Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Ke Hobane’ng ha e Lokela ho Tsosa Thahasello ea Hao?
Pele ho tšibollo ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, libuka tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Seheberu e ne e le tsa lekholong la borobong le la leshome la lilemo C.E. Na e ka ba kannete libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho li lokela ho nkoa e le melaetsa e fetisitsoeng ka botšepehi ea Lentsoe la Molimo, kaha Mangolo a Seheberu a ile a qetoa ho ngoloa lilemo tse sekete pejana? Moprofesa Julio Trebolle Barrera, setho sa sehlopha sa machaba sa bahlophisi ba Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, oa hlalosa: “Moqolo oa Esaia [o tsoang Qumran] o fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore ho fetisoa ha taba e ngotsoeng ea Bibele ka matsoho a bakopitsi ba Bajuda ka nako ea lilemo tse fetang sekete ho entsoe ka botšepehi le ka hloko ka ho feletseng.”
MOQOLO oo Barrera a buang ka oona o fupere buka e feletseng ea Esaia. Ho fihla nakong ena, har’a libuka tse fetang 200 tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse fumanoeng Qumran, ho ile ha fumanoa karolo ea buka e ’ngoe le e ’ngoe ea Mangolo a Seheberu ntle ho buka ea Esthere. Ho fapana le Moqolo oa Esaia, e mengata ke likhechana feela, tse emelang karolo e nyenyane haholo ea buka leha e le efe. Libuka tsa Bibele tse neng li atile haholo Qumran ke Lipesaleme (likopi tse 36), Deuteronoma (likopi tse 29), le Esaia (likopi tse 21). Hape tsena ke libuka tse qotsoang ka makhetlo a mangata ka har’a Mangolo a Segerike a Bakreste.
Le hoja meqolo ena e bontša hore taba e ngotsoeng ea motheo ea Bibele ha ea fetoloa, e boetse e senola hore ka nģa e ’ngoe ho ne ho e-na le liphetolelo tse ling tsa taba e ngotsoeng ka Seheberu ea Bibele e neng e sebelisoa ke Bajuda nakong ea Tempele ea Bobeli, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le liphetoho tsa eona. Hase Meqolo eohle e tšoanang le taba e ngotsoeng ea Masorete ebang ke ka ho peleta kapa ke ka mantsoe. E meng e batla e tšoana haholoanyane le Septuagint ea Segerike. Nakong e fetileng, litsebi li ne li nahana hore ho ka etsahala ho re ebe mekhelo e teng ho Septuagint e bakiloe ke liphoso kapa boqapi ba ka boomo ba mofetoleli. Hona joale meqolo e bontša hore ho se tšoane hona ho hongata ha e le hantle ho bakiloe ke phapang ea taba e ngotsoeng ka Seheberu. Sena se ka ’na sa hlalosa maemo ao ho ’ona Bakreste ba pele ba neng ba qotsa taba e ngotsoeng ka Mangolong a Seheberu ba sebelisa mantsoe a fapaneng le taba e ngotsoeng ea Masorete.—Exoda 1:5; Liketso 7:14.
Ka lebaka leo, letlotlo lena la bohlokoa la meqolo le likhechana tsa Bibele le fana ka motheo o babatsehang bakeng sa ho ithuta mokhoa oo taba e ngotsoeng ea Seheberu ea Bibele e fetisitsoeng ka oona. Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e fane ka tiiso ea bohlokoa ba taba e ngotsoeng ea Septuagint le ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Basamaria bakeng sa ho bapisa taba e ngotsoeng. Li fana ka mohloli o eketsehileng ho bafetoleli ba Bibele oa hore ba ka nahana ka ho ntlafatsa taba e ngotsoeng ea Masorete. Mabakeng a mangata, ba thoholetsa liqeto tsa Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha ea ho khutlisetsa lebitso la Jehova libakeng tseo le neng le tlositsoe ho tsona tabeng e ngotsoeng ea Masorete.
Meqolo e hlalosang melao le tumelo ea sehlopha sa bolumeli sa Qumran ka ho hlaka e bontša hore mehleng ea Jesu ho ne ho se na mofuta o le mong feela oa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Sehlopha sa bolumeli sa Qumran se ne se e-na le lineano tse fapaneng le tsa Bafarisi le Basaduse. Phapang ena mohlomong ke eona e ileng ea etsa hore sehlopha sena sa bolumeli se tlohe ho ea lula lefeelleng. Ka tsela e sa nepahalang, ba ne ba nka hore sehlopha sa bona ke sona se phethahatsang boprofeta ba Esaia 40:3 bo mabapi le lentsoe le hoeletsang lefeelleng le otlollang tsela ea Jehova. Likhechana tse ngata tsa meqolo eo li bua ka Mesia, eo bangoli ba neng ba nka ho tla ha hae e le ntho e haufi. Sena se tsosa thahasello ka ho khethehileng hobane Luka o hlalosa hore ‘batho ba ne ba ntse ba lebeletse’ ho tla ha Mesia.—Luka 3:15.
Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e batla e re thusa ho utloisisa hoo e leng moelelo oa taba e potolohileng bophelo ba Bajuda nakong eo Jesu a neng a etsa mosebetsi oa boboleli ka eona. E fana ka boitsebiso boo ho ka bapisoang le bona ha ho ithutoa Seheberu sa boholo-holo le taba e ngotsoeng ea Bibele. Empa taba e ngotsoeng ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e sa ntse e batla tlhahlobisiso. Ka hona, ho ka ’na ha fumanoa temohisiso e ncha. E, tšibollo ea lintho tsa khale tse epolotsoeng e khōlōhali ea lekholong lena la bo20 la lilemo e tsoela pele ho tsosa thahasello ea litsebi hammoho le liithuti tsa Bibele ha re ntse re tsoela pele lekholong lena la bo21 la lilemo.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 7]
Qumran excavations: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.; manuscript: Courtesy of Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem