Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 7/1 maq. 28-31
  • Balisa ba Bakreste, ‘Bulang Lipelo Tsa Lōna Haholo’!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Balisa ba Bakreste, ‘Bulang Lipelo Tsa Lōna Haholo’!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšusumetso e Loketseng
  • Ho Koetlisa ba Bang Hore e be Balisa
  • Balisa le Mesuoe ka Linako Tsohle
  • Ho Ekelletsa Maetong a Bolisa
  • Kamoo Balisa ba Bakreste ba U Sebeletsang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Baholo, Nkang Boikarabelo ba Lōna ba ho Alosa ka Botebo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Balisa Bao e Leng “Mehlala ho Mohlape”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Alosa ka Bonolo Linku tsa Jehova tsa Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 7/1 maq. 28-31

Balisa ba Bakreste, ‘Bulang Lipelo Tsa Lōna Haholo’!

“JEHOVA ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” Ka mantsoe ao, Davida o ne a bontša hore o tšepa Molimo oa hae ka ho feletseng. Ka puo ea moea, Jehova o ne a mo tataisetsa “makhulong a tletseng joang” le ‘libakeng tsa phomolo tse noselitsoeng hantle,’ a mo tataisetsa “litseleng tsa ho loka.” Ha a ne a pota-potiloe ke bahanyetsi, Davida o ile a tšehetsoa le ho khothatsoa, e leng se ileng sa etsa hore a re ho Jehova: “Ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na.” A e-na le Molisa ea Phahameng joalo, Davida o ne a ikemiselitse ho “lula ka tlung ea Jehova ka matsatsi a mangata.”—Pesaleme ea 23:1-6, NW.

Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši le eena o ile a latsoa tlhokomelo e lerato ea Jehova, ’me o ile a beha mohlala o phethahetseng oa tlhokomelo ena litšebelisanong tsa hae le barutuoa ba hae nakoana eo ka eona a bileng lefatšeng. Ka lebaka leo, Mangolo a re ke “molisa ea khabane,” “molisa e moholo” le “molisa ea ka sehloohong.”—Johanne 10:11; Baheberu 13:20; 1 Petrose 5:2-4.

Jehova le Jesu Kreste ba tsoela pele ho lisa ba ba ratang. Bolisa ba bona, ho isa bohōleng bo itseng, bo bontšoa tokisetsong e lerato ea balisa ba tlaasana ka phuthehong. Pauluse o ne a bua ka balisa ba joalo ba tlaasana ha a ne a re: “Ikeleng hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, ho lisa phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.”—Liketso 20:28.

Ho lisa mohlape ho latela mohlala oo Jehova le Kreste Jesu ba o behileng hase mosebetsi o bonolo, empa hona joale ke oa bohlokoa haholoanyane ho feta leha e le neng pele. Nahana ka Lipaki tse fetang milione tse kolobelitsoeng lilemong tse tharo tse fetileng! Bao ba bacha ha ba na phihlelo ea moea e fumanoang ka ho ba tšebeletsong ka lilemo tse ngata. Hape, nahana ka Lipaki tseo e sa ntseng e le bana kapa bacha. Ha li hloke tlhokomelo e tsoang ho batsoali ba tsona feela empa li hloka le e tsoang ho balisa ba tlaasana ka phuthehong.

Ka sebele, Mokreste e mong le e mong o hlaseloa ke likhatello tse hlahang ka ntle, ho akarelletsa le khatello ea lithaka. Bohle ba lokela ho loanela ho hanela khoheli e matla ea ho latela tsela ea lefatše ea ho ikhotsofatsa ho tlōla. Linaheng tse ling, bahoeletsi ba ’Muso ba ka ’na ba nyahamisoa ke hore batho ha ba arabele molaetseng oa bona. Bahoeletsi ba bangata ba tšoeroe ke maloetse a tebileng. Mathata a lichelete a ka ’na a etsa hore ba bang ba se ke ba susumelletseha ho batla ’Muso pele. Ha e le hantle, kaofela ha rōna—ho akarelletsa le ba bileng ’neteng ka nako e telele—re hloka thuso ea balisa ba lerato ebile e re loketse.

Tšusumetso e Loketseng

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba eletsoa: ‘Bulang lipelo tsa lōna haholo’! (2 Bakorinthe 6:11-13) Baholo ba Bakreste ba etsa hantle ha ba latela keletso ena ha ba phetha boikarabelo ba bona ba bolisa. Ba ka etsa seo joang? Ho thoe’ng ka bahlanka ba sebeletsang, bao bongata ba bona e leng bao ho lebeletsoeng hore e tla ba balisa?

E le hore baholo ba Bakreste e be tlhohonolofatso ho mohlape, ha baa lokela ho susumetsoa feela ke boikutlo ba ho tlameha. Baa eletsoa: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka taba-tabelo.” (1 Petrose 5:2) Ka lebaka leo, bolisa bo atlehang bo akarelletsa ho rata le ho labalabela ho sebeletsa ba bang. (Johanne 21:15-17) Bo bolela ho bona litlhoko tsa linku le ho potlakela ho li nkela khato. Bo bolela ho bontša litšoaneleho tse ntle tsa Bokreste tse tsejoang e le tholoana ea moea oa Molimo ha motho a sebetsana le ba bang.—Bagalata 5:22, 23.

Ka linako tse ling ho lisa ho akarelletsa ho etela barab’abo rōna malapeng a bona.a Empa balisa ba ‘bulang lipelo tsa bona haholo’ baa ikitlaetsa. Hoo ho bolela hore ha ba felle feela ho etseng maeto a bolisa nako le nako. Ba sebelisa hamolemo monyetla o mong le o mong oa ho lisa litho tse ling tsa mohlape.

Ho Koetlisa ba Bang Hore e be Balisa

Mor’abo rōna ofe kapa ofe, ho sa tsotellehe lilemo tsa hae, ea ‘hahamallang boemo ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.’ (1 Timothea 3:1) Bahlanka ba sebeletsang ba bangata ba bontšitse hore ba ikemiselitse ho hahamalla litokelo tse eketsehileng. Kahoo, ka thabo baholo ba thusa bara bana babo rōna ho nka bohato bona ba bohlokoa ba ho “hahamalla boemo ba molebeli.” Sena se bolela ho ba koetlisetsa ho ba balisa ba atlehang.

Ka lebaka la ho khomarela haufi le litekanyetso tse phahameng tsa Molimo, phutheho ea Jehova ea Bokreste ha ea fokolisoa ke balisa ba bohata ba kang ba hlalositsoeng ho Ezekiele 34:2-6. Bana ba ne ba nyatseha mahlong a Jehova ’me e le ka nepo. Ho e-na le ho fepa mohlape, ba ne ba iphepa. Ba ne ba hlōleha ho matlafatsa ba kulang, ho thoba ba mahlomoleng, ho tlamisa ba robehileng, kapa ho bokella ba qhalakaneng kapa ba lahlehileng. Ba etsisa liphiri haholoanyane ho feta ho etsisa balisa, ba ne ba hatella linku. Linku tse hlokomolohiloeng li ne li qhalakane, li lelera ho se ea li hlokomelang.—Jeremia 23:1, 2; Nahume 3:18; Matheu 9:36.

Ho fapana le balisa bao ba sa tšepahaleng, balisa ba Bakreste ba latela mohlala oa Jehova. Ba thusa ka ho etella linku pele ho li isa “makhulong [a moea] a tletseng joang” le ‘libakeng tsa phomolo tse noselitsoeng hantle.’ Ba leka ka matla ho li tataisetsa “litseleng tsa ho loka” ka ho li thusa ho utloisisa Lentsoe la Jehova hantle le hore li le sebelise. Ba ka etsa sena ka katleho hobane ba ‘tšoanelehela ho ruta.’—1 Timothea 3:2.

Karolo e khōlō ea thuto eo baholo ba fanang ka eona e fanoa sethaleng nakong ea liboka tsa phutheho. Leha ho le joalo, baholo ba boetse ba ruta batho ka bomong. Ha e le hantle, ba bang ba ruta hamolemo ha ba ruta batho ka bomong, ha ba bang ba e-na le tsebo ea ho fana ka lipuo. Empa ho se be le tsebo e kaalo ea ho ruta ha ho eme tseleng ea hore motho a tšoanelehele ho ba mosuoe. Baholo baa ruta, ba sebelisa menyetla eohle e ba bulehetseng, ho akarelletsa le ho lisa. Ka linako tse ling ho lisa e ka ba ho reriloeng, ka mohlala, ho etsa maeto a hlophisitsoeng. Empa hangata ho lisa ho ka boela ha etsoa ka tsela e lokolohileng haholoanyane, e leng ho boetseng ho leng molemo haholo.

Balisa le Mesuoe ka Linako Tsohle

Ngaka e hloka tsebo le phihlelo e le hore e etse mosebetsi oa eona. Empa bakuli ba eona baa ananela ha e bontša mosa, qenehelo, kameho le thahasello ea sebele. Litšoaneleho tsena li lokela hore e be karolo ea sebōpeho sa eona. Litšoaneleho tsona tseo li lokela hore e be karolo ea sebōpeho sa mosuoe le molisa ea molemo, e be karolo ea botho ba hae ba letsatsi le letsatsi. Mosuoe oa sebele o itokisetsa ho koetlisa ba mo potolohileng neng kapa neng ha ho hlokahala. Liproverbia 15:23 (NW) e re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” ‘Nako e nepahetseng’ e ka ’na ea e-ba ha a bua sethaleng, ha a bolela ka ntlo le ntlo, kapa ha a qoqa Holong ea ’Muso kapa thelefonong. Ka ho tšoanang, molisa ea molemo o leka ka matla ho bontša litšoaneleho tse ntle, tsa ho ba ea tsotellang ka linako tsohle, eseng feela ha a etsa maeto a bolisa. Ha a se a ‘butse pelo ea hae haholo,’ o tla sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho lisa linku, a li fe tlhokomelo eo li e hlokang ka nako e loketseng. Sena ke sona se etsang hore a ratehe mahlong a linku.—Mareka 10:43.

Wolfgang, eo hona joale e leng moholo, o hopola ketelo ea botsoalle eo lelapa la hae le ileng la e etsetsoa ke mohlanka e mong ea sebeletsang le mosali oa hae. O re: “Bana ba rōna ba ile ba thabela haholo tlhokomelo eo ba ileng ba e bontšoa le nako e monate eo re bileng le eona. Ba sa ntse ba bua ka eona le joale.” E, mohlanka enoa ea sebeletsang o ile a bontša hore oa tsotella; o ile a ‘bula pelo ea hae haholo.’

Monyetla o mong oa hore motho a ‘bule pelo ea hae haholo’ ke oa ho etela ba kulang, ho ba romella mangolo a khothatso le a makhutšoanyane, kapa ho ba founela—ntho efe kapa efe e ka etsang hore ba tsebe hore ua tsotella! Fana ka thuso ha e hlokahala. Haeba ba batla ho bua, mamela ka hloko. Bua ka mesebetsi ea puso ea Molimo e metle, e thabisang phuthehong ea heno le libakeng tse ling. Ba thuse ho lebisa tlhokomelo bokamosong bo khanyang bo boloketsoeng ba ratang Jehova.—2 Bakorinthe 4:16-18.

Ho Ekelletsa Maetong a Bolisa

Re ntse re hopotse morero oa bolisa, ho totobetse hore ho etsa maeto a bolisa a reriloeng malapeng a barab’abo rōna, le hoja ho le bohlokoa, ke karolo feela ea se amehang. Molisa ea lerato o ‘bula pelo ea hae haholo’ ka ho atameleha tlas’a maemo ’ohle le ka linako tsohle. Kamano e mofuthu eo a e hlaolelang le barab’abo e ba kholisa hore linakong tse thata, ha ho hlokahale hore ba tšabe letho le lebe, kaha baa tseba hore mor’abo bona ea lerato, molisa oa Mokreste, oa ba tsotella.—Pesaleme ea 23:4.

E, kaofela ha lōna balisa ba Bakreste ‘bulang lipelo tsa lōna haholo.’ Bontšang lerato la sebele bakeng sa barab’abo lōna—ba khothatseng, ba khatholleng, ba haheng moeeng ka litsela tsohle tseo le ka li khonang. Ba thuseng ho tiea tumelong. (Bakolose 1:23) Kaha linku li hlohonolofalitsoe ka balisa ba Bakreste ba ‘bulang lipelo tsa bona haholo,’ li ke ke tsa hloka letho. Joaloka Davida, li tla ikemisetsa ho lula ka tlung ea Jehova ka matsatsi a mangata. (Pesaleme ea 23:1, 6) Ke’ng hape seo molisa ea lerato a neng a ka se batla?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litlhahiso mabapi le ho etsa maeto a bolisa li ka fumanoa ho Molula-Qhooa oa September 15, 1993, leqepheng la 20-3 le oa March 15, 1996, leqepheng la 24-7.

[Lebokose le leqepheng la 30]

Balisa ba Bakreste

• Ba sebeletsa ka cheseho le ka ho rata

• Ba fepa mohlape le ho o hlokomela

• Ba thusa ba bang ho hahamalla ho ba balisa

• Ba etela ba kulang ’me baa ba hlokomela

• Ba falimehela ho thusa barab’abo bona ka linako tsohle

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ebang ke tšebeletsong ea tšimo, libokeng, kapa boithabisong, baholo ke balisa ka linako tsohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela