Jehova—Ea Sefutho ho Sebeliseng Matla
“Ka lebaka la bongata ba matla a hae a maholo, kaha o boetse o sefutho ho sebeliseng matla, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—ESAIA 40:26, NW.
1, 2. (a) Kaofela re itšetlehile ka mohloli ofe o bonahalang oa matla? (b) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jehova e le eena Mohloli o ka sehloohong oa matla ’ohle.
MATLA ke ntho eo ba bangata ba rōna ba e nkang habobebe. Ka mohlala, ha re ke be re nahane ka ho teba ka matla a motlakase a re fang khanya le mocheso, kapa ka monate oa ho polaka sesebelisoa leha e le sefe sa motlakase seo ebang re na le sona. Re elelloa feela ha motlakase o tima ka tšohanyetso hore ntle le matla a oona, ha ho letho leo batho ba ka le etsang metseng. Boholo ba motlakase oo re o tšepileng bo hlaha ka tsela e sa tobang mohloling o tšepahalang ka ho fetisisa oa matla a lefatše—e leng letsatsi.a Motsotsoana o mong le o mong, letsatsi lena le ntšang matla le sebelisa lithane tse limilione tse hlano tsa matla a nyutlelie, ’me le fa lefatše matla a phelisang.
2 Matla aa ’ohle a letsatsi a tsoa hokae? Ke mang ea entseng sefehla-matla see sa sepakapaka? Ke Jehova Molimo. Pesaleme ea 74:16 ha e bua ka eena e re: “U entse leseli le letsatsi.” E, Jehova ke Mohloli o ka sehloohong oa matla ’ohle, joalokaha e le eena Mohloli oa lintho tsohle tse phelang. (Pesaleme ea 36:9, NW) Le ka mohla ha rea lokela ho nka matla a hae habobebe. Ka moprofeta Esaia, Jehova o re hopotsa hore re shebe lihloliloeng tsa leholimo, tse kang letsatsi le linaleli, ’me re nahanisise ka hore na li bile teng joang. “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bongata ba matla a hae a maholo, kaha o boetse o sefutho ho sebeliseng matla, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—Esaia 40:26, NW; Jeremia 32:17.
3. Re rua molemo joang tseleng eo Jehova a bonahatsang matla a hae ka eona?
3 Kaha Jehova o sefutho ho sebeliseng matla, re ka kholiseha hore letsatsi le tla tsoela pele ho re fa khanya le mofuthu, e leng tsona tseo bophelo ba rōna bo itšetlehileng ka tsona. Leha ho le joalo, ha rea itšetleha ka matla a Molimo bakeng sa litlhoko tsa rōna tsa nama tsa motheo feela. Ho lopolloa ha rōna sebeng le lefung, tšepo ea rōna ka bokamoso le ho tšepa ha rōna Jehova, kaofela li amana haufi-ufi le tšebeliso ea hae ea matla. (Pesaleme ea 28:6-9; Esaia 50:2) Bibele e tletse mehlala e fanang ka bopaki ba hore Jehova o na le matla a ho bōpa le ho rekolla batho ba hae, ho ba pholosa le ho timetsa lira tsa hae.
Matla a Molimo a Bonahala Pōpong
4. (a) Davida o ile a ameha joang ha a talima maholimo bosiu? (b) Lihloliloeng tsa leholimo li senola eng ka matla a Molimo?
4 Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ‘matla a sa feleng [a ’Mōpi] a lemohuoa ka lintho tseo a li entseng.’ (Baroma 1:20) Lilemong tse makholo pejana, mopesaleme Davida, eo joaloka molisa, e tlamehang ebe o ne a talima maholimo hangata bosiu, o ile a bona bokahohle bo hlollang ka botle le matla a Moetsi oa bona. O ile a ngola: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” (Pesaleme ea 8:3, 4) Ho sa tsotellehe tsebo ea hae e fokolang ka lihloliloeng tsa leholimo, Davida o ne a utloisisa hore ho hang e ne e se motho oa bohlokoa ha a bapisoa le ’Mōpi oa rōna oa bokahohle bo boholohali. Kajeno, litsebi tsa linaleli li tseba ho hongata ka boholo ba bokahohle le matla a etsang hore bo be le bophelo. Ka mohlala, li re bolella hore motsotsoana o mong le o mong, letsatsi la rōna le ntša matla a lekanang le a ho phatloha ha seqhomane sa TNT se boima ba li-megaton tse limilione tse 100 000.b Ke karolo e nyenyane haholo ea matla ao e finyellang lefatšeng; empa matla ao a lekane ho matlafatsa lintho tsohle tse phelang polaneteng ea rōna. Ho ntse ho le joalo, hase hore letsatsi la rōna ke eona naleli e matla ka ho fetisisa leholimong. Linaleli tse ling ka motsotsoana o le mong feela li ntša matla ao letsatsi le a ntšang letsatsi lohle. Joale u ka hla ua inahanela hore na Ea entseng lihloliloeng tse joalo tsa leholimo o na le matla a makae! Ke ka nepo Elihu a ileng a re: “Re ke ke ra finyella ho Ea matla ’ohle; o phahamile ka matla.”—Jobo 37:23.
5. Re fumana bopaki bofe ba matla a Jehova mesebetsing ea hae?
5 Haeba re ‘batlisisa mesebetsi ea Molimo’ joalokaha Davida a ile a etsa, re tla bona bopaki ba matla a hae hohle—moeeng le maqhubung, sea-lumeng le lehalimeng, linōkeng tse khōlō le lithabeng tse khōlōhali. (Pesaleme ea 111:2; Jobo 26:12-14) Ho feta moo, joalokaha Jehova a ile a hopotsa Jobo, liphoofolo li fana ka bopaki ba hore O matla. Har’a tsona ke Behemothe, kapa kubu. Jehova o ile a bolella Jobo: “Matla a eona a lethekeng la eona . . . Masapo a eona a thata a joaloka melamu ea tšepe e teiloeng.” (Jobo 40:15-18, NW) Matla a tšabehang a poho e hlaha le ’ona a ne a tsejoa hantle mehleng ea Bibele, ’me Davida o ile a rapela hore a mpe a sireletsoe ‘molomong oa tau le linakeng tsa lipoho tse hlaha.’—Pesaleme ea 22:21, NW; Jobo 39:9-11.
6. Ka Mangolong poho e tšoantšetsa eng, hona hobane’ng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
6 Ka lebaka la matla a eona, ka Bibeleng poho e sebelisoa bakeng sa ho tšoantšetsa matla a Jehova.c Pono ea moapostola Johanne ea terone ea Jehova e bontša libōpuoa tse phelang tse ’nè, tseo se seng sa tsona se nang le sefahleho se kang sa poho. (Tšenolo 4:6, 7) Ho hlakile hore matla ke e ’ngoe ea litšoaneleho tse ’nè tse ka sehloohong tsa Jehova tse tšoantšetsoang ke likerubime tsena. Tse ling ke lerato, bohlale le toka. Kaha matla ke tšobotsi ea bohlokoa ea botho ba Molimo, kutloisiso e hlakileng ea matla a hae le kamoo a a sebelisang kateng e tla re atametsa haufi le eena le ho re thusa ho etsisa mohlala oa hae ka ho sebelisa hantle matla leha e le afe ao re nang le ’ona.—Baefese 5:1.
“Jehova oa Makhotla, Ea Matla”
7. Re ka kholiseha joang hore botle bo tla hlōla bobe?
7 Ka Mangolong, Jehova o bitsoa “Molimo ea Matla ’Ohle,” e leng tlotla e re hopotsang hore ha rea lokela hore le ka mohla re halale matla a hae kapa ho belaella bokhoni ba hae ba ho hlōla lira tsa hae. (Genese 17:1, NW; Exoda 6:3) Tsamaiso ea lintho e khopo ea Satane e ka ’na ea bonahala e tsitsitse, empa mahlong a Jehova “lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng.” (Esaia 40:15, NW) Ka lebaka la matla a joalo a Molimo, ha ho pelaelo hore botle bo tla hlōla bobe. Nakong ena eo ka eona bokhopo bo atileng, re ka tšelisoa ke ho tseba hore “Jehova oa makhotla, Ea matla oa Iseraele,” o tla felisa bobe ka ho sa feleng.—Esaia 1:24; Pesaleme ea 37:9, 10.
8. Jehova o laola makhotla afe a leholimo, ’me re na le bopaki bofe ba matla a ’ona?
8 Polelo ena “Jehova oa makhotla,” e hlahang ka makhetlo a 285 ka Bibeleng, ke khopotso e ’ngoe ea matla a Molimo. “Makhotla” ao ho buuoang ka ’ona mona ke lebotho la libōpuoa tsa moea tseo Jehova a li laolang. (Pesaleme ea 103:20, 21; 148:2) Ka bosiu bo le bong, lengeloi le le leng feela ho ana le ile la bolaea masole a Assyria a 185 000, a neng a sokela Jerusalema. (2 Marena 19:35) Haeba re lemoha matla a makhotla a leholimo a Jehova, ha ho bonolo hore re tšosoe ke bahanyetsi. Ho fapana le mohlanka oa hae, moprofeta Elisha ha aa ka a tšoenyeha ha a teetsoe hare ke lebotho lohle la ntoa le neng le mo batla, hobane o ne a ka bona ka mahlo a tumelo lebotho le leholo la leholimo le mo tšehelitseng.—2 Marena 6:15-17.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa tšireletso ea Molimo joaloka Jesu?
9 Ka tsela e tšoanang, Jesu o ile a hlokomela tšehetso ea mangeloi ha a tobane le mokhopi o hlometseng ka lisabole le melamu serapeng sa Gethsemane. Ka mor’a hore a bolelle Petrose hore a khutlisetse sabole ea hae sebakeng sa eona, Jesu o ile a mo bolella hore haeba ho hlokahala, O ne a ka ipiletsa ho Ntate oa hae hore a mo fe “lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi.” (Matheu 26:47, 52, 53) Haeba re ananela makhotla a leholimo a tlas’a taolo ea Molimo ka tsela e tšoanang le eo, re tla boela re tšepe ka ho feletseng tšehetso ea Molimo. Moapostola Pauluse o ngotse: “Joale, re tla re’ng linthong tsee? Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna?”—Baroma 8:31.
10. Jehova o sebelisa matla a hae molemong oa bo-mang?
10 Joale, re na le mabaka ’ohle a ho tšepa tšireletso ea Jehova. Kamehla o sebelisa matla a hae hamolemo, esita le ka tsela e lumellanang le litšoaneleho tsa hae tse ling—toka, bohlale le lerato. (Jobo 37:23; Jeremia 10:12) Le hoja batho ba nang le matla ba atisa ho hatakela ba futsanehileng le ba boemong bo tlaase molemong oa bona oa boithati, Jehova eena o “phahamisa ea tlaase lerōleng” ’me o ‘ateloa ke matla a ho pholosa.’ (Pesaleme ea 113:5-7, NW; Esaia 63:1, NW) Joalokaha Maria, ’mè oa Jesu ea neng a ikokobelitse a bile a le bonolo a ile a utloisisa, “Ea matla” o sebelisa matla a hae ka ho hloka boithati molemong oa ba mo tšabang, o kokobetsa ba ikhohomosang ’me o phahamisa ba ikokobelitseng.—Luka 1:46-53.
Jehova o Senolela Bahlanka ba Hae Matla a Hae
11. Baiseraele ba ile ba bona bopaki bofe ba matla a Molimo selemong sa 1513 B.C.E?
11 Ka makhetlo a ’maloa, Jehova o ile a bonahatsa matla a hae ho bahlanka ba hae. Le leng la makhetlo a joalo e bile Thabeng ea Sinai ka 1513 B.C.E. Selemong seo, Baiseraele ba ne ba se ba ile ba bona bopaki bo tsotehang ba matla a Molimo. Likotlo tse leshome tse senyang li ne li senotse letsoho le matla la Jehova le ho hloka matla ha melimo ea Egepeta. Kapele ka mor’a moo, ho tšela Leoatle le Lefubelu ka mohlolo le ho timetsoa ha lebotho la Faro li ile tsa fana ka bopaki bo eketsehileng ba matla a Molimo. Likhoeli tse tharo hamorao, mosikong oa Thaba ea Sinai, Jehova o ile a mema Baiseraele hore e be ‘letlotlo la hae la sebele har’a lichaba tse ling kaofela.’ Bona ba ile ba tšepisa: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (Exoda 19:5, 8) Joale Jehova o ile a fana ka pontšo e hlakileng ea matla a hae. Har’a sea-luma le lehalima le molumo o lerata oa lenaka, mosi o ile oa thunya Thabeng ea Sinai ’me ea thothomela. Batho ba neng ba emeletse thōkoana ba ile ba tšoha. Empa Moshe o ile a ba bolella hore phihlelo eo e lokela ho ba ruta ho ba le tšabo ea bomolimo, tšabo e tla ba susumelletsa hore ba mamele Molimo oa bona a le mong oa ’nete, ea matla ’ohle, Jehova.—Exoda 19:16-19; 20:18-20.
12, 13. Ke maemo afe a ileng a etsa hore Elija a tlohele kabelo ea hae, empa Jehova o ile a mo matlafatsa joang?
12 Ka mor’a lilemo tse makholo a ’maloa, mehleng ea Elija, Thabeng ea Sinai ho ile ha e-ba le pontšo e ’ngoe ea matla a Molimo. Moprofeta eo o ne a se a ile a bona ha matla a Molimo a sebetsa. Ka lilemo tse tharo le halofo, Molimo o ile a “thiba maholimo” ka lebaka la bokoenehi ba sechaba sa Iseraele. (2 Likronike 7:13) Nakong ea komello e ileng ea bakoa ke seo, makhoaba a ile a fepa Elija phuleng ea molapo o phoroselang oa Kerithe, ’me hamorao phofo e fokolang ea mohlolohali le oli li ile tsa eketseha hore a khone ho fumana lijo. Jehova o ile a ba a fa Elija matla a hore a tsose mora oa mohlolohali enoa. Qetellong, tekong e matla ea hore na ke mang eo e leng Molimo Thabeng ea Karmele, mollo o ile oa theoha leholimong ’me oa chesa sehlabelo sa Elija. (1 Marena 17:4-24; 18:36-40) Leha ho le joalo, kapele ka mor’a moo, Elija o ile a tšoha ’me a nyahama ha Jezebele a mo sokela ka hore o tla mo bolaea. (1 Marena 19:1-4) O ile a baleha naheng eo, a nahana hore mosebetsi oa hae oa ho ba moprofeta o felile. E le ho mo kholisa le ho mo matlafatsa, ka mosa Jehova o ile a mo fa pontšo ea matla a bomolimo.
13 Ha Elija a ntse a ipatile ka lehaheng, o ile a bona pontšo e susumetsang tšabo ea mefuta e meraro ea matla ao Jehova a a laolang: sefefo se matla, tšisinyeho ea lefatše, ’me oa ho qetela ea e-ba mollo. Leha ho le joalo, ha Jehova a bua le Elija, o ile a etsa joalo ka “lentsoe le bonolo, le tlaase.” O ile a mo fa mosebetsi o eketsehileng oo a tlamehang ho o etsa ’me a mo tsebisa hore ho ntse ho e-na le barapeli ba Jehova ba tšepahalang ba 7 000 naheng eo. (1 Marena 19:9-18, NW) Haeba ka linako tse ling re ikutloa re nyahame joaloka Elija ka lebaka la ho se behe litholoana tšebeletsong ea rōna, re ka kōpa Jehova ka tieo hore a re fe “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng”—matla a ka re matlafatsang hore re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo re sa phetse.—2 Bakorinthe 4:7.
Matla a Jehova a Tiisa Hore Litšepiso Tsa Hae li Tla Phethahala
14. Lebitso la Jehova le senola eng, ’me matla a hae a amana joang le lebitso la hae?
14 Matla a Jehova a boetse a amana haufi-ufi le lebitso la hae hammoho le ho phethahatsa thato ea hae. Lebitso le ikhethang la Jehova, le bolelang “O Etsa Hore ho be Teng,” le senola hore o iketsa Mophethahatsi oa litšepiso. Ha ho ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ea ka sitisang Molimo ho phethahatsa litšepiso tsa hae, ho sa tsotellehe hore na ba li belaellang ba nka hore li ke ke tsa etsahala hakae. Joalokaha Jesu a kile a bolella baapostola ba hae, “ho Molimo lintho tsohle lia khoneha.”—Matheu 19:26.
15. Abrahama le Sara ba ile ba hopotsoa joang hore ha ho letho le ka sitang Jehova?
15 Ho etsa mohlala, Jehova o kile a tšepisa Abrahama le Sara hore o ne a tla etsa litloholo tsa bona sechaba se seholo. Leha ho le joalo, ba ile ba lula ba se na bana ka lilemo tse ngata. Ka bobeli ba ne ba tsofetse haholo ha Jehova a ba bolella hore tšepiso ea hae e se e le haufi le ho phethahala, ’me Sara o ile a tšeha. Ha lengeloi le arabela le ile la re: “Hleka taba e teng e ka sitang Jehova?” (Genese 12:1-3; 17:4-8; 18:10-14) Ka mor’a lilemo tse makholo a mane, ha Moshe a qetella a phuthile litloholo tsa Abrahama—tseo ka nako eo e neng e le sechaba se seholo—Mahoatateng a Moabe, o ile a li hopotsa hore Molimo o phethahalitse tšepiso ea hae. Moshe o ile a re: “Le tsoela pele ho phela, hobane [Jehova] o ratile baholo-holo ba lōna hoo a khethileng peō ea bona ka mor’a bona ’me a le ntša Egepeta ponong ea hae ka matla a hae a maholo, ho leleka lichaba tse khōlō le tse matla ho le feta ka pel’a lōna, e le hore a le tlise, ho le fa naha ea tsona e le lefa joaloka letsatsing lena.”—Deuteronoma 4:37, 38.
16. Ke hobane’ng ha Basaduse ba ile ba oela phosong ea ho hana hore tsoho ea bafu e tla ba teng?
16 Makholo a lilemo hamorao, Jesu o ile a nyatsa Basaduse ba neng ba sa lumele tsohong ea bafu. Ke hobane’ng ha ba ne ba sa lumele tšepiso ea Molimo ea hore o tla tsosa bafu? Jesu o ile a ba bolella: “Ha le tsebe leha e le Mangolo kapa matla a Molimo.” (Matheu 22:29) Mangolo a re tiisetsa hore ‘bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la Mora oa motho ’me ba tsoe.’ (Johanne 5:27-29) Haeba re tseba seo Bibele e se bolelang ka tsoho, tšepo ea rōna matleng a Molimo e tla re kholisa hore bafu ba tla tsoha. Molimo o “tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; . . . hobane Jehova o boletse.”—Esaia 25:8.
17. Ke letsatsing lefe le tlang leo ka lona ho tšepa Jehova e tla ba habohlokoa ka tsela e ikhethang?
17 Nakong e tlang e haufi, ho tla ba le nako eo ka eona ho tla hlokahala hore e mong le e mong oa rōna ka tsela e ikhethang a tšepe matla a Molimo a pholosang. Satane Diabolose o tla qala ho hlasela batho ba Molimo, bao ho tla bonahala eka ha baa sireletseha. (Ezekiele 38:14-16) Ka nako eo Molimo o tla bonahatsa matla a hae a maholo molemong oa rōna, ’me e mong le e mong o tla tlameha ho tseba hore ke eena Jehova. (Ezekiele 38:21-23) Ena ke nako ea hore re hahe tumelo ea rōna le tšepo ho Molimo ea Matla ’Ohle e le hore re tle re se ke ra thekesela nakong eo ea makhaola-khang.
18. (a) Ke melemo efe eo re e fumanang ka ho nahanisisa ka matla a Jehova? (b) Ke potso efe e tla tšohloa sehloohong se latelang?
18 Ntle ho pelaelo, ho na le mabaka a mangata ao ka ’ona re ka thuisang ka matla a Jehova. Ha re ntse re nahanisisa ka mesebetsi ea hae, re susumelletseha hore ka boikokobetso re rorise ’Mōpi oa rōna e Moholo le ho mo leboha ka hore ebe o sebelisa matla a hae ka tsela e bohlale le e lerato joalo. Ha ho mohla re tla tšaba ha re tšepile Jehova oa makhotla. Tumelo ea rōna litšepisong tsa hae e tla ba e sa thekeseleng. Leha ho le joalo, hopola hore re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo. Ka hona, re boetse re na le matla—le hoja e le a lekanyelitsoeng. Re ka etsisa ’Mōpi oa rōna joang tseleng eo re sebelisang matla a rōna ka eona? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bongata bo na le maikutlo a hore libeso tsa tlhaho tse kang oli le mashala—tseo e leng mohloli o ka sehloohong oa matla liteisheneng tsa ho fehla motlakase—li fumana matla a tsona letsatsing.
b Ka ho fapaneng, bomo e matla ka ho fetisisa ea nyutlelie eo ho kileng ha etsoa teko ka eona e na le matla a seqhomane sa TNT se boima ba li-megaton tse 57.
c Ho ka etsahala hore poho e hlaha eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ke aurochs (urus ka Selatine). Lilemo tse 2000 tse fetileng, liphoofolo tsena li ne li fumanoa Gaul (eo hona joale e leng Fora), ’me Julius Caesar o ile a ngola tlhaloso e latelang ka tsona: “Li-uri tsena li batla li lekana le tlou ka boholo, empa sebōpeho sa tsona, ’mala le ’mele ea tsona ke ea lipoho. Li na le matla a maholo, ’me li lebelo haholo: ha li qenehele motho kapa phoofolo hang ha li mo bona.”
Na U ka Araba Lipotso Tsee?
• Ke joang pōpo e fanang ka bopaki ba matla a Jehova?
• Jehova a ka sebelisa makhotla afe ho tšehetsa batho ba hae?
• Makhetlo a mang ao ka ’ona Jehova a ileng a bonahatsa matla a hae ke afe?
• Re na le bopaki bofe ba hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
“Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee?”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by Malin, © IAC/RGO 1991
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Ho nahanisisa ka lipontšo tsa matla a Jehova ho haha tumelo litšepisong tsa hae