Pale ea Bophelo
Mojali oa Leseli Lichabeng Tse Ngata
PALE EA GEORGE YOUNG JOALOKAHA HO BOLETSE RUTH YOUNG NICHOLSON
“Joale, ke hobane’ng ha lintho tsee li sa boleloe lifaleng tsa rōna? . . . Re ka ba banna ba mofuta ofe haeba re khutsa ka mor’a hore re tiise hore lintho tsena tseo ke ngolang ka tsona ke ’nete? A re se keng ra hlokisa batho tsebo, empa a re boleleng ’nete re sa soabe kapa re sa pate.”
MANTSOE ana e ne e le karolo ea lengolo la Ntate le maqephe a 33 leo ka lona a neng a bolela hore lebitso la hae le hlakoloe libukeng tsa kereke. E ne e le ka selemo sa 1913. Ho tloha ka nako eo, o ile a qalisa bophelo bo tletseng liketsahalo bo ileng ba etsa hore a sebeletse e le mojali oa leseli lichabeng tse ngata. (Bafilippi 2:15) Ho tloha ha ke sa le ngoananyana, ke ne ke bokella lipale tse mabapi le liphihlelo tsa Ntate ho beng ka ’na le litabeng tsa histori, ’me metsoalle e ile ea nthusa ho kopanya litaba tsa bophelo ba hae. Ka litsela tse ngata bophelo ba Ntate bo nkhopotsa ba moapostola Pauluse. Joaloka enoa eo e neng e le “moapostola ho lichaba,” kamehla Ntate o ne a loketse ho tsamaea a bua ka molaetsa oa Jehova ho batho ba linaha tsohle le lihlekehleke. (Baroma 11:13; Pesaleme ea 107:1-3) A nke ke u bolelle ka Ntate, George Young.
Lilemong Tse Qalang
Ntate e ne e le eena mora oa ho fela oa John le Margaret Young, Bapresbitheri ba Scotland. O hlahile ka la 8 September, 1886, kapele ka mor’a hore lelapa le tlohe Edinburgh, Scotland, le fallele British Columbia ka bophirimela ho Canada. Baholoane ba hae ba bararo—Alexander, John le Malcolm—ba hlahetse Scotland lilemo tse seng kae pejana. Marion, khaitseli e nyenyane ea bashemane bana, eo ha ba mo reneketsa ba neng ba re ke Nellie, o ne a le monyenyane ho Ntate ka lilemo tse peli.
Ha ba ntse ba hōla polasing e Saanich, haufi le Victoria, British Columbia, bana ba ne ba thabela bophelo. Ka nako eona eo, ba ile ba ithuta ho jara boikarabelo. Ka hona ha batsoali ba bona ba ne ba khutla leetong ba e-tsoa Victoria, ba ne ba fumana mesebetsi ea ka ntle e entsoe le ntlo e le makhethe.
Ha nako e ntse e-ea, Ntate le barab’abo ba ile ba thahasella mosebetsi oa merafo le oa lehong. Bara ba ha Young ba ile ba iketsetsa botumo bo botle e le ba nkang lehong ka likepe (banna ba neng ba hloela libaka tseo ho ka fumanoang lehong ho tsona) hape e le bareki le barekisi ba lehong. Ntate o ne a sebetsana le litaba tsa chelete ea thekiso.
Qetellong, ho sekamela ha Ntate litabeng tsa moea ho ile ha etsa hore a etse qeto ea ho ba moruti oa Presbitheri. Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka nako eo, lipuo tse ngotsoeng likoranteng tsa Charles Taze Russell, eo e neng e le mopresidente oa pele oa Zion’s Watch Tower Tract Society, li ile tsa ama bophelo ba hae ka ho teba. Seo Ntate a ileng a ithuta sona se ile sa mo susumelletsa ho ngola le ho romela lengolo la ho itokolla kerekeng le boletsoeng qalong.
Ka mosa empa e le ka ho hlaka Ntate o ile a sebelisa litemana tsa Bibele ho hanyetsa lithuto tsa kereke tsa hore moea oa motho ha o shoe le hore Molimo o tla hlokofatsa meea ea batho ka ho sa feleng mollong oa lihele. O ile a boela a senola thuto ea Boraro-bo-bong, a bontša hore ha ea simoloha Bokresteng le hore ho hang ha e tšehetsoe ke Mangolo. Ho tloha ka nako eo, o ile a ntšetsa pele tšebeletso ea Bokreste a etsisa Jesu Kreste, ka boikokobetso a sebelisa tsebo le matla a hae ’ohle tlotlisong ea Jehova.
Ka 1917, tlas’a tataiso ea Mokhatlo oa Watch Tower, Ntate o ile a qala ho sebeletsa e le ea etelang libaka, e leng kamoo baemeli ba tsamaeang ba Lipaki tsa Jehova ba neng ba bitsoa kateng ka nako eo. Metseng le litoropong ho pholletsa le Canada, o ne a fana ka lipuo ’me a lokisetsa lenaneo la baesekopo le li-slide le tsejoang ka hore ke “Photo-Drama of Creation.” Liholo li ne tlala ha Ntate a ne a etile. Kemiso ea maeto a hae e ne e hlaha ho Molula-Qhooa ho fihlela ka 1921.
Koranta ea Winnipeg e ile ea tlaleha hore Moevangeli Young o ile a bua le ba 2 500 le hore ba bangata ha baa ka ba khona ho kena hobane holo e ne e tletse haholo. Ha a le Ottawa, o ile a bua ka sehlooho se reng “Ho ea Liheleng le ho Khutla Teng.” Sebakeng seo monna-moholo e mong o ile a tlaleha: “Ha George Young a qeta, o ile a memela baruti ba ’maloa sethaleng ho tla buisana le bona ka sehlooho seo, empa ha ho le ea mong ea ileng a sisinyeha. Ke ile ka tseba ka nako eo hore ke fumane ’nete.”
Ntate o ne a leka ho peteletsa mosebetsi oa lintho tsa moea o mongata kamoo ho ka khonehang maetong a hae. Ka mor’a moo, o ne a potlakela ho palama terene ho ea sebakeng se seng se kemisong ea hae. Ha a ne a tsamaea ka koloi, o ne a atisa ho tsohella tseleng pele ho lijo tsa hoseng ho ea kabelong ea hae e latelang. Ho phaella chesehong ea hae, Ntate o ne a e-na le botumo ba ho ba motho ea nahanelang ’me o ne a tsebahala ka liketso tsa hae tsa Bokreste le ho fana ka seatla se bulehileng.
Har’a likopano tse ngata tsa pele tseo a ileng a ba ho tsona, e hopolehang ka ho khetheha ke e neng e tšoaretsoe Edmonton, Alberta, ka 1918. Litho tsa lelapa labo kaofela li ne li le sebakeng seo li tlile kolobetsong ea Nellie. E ne e boetse e le lekhetlo la ho qetela leo bashanyana bana ba ileng ba e-ba hammoho. Ka mor’a lilemo tse peli, Malcolm o ile a bolaoa ke pneumonia. Joaloka barab’abo ba bararo le ntate oa hae, Malcolm o ne a e-na le tšepo ea bophelo ba leholimo, ’me kaofela ba ile ba lula ba tšepahala ho Molimo ho fihlela ba e-shoa.—Bafilippi 3:14.
O ea Masimong a Linaha Tse Ling
Ka mor’a hore Ntate a qete leeto la ho bolela Canada ka September 1921, Joseph F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a mo laela hore a fetele lihlekehlekeng tsa Caribbean. Ntate o ne a bontša “Photo-Drama of Creation” hohle, ’me e ne e ratoa. Ha a le Trinidad o ile a ngola: “Ho ne ho tletse, ’me batho ba bangata ba ile ba khutlisoa. Bosiung ba bobeli mohaho o ne o tletse batho ba bangata.”
Joale, ka 1923, Ntate o ile a fuoa kabelo ea ho ea Brazil. Ha a le moo o ile a bua le bamameli ba bangata, ka linako tse ling a sebelisa bafetoleli ba hiriloeng. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1923, o ile oa tlaleha: “Ho tloha ka la 1 June ho ea ho la 30 September Mor’abo rōna Young o ile a tšoara liboka tsa phatlalatsa tse 21, palo ea bohle ba bileng teng ho tsona e ne e le 3 600; liboka tsa phutheho tse 48, ba bileng teng ho tsona ba ne ba le 1 100; a aba likopi tse 5 000 tsa lingoliloeng tsa Sepotoketsi ntle ho tefo.” Ba bangata ba ne ba arabela ka thahasello ha Ntate a ne a fana ka puo e reng “Limilione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola li E-shoa.”
Ha ho ne ho neheloa mehaho e mecha Brazil ka la 8 March, 1997, bukana ea nehelo e ile ea tlaleha: “1923: George Young o fihla Brazil. O hlophisa ofisi ea lekala bohareng ba Rio de Janeiro.” Le hoja lingoliloeng tsa Bibele li ne li fumaneha ka Sepanishe, ho ne ho boetse ho hlokahala hore li be teng ka Sepotoketsi, e leng puo e buuoang haholo Brazil. Kahoo, ka la 1 October, 1923, Molula-Qhooa o ile oa qala ho hatisoa ka Sepotoketsi.
Ntate ha a le Brazil o ile a buisana le batho bao re ntseng re ba hopola. E mong e ne e le monna oa morui oa Mopotoketsi ea bitsoang Jacintho Pimentel Cabral, ea ileng a bula ntlo ea hae bakeng sa liboka. Kapele Jacintho o ile a amohela ’nete ea Bibele ’me hamorao ea e-ba e mong oa basebetsi ba lekala. E mong e ne e le Manuel da Silva Jordão, Mopotoketsi e monyenyane eo e neng e le mohlokomeli oa lirapa. O ile a utloa puo ea Ntate ea phatlalatsa e ileng ea mo susumelletsa ho khutlela Portugal ho ea sebeletsa e le morekisi oa libuka tsa bolumeli, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba neng ba bitsoa kateng ka nako eo.
Ntate o ne a tsamaea haholo ka terene ho pholletsa le Brazil, ’me o ne a khona ho fumana ba thahasellang. Leetong la hae le leng, o ile a kopana le Bony le Catarina Green, ’me o ile a lula le bona ka nako e ka etsang libeke tse peli, a ba hlalosetsa Mangolo. Bonyane beng ka bona ba supileng ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka kolobetso ea metsing nakong eo.
Motho e mong eo a ileng a buisana le eena ke Sarah Bellona Ferguson ka 1923. Ka 1867 ha e sa le ngoananyana, eena, hammoho le khaitseli ea hae Erasmus Fulton Smith le litho tsohle tsa lelapa, ba ne ba falletse Brazil ba e-tsoa United States. Ho tloha ka 1899 o ne a ’nile a amohela makasine ea Molula-Qhooa ka poso. Ketelo ea Ntate e ne e le monyetla oo e neng e le khale o letetsoe ke Sarah, oa hore bana ba hae ba bane, le e mong eo Ntate a neng a mo bitsa ’Mangoane Sallie ba kolobetsoe. Ba ile ba kolobetsoa ka la 11 March, 1924.
Kapele, Ntate o ile a bolela linaheng tse ling tsa Amerika Boroa. Ka la 8 November, 1924, o ile a ngola a le Peru: “Ke sa tsoa qeta ho aba lipampitšana tse 17 000 tsa Selima le Secallao.” Ka mor’a moo o ile a ea Bolivia ho ea aba lipampitšana moo. Mabapi le ketelo eo, o ile a ngola: “Ntate oa rōna o hlohonolofatsa boiteko. Moindia e mong o ile a nthusa. Ha hae ke mohloling oa Amazon. O khutlela teng a nkile lipampitšana tse 1 000 le libuka tse ling.”
Ka boiteko ba Ntate, lipeō tsa ’nete ea Bibele li ile tsa jaleha linaheng tse ngata tsa Amerika Bohareng le Boroa. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1924, o ile oa tlaleha: “Hona joale George Young o bile Amerika Boroa ka lilemo tse fetang tse peli. . . . E bile tokelo ho mora enoa oabo rōna ea ratoang hore a ise molaetsa oa ’nete Punta Arenas, Lekhalong la Magellan.” Hape Ntate o ile a etella pele mosebetsi oa boboleli linaheng tse kang Costa Rica, Panama le Venezuela. O ile a tsoela pele le hoja a ile a tšoaroa ke malaria ’me bophelo ba hae ba ameha.
Sebaka se Latelang e Bile Europe
Ka March 1925, Ntate o ile a kena leetong la sekepe ho ea Europe, moo a neng a e-na le tšepo ea ho aba lipampitšana tsa Bibele tse 300 000 Spain le Portugal le ho lokisetsa hore Mor’abo rōna Rutherford a fane ka lipuo tsa phatlalatsa. Leha ho le joalo, ka mor’a ho fihla Spain, Ntate o ile a bontša ho hanyetsa taba ea hore Mor’abo rōna Rutherford a fane ka lipuo tse joalo ka lebaka la leeme la bolumeli.
Ha a arabela, Mor’abo rōna Rutherford o ile a ngola, a qotsa Esaia 51:16: “Ke kentse mantsoe a ka molomong oa hao, ’me ke u koahetse ka moriti oa letsoho la ka, e le hore ke leme maholimo, le ho rala motheo oa lefatše, le ho re ho Sione, U sechaba sa ka.” (King James Version) Ka lebaka leo, Ntate o ile a etsa qeto: “Ka sebele ke thato ea Morena hore ke tsoele pele ’me ke siee litaba matsohong a hae.”
Ka la 10 May, 1925, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo ea hae ka mofetoleli Novedades Theater, Barcelona. Ba bileng teng ba ne ba feta 2 000, ho akarelletsa le e mong ea boholong ’musong le molebeli ea khethehileng ea neng a le sethaleng. Litaba li ile tsa tsamaisoa ka tsela eona eo Madrid, ’me ba bileng teng ba ne ba le 1 200. Thahasello e ileng ea tsosoa ke lipuo tsena e ile ea fella ka hore ho thehoe ofisi ea lekala Spain e ileng ea e-ba “tlas’a tataiso ea George Young,” joalokaha Buka ea Selemo ea Lipaki tsa Jehova ea 1978 (ea Senyesemane) e bolela.
Ka la 13 May, 1925, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo Lisbon, Portugal. Ketelo ea hae sebakeng seo le eona e ile ea atleha haholo, ho sa tsotellehe boiteko ba baruti ba ho senya seboka seo ka ho hooa le ho otla litulo. Ka mor’a lipuo tsa Mor’abo rōna Rutherford Spain le Portugal, Ntate o ile a tsoela pele ho bontša “Photo-Drama,” ’me o ile a boela a lokisetsa hore lingoliloeng tsa Bibele li hatisoe le ho abjoa libakeng tseo. Ka 1927 o ile a tlaleha hore litaba tse molemo “li phatlalalitsoe ho pholletsa le motse o mong le o mong le toropo e ’ngoe le e ’ngoe Spain.”
Ho Bolela Soviet Union
Kabelo ea Ntate ea boromuoa e latelang e bile Soviet Union, moo a ileng a fihla ka la 28 August, 1928. Karolo ea lengolo leo a le ngotseng, ka la 10 October, 1928, e baleha tjena:
“Esale ke tla Russia, ka sebele nka rapela ka pelo eohle ka re, ‘’Muso oa hao ha o tle.’ Ke ithuta puo, empa butle. Mofetoleli oa ka ke motho ea khethehileng haholo, ke Mojuda, empa o lumela ho Kreste ’me o rata Bibele. Ke bile le liphihlelo tse thahasellisang empa ha ke tsebe hore na ke tla lumelloa ho lula mona ho fihlela neng. Bekeng e fetileng ke ile ka fuoa lihora tse 24 hore ke be ke tlohile empa taba ena e ile ea lokisoa ka hona nka lula nako e teletsana.”
Ho ile ha buisanoa le ba bang ba Liithuti tsa Bibele tsa Kharkov, eo hona joale e leng motse o moholo oa Ukraine, ’me lipuisano tse mofuthu li ile tsa ntša meokho ea thabo mahlong a bona. Ho ne ho tšoaroa kopano e nyenyane bosiu bo bong le bo bong ho fihlela ka khitla. Ha Ntate a ngolla barab’abo rōna ka seboka sena hamorao, o ile a re: “Libuka tse seng kae tsa barab’abo rōna ba hlomolang pelo, li nkiloe, empa ba thabile le hoja ba boholong ba se na botsoalle.”
Tšebeletso ea Ntate Soviet Union e ile ea bontšoa ka ho hlaka bukaneng e khethehileng e ileng ea fuoa ba bileng teng nehelong ea mehaho e mecha ea lekala le St. Petersburg, Russia e bileng ka la 21 June, 1997. Bukana ena e re Ntate o ne a rometsoe Moscow, ’me e tlaleha hore o ile a fumana tumello “ea ho hatisa likopi tse 15 000 tsa bukana ea Freedom for the Peoples le Where Are the Dead? hore li abjoe Russia.”
Ka mor’a hore Ntate a khutle Russia, o ile a fuoa kabelo ea mosebetsi oa ho etela liphutheho United States. Ha a le Dakota Boroa o ile a etela lehae la Nellena le Verda Pool, e leng bana ba motho bao ka mor’a selemo e ileng ea e-ba baromuoa Peru. Ba ile ba bontša kananelo e lerato bakeng sa tšebeletso eo Ntate a e etsang a sa khathale ’me ba re: “Barab’abo rōna mehleng eo ea boholo-holo ka sebele ba ne ba e-na le moea oa bopula-maliboho ha ba ntse ba tsoela libakeng tsena tse ka thōko ba e-na le thepa ea lefatše lena e seng kae empa ba rata Jehova ka pelo eohle. Ke sona se ileng sa ba susumelletsa ho finyella seo ba se finyeletseng.”
Lenyalo le Leeto la Boromuoa la Bobeli
Ho pholletsa le lilemo Ntate o ne a ntse a ngollana le Clara Hubbert oa Sehlekehlekeng sa Manitoulin, Ontario. Ka bobeli ba ne ba le teng kopanong ea Columbus, Ohio, ka la 26 July, 1931, ha Liithuti tsa Bibele li ne li amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Ka mor’a beke ba ile ba nyalana. Kapele, Ntate o ile a tsamaea hape, a nka leeto la boromuoa la bobeli ho pholletsa le lihlekehleke tsa Caribbean. Ha a le moo, o ile a thusa ho hlophisa liboka le ho koetlisa ba bang tšebeletsong ea ntlo le ntlo.
’Mè o ne a fumana litšoantšo, likarete le mangolo tse tsoang Suriname, St. Kitts le libakeng tse ling tse ngata. Mangolo a ne a bua ka tsoelo-pele ea mosebetsi oa boboleli ’me ka linako tse ling a ne a kenyelletsa litaba tse mabapi le linonyana, liphoofolo le limela naheng e itseng eo a neng a le ho eona. Ka June 1932, Ntate o ile a phetha kabelo ea hae Caribbean ’me, a khutlela Canada, a tsamaea ka sekepe sa baeti, a palame karolong eo tefo ea eona e leng tlaase-tlaase joalokaha e ne e le tloaelo ea hae. Ka mor’a moo, eena le ’Mè ba ile ba kopanela mosebetsing oa nako e tletseng oa boboleli ba le hammoho, ba qeta mariha a 1932/33 sebakeng sa Ottawa le sehlopha se seholo sa basebeletsi ba bang ba nako e tletseng.
Bophelo ba Lelapa bo Bokhutšoanyane
Ka 1934 khaitseli ea ka David e ile ea hlaha. Ha e sa ntse e le ngoana, o ne a ee a eme holim’a lebokose la likatiba la ’Mè ’me a ikoetlisetse ho fana ka “lipuo.” Joaloka ntate oa hae, o bontšitse cheseho bakeng sa Jehova bophelong ba hae bohle. Ka boraro ba bona ba ne ba tsamaea ka koloi, thepa ea molumo e tlameletsoe ka holim’a eona, ha ba ntse ba etela liphutheho ho tloha lebōpong le ka bochabela la Canada ho ea lebōpong le ka bophirimela. Ke hlahile ka 1938 ha Ntate a ne a sebeletsa British Columbia. David o hopola ha Ntate a mpeha betheng ’me Ntate, ’Mè le David ba khumama ho e potoloha ha Ntate a etsa thapelo ea ho leboha ha ke hlahile.
Mariheng a 1939, re ne re lula Vancouver ha Ntate a ne a etela liphutheho sebakeng seo. Har’a mangolo a mangata ao re a bokeletseng ho theosa le lilemo ho ne ho e-na le le ngotsoeng ka la 14 January, 1939, ha a le Vernon, British Columbia. Ntate o ne a le ngoletse Clara, David le Ruth, a re: “Ke mpa ke re feela, Lumelang.” Ka har’a lona ho ne ho e-na le molaetsa oa e mong le e mong oa rōna. O ne a bua ka kotulo hore e khōlō sebakeng seo empa basebetsi ha ba bakae.—Matheu 9:37, 38.
Beke ka mor’a ho khutlela Vancouver a e-tsoa kabelong ea hae, Ntate o ile a oa a le sebokeng. Tlhahlobo e ileng ea etsoa ka mor’a moo e ile ea bontša hore o ne a e-na le hlahala ea kankere bokong. Ka la 1 May, 1939, o ile a phetha tsela ea hae ea lefatšeng. Ke ne ke le likhoeli li robong, ’me David o ne a le haufi le ho ba lilemo li hlano. ’Mè oa rōna ea ratehang, eo le eena a neng a e-na le tšepo ea leholimo, o ile a lula a tšepahala ho Molimo ho fihlela lefung la hae ka la 19 June, 1963.
Tsela eo Ntate a ileng a ikutloa ka eona ka tokelo ea hae ea ho isa litaba tse molemo linaheng tse ngata, e bontšoa ka bokhabane ho le leng la mangolo ao a neng a a ngolla ’Mè. Karolo e ’ngoe ea seo a se buileng ke ena: “Ka mosa Jehova o ntumeletse ho ea linaheng tsena ke le leseli hore ke jale molaetsa oa ’Muso. Lebitso la hae le halalelang le rorisoe. Khanya ea hae e bonahala bofokoling, ho hlokeng tsebo le mefokolong.”
Hona joale bana ba George le Clara Young, litloholo le litloholoana tsa bona le bona ba sebeletsa Jehova, Molimo oa rōna ea lerato. Ke boleletsoe hore Ntate o ne a atisa ho qotsa Baheberu 6:10, e reng: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” Le rōna ha rea lebala mosebetsi oa Ntate.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ntate, ka ho le letona, o na le barab’abo ba bararo
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ntate (o eme) o na le Barab’abo rōna Woodworth, Rutherford le Macmillan
Ka tlaase: Ntate (o ka thōko-thōko ka ho le letšehali) o sehlopheng seo Mor’abo rōna Russell a leng ho sona
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Ntate le ’Mè
Ka tlaase: Letsatsing la bona la lechato
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ke na le David le ’Mè lilemo tse ’maloa ka mor’a lefu la Ntate