Ho Sireletseha Lefatšeng le Tletseng Likotsi
HO TSAMAEA sebakeng se nang le maraba a fatše ho ka bolaea. Leha ho le joalo, na ho ne ho ke ke ha e-ba le phapang haeba u ne u e-na le ’mapa o bontšang sebaka seo liqhomane tseo li leng ho sona? Ho phaella moo, nka hore u ne u rutiloe ho khetholla maraba a fapa-fapaneng. Ho hlakile hore tsebo e joalo e ne e tla fokotsa haholo kotsi ea hore a u holofatse kapa a u bolaee.
Bibele e ka tšoantšoa le ’mapa oo hammoho le thuto ea ho tseba maraba a fatše. Bibele e na le bohlale bo ikhethang tabeng ea ho qoba likotsi le ho sebetsana le mathata a hlahang bophelong.
Ela hloko tšepiso ena e kholisang e fumanoang ho Liproverbia 2:10, 11: “Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa.” Bohlale le temoho tse boletsoeng mona ha li tsoe ho batho empa li tsoa ho Molimo. ‘Ha e le ea mamelang [bohlale ba bomolimo], o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.’ (Liproverbia 1:33) A re boneng kamoo Bibele e ka etsang hore re sireletsehe haholoanyane kateng le ho re thusa ho qoba mathata a mangata.
Ho Qoba Likotsi Tse Bolaeang
Lipalo tse sa tsoa phatlalatsoa ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO [World Health Organization]) li bontša hore lefatšeng kaofela batho ba ka bang 1 171 000 baa shoa selemo le selemo ka lebaka la likotsi tsa mebileng. Ba bang ba ka bang limilione tse 40 ba tsoa likotsi, ’me ba fetang limilione tse 8 ba holofala ka nako e telele.
Le hoja ho sa khonehe hore motho a sireletsehe ka ho feletseng ha a khanna, re sireletseha haholoanyane ha re mamela melao ea sephethephethe. Ha Bibele e bua ka ba boholong pusong, ba behang melao ea sephethephethe le ho bona hore ea sebetsa, e re: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” (Baroma 13:1) Baqhobi ba hlomphang keletso ena ba fokotsa maemo a bakang likotsi, le liphello tsa tsona tse atisang ho ba mpe haholo.
Ntho e ’ngoe e ka etsang hore motho a khanne ka mokhoa o sireletsehileng ke ho hlompha bophelo. Bibele e re ka Jehova Molimo: “Mohloli oa bophelo o ho uena.” (Pesaleme ea 36:9) Kahoo, bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. Ka lebaka leo, ha re na tokelo ea ho amoha mang kapa mang mpho eo kapa ho bontša ho hlompholla bophelo, ho akarelletsa le ba rōna.—Genese 9:5, 6.
Ka tlhaho, ho hlompha bophelo ba motho ho akarelletsa ho tiisa hore likoloi tsa rōna le mahae a rōna li sireletsehile ka hohle kamoo ho khonehang. Iseraeleng ea boholo-holo, tšireletseho e ne e le ntho e ka sehloohong likarolong tsohle tsa bophelo. Ka mohlala, ha ho ne ho hahuoa ntlo, Molao oa Molimo o ne o laela hore marulelong a eona—e leng sebaka seo lelapa le neng le etsetsa lintho tse ngata ho sona—ho be le lehora. “U etse lehora bakeng sa marulelo a hao, e le hore u se ke ua beha molato oa mali ntlong ea hao hobane e mong a ka ’na a oa a le holim’a eona.” (Deuteronoma 22:8) Ha motho a ne a ka oa kahobane molao ona oa tšireletseho o ne o sa mameloa, Molimo o ne a beha molato ho mong’a ntlo. Ha ho pelaelo hore tšebeliso ea molao-motheo o lerato o neng o akarellelitsoe molaong ona e ne e tla fokotsa likotsi sebakeng sa mosebetsi kapa boithabisong.
Ho Loantša Lintho Tse Lemalloang Tse Bolaeang
Ho latela WHO, lefatšeng hona joale ho na le batho ba tsubang ba fetang limilione tse sekete, ’me batho ba ka bang limilione tse ’nè ba shoang ka selemo ho ka boleloa hore ba bolaoa ke koae. Ho lebelletsoe hore palo ena e nyolohele ho limilione tse ka bang 10 lilemong tse fetang 20 kapa 30 tse tlang. Ba bang ba limilione ba tsubang, hammoho le ba sebelisang lithethefatsi “tsa ho ithabisa,” ba tla ikulisa ba be ba senye bophelo ba bona ka lebaka la lintho tseo ba li lemalletseng.
Le hoja Lentsoe la Molimo le sa bue ka ho toba ka tšebeliso ea koae le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, melao-motheo ea eona e ka re sireletsa mekhoeng ena. Ka mohlala, 2 Bakorinthe 7:1 ea eletsa: “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” Ha ho pelaelo hore koae le lithethefatsi li silafatsa nama ka metsoako e mengata e kotsi. Ho feta moo, Molimo o batla hore ’mele ea rōna e ‘halalele,’ e leng se bolelang ho hloeka le ho hloka litšila. (Baroma 12:1) Na hase ’nete hore ho sebelisa melao-motheo ee ho tla fokoletsa motho bothata ba likotsi bophelong?
Ho Hlōla Mekhoa e Kotsi
Batho ba bangata ba inehelletse ho ja le ho noa haholo. Liphello tsa ho ja haholo li ka ’na tsa akarelletsa lefu la tsoekere, kankere le lefu la pelo. Tšebeliso e mpe ea joala e baka mathata a eketsehileng, a kang ho lemalla joala, lefu la komello ea sebete, malapa a qhalanang le likotsi tsa mebileng. Ntho e ’ngoe e mpe ke hore ho itima lijo ho feteletseng le hona ho ka ntša kotsi ’me ho ka bula monyetla oa mathata a sokelang bophelo a bakoang ke mokhoa oa ho ja a kang anorexia nervosa (e leng lefu la ho itima lijo hobane motho a nahana hore o motenya).
Le hoja Bibele e se buka ea ho ithuta tsa bongaka, e fana ka keletso e tobileng mabapi le bohlokoa ba hore motho a je le ho noa ka teka-tekano. “Uena mora oa ka, utloa ’me u hlalefe, ’me u tsamaise pelo ea hao tseleng. U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo. Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha.” (Liproverbia 23:19-21) Empa, Bibele e bolela hore ho ja le ho noa e lokela ho ba lintho tse thabisang. “Motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:13.
Bibele e boetse e khothalletsa boikutlo bo leka-lekaneng mabapi le boikoetliso ba ’mele, e tiisa hore “koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” Empa e boetse e re: “Boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) U ka ’na ua botsa: ‘Ebe boinehelo ba bomolimo bo molemo joang hona joale?’ Ka litsela tse ngata. Ntle le hore boinehelo ba bomolimo bo eketsa litšobotsi tsa bohlokoa tsa moea bophelong ba motho, bo boetse bo ntlafatsa litšoaneleho tse molemo tse kang lerato, thabo, khotso le boitšoaro, ’me kaofela ha tsona li tlatsetsa ho beng le pono e ntle le ho pheleng hantle ’meleng.—Bagalata 5:22, 23.
Liphello Tse Bohloko Tsa Boitšoaro bo Bobe
Kajeno, batho ba limilione ba lahlile mekhoa eohle ea boitšoaro. Phello e ’ngoe ea sena ke seoa sa AIDS. Ho latela WHO, ho shoele batho ba fetang limilione tse 16 ho tloha ha seoa sa AIDS se qaleha, ’me hona joale, ba ka bang limilione tse 34 ba kenoe ke HIV, e leng kokoana-hloko e bakang AIDS. Ba bangata ba tšoeroeng ke AIDS ba e fumane ka boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, ka liente tse silafetseng tse sebelisoang ke ba lemaletseng lithethefatsi, kapa ka litšelo tsa mali a silafetseng.
Liphello tse ling tsa boitšoaro bo hlephileng li akarelletsa herpes, qhoshola, lefu la ho ruruha ha sebete la mofuta oa B le C le mokaola. Le hoja mabitso a bongaka a joalo a ne a sa sebelisoe mehleng ea Bibele, ho ne ho tsejoa litho tse hlaseloang ke mafu a itseng a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, a neng a tloaelehile ka nako eo. Ka mohlala, Liproverbia 7:23 e hlalosa phello e tšosang ea bohlola ka ho re ke ‘motsu o phunyang sebete.’ Ho tloaelehile hore mokaola o hlasele sebete, ’me ho joalo le ka lefu la ho ruruha ha sebete. E, keletso ea Bibele ea hore Bakreste ba ‘ile mali le bohlola’ ke e nakong le e lerato hakaakang’!—Liketso 15:28, 29.
Leraba la Lerato la Chelete
Batho ba bangata ha ba leka ho rua kapele, ba kena mesebetsing e kotsi haholo ka lichelete tsa bona. Ka masoabi, mesebetsi e kotsi joalo e atisa ho lihela chelete ea motho. Leha ho le joalo, ho mohlanka oa Molimo, Bibele e re: “A etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Ke ’nete hore hase kamehla motho ea sebetsang ka thata e bang morui. Leha ho le joalo, o khotsofetse kelellong, oa itlhompha, ’me mohlomong o bile o na le chelete eo a ka nehelanang ka eona mosebetsing o mong o molemo.
Bibele ea lemosa: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang . . . ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:9, 10) Ha ho na pelaelo ea hore ba bangata “ba ikemiselitseng ho rua” ba hlile baa rua. Empa phello e ba efe? Na hase ’nete hore bophelo ba bona, malapa a bona, bomoea ba bona, esita le boroko ba bona li ba kotsing?—Moeklesia 5:12.
Motho ea bohlale o hlokomela hore “bophelo . . . ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Chelete le thepa e itseng lia hlokahala lichabeng tse ngata. Ha e le hantle, Bibele e re ‘chelete ke tšireletso,’ empa e phaella ka ho re, “molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) Ho fapana le chelete, tsebo e nepahetseng le bohlale li ka re thusa maemong ’ohle, empa haholo litabeng tse amang bophelo ba rōna.—Liproverbia 4:5-9.
Nako eo ka Eona re Tla Sireletsoa ke Bohlale Feela
Bohlale ba ’nete bo tla tloha bo “boloka ba nang le bona ba phela” ka tsela eo ho seng e kileng ea tšoana le eona—bo tla ba sireletsa ‘matšoenyehong a maholo’ a atamelang ka potlako, ha Molimo a felisa ba khopo. (Matheu 24:21) Bibele e bolela hore ka nako eo batho ba tla be ba lahlela lichelete tsa bona literateng e le “ntho e nyonyehang.” Hobane’ng? Hobane ba tla be ba ithutile habohloko hore khauta le silevera li ke ke tsa reka bophelo “letsatsing la khalefo ea Jehova.” (Ezekiele 7:19) Ka lehlakoreng le leng, “bongata bo boholo,” boo ka bohlale bo ileng ba ‘ipolokela matlotlo leholimong’ ka hore bo etelletse pele lithahasello tsa moea bophelong ba bona, bo tla rua molemo letseteng la bona leo ba kholisehileng ka lona ’me ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Tšenolo 7:9, 14; 21:3, 4; Matheu 6:19, 20.
Bokamoso boo bo sireletsehileng re ka bo fumana joang? Jesu oa araba: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Batho ba limilione ba fumane tsebo ena ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ba na le tšepo e hlollang bakeng sa nako e tlang, ’me ba boetse ba na le khotso e itseng le tšireletseho hona joale. Ho joalokaha mopesaleme a hlalositse: “Ke tla sekama ’me ke robale ka khotso, etsoe, Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.”—Pesaleme ea 4:8.
Na ho na le mohloli o mong oa boitsebiso oo u ka nahanang ka oona o ka u thusang ho feta Bibele ho fokotsa likotsi tse ka u kulisang le tse ka u bolaeang? Ha ho na buka e nang le tšusumetso eo Bibele e nang le eona, ’me ha ho buka e ka u thusang ho sireletseha e le kannete lefatšeng la kajeno le tletseng likotsi. Ke hobane’ng ha u sa e hlahlobe ka ho eketsehileng?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho Phela Hantle le ho Sireletseha—Ka Thuso ea Bibele
Moroetsana e mong ea bitsoang Jane,a khafetsa o ne a itebatsa litsietsi ka ho sebelisa matekoane, koae, k’hok’heine, li-amphetamine, LSD le lithethefatsi tse ling. O ne a boetse a e-noa haholo. Jane o bolela hore ba ne ba itšoanela le monna oa hae. Bokamoso ba bona bo ne bo le lerootho. Ka nako eo Jane o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova. A qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho bala Molula-Qhooa le makasine ea Tsoha! e khemang le oona, ’me o ne a li bala le monna oa hae. Bobeli ba bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Ha ba ntse ba hlaolela kananelo bakeng sa melao e phahameng ea Jehova, ba ile ba tlohela tšebeliso eohle e mpe ea lithethefatsi. Ka phello efe? Ka mor’a lilemo tse telele Jane o ile a ngola, a re: “Bophelo bo bocha ba rōna bo entse hore re thabe haholo. Ke leboha Jehova haholo ka matla a hloekisang a Lentsoe la hae le ka bophelo ba khatholoho le bo sehlahlo boo re bo phelang hona joale.”
Molemo oa ho ba mohiruoa ea tšepahalang o bonahala hantle tabeng ea Kurt, eo mosebetsi oa hae o neng o akarelletsa ho hlokomela taolo ea tšebetso ea lik’homphieutha. Ho ne ho hlokahala thepa e ncha, ’me mong’a Kurt o ile a mo fa boikarabelo ba ho e batla ka theko e tlaase. Kurt o ile a fumana morekisi ea tšoanelehang, ’me ho ile ha lumellanoa ka theko. Leha ho le joalo, mosebeletsi oa morekisi eo o ile a etsa phoso ha a ngola chelete ea theko, hoo theko e ileng ea theoha ka hoo e ka bang R290000 ho seo ho neng ho lumellanoe ka sona. Ha Kurt a hlokomela phoso eo, o ile a letsetsa k’hamphani eo, ’me mookameli o ile a bolela hore lilemong tse 25 a le mosebetsing oa hae, ha ho mohla a kileng a bona botšepehi bo joalo. Kurt o ile a hlalosa hore letsoalo la hae le ne le tataisitsoe ke Bibele. Sena se ile sa fella ka hore mookameli a kōpe likopi tse 300 tsa tokollo ea Tsoha! e neng e bua ka botšepehi khoebong e le hore a ka li abela basebetsi-’moho le eena. Kurt eena o ile a phahamisoa mosebetsing ka lebaka la botšepehi ba hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”—ESAIA 48:17