Jehova o fa ea Khathetseng Matla
“[Jehova] o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.”—ESAIA 40:29, NW.
1. Etsa papiso ka matla a linthong tseo Molimo a li bōpileng.
MATLA a Jehova ha a na moeli. ’Me lintho tseo a li bōpileng li na le matla a maholo hakaakang! Athomo e nyenyane haholo—e leng eona e hahang lintho tsohle—e nyenyane hoo lerotholi le le leng la metsi le nang le liathomo tse limilione tsa limilione tse lekholo.a Bophelo bohle lefatšeng la rōna bo itšetlehile ka matla a hlahisoang ke liphetoho tseo letsatsi le li tlisang athomong. Empa ho hlokahala matla a makae a letsatsi hore bophelo bo tsoele pele lefatšeng? Lefatše le fumana feela karolo e nyenyane haholo ea matla oohle a hlahisoang ke letsatsi. Leha ho le joalo, eona karolo eo e nyenyane haholo ea matla a letsatsi a theohelang lefatšeng e feta hōle matla ’ohle a sebelisoang liindastering tsa lefatše.
2. Ha e le hantle, Esaia 40:26 e re’ng ka matla a Jehova?
2 Ebang re nahana ka athomo kapa re lebisa tlhokomelo ea rōna bokahohleng bo boholo, re khahloa ke matla a Jehova a hlollang. Ha ho makatse hore ebe o ne a ka re: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang”! (Esaia 40:26, NW) E, Jehova o na le “matla a maholo,” ’me ke Mohloli oa ‘bonatla bo boholo’ boo a bo sebelisitseng ha a etsa bokahohleng bohle.
Ho Hlokahala se Fetang Matla a Tloaelehileng
3, 4. (a) Lintho tse ling tse ka etsang hore re khathale ke life? (b) Ho hlokahala hore re hlahlobe potso efe?
3 Le hoja matla a Molimo a se na moeli, batho bona baa khathala. Hohle moo re eang teng, re bona batho ba khathetseng. Ba tsoha ba khathetse, ba ea mosebetsing kapa sekolong ba khathetse, ba fihla hae ba khathetse, ’me ba robala ba felile ke mokhathala. Ba bang ba lakatsa eka ba ka ea kae-kae hore ba e’o fumana phomolo e seng kae eo ba e hlokang haholo. Le rōna bahlanka ba Jehova rea khathala, hobane bophelo ba rōna ba boinehelo ba bomolimo bo hloka hore re ikitlaetse ka matla. (Mareka 6:30, 31; Luka 13:24; 1 Timothea 4:8) Hape ho na le lintho tse ling tse ngata tse re qetang matla.
4 Le hoja re le Bakreste, ha rea lokoloha mathateng ao batho ka kakaretso ba talimanang le ’ona. (Jobo 14:1) Ho kula, ho hula ka thata licheleteng, kapa mathata a mang li ka ’na tsa u bakela ho nyahama ho tla u tepeletsa. Ka holim’a mathata ana ho na le liteko tse hlahelang ba hlorisetsoang ho loka. (2 Timothea 3:12; 1 Petrose 3:14) Ka lebaka la likhatello tsa letsatsi le letsatsi tse tsoang lefatšeng le ho hanyetsoa ha mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso, ba bang ho rōna re ka ’na ra khathala hoo re ikutloang eka re ka khoehlisa tšebeletsong ea Jehova. Ho feta moo, Satane Diabolose o sebelisa mekhoa eohle eo a ka e khonang ho leka ho senya botšepehi ba rōna ho Molimo. Joale, matla a moea a hlokahalang re ka a fumana joang e le hore re ka thibela mokhathala le hore re se ke ra khaotsa?
5. Ke hobane’ng ha ho hlokahala matla a fetang a motho ho phetha tšebeletso ea Bokreste?
5 E le hore re ka ba matla moeeng, re lokela ho itšetleha ka Jehova, ’Mōpi ea matla ’ohle. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore tšebeletso ea Bokreste e ne e tla hloka matla a fetang a tloaelehileng a batho ba sa phethahalang. O ile a ngola: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakorinthe 4:7) Bakreste ba tlotsitsoeng ba etsa “bosebeletsi ba poelano” ba tšehelitsoe ke metsoalle ea bona e nang le tšepo ea lefatšeng. (2 Bakorinthe 5:18; Johanne 10:16; Tšenolo 7:9) Kaha rōna batho ba sa phethahalang re etsa mosebetsi oa Molimo har’a mahloriso, re ke ke ra o etsa ka matla a rōna. Jehova o re thusa ka moea oa hae o halalelang, kahoo bofokoli ba rōna bo phahamisa boholo ba matla a hae. Re khothatsoa hakaakang ke ho kholiseha hore “Jehova o tla tšehetsa ba lokileng”!—Pesaleme ea 37:17, NW.
‘Jehova o re fa Mafolofolo’
6. Mangolo a re kholisa joang hore Jehova ke Mohloli oa matla a rōna?
6 Ntate oa rōna oa leholimo “o na le matla a maholo” ’me a ka re matlafatsa habonolo. Ha e le hantle, rea bolelloa: “[Jehova] o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla. Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle, ’me ruri bahlankana ba tla khoptjoa, empa ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.” (Esaia 40:29-31, NW) Ka lebaka la likhatello tse ntseng li eketseha, ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re tšoana le semathi se felileng ke mokhathala seo ho bonahalang eka se sitoa le ho phahamisa maoto ho ea pele. Empa khole e se e le haufi haholo peisong ena ea bophelo, ’me ha rea lokela ho tela. (2 Likronike 29:11) Sera sa rōna, Diabolose, o lika-lika “joaloka tau e purumang,” ’me o batla ho re sitisa. (1 Petrose 5:8) A re hopoleng hore ‘Jehova ke matla a rōna le thebe ea rōna,’ ’me o entse litokisetso tse ngata tsa ho “fana ka matla ho ea khathetseng.”—Pesaleme ea 28:7.
7, 8. Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o ile a matlafatsa Davida, Habakuke le Pauluse?
7 Jehova o ile a fa Davida matla a hlokahalang bakeng sa ho tsoela pele har’a litšitiso tse khōlō. Ka lebaka leo Davida o ile a ngola ka tumelo e feletseng le kholiseho a re: “Re tla fumana mafolofolo ka Molimo, eena o tla hatakela bahanyetsi ba rōna.” (Pesaleme ea 60:12, NW) Hape, Jehova o ile a matlafatsa Habakuke e le hore a ka phetha kabelo ea hae ea boprofeta. Habakuke 3:19 e re: “Jehova ’Musi Morena ke mafolofolo a ka ’me o tla etsa hore maoto a ka a be joaloka a likhama tse tšehali, hape o tla etsa hore ke hate holim’a libaka tsa ka tse phahameng.” Mohlala o mong o ka eloang hloko ke oa Pauluse, ea ileng a ngola: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la [Molimo] ea mphang bonatla.”—Bafilippi 4:13.
8 Joaloka Davida, Habakuke le Pauluse, re lokela ho lumela hore Molimo o na le matla a ho re matlafatsa le a ho re pholosa. Kaha re hlokometse hore ’Musi Morena Jehova ke Mohloli o re fang “mafolofolo,” a re hlahlobeng litsela tse ling tsa ho fumana matla a moea linthong tseo Molimo a li lokisetsang ka bongata.
Litokisetso Tsa Moea Tse re Matlafatsang
9. Lingoliloeng tsa Bokreste li phetha karolo efe ho re matlafatseng?
9 Ho khothalla ho ithuta Mangolo ka thuso ea lingoliloeng tsa Bokreste ho ka re matlafatsa le ho re tšehetsa. Mopesaleme o ile a bina: “Ho thaba motho ea . . . [thabelang] molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pesaleme ea 1:1-3, NW) Joalokaha re lokela ho ja hore re lule re le matla ’meleng, ho hlokahala hore re iphepe ka lijo tsa moea tseo Molimo a fanang ka tsona ka Lentsoe la hae le ka lingoliloeng tsa Bokreste hore re lule re le matla moeeng. Ka lebaka leo, ho hlokahala ho ithuta le ho thuisa ka tsela e nang le morero.
10. Re ka fumana nako ea ho ithuta le ho thuisa neng?
10 Ka sebele hoa putsa ho thuisa ka “lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakorinthe 2:10) Empa re ka fumana nako ea ho thuisa hokae? Isaka mora oa Abrahama “o ne a ntse a itsamaela e le hore a thuise tšimong ha e tla tloha e e-ba mantsiboea.” (Genese 24:63-67, NW) Mopesaleme Davida ‘o ne a thuisa ka Molimo nakong ea litebelo tsa bosiu.’ (Pesaleme ea 63:6, NW) Re ka ’na ra ithuta Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona hoseng, mantsiboea, bosiu—ha e le hantle, ka nako leha e le efe. Thuto e joalo le ho thuisa li lebisa tokisetsong e ’ngoe ea Jehova e matlafatsang moeeng—e leng thapelo.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka ho rapela kamehla e le habohlokoa haholo?
11 Ho rapela Molimo kamehla ho re thusa ho matlafala. Ka lebaka leo, a re ‘phehelleng thapelong.’ (Baroma 12:12) Ka linako tse ling, ho hlokahala hore re etse kōpo e khethehileng ha re kōpa bohlale le matla tse hlokahalang bakeng sa ho sebetsana ka katleho le liteko. (Jakobo 1:5-8) Hape a re leboheng Molimo le ho mo rorisa ha re hlokomela ho phethahala ha merero ea hae kapa re bona hore o re matlafalelitse ho tsoela pele tšebeletsong ea hae. (Bafilippi 4:6, 7) Haeba re lulella haufi le Jehova ka thapelo, ha ho mohla a tla re lahla. Davida o ile a bina: “Bonang, Molimo ke mothusi oa ka.”—Pesaleme ea 54:4.
12. Ke hobane’ng ha re lokela ho kōpa moea o halalelang ho Molimo?
12 Ntate oa rōna oa leholimo oa re matlafatsa ebile oa re tiisa ka moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang. Pauluse o ile a ngola: “Ke khumamela Ntate . . . e le hore a ka le neha ho ea ka maruo a khanya ea hae hore le matlafatsoe mothong eo le leng eena ka hare ka matla ka moea oa hae.” (Baefese 3:14-16) Re lokela ho rapella moea o halalelang, re kholisehile hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ka oona. Jesu o ile a re: Haeba ngoana a kōpa tlhapi, na ntate ea lerato o tla mo fa noha? Le hanyenyane. Kahoo, o ile a qeta ka ho re: “Haeba lōna, le hoja [le le baetsalibe ’me kahoo ka tekanyo e itseng] le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang joalo ka ho eketsehileng hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:11-13) A re rapeleng re kholisehile ka tsela eo ’me re hopole kamehla hore bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ka ‘matlafatsoa’ ke moea oa hae.
Phutheho ke Thuso e Matlafatsang
13. Re lokela ho talima liboka tsa Bokreste joang?
13 Jehova o re matlafatsa ka liboka tsa phutheho ea Bokreste. Jesu o itse: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng hammoho ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.” (Matheu 18:20) Ha Jesu a ne a etsa tšepiso eo, o ne a bua ka litaba tse neng li hloka tlhokomelo ea ba etellang pele ka phuthehong. (Matheu 18:15-19) Leha ho le joalo, ka tlas’a mabaka a itseng a motheo, mantsoe a hae a sebetsa libokeng tsohle tsa rōna, likopanong tsohle tsa rōna tse nyenyane le tse khōlō, tse buloang le ho koaloa ka thapelo e etsoang ka lebitso la hae. (Johanne 14:14) Ka hona ke tokelo ho ba teng lipokanong tse joalo tsa Bokreste, ebang ho ba teng ba seng bakae kapa ba likete. Ka lebaka leo, a re ananeleng lipokano tsena tse lokiselitsoeng ho re matlafatsa moeeng le ho re susumelletsa leratong le mesebetsing e metle.—Baheberu 10:24, 25.
14. Re rua molemo ofe boitekong ba baholo ba Bakreste?
14 Baholo ba Bakreste ba fana ka thuso ea moea le khothatso. (1 Petrose 5:2, 3) Pauluse o ne a thusa a bile a khothatsa liphutheho tseo a neng a li sebeletsa, joalokaha balebeli ba tsamaeang ba etsa kajeno. Ha e le hantle, o ne a lakatsa ho ba le balumeli-’moho le eena e le hore ba ka khothatsana ka tsela e hahang. (Liketso 14:19-22; Baroma 1:11, 12) E se eka kamehla re ka ananela baholo ba phutheho ea habo rōna le balebeli ba bang ba Bakreste, ba phethang karolo e khōlō ho re matlafatseng moeeng.
15. Phuthehong ea habo rōna, balumeli-’moho le rōna ba iponahatsa joang hore ke “thuso e matlafatsang”?
15 Balumeli-’moho le rōna bao e leng litho tsa phutheho ea habo rōna e ka ba “thuso e matlafatsang.” (Bakolose 4:10, 11) Kaha ke ‘metsoalle ea ’nete’ ba ka re thusa linakong tsa mahlomola. (Liproverbia 17:17) Ka mohlala, ha bahlanka ba Molimo ba 220 ba ne ba lokolloa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen ba lebetsoe ke Manazi ka 1945, ba ne ba lokela ho tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 200. Ba ne ba tsamaea ka sehlopha, ’me ba matla ba ne ba hula ba fokolang haholo ka likariki tse seng kae tse nyenyane. Phello e bile efe? Leetong le bolaeang, leo ba fetang 10000, ba neng ba lula likampong tsa mahloriso ba ileng ba shoella ho lona, ha ho le ea mong oa Lipaki tsa Jehova ea ileng a shoa. Litlaleho tse joalo tse hlahang ho lingoliloeng tsa Watch Tower, tse akarelletsang Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova le buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, li bontša hore Molimo o fa batho ba hae matla, e le hore ba se ke ba tela.—Bagalata 6:9.b
Re Matlafatsoa ke Tšebeletso ea Rōna ea Tšimo
16. Ho kopanela kamehla tšebeletsong ho re matlafatsa joang moeeng?
16 Ho kopanela kamehla mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ho re matlafatsa moeeng. Mosebetsi o joalo o re thusa ho lebisa tlhokomelo ’Musong oa Molimo le ho nahana ka nako e sa feleng le ka lintho tsa oona tse thabisang tse tlang. (Jude 20, 21) Litšepiso tsa Mangolo tseo re buang ka tsona tšebeletsong ea rōna li re fa tšepo ’me li ka etsa hore re tiee joaloka moprofeta Mikea ea ileng a re: “Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rona ka mehla le mehla.”—Mikea 4:5.
17. Ho fanoa ka litlhahiso life mabapi le lithuto tsa mahae tsa Bibele?
17 Kamano ea rōna le Jehova e ba matla ha re ntse re sebelisa Mangolo haholoanyane ha re ruta ba bang. Ka mohlala, ha re khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele re sebelisa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, ke ntho e bohlale haeba re bala le ho buisana ka mangolo a ’maloa a bontšitsoeng. Sena se thusa seithuti ebile se matlafatsa kutloisiso ea rōna ea lintho tsa moea. Haeba seithuti se thatafalloa ho utloisisa mohopolo o itseng oa Bibele kapa papiso, khaolo e le ’ngoe ea buka ea Tsebo e ka ’na ea baloa ka makhetlo a fetang le le leng. Ho lokisetsa hantle le ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho thusa ba bang ho atamela haufi le Molimo, ho re thabisa hakaakang!
18. Bontša kamoo buka ea Tsebo e sebelisoang ka katleho kateng.
18 Selemo ka seng, buka ea Tsebo e sebelisoa ka katleho ho thusa ba likete ho ba bahlanka ba Jehova ba inehetseng, ’me sena se akarelletsa ba bangata ba hōtseng ba sa tsebe Bibele. Ka mohlala, ha e sa ntse e le ngoana, monna e mong oa Mohindu oa Sri Lanka o ile a utloa morali e mong oabo rōna a bua ka Paradeise. Ka mor’a lilemo tse itseng o ile a mo atamela, ’me kapele monna oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele le monna eo. Monna enoa e mocha o ne a tla thutong letsatsi le letsatsi, ’me buka ea Tsebo e ile ea phethoa ka nako e batlang e le khutšoanyane. O ile a qala ho ba teng libokeng tsohle, a furalla bolumeli boo a neng a le ho bona pele, ’me ea e-ba mohoeletsi oa ’Muso. Ha a kolobetsoa, o ne a se a ntse a khanna thuto ea lehae ea Bibele le motho eo a mo tloaetseng.
19. Ha re ntse re batla ’Muso pele, re ka kholiseha ka eng?
19 Ho batla ’Muso pele ho re tlisetsa thabo e matlafatsang. (Matheu 6:33) Le hoja re feta litekong tse sa tšoaneng, re lula re thabile ’me re bolela litaba tse molemo ka cheseho. (Tite 2:14) Bongata ba rōna re finyella se hlokahalang bakeng sa ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba nako e tletseng, ’me ba bang ba sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba evangeli ba eketsehileng. Ebang ka thabo re ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ka litsela tsena kapa tse ling, re kholisehile hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa rōna le lerato leo re le bontšang bakeng sa lebitso la hae.—Baheberu 6:10-12.
Tsoelang Pele ka Matla a Tsoang ho Jehova
20. Re ka bontša joang hore re itšetlehile ka matla a tsoang ho Jehova?
20 Ka hohle-hohle, a re bontšeng hore re tšepa Jehova le hore re itšetlehile ka matla a tsoang ho eena. Re ka etsa joalo ha re sebelisa ka botlalo lintho tsa moea tseo a li lokisetsang ka “lekhoba le tšepahalang.” (Matheu 24:45) Ho ithuta Lentsoe la Molimo boinotšing le phuthehong ka thuso ea lingoliloeng tsa Bokreste, thapelo e tlohang pelong, thuso ea moea ea baholo, mehlala e metle ea balumeli-’moho le rōna ba tšepahalang le ho kopanela kamehla tšebeletsong ke tse ling tsa litokisetso tse matlafatsang kamano ea rōna le Jehova le tse re fang matla a ho tsoela pele tšebeletsong ea hae e halalelang.
21 Ho sa tsotellehe bofokoli ba rōna ba botho, Jehova o tla re matlafalletsa ho etsa thato ea hae haeba re itšetlehile ka eena hore a re thuse. Kaha Petrose o ne a lemoha hore re hloka thuso e joalo, o ile a ngola: “Haeba leha e le mang a sebeletsa, a a sebeletse joaloka ea itšetlehileng ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona.” (1 Petrose 4:11) Pauluse o ile a bontša hore o itšetlehile ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona ha a ne a re: “Ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:10) E se eka re ka bonahatsa kholiseho e tšoanang ’me ra tlotlisa Jehova, ’Musi Morena, ea fang ea khathetseng matla.—Esaia 12:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Palo ena, ke 1 e lateloang ke bo-0 ba 20.
b Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ne U Tla Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba hloka matla a fetang a tloaelehileng?
• Ho na le bopaki bofe ba Mangolo ba hore Molimo o fa bahlanka ba hae matla?
• Jehova o entse litokisetso life tse ling tsa moea bakeng sa ho re matlafatsa?
• Re ka bontša joang hore re itšetlehile ka matla a tsoang ho Molimo?
21. Baapostola Petrose le Pauluse ba ile ba bontša joang hore ho hlokahala matla a tsoang ho Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Kamano ea rōna le Jehova e ba matla ha re ntse re sebelisa Bibele ho ruta ba bang