Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/1 maq. 3-4
  • 2000—Na ke Selemo se Khethehileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2000—Na ke Selemo se Khethehileng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekete sa Boraro sa Lilemo se Qala Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Selemo sa 2000 ke sa Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1998
  • Nako ea Boraro ea Lilemo Tse Sekete—Na e Tla Phethahatsa Litebello Tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na ke ho Potlaka Kapa ho Lieha Haholo?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/1 maq. 3-4

2000—Na ke Selemo se Khethehileng?

NA HO na le ntho e khethehileng ka selemo sa 2000? Ka kakaretso, batho ba phelang linaheng tsa Bophirimela ba se talima e le selemo sa pele sa sekete sa boraro sa lilemo. Ho etsoa litokisetso tse khethehileng tsa ho se keteka. Ho ntse ho behoa pontšeng lioache tse khōlō tsa motlakase tse tla bala metsotsoana e setseng ho fihlela ha ho qaleha sekete se secha sa lilemo. Ho lokisetsoa Mekete ea Thabo ea tantši ea Bosiu ba Pele ho Selemo se Secha. Likipa tse nang le melaetsa ea ho fela ha lilemo tse ling tse sekete li rekisoa hohle literateng tsa mabenkele a mahaeng hammoho le litsing tsa mabenkele tsa metse e meholo.

Likereke, tse khōlō le tse nyenyane, li tla kopanela meketeng ea thabo e tla nka selemo sohle. Mathoasong a selemo se tlang, ho lebeletsoe hore Mopapa John Paul II a etele Iseraele ho ea etella pele Maroma a K’hatholike ho se ’nileng sa bitsoa “mokete oa jubile ea lilemo tse sekete oa Kereke ea Roma e K’hatholike.” Ho hakanngoa hore bahahlauli ba pakeng tsa limilione tse peli le halofo le tse tšeletseng ba rera ho etela Iseraele, e le barapeli kapa ba isang mahlo feela.

Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba rera ho etela Iseraele? Roger Mok’hadinale Etchegaray, mosebeletsi e mong e moholo oa Vatican, ha a bua lebitsong la mopapa o itse: “Selemo sa 2000 ke mokete oa ho hopola Kreste le bophelo ba hae naheng ena. Kahoo, hoa utloahala hore Mopapa a tle mona.” Selemo sa 2000 se amana joang le Kreste? Ka tloaelo ho nahanoa hore selemo sa 2000 se tšoaea hantle lilemo tse 2 000 ho tloha tsoalong ea Kreste. Empa na ho joalo? Re tla bona.

Selemo sa 2000 ke sa bohlokoa haholoanyane ho litho tsa lihlopha tse ling tsa bolumeli. Li kholisehile hore selemong se tlang kapa nakoana ka mor’a sona, Jesu o tla khutlela Thabeng ea Mehloaare ’me ntoa ea Armagedone, eo buka ea Tšenolo e buang ka eona, e tla loaneloa thoteng ea Megiddo. (Tšenolo 16:14-16) Ka lebaka la ho lebella liketsahalo tsena, baahi ba makholo ba United States ba rekisa matlo a bona le boholo ba thepa ea bona ’me ba fallela Iseraele. Molemong oa ba sitoang ho tloha malapeng a bona, ho tlalehoa hore moevangeli e mong oa United States ea tsebahalang o tšepisitse hore o tla phatlalatsa ho khutla ha Jesu thelevisheneng—ea ’mala!

Linaheng tsa Bophirimela, litokisetso tsa ho amohela sekete sa boraro sa lilemo li ipha matla. Leha ho le joalo, batho ba linaha tse ling ba tsoela pele ka mesebetsi ea bona e tloaelehileng. Batho bana—bao e leng karolo e khōlō ea baahi ba lefatše—ha ba lumele hore Jesu oa Nazaretha e ne e le Mesia. Ebile ha ba hlile ha ba amohele mokhoa oa ho bala nako oa B.C.-A.D.a Ka mohlala, Mamosleme a mangata a sebelisa almanaka ea ’ona, eo ka eona selemo se tlang e tla ba 1420—eseng 2000. Mamosleme a bala lilemo ho tloha nakong eo ka eona moprofeta Muḥammad a ileng a baleha Mecca a ea Medina. Ka kakaretso, lefatšeng ka bophara batho ba sebelisa lialmanaka tse sa tšoaneng tse ka bang 40.

Na selemo sa 2000 se lokela ho bolela se itseng ho Bakreste? Na la 1 January, 2000, e hlile ke letsatsi la bohlokoa bo khethehileng? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mokhoeng oa ho bala nako oa B.C.-A.D., liketsahalo tse etsahetseng pele ho nako e tloaelehileng ea tsoalo ea Jesu ho bontšoa hore ke tsa lilemo tsa “B.C.” (before Christ [pele ho Kreste]); tse etsahetseng ka morao ho bontšoa hore ke tsa lilemo tsa “A.D.” (Anno Domini—“selemong sa Morena oa rōna.”) Leha ho le joalo, litsebi tse ling li khetha ho sebelisa mabitso a sa amaneng le bolumeli ka ho toba “B.C.E.” (before our Common Era [pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna]) le “C.E.” (of our Common Era [ea Mehla e Tloaelehileng ea rōna].)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela