Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 10/1 leq. 3
  • Na Lefatše ke Sebaka sa Tlhahlobo Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lefatše ke Sebaka sa Tlhahlobo Feela?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Lefatšeng, Joaloka Leholimong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Thabo ea ka ho sa Feleng—E Leholimong Kapa Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise
    Tsoha!—1997
  • Leholimo
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 10/1 leq. 3

Na Lefatše ke Sebaka sa Tlhahlobo Feela?

SA BA sa re nk’hu! Se fetile litlhahlobo ka katleho. Seithuti sena se neng se qetile libeke tse peli se tšoenyehile ke ho ngola litlhahlobo, qetellong se ile sa fumana tlaleho e khotsofatsang. Se ne se ka qala mosebetsi oo esaleng se o labalabela.

Batho ba bangata ba na le pono e joalo ka bophelo ba lefatšeng. Ba nka hore ke tlhahlobo eo bohle ba lokelang ho e feta pele ba fetela pele. Ba “fetang tlhahlobo ena ka katleho” ba fetela nthong e ’ngoe e molemo e kang Bophelo ka Mor’a Lefu. Ruri ho ne ho tla ba bohloko haeba bophelo ba hona joale—bo sotlileng batho ba bangata—e ne e le bona feela boo batho ba ka bo lebellang. Le hoja Jobo, monna eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, a ne a phela hantle a bile a ruile karolong e khōlo ea bophelo ba hae, o ile a hlokomela hore “motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi.”—Jobo 14:1.

New Catholic Encyclopedia e bontša monahano oa batho ba bangata, ha e re: “Morero oa Molimo ke hore qetellong motho a e’o phela khanyeng ea leholimo. . . . Ho bonahala hore thabo ea motho e lutse tabeng ea hore a rue nyakallo ea leholimo.” Phuputso e sa tsoa etsoa ke Kereke ea Kreste United States e ile ea bolela hore batho ba etsang karolo ea 87 lekholong ea ba ileng ba botsoa lipotso ba lumela hore ho ka etsahala hore ba ee leholimong ka mor’a hore ba shoe.

Ba bangata bao e seng Bakreste le bona ba na le tšepo ea hore ka mor’a lefu ba tla tloha lefatšeng ba ee sebakeng se molemonyana. Ka mohlala, Mamosleme a na le tšepo ea ho ea paradeiseng ea leholimo. Litho tsa bolumeli ba Naha e Hloekileng ba Bobuddha ba Chaena le Japane li lumela hore ka ho ’na li pheta ka hlooho “Amitabha,” lebitso la Buddha oa Leseli le sa Feleng, li tla tsoaloa hape Naheng e Hloekileng, kapa Paradeiseng ea Bophirimela, moo li tla phela ka thabo e khaphatsehang.

Hoa thahasellisa hore Bibele, buka e halalelang e fetoletsoeng ka ho fetisisa le e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng, ha e hlahise lefatše e le sebaka se ka baleheloang, se kang sebaka sa boitokiso feela. Ka mohlala, e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ka Bibeleng ho boetse ho fumanoa polelo e tummeng ea Jesu, e reng: “Ho lehlohonolo ba bonolo: hobane ba tla ja lefa la lefatše.”—Matheu 5:5, King James Version.

Pono e tloaelehileng ea hore bolulo ba rōna ba lefatšeng ke ba nakoana e fana ka maikutlo a hore lefu ke khoro e isang bophelong ba nyakallo ba ka mor’a lefu. Haeba ho joalo, lefu ke tlhohonolofatso ea sebele. Empa na ke batho ka kakaretso ba nang le pono eo ka lefu, kapa na ba leka ho lelefatsa bophelo ba hona joale? Liketsahalo li bontša hore ha batho ba sa tšoenngoe ke ho kula ba bile ba sireletsehile, ha ba batle ho shoa.

Leha ho le joalo, kaha lefatšeng mona bophelo bo tletse lintho tse mpe le mahlomola, ba bangata ba ntse ba nka hore leholimo ke sona sebaka feela sa ho fumana khotso ea ’nete le thabo. Na leholimo e mpa feela e le sebaka sa ho nyakalla ka khotso, seo ho sona ho se nang lintho tse mpe le ho se utloane? Hona na Bophelo ka Mor’a Lefu bo ka ba sebakeng se le seng feela se itseng sa leholimo? Likarabo tsa Bibele li ka ’na tsa u makatsa. Ak’u bale ho ea pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela