Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/1 maq. 30-31
  • Re Hloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste ba Pele ba Ile ba Rua Molemo ka ho Hlophisoa
  • Re Hloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng Kajeno
  • Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Phutheho e ke e Hahoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ipoloke U Sireletsehile U le Karolo ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae o Hlophisitsoeng Joang?
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/1 maq. 30-31

Re Hloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova

NA U kile ua utloa motho a re: “Ke lumela ho Molimo empa ha ke lumele bolumeling bo hlophisitsoeng ka mekhatlo”? Maikutlo a kang ana a atisa ho boleloa ke batho ba kileng ba chesehela ho ea likerekeng empa ba nyahamisitsoe ke hore malumeli a bona a hlōlehe ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa moea. Le hoja ba nyahamisitsoe ke mekhatlo ea bolumeli ka kakaretso, ba bangata ba hatella hore ba ntse ba batla ho rapela Molimo. Leha ho le joalo, ba lumela hore ho molemo ho mo rapela ka tsela ea bona ho e-na le ho etsa joalo ba ikamahantse le kereke e itseng kapa mokhatlo o itseng o hlophisitsoeng.

Bibele eona e re’ng? Na Molimo o batla hore Bakreste ba ikamahanye le mokhatlo o itseng o hlophisitsoeng?

Bakreste ba Pele ba Ile ba Rua Molemo ka ho Hlophisoa

Ka Pentekonta ea 33 C.E. Jehova ha aa ka a tšollela moea oa hae o halalelang ho balumeli ba ’maloa ba qalikaneng mona le mane, empa o ile a o tšollela ho sehlopha sa banna le basali ba neng ba bokane hammoho “sebakeng se le seng,” kamoreng e ’ngoe e ka holimo motseng oa Jerusalema. (Liketso 2:1) Ka nako eo, ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste, e ileng ea fetoha mokhatlo o hlophisitsoeng oa machaba. Sena e ile ea e-ba mohloli oa thabo ea sebele ho barutuoa bao ba pele. Hobane’ng? Hobane ba ne ba filoe kabelo ea bohlokoa—ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tseo qetellong li neng li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Matheu 24:14) Ka phuthehong, basokolohi ba bacha ba ne ba ka ithuta ho balumeli-’moho le bona ba nang le phihlelo hore na mosebetsi oa boboleli o etsoa joang.

Kapele feela molaetsa oa ’Muso o ile oa phatlalla hōle le marako a Jerusalema. Lipakeng tsa 62 le 64 C.E., moapostola Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakreste ba ‘hasa-hasaneng Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia le Bithynia,’ ’me libaka tsena kaofela li Turkey ea kajeno. (1 Petrose 1:1) Balumeli ba ne ba boetse ba le teng Palestina, Lebanone, Syria, Cyprase, Greece, Kreta le Italy. Joalokaha Pauluse a ile a ngolla Bakolose ka 60-61 C.E., litaba tse molemo li ne li “boleloa pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.

Molemo oa bobeli oa ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng e ne e le oa khothatso eo Bakreste ba neng ba ka e fanana. Ha Bakreste ba kopanela le phutheho, ba ne ba ka utloa lipuo tse susumetsang, ba ithuta Mangolo a Halalelang hammoho, ba phetelana liphihlelo tse tiisang tumelo ba ba ba kopanela le balumeli-’moho le bona thapelong. (1 Bakorinthe khaolo ea 14) ’Me banna ba hōlileng tsebong ba ne ba ka ‘lisa mohlape oa Molimo.’—1 Petrose 5:2.

Joaloka litho tsa phutheho, Bakreste ba ne ba boetse ba tsebana le ho ratana. Ho e-na le hore Bakreste ba pele ba imeloe ke ho kopanela hammoho le phutheho, e ne e ba haha le ho ba matlafatsa.—Liketso 2:42; 14:27; 1 Bakorinthe 14:26; Bakolose 4:15, 16.

Lebaka le leng leo phutheho ea lefatše lohle kapa mokhatlo o hlophisitsoeng, e neng e hlokahala ka lona, e ne e le ho khothalletsa bonngoe. Bakreste ba ile ba ithuta ho ‘bua ka tumellano.’ (1 Bakorinthe 1:10) Sena se ne se hlokahala. Litho tsa phutheho li ne li sa tšoane ka semelo sa thuto le sa bochaba. Li ne li bua lipuo tse sa tšoaneng, ’me ho ne ho totobetse hore botho ba tsona ha bo tšoane. (Liketso 2:1-11) Ka linako tse ling, li ne li fapana ka maikutlo e le kannete. Leha ho le joalo, ka phuthehong Bakreste ba ne ba thusoa ho rarolla ho se tšoane ho joalo ha maikutlo.—Liketso 15:1, 2; Bafilippi 4:2, 3. 

Litaba tse thata tse neng li ke ke tsa rarolloa ke baholo ba sebaka se amehang li ne li isoa ho balebeli ba tsamaeang ba hōlileng tsebong, ba kang Pauluse. Litaba tsa bohlokoa tse amang thuto li ne li isoa ho sehlopha se busang se etellang pele, se neng se le Jerusalema. Qalehong sehlopha se busang se ne se entsoe ka baapostola ba Jesu Kreste empa hamorao se ile sa atolosoa hore se akarelletse banna ba hōlileng ba phutheho ea Jerusalema. Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e elelloa matla a ho laela ao Molimo a a fileng sehlopha sena se busang le baemeli ba sona hore se hlophise tšebeletso, se behe banna litulong tsa tšebeletso le ho etsa liqeto litabeng tsa thuto. Ha sehlopha se busang se ne se rarolotse khang, liphutheho li ne li amohela qeto eo le ho “thabela khothatso eo.”—Liketso 15:1, 2, 28, 30, 31.

Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a sebelisa mokhatlo o hlophisitsoeng lekholong la pele la lilemo. Kajeno teng?

Re Hloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng Kajeno

Joaloka balekane ba tsona ba lekholong la pele la lilemo, Lipaki tsa Jehova li nka ka botebo thōmo eo li e filoeng ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Tsela e ’ngoe eo li phethahatsang mosebetsi ona ka eona ke ka ho aba Libibele le lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele, e leng ho hlokang tlhophiso.

Lingoliloeng tsa Bokreste li lokela ho lokisoa ka hloko, li hlahlojoe hore na li nepahetse, li hatisoe, ebe li romelloa liphuthehong. Ka mor’a moo, Bakreste ka bomong ba lokela ho ithaopela ho isa lingoliloeng tsena ho ba batlang ho li bala. Molaetsa oa ’Muso o fihlile ho ba limilione ka tsela eona ena. Bahoeletsi ba litaba tse molemo ba leka ho etsa mosebetsi oa bona oa ho bolela ka tsela e hlophisehileng, ba tiisa hore ha ho karolo ea tšimo e sebetsoang ho tlōla ha likarolo tse ling tsona li hlokomolohuoa. Sena sohle se hloka tlhophiso.

Kaha “Molimo ha a leeme,” Libibele le lingoliloeng tsa Bibele li lokela ho fetoleloa. (Liketso 10:34) Hona joale, makasine ena e fumaneha ka lipuo tse 132 ’me molekane oa eona, Tsoha!, e hatisoa ka lipuo tse 83. Sena se hloka lihlopha tse hlophisitsoeng hantle tsa bafetoleli lefatšeng ho pota.

Litho tsa phutheho li fumana khothatso ha li e-ba teng libokeng le likopanong tsa Bokreste. Ke moo li utloang teng lipuo tse susumetsang tsa Bibele, moo li ithutang Mangolo hammoho, li phetelanang liphihlelo tse hahang le ho kopanela le barapeli-’moho le tsona thapelong. ’Me joaloka barab’abo tsona ba lekholong la pele la lilemo, li thabela maeto a tiisang tumelo a balebeli ba tsamaeang ba lerato. Kahoo, kajeno Bakreste ke “mohlape o le mong, molisa a le mong.”—Johanne 10:16.

Ke ’nete hore Lipaki tsa Jehova ha lia phethahala, feela joalokaha balekane ba tsona ba nakong e fetileng ba ne ba sa phethahala. Leha ho le joalo, li sebetsa hammoho ka kutloano. Ka lebaka leo, mosebetsi oa tsona oa boboleli ba ’Muso o etsoa lefatšeng lohle.—Liketso 15:36-40; Baefese 4:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Bakreste kajeno ke “mohlape o le mong, molisa a le mong”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela