Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 8/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Tšepisa Daniele Moputso o Babatsehang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Daniele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Daniele le Uena
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Ba Lekiloe—Empa ba Tšepahetse ho Jehova!
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 8/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Daniele o ne a le hokae ha Baheberu ba bararo ba ne ba lekoa ka pel’a setšoantšo se seholo seo Nebukadnezare a neng a se emisitse lehoatateng la Dura?

Bibele ha e bolele, kahoo, kajeno ha ho motho ea ka tiisang hore na Daniele o ne a le hokae nakong ea teko eo.

Ba bang ba ’nile ba bolela hore mosebetsi oa Daniele kapa litokelo tse khethehileng tseo a neng a li fumana ho Nebukadnezare li ne li phahametse tsa Shadrake, Meshake le Abednego, le hore ka lebaka leo ha hoa ka ha hlokahala hore Daniele a ee lehoatateng la Dura. Daniele 2:49 e hlile e bontša hore ka nako e itseng o ne a le boemong bo phahameng ho feta metsoalle ea hae e meraro. Empa re ke ke ra paka hore sena se ile sa mo behella ka thōko hore a se ke a bokana le ba bang ka pel’a setšoantšo.

Ba bang ha ba leka ho hlalosa bosieo ba Daniele, ba ’nile ba bolela hore mohlomong o ne a ile kae-kae ka mosebetsi o mong oa ’muso kapa hore o ne a kula ’me kahoo a sitiloe ho ba teng. Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele seo. Ho sa tsotellehe seo, e tlameha ebe Daniele ha aa ka a etsa letho le nyatsehang, hobane haeba a ne a le entse, ha ho pelaelo hore balaoli ba mōna ba Babylona ba ka be ba mo qositse ka lona. (Daniele 3:8) Daniele o ile a bontša pele le ka mor’a ketsahalo ena hore o tšepahala kamehla, o tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe teko eo a talimanang le eona. (Daniele 1:8; 5:17; 6:4, 10, 11) Kahoo, le hoja Bibele e sa bolele hore na ke hobane’ng ha Daniele a ne a le sieo lehoatateng la Dura, re ka tiisa hore o ile a tšepahala a sa sekisetse ho Jehova Molimo.—Ezekiele 14:14; Baheberu 11:33.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela