Ho Jala Peō ea ’Nete ea ’Muso
“Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane.”—MOEKLESIA 11:6, NW.
1. Bakreste ba jala peō ka kutloisiso efe kajeno?
TEMO e ne e phetha karolo ea bohlokoa sechabeng sa Baheberu ba boholo-holo. Ke ka lebaka leo Jesu, ea phetseng Naheng e Tšepisitsoeng bophelo bohle ba hae ha e ne e le motho oa nama, a kenyellelitseng lihlooho tse buang ka temo lipapisong tsa hae. Ka mohlala, o ile a tšoantša ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho jaloa ha peō. (Matheu 13:1-9, 18-23; Luka 8:5-15) Ho fihlela kajeno, ebang re phela sechabeng se phelang ka temo kapa che, ho jala peō ea moea ka tsela ena ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Bakreste ba o etsang.
2. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela ke oa bohlokoa hakae, ’me ke lintho life tse ling tse etsoang kajeno ho o phetha?
2 Ke tokelo e khōlō ho kopanela mosebetsing oa ho jala ’nete ea Bibele nakong ena ea bofelo. Baroma 10:14, 15 e hlalosa bohlokoa ba mosebetsi ona hantle, ha e re: “Ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang? Hape, ba tla bolela joang ntle leha ba romiloe? Feela joalokaha ho ngoliloe: ‘A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!’” Hona joale ke habohlokoa ho feta neng kapa neng ho tsoela pele re e-na le boikutlo bo botle ha re phethahatsa thōmo ena eo Molimo a re fileng eona. Ka lebaka leo, Lipaki tsa Jehova li tšoarehile haholo ho hatiseng le ho abeng Libibele le libuka tse thusang ho ithuta Bibele tse ngotsoeng ka lipuo tse 340. Ho hlophisa thepa ena ho hloka baithaopi ba fetang 18 000 ntlo-khōlō ea tsona le liofising tsa makala tse linaheng tse sa tšoaneng. Lefatšeng lohle, ke Lipaki tse ka bang limilione tse tšeletseng tse kopanelang ho abeng lingoliloeng tsena tsa Bibele.
3. Ho finyelloa eng ka ho jala ’nete ea ’Muso?
3 Litholoana tsa mosebetsi oo o boima ke life? Joaloka mehleng e qalang ea Bokreste, ba bangata kajeno ba amohela ’nete. (Liketso 2:41, 46, 47) Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ho feta palo ena e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso ba sa tsoa kolobetsoa ke ’nete ea hore bopaki bona bo boholo bo tlatsetsa khalaletsong ea lebitso la Jehova le ho tiiseng hore ke eena feela Molimo oa ’nete. (Matheu 6:9) Ho feta moo, ho tseba Lentsoe la Molimo ho ntlafatsa bophelo ba ba bangata ’me ho ka etsa hore ba bolokehe.—Liketso 13:47.
4. Baapostola ba ne ba ameha hakae ka batho bao ba neng ba ba bolella evangeli?
4 Baapostola ba ne ba elelloa ka botlalo hore litaba tse molemo ke tsa bohlokoa hoo li phelisang, ’me ba ne ba ameha ka matla ka bao ba neng ba ba bolella evangeli. Sena se hlakisoa ke mantsoe a moapostola Pauluse, ha a ne a ngola, a re: “Re e-na le boikutlo bo bonolo bakeng sa lōna, re ile ra khahloa haholo ho le fa, eseng feela litaba tse molemo tsa Molimo, empa le lisoule tsa rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.” (1 Bathesalonika 2:8) Ha Pauluse le baapostola ba bang ba ne ba bontša kameho ea ’nete joalo ho batho, ba ne ba etsisa Jesu le mangeloi a leholimo, ba amehileng haholo mosebetsing ona o pholosang bophelo. A re hlahlobeng karolo ea bohlokoa e phethoang ke bahlanka bana ba leholimo ba Molimo ho jaleng ’nete ea ’Muso, re be re bone kamoo mohlala oa bona o re khothalletsang kateng ho phetha karolo ea rōna.
Jesu—Mojali oa ’Nete ea ’Muso
5. Jesu o ile a tšoareha haholo ka mosebetsi ofe ha a le lefatšeng?
5 Jesu, motho ea phethahetseng, o ne a e-na le matla a ho fana ka lintho tse ngata tse molemo tse bonahalang ho batho ba mehleng ea hae. Ka mohlala, a ka be a ile a felisa maikutlo a mangata a sa nepahalang a neng a le teng litabeng tsa bongaka mehleng ea hae, kapa a ka be a ile a ntšetsa pele kutloisiso ea motho mafapheng a mang a saense. Leha ho le joalo, o ile a totobatsa hantle qalong ea bosebeletsi ba hae hore o rōmiloe hore a tl’o bolela litaba tse molemo. (Luka 4:17-21) Ho elella qetellong ea bosebeletsi ba hae, o ile a hlalosa: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Kahoo o ile a tšoareha ka ho jala peō ea ’nete ea ’Muso. Ho ruta batho ba mehleng ea hae ka Molimo le merero ea Hae e ne e le habohlokoa ho feta thuto leha e le efe eo Jesu a ka beng a ba file eona.—Baroma 11:33-36.
6, 7. (a) Jesu o ile a itlama ka eng e babatsehang pele a nyolohela leholimong, ’me o e phetha joang? (b) Boikutlo ba Jesu mabapi le mosebetsi oa boboleli bo u ama joang ka bouena?
6 Jesu o ne a ipitsa Mojali oa ’nete ea ’Muso. (Johanne 4:35-38) O ne a jala peō ea litaba tse molemo ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. Esita leha a e-shoa thupeng, o ile a bolela litaba tse molemo tse mabapi le paradeise ea lefatšeng ea nakong e tlang. (Luka 23:43) Ho feta moo, kameho ea hae e matla ka hore litaba tse molemo li boleloe ha ea ka ea felisoa ke lefu la hae thupeng ea tlhokofatso. Pele a nyolohela leholimong, o ile a laela baapostola hore ba tsoele pele ho jala peō ea ’nete ea ’Muso le hore ba etse barutuoa. Ka mor’a moo Jesu o ile a etsa tšepiso e tsotehang. O ile a re: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:19, 20.
7 Ka mantsoe ana Jesu o ile a itlama hore o tla tšehetsa, a tsamaise le ho sireletsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Ho tla fihlela mehleng ea rōna, Jesu o ntse a thahasella mosebetsi oa ho bolela evangeli. Ke eena Moeta-pele oa rōna, ea ikarabellang ho jaloeng ha ’nete ea ’Muso. (Matheu 23:10) E le hlooho ea phutheho ea Bokreste, o ikarabella ka pel’a Jehova ka mosebetsi ona oa lefatše ka bophara.—Baefese 1:22, 23; Bakolose 1:18.
Mangeloi a Bolela Litaba Tse Nyakallisang
8, 9. (a) Mangeloi a bontšitse thahasello ea ’nete joang litabeng tsa batho? (b) Ke ka kutloisiso efe ho ka thoeng ho mangeloi re sebonoang ka lebaleng la liketsahalo?
8 Ha Jehova a ne a bōpa lefatše, mangeloi ‘a ile a ntša mehoo ea thabo, ’me a bina ka nyakallo.’ (Jobo 38:4-7) Haesale ho tloha ka nako eo, libōpuoa tsena tsa leholimo li bontšitse thahasello e matla litabeng tsa batho. Jehova o a sebelisitse ho fetisetsa liphatlalatso tsa bomolimo ho batho. (Pesaleme ea 103:20) Sena ke ’nete ka ho khethehileng mabapi le ho jaloa ha litaba tse molemo mehleng ea rōna. Tšenolong eo a ileng a e nehoa, moapostola Johanne o ile a bona “lengeloi le fofa sebakeng” le e-na le “litaba tse molemo tse sa feleng ho li bolela e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le sehlopha se seng le se seng sa batho, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.’ ”—Tšenolo 14:6, 7.
9 Bibele e bitsa mangeloi “meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko.” (Baheberu 1:14) Ha mangeloi ka cheseho a phetha mesebetsi eo a e abetsoeng, a na le monyetla oa ho re bona le ho bona mosebetsi oa rōna. Joalokaha eka re sethaleng se bonahalang hantle sa lebala la liketsahalo, re phetha mosebetsi oa rōna ka pel’a bashebelli ba leholimo. (1 Bakorinthe 4:9) Ke ho hlasimollang le ho thabisang hakaakang ho tseba hore ha re sebetse re le bang re le bajali ba ’nete ea ’Muso!
Re Phetha Karolo ea Rōna ka Cheseho
10. Keletso e sebetsang e ho Moeklesia 11:6 e ka sebelisoa joang mosebetsing oa rōna oa ho bolela evangeli?
10 Ke hobane’ng ha Jesu le mangeloi ba thahasella mosebetsi oa rōna hakaale-kaale? Jesu o fane ka lebaka le leng ha a ne a re: “Kea le bolella, thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.” (Luka 15:10) Le rōna re na le thahasello eo ea ’nete bathong. Kahoo, re etsa se molemohali ho jala peō ea ’nete ea ’Muso hohle. Mantsoe a Moeklesia 11:6 (NW) a ka sebelisoa mosebetsing oa rōna. Teng Bibele ea re eletsa: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” Ke ’nete hore bakeng sa motho e mong le e mong ea amohelang molaetsa oa rōna ho ka ’na ha e-ba le ba makholo esita le bona ba likete ba o hanang. Empa joaloka mangeloi, rea thaba ha “moetsalibe” leha a le mong feela a amohela molaetsa oa poloko.
11. Tšebeliso ea libuka tse thehiloeng Bibeleng e ka atleha hakae?
11 Ho ameha ho hongata ho boleleng litaba tse molemo. Thuso e ’ngoe ea bohlokoa mosebetsing ona ke boitsebiso bo hatisitsoeng bo thehiloeng Bibeleng bo sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova. Mabakeng a mang, libuka tsena li boetse li tšoana le peō e jaloang hohle. Ha re tsebe hore na li tla atleha hokae. Ka linako tse ling buka e ka ’na ea feta matsohong a batho ba sa tšoaneng pele ho e-ba le motho ea e balang. Mabakeng a mang Jesu le mangeloi ba ka ba ba tsamaisa liketsahalo ho etsa hore ho be joalo molemong oa ba lipelo li lokileng. Nahana ka liphihlelo tse ling tse bontšang kamoo Jehova a ka etsang hore ho be le liphello tse sa lebelloang le tse babatsehang a sebelisa lingoliloeng tse sietsoeng batho.
Mosebetsi oa Molimo oa ’Nete
12. Makasine e ’ngoe ea khale e ile ea sebetsa joang ho thuseng lelapa le leng hore le tsebe Jehova?
12 Ka 1953, Robert, Lila le bana ba bona ba ile ba falla motseng o moholo ba ea ntlong ea khale ea polasi mathōkong a Pennsylvania, U.S.A. Nakoana ka mor’a hore ba falle, Robert o ile a etsa qeto ea ho etsa ntlo ea ho hlapela ka tlas’a litepisi tse hahelletsoeng ka tlung. Ka mor’a ho tlosa mapolanka a mangata, o ile a sibolla hore ka mor’a lebota, litoeba li ne li bokelletse lipampiri tse khabetsoeng, makhapetla a matokomane le matlakala a mang. Har’a lintho tseo kaofela, ho ne ho e-na le kopi ea makasine ea The Golden Age. Robert o ile a thahasella haholo sehlooho se neng se bua ka taba ea ho hōlisa bana. O ile a khahloa haholo ke tataiso e hlakileng, e thehiloeng Bibeleng e fanoeng makasineng eo hoo a ileng a bolella Lila hore ba tla kena “bolumeli ba The Golden Age.” Ka mor’a libeke tse seng kae feela, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tla lapeng ha bona, empa Robert o ile a li bolella hore lelapa le thahasella feela “bolumeli ba The Golden Age.” Lipaki li ile tsa hlalosa hore The Golden Age e se e e-na le lebitso le lecha la Awake! Robert le Lila ba ile ba qala ho ithuta Bibele kamehla le Lipaki, ’me qetellong ba ile ba kolobetsoa. Ka mor’a moo, ba ile ba jala peō ea ’nete baneng ba bona ’me ba kotula haholo. Kajeno, litho tse fetang 20 tsa lelapa lena, ho akarelletsa le bana bohle ba supileng ba Robert le Lila, ke bahlanka ba Jehova Molimo ba kolobelitsoeng.
13. Ke eng e ileng ea susumelletsa banyalani ba bang ba Puerto Rico ho hlaolela thahasello Bibeleng?
13 Lilemong tse fetileng tse ka bang 40, William le Ada, banyalani ba bang ba Puerto Rico, ba ne ba sa thahaselle ho ithuta Bibele. Neng kapa neng ha Lipaki tsa Jehova li ne li kokota ha bona, ba ne ba etsa eka ha ba eo lapeng. Ka letsatsi le leng William o ile a ea moo ho rekisoang lintho tseo beng ba tsona ba seng ba sa li hloke ho ea reka ntho eo a neng a e hloka ho ea lokisa ho hong lapeng. Ha a tloha, o ile a bona buka e botala bo bosehla ka nthong e khōlō e tšelang matlakala. E ne e le buka ea Religion, e neng e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova khale koana ka 1940. William o ile a nka buka ena a ea le eona hae ’me a thabela ho bala ka phapang e teng pakeng tsa bolumeli ba bohata le ba ’nete. Ka lekhetlo le latelang ha Lipaki tsa Jehova li fihla, William le Ada ba ile ba mamela ka thabo molaetsa oa tsona ’me ba qala ho ithuta Bibele le tsona. Likhoeli tse seng kae hamorao ba ile ba kolobetsoa Kopanong ea Machaba ea Thato ea Molimo ka 1958. Ho tloha ka nako eo ba thusitse batho ba fetang 50 hore ba fetohe karolo ea mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa Bokreste.
14. Joalokaha ho bontšoa ka phihlelo e ’ngoe, lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng li na le matla afe?
14 Karl o ne a le lilemo li 11 feela ’me e le ngoana ea batlang a khathatsa. Eena o ne a bona eka ha a tsoe likhathatsong. Ntat’ae, eo e neng e le ’moleli oa Methodiste ea Jeremane, o ne a mo rutile hore batho ba babe ba cha liheleng ka mor’a lefu. Ka lebaka leo, Karl o ne a tšaba lihele haholo. Ka letsatsi le leng ka 1917, Karl o ile a bona pampitšana e nang le molaetsa seterateng eaba oa e thonaka. Ha a e bala, mahlo a hae a ile a tsepama potsong ena: “Lihele ke Eng?” Pampiri ena e ne e le memo ea ho ea puong ea phatlalatsa e buang ka taba ea lihele, e neng e phatlalatsoa ke Liithuti tsa Bibele, tse tsejoang e le Lipaki tsa Jehova hona joale. Hoo e ka bang selemo hamorao, Karl o ile a kolobetsoa ka mor’a ho tšoareloa thuto ea Bibele ka makhetlo a mangata, kahoo ea e-ba e mong oa Liithuti tsa Bibele. Ka 1925 o ile a memeloa ho ea sebetsa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova—moo a ntseng a sebetsa teng. Mosebetsi oa Bokreste o nkileng lilemo tse fetang mashome a robeli o qalile ka pampitšana e neng e le seterateng.
15. Ke eng eo Jehova a ka e etsang kamoo a bonang ho loketse?
15 Ke ’nete hore ha ho matleng a motho ho etsa qeto ea hore na mangeloi a ile a ameha ka ho toba liphihlelong tsena le hore na a ile a ameha hakae. Leha ho le joalo, re ntse re sa tšoanela ho belaela hore Jesu le mangeloi ba phetha karolo e mafolofolo mosebetsing oa boboleli le hore Jehova a ka tsamaisa litaba kamoo a bonang ho loketse. Liphihlelo tsena le tse ling tse ngata li bontša matla a hlahisang molemo ao lingoliloeng tsa rōna li ka bang le ’ona ka mor’a hore re li fe batho.
Re Nehiloe Letlotlo Hore re le Hlokomele
16. Re ka ithuta eng mantsoeng a 2 Bakorinthe 4:7?
16 Moapostola Pauluse o buile ka ‘letlotlo le lijaneng tsa letsopa.’ Letlotlo leo ke thōmo eo Molimo a re fileng eona ea ho bolela, ’me lijana tsa letsopa ke batho bao Jehova a ba fileng lona hore ba le hlokomele. Kaha batho bao ha baa phethahala ebile baa haelloa linthong tse ling, Pauluse o tsoela pele ho bolela hore phello ea hore ba fuoe thōmo e joalo ke hore “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakorinthe 4:7) E, re ka tšepa Jehova hore o tla re fa matla a hlokahalang ho re nolofalletsa ho phetha mosebetsi oo re nang le oona.
17. Ke eng eo re tla thulana le eona ha re ntse re jala peō ea ’nete ea ’Muso, hona ke hobane’ng ha re lokela ho boloka boikutlo bo botle ho sa tsotellehe boemo?
17 Hangata re tlameha ho itela. Ho ka ’na ha e-ba thata kapa ea e-ba ho sa lokelang ho sebetsa libakeng tse itseng. Ho na le masimo ao ho ’ona batho ba bangata ho bonahalang ba sa thahaselle ho hang, ba bile ba le bohale. Libakeng tse joalo ho ka etsoa boiteko bo bongata empa ha bonahala eka ha ho katleho. Empa boiteko boo re bo etsang boa tšoaneleha nakong ena ea ha lintho tse ngata hakana li le kotsing. Hopola hore litholoana tseo u li jalang, li ka etsa hore batho ba fumane thabo hona joale hammoho le bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Mantsoe a Pesaleme ea 126:6 e bile ’nete ka makhetlo a mangata: “Mojali o tsoela pele a ntse a lla, a jere lipeō tseo a li hasang; o tla khutla ka thabo, a ntse a thotha mangata a hae.”
18. Ke joang re ka elang bosebeletsi ba rōna hloko kamehla, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo?
18 A re sebeliseng monyetla o mong le o mong o tšoanelehang ho jala peō ea ’nete ea ’Muso. Le ka mohla re se ke ra lebala hore, le hoja e le rōna ba jalang le ho nosetsa peō ena, ke Jehova ea e melisang. (1 Bakorinthe 3:6, 7) Leha ho le joalo, feela joalokaha Jesu le mangeloi ba phetha karolo ea bona mosebetsing ona, Jehova o lebelletse hore re phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo. (2 Timothea 4:5) E se eka kamehla re ka ela hloko ho ruta ha rōna, boikutlo ba rōna le cheseho ea rōna bosebeletsing. Hobane’ng? Pauluse oa araba: “Ka ho etsa sena u tla ipholosa hammoho le ba u mamelang.”—1 Timothea 4:16.
Re Ithutile’ng?
• Mosebetsi oa rōna oa ho jala o beha litholoana tse molemo ka litsela life?
• Jesu Kreste le mangeloi ba ameha joang mosebetsing oa ho bolela evangeli kajeno?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ba bajali ba ’nete ea ’Muso ba seatla se bulehileng?
• Ha re thulana le ho hloka thahasello kapa bohale mosebetsing oa rōna, ke eng e lokelang ho re susumelletsa ho tiisetsa?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Joaloka lihoai tsa Iseraele ea boholo-holo, kajeno Bakreste ba jala peō ea ’nete ea ’Muso ka seatla se bulehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ka lipuo tse 340, Lipaki tsa Jehova li hatisa le ho aba libuka tse fapa-fapaneng tse thehiloeng Bibeleng