Kamoo U ka Etsang Liqeto Tse Bohlale Kateng
BOIKHETHELO ke mpho e tsoang ho Molimo. Ntle ho bona, re ne re tla tšoana le liroboto, re se khone ho laola liketso tsa rōna. Leha ho le joalo, re tobana le liphephetso ka lebaka la bona. Kaha re na le boikhethelo, re tlameha ho etsa liqeto bophelong.
Ha e le hantle, liqeto tse ngata ke tsa lintho tse fokolang. Tse ling, tse kang hore na re khetha mosebetsi oa mofuta ofe kapa hore na re kena lenyalong kapa che, li ka ama bokamoso bohle ba rōna. Tse ling li ama batho ba bang. Liqeto tse ling tse etsoang ke batsoali li na le phello e tebileng baneng ba bona. Ho feta moo, re tlameha ho ikarabella ho Molimo ka liqeto tse ngata tseo re li etsang.—Baroma 14:12.
Thuso ea Hlokahala
Batho ha ba na tlaleho e ntle tabeng ea ho etsa liqeto. Qeto ea pele e tlalehiloeng eo batho ba ileng ba e etsa e bile kotsi. Eva o ile a etsa qeto ea ho ja tholoana eo Molimo a neng a e hanetse ka ho hlaka. Khetho ea hae, e neng e thehiloe takatsong ea boithati, e ile ea etsa hore monna oa hae a kopanele le eena ho se mameleng Molimo, ’me phello e bile mahlomola a maholo bakeng sa moloko oa batho. Maemong a mangata, batho ba sa ntsane ba theha liqeto tsa bona litakatsong tsa boithati ho e-na le ho li theha melao-motheong e nepahetseng. (Genese 3:6-19; Jeremia 17:9) ’Me ha re talimane le liqeto tse tebileng, re atisa ho hlokomela hore re na le bofokoli.
Joale, ha ho makatse hore batho ba bangata ba batla thuso mehloling e phahametseng batho, ha ba etsa liqeto tsa bohlokoa. Bibele e tlaleha ketsahalo e ’ngoe ea ha Nebukadnezare a ne a tlameha ho etsa qeto ha a ne a futuhile ka ntoa. Le hoja e ne e le morena, o ile a bona ho hlokahala hore a ‘retelehele bonoheng,’ ho ea batla keletso ho meea. Kahoo, tlaleho e re: “O sisintse metsu. O botsitse ka ho sebelisa literafime; o talimile ka har’a sebete.” (Ezekiele 21:21) Hoa tšoana le kajeno, ba bangata ba ea ho linohe le linohe tsa linaleli, ’me ba batla thuso ho meea ka litsela tse ling. Empa lintho tsena lia thetsa ebile lia lahla.—Levitike 19:31.
Ho na le E Mong ea tšepahalang ka ho feletseng ’me historing eohle o ’nile a thusa batho ho etsa liqeto tse bohlale. Ke Jehova Molimo. Ka mohlala, mehleng ea boholo-holo, Molimo o ile a fa sechaba sa hae sa Iseraele Urime le Thumime—mohlomong e ne e le lilotho tse halalelang tse neng li sebelisoa ha sechaba se ne se talimane le maemo a bohlokoa haholo. Ka Urime le Thumime, Jehova o ne a araba lipotso ka ho toba le ho thusa baholo ba Iseraele ho tiisa hore liqeto tsa bona li ne li lumellana le thato ea hae.—Exoda 28:30; Levitike 8:8; Numere 27:21.
Nahana ka mohlala o mong. Ha Gideone a ne a laeloa hore a etelle pele mabotho a Iseraele khahlanong le Midiane, o ile a tlameha ho etsa qeto ea hore na o amohela tokelo e phahameng hakaalo kapa che. Ha Gideone a ne a batla ho kholiseha hore Jehova o tla mo tšehetsa, o ile a kōpa pontšo ea mohlolo. O ile a rapella hore boea bo kutiloeng bo robetseng ka ntle bosiu bo ke bo kolobisoe ke phoka empa bo pota-potoe ke sebaka se omileng. Bosiung bo latelang, o ile a kōpa hore boea bo kutiloeng bo ke bo ome ’me bo pota-potoe ke sebaka se kolobisitsoeng ke phoka. Ka mosa Jehova o ile a fa Gideone lipontšo tseo a ileng a li kōpa. Ka lebaka leo, Gideone o ile a etsa qeto e nepahetseng ’me, ka tšehetso ea Molimo, o ile a hlōla lira tsa Iseraele ka ho feletseng.—Baahloli 6:33-40; 7:21, 22.
Kajeno Teng ho Etsahala’ng?
Kajeno, Jehova o sa ntsane a thusa bahlanka ba hae ha ba talimane le liqeto tsa bohlokoa. Joang? Na le rōna, joaloka Gideone, re lokela ho kōpa ‘liteko tsa boea bo kutiloeng,’ lipontšo tse tsoang ho Jehova tse re bontšang hore na tsela e nepahetseng e ka ba efe? Banyalani ba bang ba ne ba ipotsa hore na ba falle ’me ba e’o sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōlō teng. E le ho ba thusa hore ba etse qeto, ba ile ba lokisetsa teko. Ba ile ba bapatsa ntlo ea bona ka chelete e itseng. Haeba ntlo eo e ne e ka rekoa ka letsatsi le itseng ka chelete e behiloeng kapa e ka holimonyana, ba ne ba tla nka hore ke pontšo ea hore Molimo o batla ha ba falla. Haeba ntlo e sa rekoe, ba ne ba tla etsa qeto ea hore Molimo ha a batle ha ba falla.
Ntlo ha ea ka ea rekoa. Na see e ne e le pontšo ea hore Jehova ha a batle ha banyalani baa ba sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō? Ha e le hantle, e ka ba ho iketelletsa pele ho bolela ka tieo hore na Jehova o etsetsa bahlanka ba hae eng ha a ba etsetse eng. Re ke ke ra bolela hore kajeno ha ho mohla Jehova a kenellang ho bontša thato ea hae bakeng sa rōna. (Esaia 59:1) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lebella hore a kenelle joalo liqetong tsa rōna tse khōlō, ka mantsoe a mang re tlohella hore Molimo a re etsetse liqeto. Le eena Gideone karolong e khōlō ea bophelo ba hae o ne a tlameha ho etsa liqeto ntle ho lipontšo tsa mohlolo tse tsoang ho Jehova!
Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore ho na le tataiso e tsoang ho Molimo. E bolela esale pele ka nako ea rōna: “Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.” (Esaia 30:21) Ha re tlameha ho khetha pakeng tsa lintho tsa bohlokoa, ho loketse ka ho feletseng ho batla ho nepisisa hore liqeto tsa rōna li tumellanong le thato ea Molimo le hore li bonahatsa bohlale ba hae bo phahameng. Joang? Ka ho batla keletso Lentsoeng la hae le ho le lumella hore e be ‘lebone la maoto a rōna, le leseli tseleng ea rōna.’ (Pesaleme ea 119:105; Liproverbia 2:1-6) E le hore re etse sena, ho hlokahala hore re hlaolele mokhoa oa ho amohela tsebo e nepahetseng e tsoang Bibeleng. (Bakolose 1:9, 10) ’Me ha re talimane le ho etsa qeto, ho hlokahala hore ka hloko re batlisise melao-motheo eohle ea Bibele e amanang le taba eo. Patlisiso e joalo e tla re nolofalletsa ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—Bafilipi 1:9, 10.
Hape re lokela ho bua le Jehova ka thapelo, re kholisehile hore o tla re mamela. Ho tšelisa hakaakang ho hlalosetsa Molimo oa rōna ea lerato qeto eo re tlamehang ho e etsa le hore na ha e hlōleha re nahana ho etsa joang! Joale, ka sebete re ka kōpa tataiso ea ho etsa qeto e nepahetseng. Hangata, moea o halalelang o tla re hopotsa melao-motheo ea Bibele e amehang, kapa o ka re thusa ho utloisisa ka ho hlaka lengolo le amanang le boemo ba rōna.—Jakobo 1:5, 6.
Jehova o boetse o lokiselitse ba hōlileng tsebong ka phuthehong bao re ka tšohlang liqeto tsa rōna le bona. (Baefese 4:11, 12) Leha ho le joalo, ha re bua le ba bang, re se ke ra latela mokhoa oa ba eang ho motho enoa le eane ho fihlela ba fumana ea buang seo ba ratang ho se utloa. Ka mor’a moo ba latela keletso ea hae. Re lokela ho nahana hape ka mohlala o lemosang oa Roboame. Ha a ne a talimane le qeto e tebileng, o ile a fumana keletso e babatsehang ho banna ba baholo ba neng ba sebelitse le ntat’ae. Leha ho le joalo, ho e-na le ho latela keletso ea bona, o ile a batla keletso ho banna ba banyenyane bao a hōtseng le bona. Ka lebaka la ho latela keletso ea bona, o ile a etsa qeto ea booatla ’me ka lebaka leo a lahleheloa ke karolo e khōlō ea ’muso oa hae.—1 Marena 12:1-17.
Ha u batla keletso, e batle ho ba nang le phihlelo bophelong le ba nang le tsebo e ntle ea Mangolo le tlhompho e tebileng bakeng sa melao-motheo e nepahetseng. (Liproverbia 1:5; 11:14; 13:20) Ha ho khoneha, iphe nako ea ho nahanisisa ka melao-motheo e amehang le ka boitsebiso bohle boo u bo fumaneng ha u etsa lipatlisiso. Ha u bona lintho leseling la Lentsoe la Jehova, mohlomong qeto e nepahetseng e tla totobala haholoanyane.—Bafilipi 4:6, 7.
Liqeto Tseo re li Etsang
Liqeto tse ling li etsoa habonolo. Ha baapostola ba laeloa hore ba khaotse ho paka, ba ne ba tseba hore ba lokela ho tsoela pele ba bolela ka Jesu, ’me ba ile ba potlakela ho tsebisa Sanhedrine qeto ea bona ea ho mamela Molimo ho e-na le motho. (Liketso 5:28, 29) Liqeto tse ling li ka ’na tsa hloka ho nahanoa haholoanyane hobane ho se na polelo e tobileng ea Bibele e amanang le taba eo. Leha ho le joalo, hangata melao-motheo ea Bibele e tla fana ka leseli la hore na qeto e molemohali e ka etsoang ke efe. Ka mohlala, le hoja mefuta e mengata ea boithabiso e teng kajeno e ne e le sieo mehleng ea Jesu, Bibele e na le lipolelo tse hlakileng tsa se khahlisang Jehova le se sa mo khahliseng. Kahoo, Mokreste leha e le ofe ea kopanelang boithabisong bo khothalletsang pefo, boitšoaro bo bobe kapa bofetoheli, o entse qeto e mpe.—Pesaleme ea 97:10; Johanne 3:19-21; Bagalata 5:19-23; Baefese 5:3-5.
Ka linako tse ling, ho ka etsahala hore ho be le liqeto tse peli tse nepahetseng. Ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō ke tokelo e babatsehang ’me ho ka tlisetsa motho lintho tse ngata tse thabisang. Empa haeba motho, ka lebaka le itseng, a etsa qeto ea hore ha a etse joalo, o sa ntsane a ka etsa mosebetsi o motle phuthehong ea ha habo. Ka linako tse ling, re ka ’na ra talimana le qeto e tla re fa monyetla oa ho bontša botebo ba boinehelo ba rōna ho Jehova kapa hore na ke eng seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Kahoo, Jehova o re lumelletse ho sebelisa bolokolohi ba ho bontša se hlileng se leng ka lipelong tsa rōna.
Hangata, ba bang ba angoa ke liqeto tsa rōna. Ka mohlala, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thabela ho lokoloha lithibelong tse ngata tsa Molao. Ka mohlala, tokoloho eo e ne e bolela hore ba ne ba ka amohela kapa ba hana lijo tse neng li sa hloeka tsamaisong ea Molao. Leha ho le joalo, ba ile ba khothalletsoa ho nahanela matsoalo a ba bang ha ba etsa qeto ea hore na ba sebelisa bolokolohi bona kapa che. Mantsoe a Pauluse tabeng ena a ka sebetsa liqetong tse ngata tseo re li etsang: “Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.” (1 Bakorinthe 10:32) Takatso ea ho se khopise ba bang e ka ’na ea re thusa liqetong tse ngata tseo re li etsang. Ntle ho moo, ho rata moahelani ke molao oa bobeli o moholo ho feta eohle.—Matheu 22:36, 39.
Phello ea Liqeto Tsa Rōna
Liqeto tse entsoeng ka letsoalo le letle le tse thehiloeng melao-motheong ea Bibele li tla qetella ka botle kamehla. Leha ho le joalo, li ka ’na tsa hloka boitelo ba nakoana. Ha baapostola ba bolella Sanhedrine ka qeto ea bona ea ho tsoela pele ba ruta ka Jesu, ba ile ba shapuoa pele ba lokolloa. (Liketso 5:40) Ha Baheberu ba bararo—Shadrake, Meshake le Abednego—ba etsa qeto ea hore ba ke ke ba khumamela setšoantšo sa khauta sa Nebukadnezare, ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing. Ba ne ba itokiselitse hore ba ka ’na ba shoa ka lebaka la qeto ea bona. Empa ba ne ba tseba hore Molimo o tla ba amohela le ho ba hlohonolofatsa.—Daniele 3:16-19.
Haeba re thulana le bothata ka mor’a ho etsa qeto e nang le mabaka le e nahannoeng hantle, hase lebaka la hore re nke hore qeto eo e ne e fosahetse. Phello ea liqeto tse entsoeng ka morero o motle ka ho fetisisa le eona e ka ’na ea angoa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Ho feta moo, ka linako tse ling Jehova o tlohella lintho tse bohloko hore li leke bonnete ba boitlamo ba rōna. Jakobo o ile a tlameha ho loana le lengeloi bosiu bohle pele a hlohonolofatsoa. (Genese 32:24-26) Le rōna re ka ’na ra lokela ho loana le lintho tse bohloko, esita leha re ntse re etsa lintho tse nepahetseng. Ho ntse ho le joalo, ha liqeto tsa rōna li lumellana le thato ea Molimo, re ka kholiseha hore o tla re thusa ho mamella le hore qetellong o tla re hlohonolofatsa.—2 Bakorinthe 4:7.
Kahoo, ha u etsa qeto ea bohlokoa, u se ke ua tšepa bohlale ba hao. Batla melao-motheo ea Bibele e amehang tabeng. Buisana le Jehova ka taba eo. Moo ho khonehang, batla keletso ho Bakreste-’moho le uena ba hōlileng tsebong. Ebe joale u ba sebete. Sebelisa boikhethelo boo u bo filoeng ke Molimo ka tsela e nang le boikarabelo. Etsa qeto e molemo ’me u bontše Jehova hore pelo ea hao e otlolohile ka pel’a hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Batla keletso Lentsoeng la Molimo pele u etsa liqeto tsa bohlokoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Buisana le Jehova mabapi le liqeto tseo u tlamehang ho li etsa
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
U ka buisana le Bakreste ba hōlileng tsebong ka liqeto tsa hao tsa bohlokoa