Na ho Rapela ho na le Molemo?
HOO e ka bang motho e mong le e mong o na le nako ea ho ikutloa a hloka ho rapela. Ha e le hantle, hoo e ka bang batho ba malumeli ’ohle ba rapela ka tieo. Ka mohlala, Mobuddha a ka ’na a pheta-pheta thapelo ea “ke lumela ho Amida Buddha” ka makhetlo a likete ka letsatsi.
Ka lebaka la mathata a ntseng a e-ja setsi lefatšeng lohle, ke ho utloahalang ho botsa: Batho ba lebeletse ho fumana eng ha ba rapela? Na lithapelo tsee kaofela li na le molemo?
Ke Hobane’ng ha Batho ba Rapela?
Batho ba bangata ba Bochabela ba rapela baholo-holo ba bona le melimo ea Boshinto kapa ea Botao. Ba etsa sena ba tšepile hore ba tla atleha litlhahlobong sekolong, ba chaee masimong kapa ba thibele maloetse. Mabuddha a na le tšepo ea ho fumana tsebo ka boiteko boo a bo etsang. Mahindu a rapella ka tieo tsebo, leruo le tšireletseho, ho melimo le melimotsana eo a e ratang.
Mak’hatholike a mang a banna kapa a basali a na le tšepo ea hore a tla tsoela moloko oa batho molemo ka ho nehela bophelo ba ’ona e le baitlami matlong a baitlami, a rapela a sa phetse. Mak’hatholike a limilione a kōpa mohau ho Maria ka ho pheta lithapelo ka hlooho, mohlomong ka thuso ea lifaha tsa rosari. Linaheng tsa Bochabela, batho ba bangata ba sebelisa mabili a thapelo. Maprostanta a pheta mantsoe a Thapelo ea Morena, le hoja a ka ’na a boela a senolela Molimo maikutlo a ’ona ka bolokolohi. Bajuda ba bangata ba tsamaea sebaka se selelele ho ea rapela Leboteng le ka Bophirimela la Jerusalema, ba tšepile hore tempele e tla tsosolosoa le hore ho tla ba le mehla e mecha ea nala le khotso.
Le hoja ba limilione ba ikitlaelletsa ho rapela, batho ka kakaretso ba tšoenngoa ke mathata a ntseng a eketseha a bofutsana, ho lemalla lintho tse itseng, ho qhalana ha malapa, tlōlo ea molao le ntoa. Na ho ka etsahala hore ebe batho baa kaofela ha ba rapele ka tsela e nepahetseng? Ho feta moo, na ho na le ea hlileng a utloang lithapelo?
Na ho na le ea Utloang Lithapelo?
Lithapelo li ke ke tsa e-ba le molemo ha ho se ea li utloang. Ha motho a rapela, ka sebele o lumela hore motho e mong ea sebakeng sa moea se sa bonahaleng oa utloa. Leha ho le joalo, lithapelo ha li fetisoe ka maqhubu feela tjee a molumo. Batho ba bangata ba lumela hore ho na le ea bileng a bonang mehopolo ea motho ea rapelang. Eo e ka ba mang?
Hore na mehopolo e simoloha joang liseleng tsa kutlo tse likete tsa limilione tsa lera la boko ke mohlolo o moholo ho bafuputsi. Leha ho le joalo, hoa utloahala hore Ea entseng boko a ka bona mehopolo e joalo. Ha ho e mong ea ka ho etsang haese ’Mōpi oa rōna Jehova Molimo. (Pesaleme ea 83:18; Tšenolo 4:11) Lithapelo li lokela ho lebisoa ho eena. Empa na Jehova o mamela lithapelo tsohle tse joalo?
Na ke Lithapelo Tsohle Tse Utluoang?
Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a tšepa thapelo. E le mopesaleme ea bululetsoeng, o ile a bina: “Uena ea utloang merapelo, batho bohle ba tla tla ho uena.” (Pesaleme ea 65:2) Jehova o utloisisa lithapelo tse etsoang ka puo efe kapa efe ho tse likete tseo batho ba li buang. Hore ebe ha ho kelello ea motho e ka sebetsanang le boitsebiso bo bongata hakaalo ha ho bolele hore Molimo a ke ke a mamela bohle ba mo rapelang ka tsela e amohelehang.
Empa, Jesu Kreste—eo le eena a neng a tšepa thapelo—o ile a senola hore hase lithapelo tsohle tse khahlisang Molimo. Hlokomela seo Jesu a se buileng ka mokhoa oa ho pheta lithapelo ka hlooho o neng o tloaelehile ka nako eo. Ho latela Jerusalem Bible ea K’hatholike, o ile a re: “Lithapelong tsa lōna le se ke la bebera joaloka bahetene, hobane ba nahana hore ba tla etsa hore ba utluoe ka ho bua mantsoe a mangata.” (Matheu 6:7) Re ke ke ra lebella hore Jehova a mamele lithapelo tseo ho tsona re sa ntšeng maikutlo a rōna a sebele.
Maele a Bibele ha a bontša hore na ke hobane’ng ha lithapelo tse ling li sa khahlise Molimo, a re: “Ea fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utloa, esita le thapelo ea hae e manyala.” (Liproverbia 28:9) Maele a mang a re: “Jehova o hole le ba babe; empa o utloa merapelo ea ba lokileng.” (Liproverbia 15:29) Ka nako eo ka eona baeta-pele ba Juda ea boholo-holo ba neng ba sitiloe haholo, Jehova o ile a re: “Leha le ka otlollela matsoho ho ’na, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.”—Esaia 1:1, 15.
Moapostola Petrose o ile a bua ka ntho e ’ngoe hape e neng e ka etsa hore Molimo a se ke a amohela lithapelo. Petrose o ile a ngola: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo, le ba abela tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane, se setšehali, kaha le boetse le majalefa le bona a mohau o sa tšoanelang oa bophelo, e le hore lithapelo tsa lōna li se ke tsa sitisoa.” (1 Petrose 3:7) Thapelo ea motho ea hlokomolohileng keletso e joalo e ka ’na ea fella hona ho eena moo!
Ho hlakile hore ho na le lintho tse itseng tse hlokahalang tse lokelang ho finyelloa hore lithapelo li tle li utluoe. Leha ho le joalo, ba bangata ba rapelang ha baa ameha ka ho etsa seo Molimo a se hlokang ho rōna. Ke ka lebaka leo lithapelo tse ngata tse etsoang ka tieo li sa ntlafatsang lefatše.
Joale, Molimo o hloka eng e le hore lithapelo tsa rōna li utluoe? Karabo e amana le lebaka leo re rapelang ka lona. Ha e le hantle, haeba re batla ho tseba hore na lithapelo li na le molemo, re lokela ho utloisisa morero oa tsona. Ke hobane’ng ha Jehova a entse hore re khone ho bua le eena?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
G.P.O., Jerusalem