le ho sireletsa Baiseraele ka ho ba fa litaelo tse molemo tse ba laolang litabeng tse kang tsa boitšoaro ba botona le botšehali, litšebelisano tsa khoebo le tlhokomelo ea bana. (Exoda 20:14; Levitike 18:6-18, 22-24; 19:35, 36; Deuteronoma 6:6-9) Ho ile ha fanoa ka melao ea hore na motho a tšoare batho ba bang le liphoofolo joang. (Levitike 19:18; Deuteronoma 22:4, 10) Litaelo tse mabapi le mekete ea selemo le selemo le ho bokana hammoho bakeng sa borapeli li ne li thusa ho sireletsa sechaba moeeng.—Levitike 23:1-43; Deuteronoma 31:10-13.
12. Morero oa mantlha oa Molao e ne e le ofe?
12 Morero oa mantlha oa Molao o ile oa hlalosoa ke moapostola Pauluse, ea ileng a ngola hore: “O ile oa eketsoa ho bonahatsa litlōlo, ho fihlela ho ka fihla peō [Kreste] eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona.” (Bagalata 3:19) Molao o ne o hopotsa Baiseraele hore ha baa phethahala. Kahoo, hoa utloahala hore ba ne ba hloka sehlabelo se phethahetseng se neng se ka tlosa libe tsa bona ka ho feletseng. (Baheberu 10:1-4) Ka hona, Molao o ne o reretsoe ho lokisetsa sechaba hore se amohele Jesu, eo e neng e le Mesia, kapa Kreste. Pauluse o ile a ngola: “Ka lebaka leo Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste, e le hore re ka boleloa re lokile ka lebaka la tumelo.”—Bagalata 3:24.
Na Molao oa Jehova o ne o le Boima
13. (a) Batho ba sa phethahalang ba ne ba talima Molao joang, hona hobane’ng? (b) Na Molao o ne o hlile o le boima?
13 Le hoja Molao o ne o ‘halalela, o lokile, o le molemo,’ ba bangata ba ne ba nka hore o boima. (Baroma 7:12) Kaha Molao o ne o phethahetse, Baiseraele ba ne ba sitoa ho finyella litekanyetso tsa oona tse phahameng. (Pesaleme ea 19:7) Ke ka lebaka leo moapostola Petrose a ileng a o bitsa “joko eo leha e le baholo-holo ba rōna kapa rōna re sa kang ra khona ho e jara.” (Liketso 15:10) Ha e le hantle, Molao ka booona o ne o se boima, ’me ho o mamela ho ne ho tsoela sechaba molemo.
14. Ke mehlala efe e ’maloa e bontšang hore Molao o ile oa sebeletsa morero oa bohlokoa haholo ho Baiseraele?
14 Ka mohlala, tlas’a Molao, lesholu le ne le sa koalloe chankaneng empa le ne le tlameha ho sebetsa hore le lefe habeli kapa ho feta ho lefella seo le neng le se utsoitse. Ka tsela eo, motho ea senyelitsoeng o ne a sa lahleheloe ke letho, leha e le hona hore batho ba sebetsang ka thata ba ne ba imetsoa ka ho tšehetsa tsamaiso ea lichankana. (Exoda 22:1, 3, 4, 7) Lijo tse sa sireletsehang li ne li haneloa. Nama ea kolobe, haeba e sa butsoa hantle, e ka baka lefu la mabele a kolobe, ’me ’mutla o ka baka boloetse ba tularemia. (Levitike 11:4-12) Ka mokhoa o joalo, Molao o ne o sireletsa ka hore o hanele ho tšoaroa ha litopo. Ha motho a ne a ka tšoara setopo, ho ne ho hlokahala hore a itlhatsoe hammoho le liaparo tsa hae. (Levitike 11:31-36; Numere 19:11-22) Mantle a ne a lokela ho epeloa, ho sireletsa batho ho jaleheng ha likokoana-hloko, tseo bo-rasaense ba sa tsoa sibolla boteng ba tsona makholong a morao tjena a lilemo.—Deuteronoma 23:13.
15. Ke eng e bonahetseng e le boima ho Baiseraele?
15 Molao o ne o sa batle ntho e boima haholo ho batho. Empa ho ke ke ha boleloa joalo ka banna ba ileng ba nka karolo ea bahlalosi ba Molao. Mabapi le melao eo ba ileng ba e beha, A Dictionary of the Bible, e hlophisitsoeng ke James Hastings, e re: “Molao o mong le o mong oa Bibele o ne o lika-likelitsoe ka letoto la litaelo tse sa reng letho. . . . Kahoo, ho ne ho etsoa boiteko ba hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e hopoloang e kenngoe Molaong, le hona e le ka mabaka a se nang mohau a hore ho laoloe boitšoaro bohle ba motho ka mekhoa e thata haholo ea tsamaiso eo ho nahanoang hore e molemo. . . . Ho sebetsa ha letsoalo ho ile ha hatelloa; matla a phelang a lentsoe la Molimo a ile a nyopisoa le ho pupetsoa ka litaelo tse sa hlokahaleng.”
16. Jesu o ile a re’ng ka melao le lineano tse boima tsa baeta-pele ba bolumeli?
16 Jesu Kreste o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba neng ba beha litaelo tse ngata, ha a re: “Ba tlama mejaro e boima ’me ba e beha mahetleng a batho, empa bona ka bobona ha ba rate ho e sisinya ka monoana.” (Matheu 23:2, 4) O ile a totobatsa hore litaelo le lineano tsa bona tse boima tse entsoeng ke batho, ho akarelletsa tsa ho itlhoekisa ho feteletseng, li ne li “etsa lentsoe la Molimo lefeela.” (Mareka 7:1-13; Matheu 23:13, 24-26) Leha ho le joalo, le pele Jesu a tla lefatšeng, baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele ba ne ba sotha seo Jehova a neng a hlile a se batla.
Seo Jehova a Hlileng a se Batlang
17. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a khahloa ke linyehelo tsa licheso tsa Baiseraele ba se nang tumelo?
17 Jehova o ile a bolela se latelang ka moprofeta Esaia: “Ke khathetse ke licheso tsa lipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke khahlisoe ke mali a likhomo, le a linku, le a liphooko.” (Esaia 1:10, 11) Ke hobane’ng ha Molimo a ne a sa khahlisoe ke linyehelo tseo a neng a li laetse Molaong? (Levitike 1:1–4:35) Hobane batho ba ne ba mo hlompholla. Ka hona, ba ile ba eletsoa: “Itlhatsoeng, le itlhoekise; tlosang bolotsana ba liketso tsa lōna pel’a mahlo a ka, lesang ho etsa hampe; ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motšoenyehi, le lokisetse likhutsana, le emele nyeoe ea mohlolohali.” (Esaia 1:16, 17) Na see ha se re thuse hore re ananele seo Jehova a se batlang ho bahlanka ba hae?
18. Hantle-ntle Jehova o ne a batla’ng ho Baiseraele?
18 Jesu o ile a bontša seo Molimo a hlileng a se batlang. O ile a etsa sena ha a ne a botsoa: “Taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe Molaong?” Jesu o ile a araba, a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō ka ho fetisisa le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile Molao oohle, le Baprofeta.” (Matheu 22:36-40; Levitike 19:18; Deuteronoma 6:4-6) Moprofeta Moshe le eena o ile a bua ntho e tšoanang ha a botsa: “Jehova, Molimo oa hao, o batla’ng ho uena, ha e se hore u tšabe Jehova, Molimo oa hao, u tsamaee tseleng tsa hae tsohle, u mo rate, ’me u sebeletse Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, u boloke litaelo tsa Jehova, le melao ea hae?”—Deuteronoma 10:12, 13; 15:7, 8.
19. Ke joang Baiseraele ba ileng ba leka hore ba bonahale ba halalela, empa Jehova o ile a re’ng ho bona?
19 Baiseraele ba ne ba batla ho hlaha ba halalela ho sa tsotellehe liphoso tsa bona. Le hoja Molao o ne o batla hore ho itingoe lijo feela ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo, ba ile ba qala ho itima lijo hangata. (Levitike 16:30, 31, NW) Empa Jehova o ile a ba khalemela, a re: “Ho itima lijo hoo ke ho ratang, na hase hore u tlamolle mahlaahlela a bolotsana, u khaole marapo a joko, u lokolle ba etselitsoeng boima, u robe lijoko kaofela na? Na hase hore u abele ea lapileng bohobe ba hao, u amohele mofutsana ea toailang tlung ha hao na? Leha u bona motho ea hlobotseng, u mo apese, u se ke ua ipata pel’a ngoan’eno.”—Esaia 58:3-7.
20. Jesu o ile a khalemella baikaketsi ba bolumeli eng?
20 Baiseraele bao ba baitokafatsi ba ne ba e-na le bothata bo tšoanang le ba baikaketsi ba bolumeli bao Jesu a ileng a re ho bona: “Le fana ka karolo ea leshome ea koena le dille le kumine, empa le hlokomolohile litaba tse tōma haholoanyane tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi. Lintho tsena e ne e le tlamo ho li etsa, empa leha ho le joalo eseng hore ho hlokomolohuoe lintho tse ling.” (Matheu 23:23; Levitike 27:30) Na mantsoe a Jesu ha a hlile ha a re thuse ho ananela hore na Jehova o batla’ng ho rōna?
21. Moprofeta Mikea o ile a akaretsa joang seo Jehova a se batlang le seo a sa se batleng ho rōna?
21 Ho hlakisa seo Jehova a hlileng a se batlang le seo a hlileng a sa se batleng ho rōna, moprofeta oa Molimo Mikea o ile a botsa: “Ke tla khahlanyetsa Jehova ka’ng, ke iname pel’a Molimo o phahameng? Na ke tla mo khahlanyetsa ka licheso le ka manamane a selemo se le seng? Na Jehova o tla khahloa ke pheleu tse likete, ke mashome a likete a linōka tsa ole? A ke tla ntša mora oa ka oa letsibolo bakeng sa bokhopo ba ka, ke ntše ea tsoileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moea oa ka na? Uena motho, u tsebisitsoe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.”—Mikea 6:6-8.
22. Jehova o ne a batla eng ka ho khetheha ho ba tlas’a Molao?
22 Kahoo, ke eng seo Jehova a neng a hlile a se batla ho ba neng ba phela tlas’a Molao? Ho hlakile hore ba ne ba lokela ho rata Jehova Molimo. Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a re: “Molao oohle o ema o phethahetse polelong e le ’ngoe, e reng: ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Bagalata 5:14) Ka mokhoa o joalo, Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Roma: “Ea ratang oa habo o phethahalitse molao. . . . Lerato ke phethahatso ea molao.”—Baroma 13:8-10.
Ha se Boima Haholo
23, 24. (a) Ke hobane’ng ha ho se mohla re lokelang ho imeloa ke ho etsa seo Jehova a se batlang? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong se latelang?
23 Na ha re khahloe ke kamoo Jehova e leng Molimo ea lerato kateng, ea nahanelang le ea lereko? Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notsi, Jesu Kreste, o tlile lefatšeng ho tla totobatsa lerato la Molimo—ho tsebisa batho kamoo e leng ba bohlokoa kateng ho Jehova. Ha Jesu a hlakisa lerato la Molimo, o ile a bolela sena mabapi le lirobele tse fokolang: “Ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše ka ntle le hore Ntate oa lōna a tsebe.” Eaba o phetha ka ho re: “Le se ke la ba le tšabo: le ba bohlokoa haholoanyane ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) Ka sebele, le ka mohla ha rea lokela ho imeloa ke ho etsa eng kapa eng eo Molimo ea lerato hakana a e batlang!
24 Leha ho le joalo, Jehova o batla eng ho rōna kajeno? Hona ke hobane’ng ha ba bang ho bonahala eka ba nahana hore Molimo o batla ntho e boima haholo? Ka ho hlahloba lipotso tsena, re tla bona hore na ke hobane’ng ha e le tokelo e babatsehang ho etsa sohle seo Jehova a se batlang.
Na U ka Araba?
◻ Ke hobane’ng ha ba bang ba ka hana ho sebeletsa Jehova?
◻ Seo Jehova a se batlang se ’nile sa fapa-fapana joang ho theosa le lilemo?
◻ Molao o ile oa phetha merero efe?
◻ Ke hobane’ng ha seo Jehova a se batlang ho rōna se se boima haholo?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Melao e entsoeng ke batho, e kang ea ho itlhoekisa ho feteletseng, e entse hore borapeli bo be boima