Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/1 maq. 7-12
  • Thabela Hore Ebe U Tseba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabela Hore Ebe U Tseba Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova O Itšenola ho Banna ba Khale
  • Leseli le Khanya ka ho Eketsehileng 
  • Ho Leboha Seo re Nang le Sona
  • Letlotlo le ke Keng la Lekanngoa
  • Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jehova—Molimo ea Nang le Morero
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Morero oa Jehova o Tla Phethahala!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/1 maq. 7-12

Thabela Hore Ebe U Tseba Jehova

“Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”—LUKA 11:28.

1. Jehova o ile a qala ho buisana le batho neng?

JEHOVA o rata batho ’me o thahasella katleho ea bona ka ho tebileng. Kahoo, ha ho makatse hore ebe o buisana le bona. Puisano ena e ile ea qala serapeng sa Edene. Ho latela Genese 3:8, ka lekhetlo le leng “karolong ea letsatsi ea ha ho foka moea o pholileng,” Adama le Eva ba ile “ba utloa lentsoe la Jehova Molimo.” Ba bang ba re sena se fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a tloaetse ho buisana le Adama ka nako ena, mohlomong letsatsi le leng le le leng. Ho sa tsotellehe hore na ho joalo kapa che, Bibele e hlakisa hore Molimo o ne a sa nka feela bohato ba ho fa motho oa pele litaelo empa o ne a boetse a nkile bohato ba ho mo ruta seo ho neng ho hlokahala hore a se tsebe e le hore a tle a phethe boikarabelo ba hae.—Genese 1:28-30.

2. Banyalani ba pele ba ile ba ikarola joang tataisong ea Jehova, hona e le ka liphello life?

2 Jehova o ile a fa Adama le Eva bophelo, a re ba buse liphoofolo ’me ba laole lefatše lohle. Ho ne ho e-na le thibelo e le ’ngoe feela—ba ne ba sa lokela ho ja tsa sefate sa tsebo ea botle le bobe. Ba susumelitsoe ke Satane, Adama le Eva ba ile ba tlōla taelo ea Molimo. (Genese 2:16, 17; 3:1-6) Ba ile ba khetha ho itaola, ho iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ka ho etsa joalo, ka booatla ba ile ba ikarola tataisong ea ’Mōpi oa bona ea lerato. Liphello e bile tse mpe bakeng sa bona le bana ba bona ba neng ba e-s’o tsoaloe. Adama le Eva ba ile ba tsofala ’me qetellong ba shoa ba se na tšepo ea ho tsoha bafung. Bana ba bona ba ile ba futsa sebe le phello ea sona, e leng lefu.—Baroma 5:12.

3. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a buisana le Kaine, hona Kaine o ile a arabela joang?

3 Ho sa tsotellehe bofetoheli bo ileng ba etsahala Edene, Jehova o ile a tsoela pele ho buisana le batho bao a ba bōpileng. Kaine, mora oa letsibolo oa Adama le Eva, o ne a le kotsing ea ho hlōloa ke sebe. Jehova o ile a mo lemosa hore o lebile tlokotsing ’me a mo eletsa hore a ‘fetohe hore a etse se molemo.’ Kaine o ile a lahla keletso ena e lerato eaba o bolaea moen’ae. (Genese 4:3-8) Kahoo, batho ba pele ba bararo lefatšeng, kaofela ha bona ba ile ba lahla tataiso e hlakileng e fanoeng ke ea neng a ba file bophelo, Molimo ea fang batho ba hae litaelo e le hore ba ka itsoela molemo. (Esaia 48:17) E tlameha ebe see se ile sa soabisa Jehova hakaakang!

Jehova O Itšenola ho Banna ba Khale

4. Jehova o ne a kholisehile ka eng mabapi le bana ba Adama, hona o ile a fana ka molaetsa ofe oa tšepo a hopotse seo?

4 Le hoja Jehova a ne a e-na le tokelo e feletseng ea ho khaotsa ho buisana le batho, ha aa ka a etsa joalo. O ne a kholisehile hore bana ba bang ba Adama ka bohlale ba ne ba tla ela hloko tataiso ea Hae. Ka mohlala, ha Jehova a liha kahlolo ho Adama le Eva, o ile a bolela esale pele ka ho tla ha “peō” e neng e tla hanyetsa Noha, Satane Diabolose. Hamorao, Satane o ne a tla khojoa hlooho ka tsela e bolaeang. (Genese 3:15) Boprofeta bona e ne e le molaetsa o thabisang oa tšepo ho “ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.”—Luka 11:28.

5, 6. Jehova o ile a buisana le batho ba hae ka litsela life pele ho lekholo la pele la lilemo C.E., hona see se ile sa ba tsoela molemo joang?

5 Jehova o ile a tsebahatsa thato ea hae ho bapatriareka ba tšepahalang ba khale, ba kang Noe, Abrahama, Isaka, Jakobo le Jobo. (Genese 6:13; Exoda 33:1; Jobo 38:1-3) Hamorao, o ile a fa sechaba sa Iseraele tsamaiso e feletseng ea melao a sebelisa Moshe. Molao oa Moshe o ile oa se tsoela molemo ka litsela tse ngata. Ka ho o mamela, Baiseraele ba ile ba aroloa lichabeng tse ling tsohle hore e be sechaba se khethehileng sa Molimo. Molimo o ile a tiisetsa Baiseraele hore haeba ba mamela Molao, o ne a ke ke a ba hlohonolofatsa ka lintho tse bonahalang feela empa o ne a tla boela a ba hlohonolofatse moeeng, a ba etse ’muso oa baprista, sechaba se halalelang. Molao o bile oa fana ka litaelo tsa lijo le bohloeki tse neng li khothalletsa bophelo bo botle ba ’mele. Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a lemosa ka liphello tse bohloko tse neng li tla bakoa ke ho se mamele.—Exoda 19:5, 6; Deuteronoma 28:1-68.

6 Hamorao, libuka tse ling tse bululetsoeng li ile tsa eketsoa mangolong a halalelang a Bibele. Litlaleho tsa histori li ne li bua ka litšebelisano tsa Jehova le lichaba. Ka bokhabane libuka tsa lithoko li ne li hlalosa litšoaneleho tsa hae. Libuka tsa boprofeta li ne li bolela esale pele kamoo thato ea Jehova e neng e tla phethahatsoa kateng nakong e tlang. Banna ba tšepahalang ba khale ba ile ba ithuta ka hloko mangolo ana a bululetsoeng ’me ba sebelisa seo ba ithutileng sona. E mong oa bona o ile a ngola: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Jehova o ile a fana ka thuto le tlhahiso-leseling ho ba neng ba ikemiselitse ho mamela.

Leseli le Khanya ka ho Eketsehileng 

7. Le hoja Jesu a ne a etsa mehlolo, haholo-holo o ne a tsejoa ka eng, hona hobane’ng?

7 Ho elella lekholong la pele la lilemo, lihlopha tsa bolumeli tsa Bajuda li ne li ekelitse lineano tsa batho Molaong. Molao o ile oa sebelisoa hampe, ’me ho e-na le hore e be mohloli oa tlhahiso-leseling, o ile oa fetoha moroalo ka lebaka la lineano tsena. (Matheu 23:2-4) Leha ho le joalo, ka 29 C.E., Jesu o ile a hlaha e le Mesia. Thōmo ea hae e ne e se feela ho fana ka bophelo ba hae molemong oa batho empa e ne e boetse e le ho ‘pakela ’nete.’ Le hoja a ne a etsa mehlolo, haholo-holo o ne a tsejoa e le “Mosuoe.” Thuto ea hae e ne e tšoana le leseli le khanyang har’a lefifi la moea le neng le koahetse likelello tsa batho. Ka ho loketseng Jesu o ile a re: “Ke ’na leseli la lefatše.”—Johanne 8:12; 11:28; 18:37.

8. Lekholong la pele la lilemo C.E. ho ile ha ngoloa libuka life tse bululetsoeng, hona li ile tsa tsoela Bakreste ba pele molemo joang?

8 Hamorao ho ile ha eketsoa Likosepele, e leng litlaleho tse ’nè tse ngotsoeng tsa bophelo ba Jesu, le buka ea Liketso, e leng tlaleho ea ho nama ha Bokreste ka mor’a lefu la Jesu. Hape ho ne ho e-na le mangolo a bululetsoeng a ngotsoeng ke barutuoa ba Jesu, esita le buka ea boprofeta ea Tšenolo. Mangolo ana, ha a kopanngoa le Mangolo a Seheberu, a ile a etsa hore mangolo a halalelang a Bibele a felle. Ka thuso ea laebrari ena e bululetsoeng, Bakreste ba ne ba ka “utloisisa . . . kelellong hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba ’nete ke eng. (Baefese 3:14-18) Ba ne ba ka ba le “kelello ea Kreste.” (1 Bakorinthe 2:16) Leha ho le joalo, Bakreste bao ba pele ba ne ba sa utloisise ka ho feletseng tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea merero ea Jehova. Moapostola Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena: “Hona joale re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe.” (1 Bakorinthe 13:12) Seipone se joalo se ne se tla bontša setšoantšo eseng makolopetso ’ohle. Kutloisiso e feletseng haholoanyane ea Lentsoe la Molimo ke hona e neng e tla tla.

9. Ke tlhahiso-leseling efe e bileng teng “matsatsing a ho qetela”?

9 Kajeno, re phela nakong e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela,’ nako e tšoauoang ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore nakong ena “tsebo ea ’nete [e ne] e tla ba ngata.” (Daniele 12:4) Kahoo, Jehova, ea ka Sehloohong Tabeng ea Puisano, o thusitse batho ba lipelo li tšepahalang hore ba utloisise Lentsoe la hae. Hona joale batho ba bangata baa utloisisa hore Kreste Jesu o ile a behoa teroneng maholimong a sa bonahaleng ka 1914. Hape baa tseba hore haufinyane o tla felisa bokhopo bohle ’me a fetole lefatše lohle paradeise. Ntlha ena ea bohlokoa ea litaba tse molemo tsa ’Muso hona joale e boleloa lefatšeng lohle.—Matheu 24:14.

10. Ho theosa le makholo a lilemo, batho ba ’nile ba arabela joang keletsong ea Jehova?

10 E, ho theosa le histori Jehova o tsebisitse batho lefatšeng thato ea hae le morero oa hae. Tlaleho ea Bibele e bua ka ba bangata ba ileng ba mamela, ba sebelisa bohlale ba bomolimo ’me ba hlohonolofatsoa ka lebaka la seo. E bua ka ba bangata ba ileng ba lahla keletso ea Molimo e lerato, ’me ba latela tsela e senyang ea Adama le Eva. Jesu o ile a hlakisa boemo bona ha a ne a bua ka litsela tse peli tsa tšoantšetso. E ’ngoe e isa timetsong. Kaha e pharaletse ebile e khōlō, ho eona ho tsamaea ba bangata ba hanang Lentsoe la Molimo. Tsela e ’ngoe e isa bophelong bo sa feleng. Le hoja e patisane, ke tsela eo ho eona ho tsamaeang ba ’maloa ba amohelang Bibele kamoo e leng kateng, e le Lentsoe la Molimo, ’me ba phela tumellanong le eona.—Matheu 7:13, 14.

Ho Leboha Seo re Nang le Sona

11. Ho tseba ha rōna Bibele le ho e lumela ke bopaki ba eng?

11 Na u har’a ba khethileng tsela e isang bophelong? Haeba ho joalo, ntle ho pelaelo u tla batla ho lula ho eona. U ka etsa seo joang? Thuisa kamehla le ka mokhoa o bontšang teboho ka melemo eo u e fumaneng ka ho tseba linnete tsa Bibele. Hore feela ebe u nkile khato tumellanong le litaba tse molemo ke bopaki ba tlhohonolofatso ea Molimo. Jesu o ile a bontša sena ha a ne a rapela Ntate oa hae ka mantsoe ana: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.” (Matheu 11:25) Batšoasi ba litlhapi le babokelli ba lekhetho ba ile ba utloisisa thuto ea Jesu, empa baeta-pele ba bolumeli ba rutehileng haholo ha baa ka ba e utloisisa. Ha a tsoela pele, Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Haeba u tseba Bibele ’me u lumela lithuto tsa eona u bile u li latela, bona ke bopaki ba hore u hutsoe ke Jehova. Ke lebaka la hore u thabe.

12. Bibele e fana ka tlhahiso-leseling ka litsela life?

12 Lentsoe la Molimo le fana ka linnete tse lokollang ’me le fana ka tlhahiso-leseling. Ba phelang tumellanong le tsebo ea Bibele ba lokolotsoe litumela-khoeleng, lithutong tsa bohata le ho hlokeng tsebo ho laolang bophelo ba ba limilione. Ka mohlala, ho tseba ’nete ka moea ho re lokolla tšabong leha e le efe ea hore bafu ba ka re ntša kotsi kapa ea hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ba utloa bohloko. (Ezekiele 18:4) Ho tseba ’nete ka mangeloi a khopo ho re thusa ho qoba ho ipeha kotsing ea tšebelisano le meea. Thuto ea tsoho ea bafu e khothatsa ba shoetsoeng ke baratuoa. (Johanne 11:25) Boprofeta ba Bibele bo re bontša hore na re hokae kemisong ea nako ’me bo re kholisa hore litšepiso tsa Molimo tsa nako e tlang li tla phethahala. Bo boetse bo matlafatsa tšepo ea rōna ea ho phela ka ho sa feleng.

13. Ho boloka Lentsoe la Molimo ho re tsoela molemo joang nameng?

13 Melao-motheo ea bomolimo e ka Bibeleng e re ruta hore re phele ka tsela e tla re tsoela molemo nameng. Ka mohlala, re ithuta ho qoba litloaelo tse silafatsang ’mele ea rōna, tse kang tšebeliso e mpe ea koae le lithethefatsi tse ling. Re qoba tšebeliso e mpe ea tahi. (2 Bakorinthe 7:1) Ho boloka melao ea Molimo ea boitšoaro ke tšireletso mafung a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. (1 Bakorinthe 6:18) Ka ho utloa keletso ea Molimo ea hore re qobe lerato la chelete, ha re senye khotso ea rōna ea kelello joalokaha ba bangata ba entse, moo ba lelekisang maruo. (1 Timothea 6:10) U ruile melemo nameng ka litsela life kahobane u sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba hao?

14. Moea o halalelang o susumetsa bophelo ba rōna joang?

14 Haeba re phela tumellanong le Lentsoe la Molimo, re amohela moea o halalelang oa Jehova. Re hlaolela botho bo kang ba Kreste, bo khetholloang ke litšoaneleho tse ipiletsang joaloka mohau le kutloelo-bohloko. (Baefese 4:24, 32) Hape moea oa Molimo o hlahisa ka ho rōna litholoana tsa oona—lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Litšoaneleho tsena li etsa hore re be le likamano tse thabileng le tsa bohlokoa le ba bang, ho kopanyelletsa le litho tsa lelapa. Li re fa matla a ka hare a re thusang hore re tobane le mathata ka sebete. Na u lemoha kamoo moea o halalelang o susumelitseng bophelo ba hao hamolemo kateng?

15. Ha re etsa hore bophelo ba rōna bo lumellane le thato ea Molimo, re rua molemo joang?

15 Ha re etsa hore bophelo ba rōna bo lumellane le thato ea Molimo, re matlafatsa kamano ea rōna le Jehova. Re kholiseha haholoanyane hore oa re utloisisa ebile oa re rata. Re ithuta linthong tseo re fetileng ho tsona hore oa re tšehetsa linakong tse thata. (Pesaleme ea 18:18) Rea lemoha hore ka sebele o mamela lithapelo tsa rōna. (Pesaleme ea 65:2) Re itšetleha ka tataiso ea hae, re kholisehile hore e tla re tsoela molemo. Hape re na le tšepo e babatsehang ea hore ka nako e loketseng Molimo o tla etsa hore ba hae ba tšepahalang ba phethahale ’me a ba fe mpho ea hae ea bophelo bo sa feleng. (Baroma 6:23) Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Na u lemohile hore kamano ea hao le Jehova e matlafetse kahobane u atametse ho eena?

Letlotlo le ke Keng la Lekanngoa

16. Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa liphetoho life?

16 Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba lekholong la pele la lilemo hore ba bang ba bona e kile ea e-ba lihlola, bafebi, basodoma, masholu, batho ba meharo, matahoa, batho ba litlhapa le bahanyapetsi. (1 Bakorinthe 6:9-11) ’Nete ea Bibele e ile ea etsa hore ba etse liphetoho tse khōlō; ba ile ba ‘hlatsuoa hore ba hloeke.’ Ak’u leke ho nahana hore na ebe bophelo ba hao bo ka be bo le joang ha e ne e se ka linnete tse lokollang tseo u ithutileng tsona Bibeleng. Ka sebele ’nete ke letlotlo leo ho hang le ke keng la lekanngoa. Re thaba hakaakang hore ebe Jehova o buisana le rōna!

17. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa feptjoa joang moeeng libokeng tsa Bokreste?

17 Ho feta moo, nahana ka thabo eo re nang le eona ka lebaka la mokhatlo oa rōna oa merabe e fapaneng oa bara ba motho! “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fana ka lijo tsa moea ka nako e loketseng, ho kopanyelletsa le Libibele, limakasine le lingoliloeng tse ling ka lipuo tse ngata. (Matheu 24:45-47) Libokeng tsa phutheho ka selemo sa 2000, Lipaki tsa Jehova linaheng tse ngata li ile tsa hlahloba lintlha tse hlahang libukeng tse khōlō tse robeli tsa Mangolo a Seheberu. Li ile tsa tšohla buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Li ile tsa tšohla hoo e ka bang karolo ea bone ea buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le hoo e ka bang buka eohle ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Ho ile ha tšohloa lihlooho tse nyenyane tse 36 tsa makasine ea Molula-Qhooa ho phaella ho lihlooho tse ithutoang tse 52. Ho feta moo, batho ba Jehova ba ile ba feptjoa ka litokollo tse 12 tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le lipuo tsa phatlalatsa tsa beke le beke tse nang le lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele. Re filoe letlotlo le lekaakang la tsebo ea moea!

18. Re thusoa ka litsela life ka phuthehong ea Bokreste?

18 Lefatšeng lohle, liphutheho tse fetang 91 000 li fana ka tšehetso le khothatso ka liboka le botsoalle. Re boetse re thabela tšehetso ea Bakreste-’moho le rōna ba hōlileng tsebong ba ikemiselitseng ho re thusa moeeng. (Baefese 4:11-13) E, re ruile molemo o moholo ka ho amohela tsebo ea ’nete. Hoa thabisa ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. Mantsoe ao mopesaleme a ileng a a ngola ke ’nete hakaakang: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15.

Na U sa Hopola?

•Jehova o ile a buisana le bo-mang linakong tsa pele ho Bokreste?

•Leseli la moea le ile la khanya ka ho eketsehileng joang lekholong la pele la lilemo? le ile la khanya ka ho eketsehileng joang mehleng ea kajeno?

•Ke melemo efe e tlisoang ke ho phela tumellanong le ho tseba Jehova?

•Ke hobane’ng ha re thabisoa ke ho tseba Molimo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Jehova o ile a tsebahatsa thato ea hae ho Moshe, Noe le Abrahama

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Mehleng ea rōna, Jehova o hlakisitse Lentsoe la hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ak’u nahane ka thabo eo re nang le eona ka lebaka la mokhatlo oa rōna oa merabe e fapaneng oa bara ba motho!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela