Na U Phelela Boinehelo ba Hao?
“Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.”—BAKOLOSE 3:23.
1. Ho latela maikutlo a tloaelehileng, lentsoe “boinehelo” le bolela’ng?
BAATLELETE e ba bo-’mampoli joang? Teneseng, bolong ea maoto, ho basketball, ho baseball, kolofong, lebelong, kapa papaling leha e le efe, baatlelete ba ipabolang e ba bo-’mampoli feela ka ho inehela ba sa thekesele. Ntho ea pele ke ho lokisa ’mele le kelello. Sena se lumellana hantle le e ’ngoe ea litlhaloso tsa lentsoe “boinehelo,” e leng “ho ikakhela ka setotsoana tseleng e itseng ea ho nahana le ea ho etsa lintho.”
2. “Boinehelo” bo bolela’ng ka Bibeleng? Fana ka mohlala.
2 Leha ho le joalo, “boinehelo” bo bolela’ng ka Bibeleng? Poleloana “ho nehela” e fetolela leetsi la Seheberu leo moelelo oa lona e leng “ho ikarola; ho aroha; ho ikhula.”a Iseraeleng ea boholo-holo, Moprista ea Phahameng Arone o ne a roala tukung ea hae “pontšo e halalelang ea boinehelo,” eo e neng e le lekapa le benyang la khauta e hloekileng le neng le ngotsoe ka mongolo o fatiloeng mantsoe a Seheberu a reng “Khalalelo ke ea Jehova.” E ne e sebeletsa e le khopotso ho moprista ea phahameng hore o lokela ho qoba ho etsa eng kapa eng e neng e tla silafatsa sehalalelo “hobane pontšo ea nehelo, oli e tlotsang ea Molimo oa hae, [e ne e le] holim’a hae.”—Exoda 29:6; 39:30; Levitike 21:12.
3. Boinehelo bo lokela ho ama boitšoaro ba rōna joang?
3 Tabeng ena re ka bona kamoo boinehelo e leng ntho e tebileng kateng. Bo bolela hore ka boithatelo motho o itsebahatsa e le mohlanka oa Molimo, ’me bo hloka boitšoaro bo hloekileng. Ka lebaka leo, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha moapostola Petrose a ne a bolela hore Jehova o re: “Le halalele, hobane kea halalela.” (1 Petrose 1:15, 16) Re le Bakreste ba inehetseng re na le boikarabelo bo tebilengba ho phelela boinehelo ba rōna, re tšepahale ho fihlela qetellong. Empa ho ameha eng boinehelong ba Bokreste?—Levitike 19:2; Matheu 24:13.
4. Re finyella bohato ba boinehelo joang, ’me bo ka tšoantšoa le eng?
4 Ka mor’a hore re be le tsebo e nepahetseng ea Jehova Molimo le merero ea hae le ea Jesu Kreste le karolo ea hae mererong eo, re ile ra iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Molimo ka lipelo tsohle, likelello tsohle, moea oohle le matla ’ohle a rōna. (Mareka 8:34; 12:30; Johanne 17:3) Seo se ka ’na sa talingoa e le kano eo motho a e etsang, le boinehelo bo feletseng ho Molimo. Boinehelo ba rōna ha rea bo etsa ka ho nkeha maikutlo. Re ile ra bo nahana ka hloko le ka thapelo, re sebelisa matla a ho nahana. Ka hona e ne e se qeto ea nakoana. Re ke ke ra tšoana le motho e mong ea qalang ho lema tšimo ebe o e tlohela a e-s’o qete kahobane e le mosebetsi o mongata le o boima kapa kahobane ho bonahala eka o tla kotula khale haholo kapa a ke ke a kotula ho hang. Nahana ka mehlala ea ba bang ba ‘behileng matsoho a bona mohomeng’ oa boikarabelo ba puso ea Molimo har’a mathata le litšitiso.—Luka 9:62; Baroma 12:1, 2.
Ha Baa ka ba Koenehela Boinehelo ba Bona
5. Jeremia e ne e le mohlala o ikhethang joang oa mohlanka oa Molimo ea inehetseng?
5 Tšebeletso ea Jeremia ea boprofeta Jerusalema e bile ea lilemo tse fetang 40 (647-607 B.C.E.), ’me e ne e se mosebetsi o bonolo. O ne a tseba mefokolo ea hae hantle. (Jeremia 1:2-6) O ne a hloka sebete le mamello hore a talimane le batho ba Juda ba lihlooho li thata letsatsi le leng le le leng. (Jeremia 18:18; 38:4-6) Leha ho le joalo, Jeremia o ne a tšepa Jehova Molimo, ea ileng a mo matlafatsa e le hore a bontše hore ke mohlanka oa sebele oa Molimo ea inehetseng.—Jeremia 1:18, 19.
6. Moapostola Johanne o re behetse mohlala ofe?
6 Ho thoe’ng ka moapostola Johanne ea tšepahalang, eo ka lebaka la “ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu” a ileng a isoa botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose se letsoatlare, botsofaling ba hae? (Tšenolo 1:9) O ile a mamella ’me a phelela boinehelo ba hae e le Mokreste ka lilemo tse ka bang 60. O ile a phela ho fihlela ka mor’a hore mabotho a Roma a timetse Jerusalema. O bile le tokelo ea ho ngola Kosepele, mangolo a mararo a bululetsoeng le buka ea Tšenolo, eo ho eona a ileng a bonela pele ntoa ea Armagedone. Na o ile a tlohela ha a hlokomela hore Armagedone e ne e sa tl’o tla bophelong ba hae? Na o ile a inehella ho nyahama? Che, Johanne o ile a lula a tšepahala ho fihlela lefung, a tseba hore le hoja ‘nako e behiloeng e le haufi,’ lipono tsa hae li ne li tla phethahala hamorao.—Tšenolo 1:3; Daniele 12:4.
Mehlala ea Boinehelo ea Kajeno
7. Mor’abo rōna e mong e ne e le mohlala o motle oa boinehelo ba Bokreste joang?
7 Mehleng ea kajeno Bakreste ba tšepahalang ba likete ba ’nile ba khomarela boinehelo ba bona ka cheseho ho sa tsotellehe hore ha baa ka ba phela ho fihlela ba bona Armagedone. E mong oa ba joalo ke Ernest E. Beavor oa Engelane. E bile Paki ka 1939, qalong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’me o ile a tlohela khoebo ea ho nka lifoto tsa likoranta e le hore a qalise tšebeletso ea nako e tletseng. Kaha o ile a lula e le Mokreste ea sa jeleng paate, o ile a kena teronkong ka lilemo tse peli. Lelapa la hae le ile la mo tšehetsa ka botšepehi, ’me ka 1950 bana ba hae ba bararo ba ile ba kena Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower sa ho koetlisa baromuoa, se New York. Mor’abo rōna Beavor o ne a chesehela mosebetsi oa ho bolela hoo metsoalle e neng e mo bitsa Armagedone Ernie. O ile a phelela boinehelo ba hae ka botšepehi ’me ho fihlela lefung la hae ka 1986, o ne a bolela hore ntoa ea Molimo ea Armagedone e haufi. O ne a sa talime boinehelo ba hae e le tumellano ea nakoana le Molimo!b—1 Bakorinthe 15:58.
8, 9. (a) Bahlankana ba bangata ba behile mohlala ofe Spain nakong ea puso ea Franco? (b) Ke lipotso life tse loketseng?
8 Mohlala o mong oa cheseho e sa tapeng o hlaha Spain. Nakong ea puso ea Franco (1939-75), bacha ba Lipaki ba makholo ba inehetseng ba ile ba ema ba tiile e le Bakreste ba sa jeleng paate. Bongata ba bona ba qetile lilemo tse leshome le ho feta literonkong tsa sesole. Paki e ’ngoe e bitsoang Jesús Martín, e ile ea ahloloa ka makhetlo a mangata hoo qetellong nako eo e e ahloletsoeng e ileng ea e-ba lilemo tse 22 teronkong. E ile ea otloa habohloko ha e ntse e tšoeroe teronkong ea sesole Afrika Leboea. Lintho tsena kaofela li ne li le boima, empa e ile ea hana ho sekisetsa.
9 Boholo ba nako, bahlankana bana ba ne ba sa tsebe hore na ba tla lokolloa neng, hobane likahlolo tsa bona li ne li phaellana. Empa, ba ile ba boloka botšepehi ba bona ’me ba lula ba chesehela tšebeletso ha ba ntse ba le botlamuoeng. Ha boemo bo qala ho ntlafala qetellong ka 1973, bongata ba Lipaki tsena, tseo ka nako eo li neng li le lilemong tsa bo-30, bo ile ba lokolloa teronkong ’me bo ile ba potlakela ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ba bang ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng le balebeli ba tsamaeang. Ba ile ba phelela boinehelo ba bona teronkong, ’me bongata ba bona bo tsoetse pele ho etsa joalo haesale ba lokolloa.c Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Na re tšepahalla boinehelo ba rōna joaloka bona?—Baheberu 10:32-34; 13:3.
Pono e Nepahetseng ka Boinehelo ba Rōna
10. (a) Re lokela ho talima boinehelo ba rōna joang? (b) Jehova o talima tšebeletso eo re mo etsetsang eona joang?
10 Re talima boinehelo ba rōna ho Molimo bakeng sa ho etsa thato ea hae joang? Na ke ntho ea pele bophelong ba rōna? Ho sa tsotellehe maemo a rōna, ebang re bacha kapa re hōlile, re lenyalong kapa re masoha, re phela hantle kapa rea kula, re lokela ho loanela ho phelela boinehelo ba rōna, ho latela maemo a rōna. Boemo ba motho e mong bo ka ’na ba mo lumella ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng e le pula-maliboho, moithaopi ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, moromuoa kapa molebeli ea tsamaeang. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba bang e ka ’na eaba ba phathahane, ba hlokomela malapa a bona ka seo a se hlokang nameng le moeeng. Na lihora tse batlang li fokola tseo ba li qetang ba le tšebeletsong khoeli ka ’ngoe hase tsa bohlokoa hakaalo mahlong a Jehova ha li bapisoa le lihora tse ngata tse qetoang ke mohlanka ea tšebeletsong ea nako e tletseng? Che. Ha ho mohla Molimo a lebellang hore re mo fe seo re se nang sona. Moapostola Pauluse o ile a bua ka molao-motheo ona: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.”—2 Bakorinthe 8:12.
11. Poloko ea rōna e itšetlehile ka eng?
11 Leha ho le joalo, poloko ea rōna ha ea itšetleha ka ntho leha e le efe eo e ka ’nang eaba rea e etsa, empa e itšetlehile ka mosa oa Jehova o sa tšoanelang ka Kreste Jesu, Morena oa rōna. Pauluse o ile a hlalosa ka ho hlaka ha a re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo, ’me ho joaloka mpho e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa hae o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” Leha ho le joalo, mesebetsi ea rōna ke bopaki ba hore tumelo ea rōna litšepisong tsa Molimo ea phela.—Baroma 3:23, 24; Jakobo 2:17, 18, 24.
12. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ipapisa le ba bang?
12 Ha ho hlokahale hore re ipapise le ba bang tabeng ea nako eo re e qetang re le tšebeletsong ea Molimo, palong ea lingoliloeng tsa Bibele tseo re li abang, kapa palong ea lithuto tsa Bibele tseo re li khannang. (Bagalata 6:3, 4) Ho sa tsotellehe seo re se finyellang tšebeletsong ea Bokreste, kaofela ha rōna re lokela ho hopola mantsoe a Jesu a kokobetsang a reng: “Kahoo le lōna, ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’” (Luka 17:10) Ke hangata hakae re ka hlang ra re re entse ‘lintho tsohle tseo re li abetsoeng’? Ka hona, re ka ipotsa, Tšebeletso ea rōna ho Molimo e lokela ho ba ea boleng bofe?—2 Bakorinthe 10:17, 18.
Ho Etsa Hore Letsatsi ka Leng e be la Bohlokoa
13. Ho hlokahala hore re be le boikutlo bofe ha re ntse re phetha boinehelo ba rōna?
13 Ha Pauluse a qeta ho eletsa basali, banna, bana, batsoali le makhoba, oa ngola: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho, etsoe lea tseba hore le tla amohela ho Jehova moputso o loketseng oa lefa. E-bang makhoba a Monghali, Kreste.” (Bakolose 3:23, 24) Ha re sebeletse ho khahlisa batho ka seo re se finyellang tšebeletsong ea Jehova. Re leka ho sebeletsa Molimo ka ho latela mohlala oa Jesu Kreste. Tšebeletso ea hae eo nako ea eona e neng e batla e le khutšoanyane, o e phethile ka boikutlo ba ho potlaka.—1 Petrose 2:21.
14. Petrose o ile a fana ka temoso efe mabapi le matsatsi a ho qetela?
14 Moapostola Petrose le eena o ile a bontša hore o na le boikutlo ba ho potlaka. Lengolong la hae la bobeli, o ile a lemosa hore matsatsing a ho qetela ho ne ho tla ba le basomi—bakoenehi le ba belaelang—bao ho latela litakatso tsa bona ba neng ba tla botsa lipotso mabapi le ho ba teng ha Kreste. Leha ho le joalo, Petrose o itse: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong. Empa leha ho le joalo letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu.” E, letsatsi la Jehova le tla tla. Ka lebaka leo, letsatsi le letsatsi re lokela ho ameha ka hore na tumelo ea rōna tšepisong ea Molimo ke ea sebele hakae ebile e tiile hakae.—2 Petrose 3:3, 4, 9, 10.
15. Re lokela ho talima letsatsi ka leng joang bophelong ba rōna?
15 Ho phelela boinehelo ba rōna ka tsela e hlokolosi, re lokela hore letsatsi ka leng re le sebelisetse ho rorisa Jehova. Ha letsatsi ka leng le likela, na re ka hetla morao ’me re bone kamoo re tlatselitseng ka tsela e itseng ho halaletsoeng ha lebitso la Molimo le ho phatlalatsoeng ha litaba tse molemo tsa ’Muso? Mohlomong e bile ka boitšoaro ba rōna bo botle, moqoqo oa rōna o hahang, kapa kameho ea rōna e lerato bakeng sa lelapa le metsoalle. Na re sebelisitse menyetla e hlahang bakeng sa ho bolella ba bang ka tšepo ea rōna ea Bokreste? Na re thusitse motho e mong ho nahana ka ho teba ka litšepiso tsa Molimo? Letsatsi ka leng re ke re bokelle ntho e ’ngoe e molemo ka kutloisiso ea moea, ka puo ea tšoantšetso, re boloke matlotlo a mangata bankeng ea moea.—Matheu 6:20; 1 Petrose 2:12; 3:15; Jakobo 3:13.
Boloka Pono ea Hao e Hlakile
16. Satane o leka ho fokolisa boinehelo ba rōna ho Molimo ka litsela life?
16 Re phela linakong tse ntseng li thatafalla Bakreste haholoanyane. Satane le mahlahana a hae ba leka ho fifatsa phapang pakeng tsa se setle le se sebe, se hloekileng le se litšila, seo e leng boitšoaro bo botle le seo e leng boitšoaro bo bobe, se lumelloang ke molao le se sa lumelloeng ke molao. (Baroma 1:24-28; 16:17-19) O entse hore ho be bonolo haholo hore re silafatse lipelo tsa rōna le likelello tsa rōna ka mananeo a TV ao re khethang ho a shebella kapa ka Internet. Pono ea rōna ea moea e ka fifala, kapa ea ba lerootho, eaba re sitoa ho hlokomela liketso tsa hae tse bolotsana. Boikemisetso ba rōna ba ho phelela boinehelo ba rōna bo ka fokola ’me re ka nyehlisa letsoho la rōna “mohomeng” haeba re sekisetsa litekanyetso tsa rōna tsa moea.—Luka 9:62; Bafilipi 4:8.
17. Keletso ea Pauluse e ka re thusa ho boloka kamano ea rōna le Molimo joang?
17 Ka lebaka leo, mantsoe a Pauluse phuthehong ea Thesalonika a nakong ha a re: “Sena ke seo Molimo a se ratang, hore le halaletsoe, hore le ile bohlola; hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba tseo tse sa tsebeng Molimo li nang le eona.” (1 Bathesalonika 4:3-5) Boitšoaro bo bobe bo entse hore ba bang ba ileng ba hlokomoloha boinehelo ba bona ho Molimo ba khaoloe phuthehong ea Bokreste. Ba ile ba lumella kamano ea bona le Molimo hore e fokole, hoo ba sa kang ba hlola ba bona bohlokoa ba hae bophelong ba bona. Empa Pauluse o itse: “Molimo ha aa re bitsa ka tumello ea ho se hloeke, empa o re bitsitse mabapi le khalaletso. Kahoo, joale, motho ea bontšang ho hlokomoloha ha a hlokomolohe motho, empa o hlokomoloha Molimo, ea kenyang moea oa hae o halalelang ho lōna.”—1 Bathesalonika 4:7, 8.
U Ikemiselitse ho Etsa Eng?
18. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
18 Haeba re ananela ho teba ha boinehelo ba rōna ho Jehova Molimo, re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng? Re lokela ho ikemisetsa ka tieo ho ba le letsoalo le letle boitšoarong ba rōna le tšebeletsong ea rōna. Petrose o ile a khothatsa a re: “E-bang le letsoalo le molemo, e le hore tabeng eo ho eona ho buuoang hampe ka lōna, ba nyelisang boitšoaro ba lōna bo molemo mabapi le Kreste ba ka hlajoa ke lihlong.” (1 Petrose 3:16) Re ka ’na ra tlameha ho utloa bohloko le ho hlekefetsoa ka lebaka la boitšoaro ba rōna ba Bokreste, empa ho bile joalo le ho Kreste ka lebaka la tumelo le botšepehi ba hae ho Molimo. Petrose o itse: “Ka hona kaha Kreste o ile a utloa bohloko nameng, le lōna le itlhomelle ka boikutlo bo tšoanang ba kelello; hobane motho ea utloileng bohloko nameng o khaolitse libe.”—1 Petrose 4:1.
19. Ke’ng seo re ka ratang ha se buuoa ka rōna?
19 Ka sebele, boikemisetso ba rōna bo tiileng ba ho phelela boinehelo ba rōna bo tla re sireletsa marabeng a lefatše la Satane le kulang moeeng, boitšoarong le chebahalong. Empa ho feta moo, re tla kholiseha hore re amoheloa ke Molimo, e leng se molemo haholo ho feta eng kapa eng eo Satane le mahlahana a hae ba ka fanang ka eona. Kahoo, ho se be mohla re lumellang hore ho boleloe hore re tlohetse lerato leo re neng re e-na le lona ha re ne re qala ho utloa ’nete. Ho e-na le hoo, a re etseng hore ho buuoe ka rōna ka tsela e tšoanang le eo ho ileng ha buuoa ka eona ka litho tsa phutheho ea Thyatira ea lekholong la pele la lilemo ha ho ne ho thoe: “Ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.” (Tšenolo 2:4, 18, 19) E, a re se keng ra ba foofo mabapi le boinehelo ba rōna, empa a re ‘cheseheng moeeng,’ re cheseheng ho fihlela qetellong—ebile bofelo bo haufi.—Baroma 12:11; Tšenolo 3:15, 16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bona Molula-Qhooa oa September 15, 1980, leqepheng la 8-12, bakeng sa tlaleho e feletseng ea bophelo ba Ernest Beavor.
c Bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1978 (ea Senyesemane) leqepheng la 156-8, 201-18, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U sa Hopola?
•Boinehelo bo akarelletsa eng?
•Re lokela ho etsisa mehlala efe ea bahlanka ba Molimo ba inehetseng ba boholo-holo le ba kajeno?
•Re lokela ho talima tšebeletso eo re e etsetsang Molimo joang?
•Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng mabapi le boinehelo ba rōna ho Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jeremia o ile a lula a tšepahetse ho sa tsotellehe tšoaro e sehlōhō
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ernest Beavor o behetse bana ba hae mohlala ka ho ba Mokreste ea tšepahalang
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bacha ba Lipaki ba makholo ba ile ba boloka botšepehi ba bona literonkong tsa Spain
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Letsatsi ka leng re ke re bokelle ntho e ’ngoe e molemo ka kutloisiso ea moea