Buka eo Bacha ba Bangata ba sa e Thahaselleng
MOROETSANA e mong ea bitsoang Beate o ile a re: “Ke tseba joang hore Bibele e hlile ke Lentsoe la Molimo? Hase buka eo ke e thahasellang ho hang.”
Moo Beate a lulang teng, Jeremane, bacha ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang le eo a ikutloang ka eona; kahoo, ho bala Bibele ba ho nka e se habohlokoa. Phuputso e entsoeng moo moraonyana tjena e bontša hore, bonyane, karolo ea 1 lekholong ea bacha e bala Bibele khafetsa, karolo ea 2 lekholong e e bala ka makhetlo a ’maloa, ha karolo ea 19 lekholong e e bala ka seoelo ’me karolo ea 80 lekholong eona ho hang ha e e bale. Ho ka etsahala hore ebe lipalo-palo tsena li tšoana le tsa linaheng tse ling, mohlomong le tsa moo u lulang teng. Ho hlakile hore Bibele ke buka eo bacha ba bangata ba sa e thahaselleng.
Kahoo, ha ho makatse hore ebe bacha ba tseba ho honyenyane haholo ka Bibele! Mathoasong a selemo sa 2000, koranta e bitsoang Lausitzer Rundschau e ile ea fana ka tlaleho ea phuputso e neng e bontša hore na ke batho ba bakae ba neng ba tseba Melao e Leshome ebile ba e sebelisa e le tataiso bophelong ba bona. Har’a batho ba ka holimo ho lilemo tse 60, karolo ea 67 lekholong ea bona e ne e tseba melao eo ’me e tataisoa ke eona; ho ba ka tlaase ho lilemo tse 30, ba e tsebang e ne e le feela karolo ea 28 lekholong. E, bacha ba bangata ha ba tsebe Lentsoe la Molimo.
Ba Bang ba na le Pono e Fapaneng
Ka lehlakoreng le leng, lefatšeng ka bophara, ho na le bacha ba bangata ba fumaneng Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa ka ho fetisisa. Ka mohlala, Alexander o lilemo li 19 ’me o bala Bibele hoseng ho hong le ho hong pele a e-ea mosebetsing. O re: “Ho ’na, ke tsela e molemohali ea ho qala letsatsi.” Sandra o tloaetse ho bala karolo e itseng ea Bibele mantsiboea a mang le a mang. Oa hlalosa: “E se e le karolo ea bophelo ba ka ba letsatsi le letsatsi.” Athe Julia, ea lilemo li 13, o se a tloaetse ho bala bonyane khaolo e le ’ngoe ea Bibele pele a robala bosiu. “Kannete kea ho thabela, ’me ke batla ho tsoela pele ke ntse ke etsa joalo le nakong e tlang.”
Ke pono efe e nepahetseng le e bohlale? Na ka sebele Bibele ke ea bohlokoa hoo e ka baloang? Na e na le molemo le bohlokoa ho bacha? Uena u nahana eng?