Emang le Feletse le ka Kholiseho e Tiileng
‘Bonang! Bongata bo Boholo!’
E NE e le potso e tsielitseng bahlanka ba Jehova ka mashome a lilemo. Ka nako e telele ho ne ho ile ha etsoa boiteko ba ho e rarolla ka Mangolo. Sehlooho seo se ne se ile sa fella ka lipuisano tse ngata. Empa qetellong karabo ea Bibele e ile ea fumanoa, ’me ka mokhoa o feletseng e ile ea hlasimolla bamameli kopanong ea Washington, D.C., selemong sa 1935.
Motheo oa puisano e ne e le potso e tloaelehileng: “Letšoele le leholo” (King James Version), kapa “bongata bo boholo” (Phetolelo ea Lefatše le Lecha), bo hlalositsoeng ho Tšenolo 7:9 ke bo-mang? Na sehlopha see sa balumeli se ne se tla phela leholimong?
Potso ea Nako e Telele
Ho tloha nakong ea moapostola Johanne ho tla fihla mehleng ea rōna, Bakreste ba ne ba tsielehile ka hore na “letšoele le leholo” ke bo-mang. Liithuti tsa Bibele li ne li nka bongata bo boholo e le sehlopha sa bobeli sa leholimo, sehlopha se neng se e-na le tsebo ea ’nete ea Bibele empa se sa etse letho ho e phatlalatsa.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le metsoalle e itseng ea Bakreste ba batlotsuoa e ileng ea cheseha haholo mosebetsing oa boboleli. E ne e se na tabatabelo ea ho ea leholimong. Ka sebele, tšepo ea eona e ne e le tumellanong le puo ea phatlalatsa e neng e re “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa,” e neng e phatlalatsoa ke batho ba Jehova ho tloha ka 1918 ho fihlela ka 1922. Batho ba joalo ba ne ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng holim’a lefatše.
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 15, 1923, o ile oa tšohla setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli ’me oa re: “Linku li emela batho ba lichaba tsohle, ba sa tsoaloang ka moea empa ba sekametse ho lokeng, bao ka kelello ba amohelang Jesu Kreste e le Morena, ba batlang le ba lebeletseng ka tšepo nako e molemo tlas’a puso ea hae.”—Matheu 25:31-46.
Leseli le Eketsehileng
Selemong sa 1931, Vindication, Buka ea Pele, e ile ea tšohla Ezekiele khaolo ea 9 ’me ea tsebahatsa ba tšoailoeng liphatleng bakeng sa poloko bofelong ba lefatše e le linku tsa setšoantšong sa Jesu. Vindication, Buka ea Boraro (e hatisitsoeng ka 1932), e ile ea hlalosa boikutlo bo nepahetseng ba pelo ba monna eo e seng Moiseraele, Jonadabe, ea ileng a palama koloing ea Morena Jehu ea tlotsitsoeng oa Iseraele ’me a tsamaea le eena ho ea bona cheseho ea Jehu ea ho felisa barapeli ba bohata. (2 Marena 10:15-28) Buka eo e ile ea re: “Jonadabe o ne a emela kapa a tšoantšetsa batho ba sehlopha seo ba lefatšeng hona joale ba sa lumellaneng le mokhatlo oa Satane, ba tšehetsang ho loka, ’me e le bao Morena a tla ba boloka ka Armagedone, a ba phemise matšoenyeho, le ho ba fa bophelo bo sa feleng holim’a lefatše. Bana ba theha sehlopha sa ‘linku.’”
Ka 1934, Molula-Qhooa o ile oa hlakisa hore Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba lokela ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Ha e le hantle tšepo e mabapi le sehlopha sena sa lefatše e ne e ntse e khanya ka ho eketsehileng!—Liproverbia 4:18.
Lehlaseli le Khanyang la Kutloisiso
Kutloisiso ea Tšenolo 7:9-17 e ne e se e tla khanya ka mokhoa o phatsimang haholo. (Pesaleme ea 97:11) Molula-Qhooa o ne o fane ka tšepo ea hore kopano e neng e tla tšoareloa Washington, D.C., U.S.A., ka la 30 May ho ea ho la 3 June, 1935, e ne e tla ba “matšeliso a sebele le se molemo” ho ba tšoantšetsoang ke Jonadabe. ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo!
Puong e susumetsang e mabapi le “Letšoele le Leholo,” eo J. F. Rutherford a ileng a nehelana ka eona ho batho ba ka bang 20 000 ba neng ba tlile kopanong eo, o ile a fana ka bopaki ba Mangolo ba hore “linku tse ling” tsa mehleng ena ke ntho e le ’ngoe le “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9. (Johanne 10:16) Tlhōrōng ea puo ea sona, sebui se ile sa kōpa: “Ka kōpo, na bohle ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba ka ema?” Ha karolo e khōlō ea bamameli e ema, Rutherford o ile a re: “Bonang! Letšoele le leholo!” Ho ile ha e-ba le khutso, e ileng ea lateloa ke litlatse tse khōlō. Ka letsatsi le hlahlamang, ho ile ha kolobetsoa Lipaki tsa Jehova tse ncha tse 840, tseo boholo ba tsona bo neng bo bolela hore ke ba bongata bo boholo.
Ho ba Teng ho Ikhethang
Pele ho 1935, palo e eketsehang ea bao ba neng ba arabela molaetsa oa Bibele le ho bontša cheseho boboleling ba litaba tse molemo e ne e totobatsa thahasello ea eona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. Ba ne ba se na takatso ea ho ea leholimong, hobane Molimo o ne a sa ba fa tšepo ea bophelo ba leholimo. Ho itsebahatsa ha bona e le bongata bo boholo ba linku tse ling ho ne ho bontša hore ka 1935 pitso ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 e ne e se e batla e koetsoe.—Tšenolo 7:4.
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma, Satane Diabolose o ile a etsa boiteko bo mabifi ba ho thibela ho bokelloa ha bao ba neng ba tla etsa bongata bo boholo. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ile oa thibeloa linaheng tse ngata. Linakong tseo tse tepelletsang, le pelenyana ho lefu la hae ka January 1942, J. F. Rutherford, o ile a re: “Ho hang ha ho bonahale eka ‘letšoele le leholo’ le tla hle le be leholo hakaalo.”
Empa ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo, boemo ba litaba bo bile ka mokhoa o mong. ‘Ba eme ba feletse le ka kholiseho e tiileng,’ batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona ea linku tse ling, ba ’nile ba phethahatsa thōmo ea ho etsa barutuoa. (Bakolose 4:12; Matheu 24:14; 28:19, 20) Ka bo-1946 palo ea Lipaki tsa Jehova tse neng li etsa mosebetsi oa boboleli lefatšeng ka bophara e ne e le 176 456—karolo e khōlō ea tsona e le bongata bo boholo. Ka 2000, Lipaki tse fetang 6 000 000 li ne li sebeletsa Jehova ka botšepehi linaheng tse 235—kannete ke bongata bo boholo! ’Me palo e ntse e tsoela pele ho eketseha.