Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 5/1 maq. 8-17
  • Utloa Seo Moea o se Bolelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Utloa Seo Moea o se Bolelang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe”
  • ‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’
  • Ho Tataisoa ke Matsoalo a Rōna
  • Ho Thaba ba Mamelang le ba Utloang
  • Na Letsoalo la Hao le Koetlisitsoe Hantle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Letsoalo la Hao le Bua le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 5/1 maq. 8-17

Utloa Seo Moea o se Bolelang

“Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.”—ESAIA 30:21, NW.

1, 2. Haesale Jehova a ntse a buisana joang le batho ho theosa le histori?

SEHLEKEHLEKENG sa Puerto Rico ho na le mochine o nang le sekotlolo se le seng o moholo ka ho fetisisa lefatšeng le o sibollang liketsahalo tsa sepakapakeng ka potlako e fetisisang. Ka mashome a lilemo, bo-rasaense ba ’nile ba ba le tšepo ea hore ka mochine ona o moholo, ba tla amohela melaetsa e tsoang linthong tse phelang tseo e seng tsa lefatšeng lena. Empa ha ho mohla ho kileng ha amoheloa melaetsa e joalo. Leha ho le joalo, ho fapana le moo, ho na le melaetsa e hlakileng e tsoang sebakeng se ka ntle ho sa batho eo mang kapa mang oa rōna a ka e amohelang ka nako leha e le efe—ntle ho ho sebelisa thepa e rarahaneng. Melaetsa ena e tsoa Mohloling o phahameng haholo ho feta leha e le mang ea tsoang sepakapakeng eo motho a ka mo nahanang. Mohloli oa melaetsa e joalo ke mang, hona e amoheloa ke bo-mang? Melaetsa ee e re’ng?

2 Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa liketsahalo tseo ho tsona melaetsa e tsoang ho Molimo e ileng ea utloahala litsebeng tsa batho. Ka linako tse ling melaetsa ena e ne e tlisoa ke libōpuoa tsa moea tse sebetsang e le manģosa a Molimo. (Genese 22:11, 15; Zakaria 4:4, 5; Luka 1:26-28) Liketsahalong tse tharo, ho ile ha utloahala lentsoe la Jehova ka boeena. (Matheu 3:17; 17:5; Johanne 12:28, 29) Molimo o ile a bua hape ka baprofeta ba batho, ’me ba bangata ba ile ba ngola seo a neng a ba bululetse hore ba se bue. Kajeno, re na le Bibele, e akarelletsang tlaleho e ngotsoeng ea boholo ba melaetsa ena, hammoho le lithuto tsa Jesu le barutuoa ba hae. (Baheberu 1:1, 2) Ka sebele Jehova o ’nile a fetisetsa boitsebiso ho libōpuoa tsa hae tsa batho.

3. Morero oa melaetsa ea Molimo ke ofe, hona ho lebeletsoe eng ho rōna?

3 Melaetsa ena eohle e bululetsoeng e tsoang ho Molimo e senola ho honyenyane feela ka lintho tse bonoang bokahohleng. E lebisa tlhokomelo linthong tsa bohlokoa haholoanyane, tse amang bophelo ba rōna hona joale le nakong e tlang. (Pesaleme ea 19:7-11; 1 Timothea 4:8) Jehova o e sebelisetsa ho re bolella thato ea hae le ho re tataisa. Ke tsela e ’ngoe eo mantsoe ana a moprofeta Esaia a phethahalang ka eona: “Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.” (Esaia 30:21, NW) Jehova ha a re qobelle ho mamela “lentsoe” la hae. Ho ho rōna hore re latele tataiso ea Molimo ’me re tsamaee tseleng ea hae. Ka lebaka leo, Mangolo a re khothalletsa hore re mamele melaetsa e tsoang ho Jehova. Bukeng ea Tšenolo, khothatso ea ho ‘utloa seo moea o se bolelang’ e hlaha ka makhetlo a supileng.—Tšenolo 2:7, 11, 17, 29; 3:6, 13, 22.

4. Na ke ho utloahalang hore kajeno re lebelle hore Molimo a buisane le rōna ka ho toba a le leholimong?

4 Kajeno, Jehova ha a bue le rōna ka ho toba a le sebakeng sa leholimo. Esita le mehleng ea Bibele, melaetsa ena e tsoang matleng a phahametseng tlhaho e ne e rothela, ka linako tse ling e tla ka mor’a makholo a lilemo. Ho theosa le histori, hangata Jehova o ’nile a buisana le batho ba hae ka litsela tse sa tobang. Ho joalo mehleng ea rōna. A re hlahlobeng litsela tse tharo tseo ka tsona Jehova a buisanang le rōna kajeno.

“Lengolo Lohle le Bululetsoe”

5. Kofuto e khōlō ea Jehova ea puisano ke eng kajeno, ’me re ka rua molemo joang ho eona?

5 Kofuto e ka sehloohong ea puisano pakeng tsa Molimo le batho ke Bibele. E bululetsoe ke Molimo, ’me sohle se ka ho eona se ka ba molemo ho rōna. (2 Timothea 3:16) Bibele e tletse mehlala ea batho ba sebele ba ileng ba sebelisa bolokolohi ba bona ho khetha hore na ba tla mamela lentsoe la Jehova kapa che. Mehlala e joalo e re hopotsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mamela seo moea oa Molimo o se bolelang. (1 Bakorinthe 10:11) Bibele e boetse e na le bohlale bo sebetsang, e re fa keletso bakeng sa linako tsa ha re talimane le ho etsa liqeto bophelong. Ho tšoana le ha Molimo a le ka mor’a rōna, a buela mantsoe ana ka litsebeng tsa rōna: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”

6. Ke hobane’ng ha Bibele e phahametse lingoliloeng tse ling tsohle?

6 E le hore re utloe hore na moea o re’ng ka se ka Bibeleng, re lokela ho e bala kamehla. Bibele hase buka feela tjee e ngotsoeng hantle, e ratoang, e ’ngoe ea tse teng kajeno. Bibele e bululetsoe ke moea ’me e fupere mehopolo ea Molimo. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang soule le moea, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.” Ha re bala Bibele, seo e se fupereng se phunyelletsa ka botebo joaloka sabole linthong tse mehopolong ea rōna le tse re susumetsang, e senola hore na bophelo ba rōna bo lumellana hakae le thato ea Molimo.

7. Ke hobane’ng ha ho bala Bibele e le habohlokoa, ’me re khothalletsoa hore re e bale hangata hakae?

7 “Menahano le boikemisetso tsa pelo” li ka fetoha ha nako e ntse e feta le ha re ntse re angoa ke liphihlelo tsa rōna bophelong—tse thabisang le tse bohloko. Haeba re sa ithute Lentsoe la Molimo kamehla, menahano ea rōna, maikutlo le boikutlo ha li sa tla lumellana le melao-motheo ea bomolimo. Kahoo, Bibele ea re eletsa: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo lōna ka bolōna le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Haeba re tla tsoela pele ho utloa seo moea o se bolelang, re lokela ho ela hloko keletso ea ho bala Lentsoe la Molimo kamehla.—Pesaleme ea 1:2.

8. Ke mantsoe afe a moapostola Pauluse a re thusang ho itlhahloba tabeng ea ho bala Bibele?

8 Khopotso ea bohlokoa ho babali ba Bibele ke ena: Lumella nako e lekaneng ea ho tebisa kelellong seo u se balang! Ha re leka ho sebelisa keletso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ha re rate ho iphumana re bala ka potlako likhaolo tse ngata empa re sa utloisise seo re se balang. Leha ho bala Bibele kamehla e le habohlokoa, ha rea lokela ho susumetsoa feela ke ho khema le kemiso e itseng; re lokela ho ba le takatso ea ’nete ea ho ithuta ka Jehova le merero ea hae. Ntlheng ena, ke hantle ha re ka sebelisa mantsoe ana a boitlhahlobo a moapostola Pauluse. Ha a ngolla Bakreste-’moho le eena o ile a re: “Ke khumamela Ntate, e le hore a ka le neha . . . hore Kreste a lule ka tumelo ea lōna lipelong tsa lōna ka lerato; e le hore le ka mela ka metso le ho tsepama motheong, e le hore ka ho phethahetseng le ka khona ho utloisisa kelellong hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo ke eng, le ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo, e le hore le ka tlala botlalo bohle boo Molimo a fanang ka bona.”—Baefese 3:14, 16-19.

9. Ke joang re ka hlaolelang le ho tebisa takatso ea rōna ea ho ithuta ho Jehova?

9 Ke ’nete hore ka tlhaho, ba bang ba rōna ha ba thabele ho bala, ha ba bang ba lapela ho bala. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe litšekamelo tsa rōna ka bomong, re ka hlaolela le ho tebisa takatso ea rōna ea ho ithuta ho Jehova. Moapostola Petrose o hlalositse hore re lokela ho labalabela tsebo ea Bibele, ’me o ile a hlokomela hore takatso e joalo e ka ’na ea tlameha ho hlaoleloa. O ngotse: “Joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe, e le hore ka lona le ka hōlela polokong.” (1 Petrose 2:2) Ho itaea hoa hlokahala e le hore re “hlaolele taba-tabelo” ea ho ithuta Bibele. Feela joalokaha re ka hlaolela lerato la sejo se secha ka mor’a ho se latsoa ka makhetlo a ’maloa, boikutlo ba rōna malebana le ho bala le ho ithuta bo ka ntlafala haeba re itaea hore re latele sena e le mokhoa oa kamehla.

‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’

10. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le entsoe ka bo-mang, ’me Jehova o ba sebelisa joang kajeno?

10 Mocha o mong oo Jehova a o sebelisang ho bua le rōna kajeno o bontšoa ke Jesu ho Matheu 24:45-47. Mono o buile ka phutheho ea Bakreste e tlotsitsoeng ka moea—e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khethetsoeng ho fana ka “lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.” Ha e le batho ka bomong, litho tsa sehlopha sena ke “bahlanka” ba Jesu. Bona, hammoho le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” ba fumana khothatso le tataiso. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Boholo ba lijo tsena tse tlang ka nako e tšoanetseng ke lingoliloeng, tse kang Molula-Qhooa, Tsoha! le lingoliloeng tse ling. Lijo tse ling tsa moea li ajoa e le lipuo le lipontšo likopanong tse khōlō le tse nyenyane le libokeng tsa phutheho.

11. Re bontša joang hore re amohela seo moea o se bolelang ka “lekhoba le tšepahalang le le masene”?

11 Boitsebiso bo fanoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” bo lokiselitsoe ho matlafatsa tumelo ea rōna le ho koetlisa matla a rōna a temoho. (Baheberu 5:14) Keletso e joalo e ka ’na ea hlaha e le e akaretsang e le hore e lumelle e mong le e mong ho itšebelisetsa eona. Nako le nako, re boetse re amohela keletso e sebetsang litšobotsing tse tobileng tsa boitšoaro ba rōna. Re lokela ho ba le boikutlo bofe haeba re mamela e le kannete seo moea o se buang ka sehlopha sa lekhoba? Moapostola Pauluse oa araba: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.” (Baheberu 13:17) Ho ke ke ha latoloa hore bohle ba amehang tokisetsong ena ke batho ba sa phethahalang. Leha ho le joalo, Jehova o thahasella ho sebelisa batho bao e leng bahlanka ba hae, le hoja ba sa phethahala, hore ba re tataise nakong ena ea bofelo.

Ho Tataisoa ke Matsoalo a Rōna

12, 13. (a) Mohloli o mong oa tataiso oo Jehova a re fileng oona ke ofe? (b) Ke tšusumetso efe e ntle eo letsoalo le ka bang le eona le ho batho ba se nang tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo?

12 Jehova o re file mohloli o mong oa tataiso—matsoalo a rōna. O bōpelletse motho le matla a ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. Ke karolo ea tlhaho ea rōna. Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o hlalositse: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ho bona ka bobona. E hlile ke bona ba bontšang boitsebiso ba molao hore bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, pakeng tsa menahano ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.”—Baroma 2:14, 15.

13 Ho ka ’na ha etsahala hore ka tekanyo e itseng, ba bangata ba sa tsebeng Jehova ba lumellanye mehopolo le liketso tsa bona le melao-motheo ea bomolimo ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ho joalokaha eka likelellong tsa bona ba ne ba utloa lentsoe le buelang fatše le ba tataisang ka tsela e nepahetseng. Haeba sena se ka etsahalla ba se nang tsebo e nepahetseng ka Lentsoe la Molimo, lentsoe leo le ka hare le ka bua hakaakang le Bakreste ba ’nete! Ka sebele, letsoalo la Mokreste le hloekisitsoeng ka tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le le sebetsang tumellanong le moea o halalelang oa Jehova le ka fana ka tataiso e ka tšeptjoang.—Baroma 9:1.

14. Letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele le ka re thusa joang ho latela tataiso ea moea oa Jehova?

14 Letsoalo le letle, le koetlisitsoeng ka Bibele, le ka re hopotsa tsela eo moea o batlang hore re tsamaee ka eona. Ka linako tse ling Mangolo kapa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li ka ’na tsa se ke tsa hlalosa ka ho toba boemo bo khethehileng boo re ka ’nang ra iphumana re le ho bona. Leha ho le joalo, matsoalo a rōna a ka ’na a re hlabela mokhosi, a re hlokomelisa ka tsela e ka ’nang ea e-ba kotsi. Ha e le hantle, ho hlokomoloha se boleloang ke matsoalo a rōna maemong a joalo, ho ka ’na ha bolela ho hlokomoloha seo moea oa Jehova o se bolelang. Ka lehlakoreng le leng, ka ho ithuta ho itšetleha ka matsoalo a rōna a koetlisitsoeng a Bokreste, re ka etsa khetho e bohlale le haeba ho se na tataiso e tobileng e ngotsoeng. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore haeba ka ho toba ho sa fanoa ka tekanyetso, molao, kapa taelo, tsa bomolimo, e ka ba ho sa lokelang ho imetsa Bakreste-’moho le rōna ka likahlolo tsa matsoalo a rōna litabeng tseo ho totobetseng hore li ama motho ka mong.—Baroma 14:1-4; Bagalata 6:5.

15, 16. Ke eng e ka sitisang matsoalo a rōna ho sebetsa hantle, ’me re ka thibela seo joang?

15 Letsoalo le hloekileng, le koetlisitsoeng ka Bibele ke mpho e tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:17) Empa re lokela ho sireletsa mpho ena litšusumetsong tse silafatsang e le hore e sebetse hantle joaloka kofuto e re sireletsang boitšoarong. Meetlo, lineano le litloaelo tsa libaka tse sa tšoaneng tse loantšanang le litekanyetso tsa Molimo, haeba li lateloa, li ka sitisa matsoalo a rōna ho sebetsa hantle eaba a hlōleha ho re susumetsa ka tsela e nepahetseng. Re ka ’na ra bonahala re sitoa ho ahlola litaba ka nepo ’me re ka ba ra ithetsa ka ho lumela hore ketso e mpe e hlile e ntle.—Bapisa le Johanne 16:2.

16 Haeba re tsoela pele ho hlokomoloha litemoso tsa matsoalo a rōna, lentsoe la ’ona le tla fokola hanyane ka hanyane ho fihlela re thatafala boitšoarong. Mopesaleme o ne a bua ka batho ba joalo ha a re: “Lipelo tsa bona li fetohile tse hlokang boikutlo feela joaloka mafura.” (Pesaleme ea 119:70, NW) Ba bang ba hlokomolohang tšusumetso ea matsoalo a bona ba felloa ke matla a ho nahana ka tšoanelo. Ha ba sa tataisoa ke melao-motheo ea bomolimo ’me ba sitoa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ho qoba boemo bo joalo, re lokela ho arabela kapele ha matsoalo a rōna a Bokreste a bua le haeba litaba tse amehang li le nyenyane.—Luka 16:10.

Ho Thaba ba Mamelang le ba Utloang

17. Ha re ntse re mamela ‘lentsoe le ka mor’a rōna’ le ho ela hloko matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele, re tla hlohonolofatsoa joang?

17 Ha re ntse re hlaolela mokhoa oa ho mamela ‘lentsoe le ka mor’a rōna’—ha le ntse le bua ka Mangolo le ka lekhoba le tšepahalang le le masene—le ha re ntse re ela hloko likhopotso tsa matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka moea oa hae. Moea o halalelang le oona o tla hōlisa matla a rōna a ho amohela le ho utloisisa seo Jehova a re bolellang sona.

18, 19. Tataiso ea Jehova e ka re ruisa molemo joang tšebeletsong ea rōna le bophelong ba rōna?

18 Moea oa Jehova le oona o tla re fa sebete hore re tobane le maemo a thata ka bohlale le ka sebete. Joaloka tabeng ea baapostola, moea oa Molimo o ka susumetsa matla a likelello tsa rōna le ho re thusa hore kamehla re nke khato le ho bua tumellanong le melao-motheo ea Bibele. (Matheu 10:18-20; Johanne 14:26; Liketso 4:5-8, 13, 31; 15:28) Moea oa Jehova hammoho le boiteko ba rōna ka borōna o tla re atlehisa ha re ntse re etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong, o re fa sebete sa hore re latelle liqeto tseo ho fihlela li phethahala. Ka mohlala, e ka ’na eaba u nahana ho fetola mokhoa oo u phelang ka oona e le hore u be le nako e eketsehileng bakeng sa lintho tsa moea. Kapa mohlomong u talimane le ho etsa khetho ea bohlokoa e tlisang phetoho bophelong, e kang ho khetha molekane oa lenyalo, ho hlahlobisisa mosebetsi oo u o fuoang, kapa ho reka ntlo. Ho e-na le ho lumella maikutlo ao re nang le ’ona joaloka batho hore e be ’ona feela a re susumetsang ha re etsa liqeto, re lokela ho mamela seo moea oa Molimo o se buang ebe re nka khato tumellanong le tataiso ea oona.

19 Ka sebele re ananela likhopotso le likeletso tse mosa tseo re li fumanang ho Bakreste-’moho le rōna, ho kopanyelletsa le baholo. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore kamehla re emele batho ba bang hore ebe bona ba re hlokomelisang litaba. Haeba re tseba tsela e bohlale e ka lateloang le hore na ho hlokahala hore re etse liphetoho life boikutlong le boitšoarong ba rōna e le hore re khahlise Molimo, a re nkeng khato. Jesu o itse: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.”—Johanne 13:17.

20. Ke tlhohonolofatso efe e tlelang ba mamelang ‘lentsoe le ka mor’a bona’?

20 Ho hlakile hore e le hore Bakreste ba tsebe kamoo ba ka khahlisang Molimo kateng, ha ho hlokahale hore ba utloe lentsoe la sebele le tsoang leholimong, kapa hona ho eteloa ke mangeloi. Ba hlohonolofalitsoe ka ho ba le Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le tataiso e lerato e tlang ka sehlopha sa hae se tlotsitsoeng se lefatšeng. Haeba ba le hlokolosi ho utloa ‘lentsoe lena le ka mor’a bona’ ’me ba latela tataiso ea matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele, ba tla atleha ho etsa thato ea Molimo. Joale, ka sebele ba tla bona ha ho phethahala tšepiso ea moapostola Johanne: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

Tlhahlobo e Khutšoanyane

• Ke hobane’ng ha Jehova a buisana le libōpuoa tsa hae tsa batho?

• Re ka rua molemo joang lenaneong la ho bala Bibele kamehla?

• Re lokela ho arabela joang tataisong e tsoang ho sehlopha sa lekhoba?

• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha se boleloang ke letsoalo le koetlisitsoeng ka Bibele?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Motho ha a hloke thepa e rarahaneng hore a amohele melaetsa e tsoang ho Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Arecibo Observatory/David Parker/Science Photo Library

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jehova o bua le rōna ka Bibele le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela