Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 6/1 maq. 26-28
  • ’Mino o Thabisang Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mino o Thabisang Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Mino o sa Khahliseng Molimo
  • Ho Khetha ’Mino ka Bohlale
  • ’Mino le Boinehelo
  • ’Mino o Rorisang Molimo
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Morena Davida le ’Mino
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ho Thabela ’Mino—Senotlolo ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 6/1 maq. 26-28

’Mino o Thabisang Molimo

’Mino o ’nile oa hlalosoa e le “tsebo ea khale ka ho fetisisa le ea tlhaho har’a litsebo tsohle tse ntle.” Joaloka puo, ke mpho e tsotehang e khethollang batho ho liphoofolo. ’Mino o susumetsa maikutlo. O ka natefela tsebe ’me oa salla kelellong. Ka holimo ho tsohle, ’mino o ka thabisa Molimo.

JOALOKAHA Bibele e bontša, Baiseraele e ne e le batho ba tsebang ho bina. Unger’s Bible Dictionary e hlalosa hore ’mino e ne e le “tsebo e hlaheletseng mehleng ea Bibele ea boholo-holo.” ’Mino oa mantsoe le oa liletsa o ne sebelisoa borapeling ba bona e le karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Empa ’mino o neng o tumme ke oa mantsoe.

Morena Davida o ile a khetha baemeli har’a Balevi “bakeng sa ho tsamaisa ’mino” tabernakeleng, pele tempele e hahuoeng ke Solomone, mora oa hae, e khakoloa. (1 Likronike 6:31, 32, NW) Ha areka ea selekane, e emelang boteng ba Jehova, e ne e fihla Jerusalema, Davida o ile a lokisetsa hore Balevi ba bang ba “hopole le ho leboha le ho rorisa Jehova.” Ba ile ba bina thoriso ea bona ka mantsoe ba tsamaisana le ‘liletsa tsa mofuta o likhoele le liharepa le licymbala tse letsetsoang holimo le literompeta.’ Banna bana ba ne ba ‘khethiloe ka mabitso hore ba lebohe Jehova, hobane “mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’—1 Likronike 16:4-6, 41; 25:1.

Mantsoe a k’horase a reng “mosa oa [Jehova] o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang” a hlaha ka makhetlo a mangata bukeng ea Lipesaleme, e leng buka ea Bibele e amahanngoang haufi le ’mino. Ka mohlala, a hlaha karolong ea bobeli ea temana ka ’ngoe ho tse 26 tsa Pesaleme ea 136. Setsebi se seng sa Bibele sea hlokomela: “Bokhutšoanyane ba ’ona bo etsa hore a se ke a tloha melomong ea batho. E mong le e mong, ea a utloileng, a ka a hopola.”

Lihloohoana tsa lipesaleme li bontša tšebeliso e pharaletseng ea liletsa tsa ’mino. Pesaleme ea 150 (NW) e bua ka lenaka, harepa, moropa o monyenyane, phala le licymbala, ho phaella likhoeleng. Leha ho le joalo, ho hlileng ho khahlang haholo ke mantsoe a batho. Temana ea 6 ea khothatsa: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah. Rorisang Jah!”

Kaha ’mino o bontša maikutlo a rōna, mehopolo ea ho ba bofifing mehleng ea Bibele e ne e etsa hore ho binoe koli-ea-malla kapa lithoko. Leha ho le joalo, mokhoa ona oa ho bina, o ne o lekanyelitsoe feela liletseng tsa ’mino tsa Baiseraele. “Ke feela ha ho binoa koli-ea-malla kapa pina ea ho siama moo ho neng ho khethoa lithoko ho e-na le litsoanya kapa ho neng ho binoa ka ho tebisa lentsoe le ho le phahamisa le ho hatisa puo e hloekileng,” e leng kamoo ho hlokomelang Insight on the Scriptures, buka ea boitsebiso ba Bibele.a

Jesu le baapostola ba hae ba tšepahalang ba ile ba binela Jehova lithoriso bosiung ba pele ho lefu la Jesu, ha ho na pelaelo ea hore ba ne ba bina mantsoe a Lipesaleme tsa Hallel. (Pesaleme ea 113-118) E tlameha ebe sena se ile sa matlafatsa barutuoa ba Jesu hakaakang hore ba talimane le tahlehelo ea Monghali oa bona! Ho feta moo, boikemisetso ba bona ba ho lula e le bahlanka ba tšepahalang ba ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng, Jehova, e tlameha ebe bo ile ba e-ba matla le ho feta ha ka makhetlo a mahlano ba ne ba ntse ba bina mantsoe ana a k’horase a reng, “etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 118:1-4, 29, NW.

Bakreste ba pele ba Efese le Kolose ba ile ba bina “lipesaleme le lithoriso ho Molimo” (e leng “lifela” ka ho toba). Ho tsona ba ile ba eketsa ka “lipina tsa moea” tseo ba neng ba li binela ka pelong. (Baefese 5:19; Bakolose 3:16) Ba ne ba sebelisa melomo ea bona ka tsela e nepahetseng ha ba bina le ha ba bua. Na Jesu ha aa ka a bolela hore “molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong”?—Matheu 12:34.

’Mino o sa Khahliseng Molimo

Hase ’mino oohle o boletsoeng ka Bibeleng o neng o khahlisa Molimo. Nahana ka ketsahalo e ileng ea etsahala Thabeng ea Sinai, ha Moshe a ne a amohela Molao, ho akarelletsa le Melao e Leshome. Ha Moshe a theoha thabeng ena, o ile a utloa’ng? O ile a utloa hore “hase molumo oa ho binela ketso e matla,” “hase molumo oa ho binela ho hlōloa,” empa ke “molumo oa ’mino o mong.” Ona e ne e le ’mino o tsamaisanang le borapeli ba litšoantšo, e leng mokhoa o neng o sa thabise Molimo ’me o ileng oa fella ka lefu la libini tse ka bang 3 000.—Exoda 32:18, 25-28, NW.

Le hoja batho ba ka qapa ’mino oa mefuta eohle, ba o letsa le ho o thabela, ha ho itlele feela hore kaofela ha oona o khahlise Molimo. Hobane’ng? Moapostola oa Mokreste Pauluse oa hlalosa: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Lineano tsa bohetene tsa kemolo, thuto ea ho se shoe ha moea oa motho le ho hlompha Maria ka tsela ea borapeli e le “’mè oa Molimo” hangata li hlahella lipineng tse qaptjoang. Empa, mekhoa ena le litumelo tsena li hlompholla Molimo oa ’nete, hobane li khahlanong le se senotsoeng Lentsoeng la hae le bululetsoeng, Bibele.—Deuteronoma 18:10-12; Ezekiele 18:4; Luka 1:35, 38.

Ho Khetha ’Mino ka Bohlale

Ho na le mefuta e mengata ea ’mino eo motho a ka khethang ho eona. Likoahelo tsa li-disc li etselitsoe ho susumelletsa bareki ho reka lik’hasete tsa mefuta ena kaofela ea ’mino. Empa haeba morapeli oa Molimo a lakatsa ho Mo khahlisa, o tla ba hlokolosi ’me a khethe ka bohlale e le hore a qobe ’mino oa mantsoe le oa liletsa oo mohloli oa oona e leng litumelo tsa bolumeli ba bohata kapa o lebisang tlhokomelo boitšoarong bo bobe le bodemoneng.

Albert, ea kileng a sebeletsa e le moromuoa oa Mokreste Afrika, oa lumela hore o ne a e-na le monyetla o monyenyane oa ho bapala piano ha a le moo. Leha ho le joalo, o ne a atisa ho mamela lirekoto tse seng kae tseo a neng a tlile le tsona tse bapalang ’mino nako e telele. Ha a se a khutletse ha habo, joale Albert o etela liphutheho tsa Bokreste e le molebeli ea tsamaeang. O na le nako e fokolang ea hore a mamele ’mino. Oa hlokomela: “Sebini seo ke se ratang haholo ke Beethoven. Ho theosa le lilemo, ke bokeletse lirekoto tsa hae tsa li-symphony, li-concerto, li-sonata, le li-quartet.” Ho li mamela ho mo tliselitse thabo e khōlō. Ho hlakile hore motho ka mong o na le ’mino oo a o ratang, empa joaloka Bakreste re hopola keletso ea Pauluse: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa khanya ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.

’Mino le Boinehelo

Susie o ne a rata ’mino haholo. Oa hlalosa: “Ke qalile ho bapala piano ha ke le lilemo li 6, viole ha ke le lilemo li 10, ’me qetellong ka bapala harepa ha ke le lilemo li 12.” Hamorao Susie o ile a ea Royal College of Music e London, Engelane, ho ea ithuta harepa. O ile a ithuta ka lilemo tse ’nè, a rutoa ke Mosepanishe ea tummeng ka ho bapala harepa ’me ka selemo se seng hape a ithuta Paris Conservatoire, a fumana lengolo la thuto e phahameng ’minong hammoho le lengolo la diploma la ho bapala harepa le ho ruta piano.

Susie o ile a kopanela le phutheho e ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova, London. Ha a le moo, Lipaki li ile tsa mo thahasella le ho mo rata e le kannete. Butle-butle, lerato la hae ho Jehova le ile la hōla, ’me ho chesehela ho mo sebeletsa ho ile ha mo susumelletsa hore a batle litsela tsa ho mo sebeletsa. Sena se ile sa lebisa boinehelong le kolobetsong. Susie oa hlokomela: “Ho ba sebini ke ho phela bophelo ba ho inehela, ka hona, ke ne ke tloaetse bophelo ba boinehelo.” Nako eo a neng a e qeta a bina likonsareteng e ile ea fokotseha ha a ntse a kopanela tšebeletsong ea Bokreste ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka lebaka la ho mamela litaelo tsa Jesu.—Matheu 24:14; Mareka 13:10.

Joale kaha o qeta nako e fokolang feela a bina, o ikutloa joang? Oa lumela: “Ka linako tse ling [ke ikutloa] ke batla ke ferekane kaha ha ke na nako e eketsehileng ea ho ikoetlisa, empa ke ntse ke bapala liletsa tsa ka le ho thabela ’mino. ’Mino ke mpho e tsoang ho Jehova. Hona joale ke o thabela haholoanyane kaha ke etelelitse tšebeletso ea hae pele bophelong ba ka.”—Matheu 6:33.

’Mino o Rorisang Molimo

Albert le Susie hammoho le Lipaki tsa Jehova tse ling tse ka bang limilione li tšeletseng kamehla ba rorisa Jehova Molimo ka ’mino. Libokeng tsa phutheho tsa Bokreste tse tšoareloang Liholong tsa ’Muso linaheng tse 234, moo ho khonehang, liboka tsena li qalisoa le ho phethoa ka ho binela Jehova lipina. Ka molumo o phahameng le o tebileng, ho binoa ka mantsoe ’mino o monate o thehiloeng Mangolong o rorisang Jehova Molimo.

Bohle ba leng teng ba phahamisa mantsoe a bona ha ba bina ka mofuthu hore Jehova ke Molimo ea tsotellang (Pina ea 44). Ba bina pina ea thoriso ho Jehova (Pina ea 190). Lipina tsa bona li bontša thabo le boikarabelo ba mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste, bophelo ba Bokreste le litšoaneleho tsa Bokreste. Se eketsang thabo ea bona ke motsoako oa mefuta ea ’mino oo Lipaki tsa Asia, Australia, Europe le Amerika Leboea le Boroa li o sebelisitseng ha li qapa ’mino.b

“Binelang Jehova pina e ncha. Binelang Jehova, lōna batho bohle ba lefatše. Binelang Jehova, le boke lebitso la hae,” ke mantsoe a qalang a pina ea sechaba e ngotsoeng mehleng ea mopesaleme. “Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae. Bolelang khanya ea hae har’a lichaba, le bolele mesebetsi ea hae e hlollang har’a batho bohle.” (Pesaleme ea 96:1-3, NW) Sena ke seo Lipaki tsa Jehova li se etsang sebakeng sa heno, ’me li u memela ho kopanela ho bineng thoriso ena. U tla amoheloa Liholong tsa tsona tsa ’Muso, moo u ka ithutang tsela ea ho rorisa Jehova ka ’mino o mo khahlisang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Lipina tsena li ka bukeng ea Binelang Jehova Lithoriso, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ho binela Jehova lithoriso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela