Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/1 leq. 29
  • Litho Tse Ncha Tsa Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litho Tse Ncha Tsa Sehlopha se Busang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litho Tse Ncha Tsa Sehlopha se Busang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • O ne a “Tseba Tsela”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Setho se Secha sa Sehlopha se Busang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Setho se Secha sa Sehlopha se Busang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/1 leq. 29

Litho Tse Ncha Tsa Sehlopha se Busang

KA Moqebelo oa la 2 October, 1999, Seboka sa Selemo le Selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania se ile sa phethoa ka tsebiso e sa lebelloang. Ba 10 594 ba neng ba le teng ka seqo kapa ba neng ba hokahantsoe ka mehala ea thelefono ba ile ba thabela ho utloa hore ho ekelitsoe litho tse ’nè Sehlopheng se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Litho tsena tse ncha, tseo kaofela e leng Bakreste ba tlotsitsoeng, ke Samuel F. Herd; M. Stephen Lett; Guy H. Pierce; le David H. Splane.

• Samuel Herd o qalile ho bula maliboho ka 1958, ’me ho tloha ka 1965 ho fihlela ka 1997, e ne e le mopotolohi le molebeli oa setereke. Ka mor’a moo, eena le mosali oa hae Gloria, e ’nile ea e-ba litho tsa lelapa la Bethele la United States, moo Mor’abo rōna Herd a neng a sebetsa Lefapheng la Tšebeletso. Hape e ne e le mothusi Komiting ea Tšebeletso.

• Stephen Lett o qalile ho bula maliboho ka December 1966, ’me ho tloha ka 1967 ho fihlela ka 1971, o ne a sebetsa Bethele ea United States. Ka October 1971, o ile a nyala Susan, ’me ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ho tloha ka 1979 ho fihlela ka 1998, e ile ea e-ba molebeli oa potoloho. Ho tloha ka April 1998, eena le Susan e bile litho tsa lelapa la Bethele la United States. O ne a sebetsa Lefapheng la Tšebeletso e le mothusi Komiting e Rutang.

• Guy Pierce o ile a hōlisa bana; ka mor’a moo, eena le mosali oa hae ba qala ho bula maliboho ka April 1982. E ile ea e-ba molebeli oa potoloho ho tloha ka 1986 ho fihlela ka 1997, ha eena le mosali oa hae Penny e e-ba litho tsa lelapa la Bethele ea United States. Mor’abo rōna Pierce e ’nile ea e-ba mothusi Komiting ea Basebetsi.

• David Splane o qalile ho bula maliboho ka September 1963. Kaha o fumane lengolo sehlopheng sa bo42 sa Gileade, e ile ea e-ba moromuoa Senegal, Afrika, eaba ka lilemo tse 19 e ba mopotolohi Canada. Eena le mosali oa hae Linda ba bile Bethele ea United States ho tloha ka 1990, moo Mor’abo rōna Splane a sebelitseng lefapheng la Tšebeletso le le Ngolang. Ho tloha ka 1998, e bile mothusi Komiting e Ngolang.

Ho ekelletsa lithong tsena tse ncha, litho tsa Sehlopha se Busang hona joale ke C. W. Barber, J. E. Barr, M. G. Henschel, G. Lösch, T. Jaracz, K. F. Klein, A. D. Schroeder, L. A. Swingle le D. Sydlik. Bohle re rapela Jehova hore a tsoele pele ho hlohonolofatsa le ho matlafatsa Sehlopha se Busang, seo joale se ekelitsoeng, ha se ntse se okametse mosebetsi oa batho ba Molimo lefatšeng lohle le ho khotsofatsa lithahasello tsa bona tsa moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela