Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/15 maq. 25-27
  • Ba Susumeletsehile ho Sebeletsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Susumeletsehile ho Sebeletsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mantsoe a Karohano a Khothatsang
  • Ba Nang le Phihlelo Baa Bua
  • Moea oa Boithaopo o Tlisa Batho Gileade
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Sekolo sa Gileade—Lilemo Tse 60 Tsa ho Koetlisa Baromuoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Tloha ho Beng Liithuti Tse Atlehileng ho ea ho Beng Baromuoa ba Atlehileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Fumanang Thabo ho Jehova ’me le Nyakalle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/15 maq. 25-27

Ba Susumeletsehile ho Sebeletsa

KE ENG se neng se ka susumelletsa banna ba 24 le basali ba bona ba lilemong tseo ba leng sehlahlo haholo ho tsona bophelong hore ba siee malapa, metsoalle le libaka tseo ba li tloaetseng e le hore ba kenele mosebetsi oa boromuoa linaheng lisele? Ke hobane’ng ha ba ne ba ka thabela ho ea libakeng tse kang Papua New Guinea le Taiwan, hammoho le linaheng tsa Afrika le tsa Latin America? Na ba ne ba ka susumetsoa ke bohelehele? Che. Ho e-na le hoo, ba susumetsoa ke lerato la ’nete la Molimo le moahelani.—Matheu 22:37-39.

Batho baa ke bo-mang? Ke ba fuoeng mangolo sehlopheng sa bo109 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka Moqebelo oa la 9 September, 2000, ba 5 198 ka kakaretso ba ile ba bokana Setsing sa Thupelo sa Watchtower—se Patterson, New York—le libakeng tse neng li hokahantsoe ka sathelaete ho mamela keletso e lerato e neng e ka thusa ba fuoang mangolo hore e be baromuoa ba atlehileng.

Molula-setulo oa lenaneo e ne e le Stephen Lett, eo e leng setho sa Komiti e Rutang ea Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. O ile a theha mantsoe a hae a selelekela ho Matheu 5:13, e reng, “Le letsoai la lefatše.” Mor’abo rōna Lett o ile a hlalosa hore ha ho tikatiko hore mantsoe a Jesu a sebetsa ho liithuti tse fuoang mangolo. Ka mohlala, letsoai le na le motsoako o fang lintho tatso. Kahoo, le bona ka mosebetsi oa bona oa ho ruta o atlehang, baromuoa ba ka tšoantšoa le letsoai.

Mantsoe a Karohano a Khothatsang

Ka mor’a moo Mor’abo rōna Lett o ile a kenyelletsa bahlanka ba bang ba khale ba Jehova ba ileng ba fana ka lipuo tse khutšoanyane empa e le tse matla tsa Mangolo. Oa pele e ne e le John Wischuk, ea sebetsang Lefapheng le Ngolang. Sehlooho sa hae se neng se re, “Pesaleme e Khutšoanyane ka ho Fetisisa e Khothalletsa Moea oa Boromuoa,” se ne se thehiloe ho Pesaleme ea 117. Kajeno, lefatšeng ka bophara ho hlokahala hore “lichaba” le “merabe” li fuoe bopaki mabapi le Jehova le ’Muso oa hae. Liithuti li ile tsa khothalletsoa ho phethahatsa se boleloang ke Pesaleme ea 117 ka ho phehella ba bang ho ‘Rorisa Jah.’

Ka mor’a moo molula-setulo o ile a kenyelletsa Guy Pierce oa Sehlopha se Busang. O ile a bua ka sehlooho se reng, “U be ea Ikamahanyang le Maemo Empa U le ea Emeng a Tiile.” Lentsoe la Molimo le tiile. Jehova Molimo o bitsoa Lefika ho Deuteronoma 32:4, empa Lentsoe la hae le lumella ho ikamahanya le maemo kahobane le ngoletsoe batho ba lipuo tsohle le litso—e, batho bohle. Liithuti li ile tsa eletsoa hore li bolele Lentsoe la Molimo, li lumella molaetsa oa lona hore o ame lipelo tsa batho le matsoalo a bona. (2 Bakorinthe 4:2) Mor’abo rōna Pierce o ile a khothatsa ka ho re: “Le eme le tiile bakeng sa melao-motheo e nepahetseng, empa le be ba ikamahanyang le maemo. Le se ke la khesa bao le abetsoeng ho ea ho bona hobane le sa tšoane le bona ka setso.”

Karl Adams, e mong oa barupeli ba Gileade, eo esaleng a sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ka lilemo tse ka bang 53, o buile ka sehlooho se fatang maikutlo se reng, “Ha le Tloha Mona le Tla ea Hokae?” Ke ’nete hore banna bana ba 24 le basali ba bona ba abetsoe ho ea libakeng tse 20 tse sa tšoaneng ho pota lefatše, empa ho ile ha botsoa potso, Ha le se le le moo ’me le bone naha eo e ncha, ho tla etsahala’ng? Re phela lefatšeng le se nang botsitso. Batho ba batla ho ea libakeng tse ncha le ho etsa lintho tse ncha ba leka ho ikhahlisa. Ka lehlakoreng le leng, liithuti tsena li fumane kabelo e tsoang ho Jehova ho ea libakeng tseo a li batlang ho tsona ho hlokomela “linku” tsa hae ntle ho boithati. Ha lia lokela ho tšoana le ba neng ba le Iseraele ea boholo-holo bao ka lebaka la boithati ba ileng ba fosoa ke monyetla oa ho sebelisoa ke Jehova ho hlohonolofatsa moloko oohle oa batho. Ho e-na le hoo, ba lokela ho etsisa Jesu Kreste eo, ntle ho boithati, a neng a etsa thato ea Ntat’ae kamehla le ea neng a mamela maemong ’ohle ao a neng a tobana le ’ona.—Johanne 8:29; 10:16.

Sehlooho sa Wallace Liverance, mongolisi oa Sekolo sa Gileade, se ne se re, “Nka Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo e le Tsa Bohlokoa.” Nako le nako Mangolo a bua ka Lentsoe la Molimo a le tšoantša le maruo, majoe a bohlokoa, tšepe ea bohlokoa le lintho tse theko e phahameng le tse batloang. Liproverbia 2:1-5 e bontša hore ho fumana “tsebo ea Molimo,” re lokela ho e batla joaloka “matlotlo a patiloeng.” Sebui se ile sa khothalletsa liithuti hore ha li ntse li sebeletsa likabelong tsa tsona tse ncha, li tsoele pele ho fata lintho tse tebileng tsa Molimo. Mor’abo rōna Liverance o ile a beha mabaka ka tsela ena: “Sena sea sebetsa kahobane se haha tumelo le kholiseho ho Jehova ’me se tla matlafatsa boikemisetso ba lōna ba ho lula likabelong tsa lōna. Se tla le thusa ho bua ka kholiseho le ho ba mesuoe e atlehang haholoanyane ha le ntse le hlalosetsa ba bang merero ea Molimo.”

Morupeli e mong oa Sekolo sa Gileade o ile a sebelisa boemo ba phaposi ea ho rutela ho bontša kamoo Jehova a hlohonolofalitseng liithuti tsena tšebeletsong ea tsona ea tšimo likhoeling tse hlano tse fetileng. Lawrence Bowen o ile a bua ka mantsoe a moapostola Pauluse a ho Liketso 20:20 mabapi le bosebeletsi ba hae ba phatlalatsa Efese, a hlakisa hore Pauluse o ile a sebelisa menyetla eohle e le hore a fane ka bopaki. Liphihlelo tsa liithuti li bontšitse hore, joaloka moapostola Pauluse, ba susumetsoang ke lerato la Molimo le la moahelani mehleng ea rōna ha ho mohla ba lesang ho bua ’nete le ho lumella matla a Lentsoe la Molimo hore a susumetse ba bang. Sena se fella ka tlhohonolofatso e enneng ea Jehova.

Ba Nang le Phihlelo Baa Bua

Nakong ea tsona ea sekolo, liithuti tsa sehlopha sena sa Gileade li ile tsa rua molemo o moholo ka ho ba hammoho le litho tsa Likomiti tsa Makala tse tsoang linaheng tse 23 tse neng li le Setsing sa Thupelo sa Patterson bakeng sa koetliso e khethehileng. Leon Weaver le Merton Campbell ba Lefapha la Tšebeletso ba ile ba buisana ka lipotso le litho tse fapa-fapaneng tsa Likomiti tsa Makala, tseo tse ling tsa tsona li neng li fuoe mangolo a Gileade nakong e fetileng. Ho ne ho tiisa moko ho liithuti, malapa a bo-tsona le metsoalle ho utloa ha baromuoa bana bao e leng khale ba li bona ba bua.

Keletso e neng e lebisitsoe ho sehlopha sena se fuoang mangolo ho se thusa ho ikamahanya le likabelo tsa sona linaheng lisele e ne e akarelletsa lipolelo tse kang tsena: “E-ba ea nang le maikutlo a matle. Haeba u thulana le ntho eo u sa e tloaelang ho hang kapa eo u sa e utloisiseng, u se ke ua tela. Itšetlehe ka Jehova”; “ithute ho thabela se teng, ’me u tšepe hore Jehova o tla u fa lintho tseo u li hlokang bophelong.” Lipolelo tse ling li ne li tsepame tabeng ea ho thusa liithuti hore li lule li thabile likabelong tsa tsona. Lipolelo tse seng kae li ne li re: “U se ke ua bapisa sebaka seo u abetsoeng ho ea ho sona le moo u tlohang teng”; “ithute puo ea moo ’me u e bue hantle e le hore u buisane le batho”; “ithute mekhoa le meetlo ea batho bao, hobane sena se tla u thusa hore u lule kabelong ea hao.” Lipolelo tsena li ile tsa khothatsa baromuoa bana ba bacha haholo.

Ka mor’a lipuisano tsena, David Splane, eo e neng e le moromuoa le ea ileng a fuoa lengolo sehlopheng sa Gileade sa bo42 ’me hona joale a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a fana ka puo ea sehlooho e thehiloeng sehloohong se tsosang khahleho se reng, “Le ba Qetileng Lithuto Tsa Lōna Kapa le Liithuti?” O ile a botsa sehlopha se fuoang mangolo: “Le tla inka le le eng ha le e-ea likabelong tsa lōna tsa boromuoa? Le le ba qetileng lithuto tsa bona ba tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le mosebetsi oa boromuoa kapa le le liithuti tse ntseng li lokela ho ithuta ho hongata?” Mor’abo rōna Splane o ile a totobatsa hore motho ea bohlale ea qetileng lithuto tsa hae o inka e le seithuti. Baromuoa ba lokela ho ba le maikutlo a hore motho e mong le e mong eo ba kopanang le eena kabelong ea bona ea boromuoa o na le monyetla oa ho ba ruta ho hong. (Bafilippi 2:3) Liithuti li ile tsa khothalletsoa ho sebelisana haufi-ufi le baromuoa-’moho le tsona, ofisi ea lekala le liphutheho tseo li kopanelang le tsona. Mor’abo rōna Splane o ile a khothatsa a re: “Le fetile litlhahlobo tsa lōna tsa makhaola-khang, empa ha lea khaotsa ho ba liithuti. Hlakisetsang e mong le e mong hore le tletse ho tla ithuta.”

Ka mor’a puo ena, liithuti li ile tsa amohela mangolo a tsona, ’me bamameli ba ile ba tsebisoa linaha tseo li eang ho tsona. Ka mor’a moo e ile ea e-ba nako e amang maikutlo ho liithuti tse fuoang mangolo ha moemeli oa sehlopha a bala qeto e buang ka boikemisetso ba liithuti ba hore li tla lumella seo li ithutileng sona Lentsoeng la Molimo ho li susumelletsa liketsong tse khōloanyane tsa tšebeletso e halalelang.

Ha ho pelaelo hore bohle ba neng ba le teng ba ne ba ka lumela hore keletso e fumanoeng e matlafalitse qeto ea ba fuoeng mangolo ea ho bonahatsa lerato la bona ho Molimo le moahelani. Hape e ne e entse hore ba ikemisetse ho feta leha e le neng hore likabelong tsa bona tsa boromuoa ba tla thusa batho moeeng.

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 25]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng: 10

Palo ea linaha tse abetsoeng: 20

Palo ea liithuti: 48

Karolelano ea lilemo: 33,7

Karolelano ea lilemo ’neteng: 16,2

Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 12,5

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Sehlopha sa Bo109 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.

(1) Collins, E.; Miles, L.; Alvarado, A.; Lake, J. (2) Van Dusen, L.; Biharie A.; Heikkinen, H.; Koós, S.; Smith, H. (3) Ashford, J.; Ashford, C.; Boor, C.; Richard, L.; Wilburn, D.; Lake, J. (4) Chichii, K.; Chichii, H.; Ramirez, M.; Baumann, D.; Becker, G.; Biharie, S.; Ramirez, A. (5) Van Dusen, W.; Lemâtre, H.; Pisko, J.; Cutts, L.; Russell, H.; Johnson, R. (6) Becker, F.; Baumann, D.; Johnson, K.; Pifer, Á.; Madsen, C.; Lemâtre, J.; Heikkinen, P. (7) Smith, R.; Russell, J.; Collins, A.; Pisko, D.; Wilburn, R.; Koós, G. (8) Cutts, B.; Boor, J.; Madsen, N.; Pifer, S.; Richard, E.; Miles, B.; Alvarado, R.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela