Etsa Hore Pelo ea Hao e Tšabe Jehova
“Hoja se ne se ka etsa hore lipelo tsena tsa sona li ntšabe ’me li boloke litaelo tsohle tsa ka kamehla.”—DEUTERONOMA 5:29.
1. Re ka kholiseha joang hore ka letsatsi le leng batho ha ba sa tla hlola ba tšaba?
MOLOKO oa batho o tšoentsoe ke tšabo ka makholo a lilemo. Batho ba bangata ba lula ba tšoenyehile ka lebaka la ho tšaba tlala, maloetse, tlōlo ea molao, kapa ntoa. Ka lebaka lena selelekela sa tokomane ea Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho se bua ka takatso ea ho etsa hore ho be le lefatše leo ho lona batho bohle ba sa tl’o hlola ba tšaba.a Hoa thabisa hore ebe Molimo ka seqo o re tiisetsa hore lefatše le joalo le tla ba teng—le hoja le sa tl’o tla ka boiteko ba motho. Ka moprofeta oa hae Mikea, Jehova o re tšepisa hore lefatšeng la hae le lecha la ho loka, ‘ha ho ea tla etsa hore batho ba hae ba thothomele.’—Mikea 4:4.
2. (a) Mangolo a re phehella joang hore re tšabe Molimo? (b) Ho ka ’na ha hlaha lipotso life ha re nahana hore re tlameha ho tšaba Molimo?
2 Ka lehlakoreng le leng, tšabo e ka tsoela motho molemo. Ka Mangolong, bahlanka ba Molimo ba khothalletsoa ka ho pheta-pheta hore ba tšabe Jehova. Moshe o ile a re ho Baiseraele: “U lokela ho tšaba Jehova Molimo oa hao, u lokela ho sebeletsa eena.” (Deuteronoma 6:13) Makholo a lilemo hamorao Solomone o ile a ngola, a re: “Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” (Moeklesia 12:13) Ka mosebetsi oa rōna oa bopaki, o etsoang ka tataiso ea mangeloi, le rōna re khothatsa batho bohle hore ba ‘tšabe Molimo ’me ba mo tlotlise.’ (Tšenolo 14:6, 7) Bakreste ba lokela ho phaella ho tšaba Jehova ka ho mo rata ka lipelo tsohle tsa bona. (Matheu 22:37, 38) Re ka rata Molimo ra ba ra mo tšaba joang? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tšaba Molimo ea lerato? Re rua melemo efe ka ho sebeletsa ho tšaba Molimo? Ntho ea pele e tla re thusa ho arabela lipotso tsena ke ho utloisisa hore na ho tšaba Molimo ho bolela’ng le hore na tšabo ea mofuta ona e bōpa karolo ea bohlokoa joang ea kamano ea rōna le Jehova.
Tšabo e Nang le Tlhompho, Tlhompho ea Borapeli le Tšabo
3. Ho tšaba Molimo ho bolela’ng?
3 Bakreste ba lokela ho ikutloa ba tšaba Molimo, Moetsi oa bona. Tlhaloso e ’ngoe ea tšabo ena ke “ho tšaba ’Mōpi ka tsela e nang le tlhompho le e nang le tlhompho e tebileng ea borapeli le ho ba le tšabo e molemo ea hore re se ke ra mo halefisa.” Kahoo, ho tšaba Molimo ho susumetsa likarolo tse peli tsa bohlokoa bophelong ba rōna: boikutlo ba rōna ka Molimo le boikutlo ba rōna ka boitšoaro boo a bo hloileng. Ho totobetse hore likarolo tsena ka bobeli ke tsa bohlokoa ’me ho loketse hore li hlahlojoe ka hloko. Joalokaha Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine e bolela, ho Bakreste tšabo ena e nang le tlhompho ea borapeli ke ‘tšusumetso e laolang bophelo, litabeng tsa moea le tsa boitšoaro.’
4. Re ka etsa joang hore re be le tšabo e nang le tlhompho le tlhompho ea borapeli bakeng sa ’Mōpi oa rōna?
4 Re ka etsa joang hore re be le tšabo e nang le tlhompho le tlhompho ea borapeli bakeng sa ’Mōpi oa rōna? Rea hlolloa ha re bona ponahalo e ntle ea naha, phororo e hapang maikutlo, kapa ho likela ha letsatsi ho hlollang ka botle. Boikutlo bona boa hōla ha re lemoha ka mahlo a tumelo mesebetsi ea Molimo ea pōpo. Ho feta moo, joaloka Morena Davida, rea lemoha hore ha re letho ha re bapisoa le pōpo e hlollang ea Jehova. “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole?” (Pesaleme ea 8:3, 4) Tšabo ena e hlollang e etsa hore re be le tlhompho ea borapeli, e re susumelletsang ho leboha Jehova le ho mo rorisa ka sohle seo a re etsetsang sona. Davida o ile a ngola hape a re: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.”—Pesaleme ea 139:14.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšaba Jehova, ’me re na le mohlala ofe o motle ntlheng ee?
5 Tšabo e nang le tlhompho le tlhompho ea borapeli li susumelletsa tšabo e molemo le e hlomphang matla a Molimo e le ’Mōpi le e hlomphang bolaoli ba hae e le ’Musi ea nepahetseng oa bokahohle. Ponong eo moapostola Johanne a ileng a e bona, “ba hlahang ba hlōtse sebata le setšoantšo sa sona”—e leng balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste boemong ba bona ba leholimo—baa hooa: “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng, litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete. Jehova, ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba, ’me a tlotlisa lebitso la hao?” (Tšenolo 15:2-4) Ho tšaba Molimo, ho bakoang ke tlhompho e tebileng ea borapeli bakeng sa boholo ba hae, ho etsa hore bana ba busang le Kreste ’Musong oa leholimo ba tlotle Molimo e le molaoli ea phahameng ka ho fetisisa. Ha re nahana ka sohle seo Jehova a se finyelletseng le tsela e lokileng eo a laolang bokahohle ka eona, na ha re na lebaka le khotsofatsang la ho mo tšaba?—Pesaleme ea 2:11; Jeremia 10:7.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tšabo e molemo ea hore re se ke ra halefisa Jehova?
6 Leha ho le joalo, ntle ho tšabo e nang le tlhompho le tlhompho ea borapeli, ho tšaba Molimo ho lokela ho akarelletsa tšabo e molemo ea hore re se ke ra mo halefisa kapa re se ke ra mo mamela. Hobane’ng? Hobane le hoja Jehova a ‘lieha ho halefa ’me a tletse mosa o lerato,’ re lokela ho hopola hore “ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Exoda 34:6, 7) Le hoja Jehova a le lerato ebile a le mohau, ha a mamelle bokhopo le liphoso tsa ka boomo. (Pesaleme ea 5:4, 5; Habakuke 1:13) Bao ka boomo le ka ho se bake ba itloaelitseng ho etsa lintho tse khopo mahlong a Jehova le ba mo hanyetsang ba ke ke ba etsa joalo ntle ho kotlo. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, “ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.” Ha re e-na le tšabo e molemo ea hore re se ke ra oela boemong boo, qetellong tšabo eo ea re sireletsa.—Baheberu 10:31.
“Le Lokela ho mo Khomarela”
7. Re na le mabaka afe a ho tšepa matla a pholosang a Jehova?
7 Ho tšaba Molimo ka tsela e nang le tlhompho ea borapeli le ho elelloa matla a hae a hlollang, ke lilelekela tsa ho tšepa Jehova le ho beha tšepo ho eena. Feela joalokaha ngoana e monyenyane a utloa a sireletsehile ha a le haufi le ntat’ae, le rōna re utloa re sireletsehile re bile re e-na le tšepo letsohong le tataisang la Jehova. Hlokomela hore na Baiseraele ba ile ba itšoara joang ka mor’a hore Jehova a ba ntše Egepeta: “Baiseraele ba boela ba bona letsoho le leholo leo Jehova a le sebelisitseng khahlanong le Baegepeta; eaba sechaba se qala ho tšaba Jehova le ho beha tumelo ho Jehova.” (Exoda 14:31) Phihlelo ea Elisha le eona ke bopaki ba ’nete ba hore “lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.” (Pesaleme ea 34:7; 2 Marena 6:15-17) Histori ea kajeno ea batho ba Jehova ’me mohlomong le liphihlelo tsa rōna li tiisa hore Molimo o sebelisa matla a hae molemong oa ba mo sebeletsang. (2 Likronike 16:9) Kahoo, re lemoha hore “ho na le kholiseho e matla ho tšabeng Jehova.”—Liproverbia 14:26.
8. (a) Ke hobane’ng ha ho tšaba Molimo ho re susumelletsa ho tsamaea litseleng tsa hae? (b) Hlalosa kamoo re ka “khomarelang” Jehova kateng.
8 Ho tšaba Molimo ka mokhoa o molemo ho re susumelletsa hore re mo tšepe le hore re behe tšepo ho eena ’me ho boetse ho re susumelletsa ho tsamaea litseleng tsa hae. Ha Solomone a ne a khakola tempele o ile a rapela Jehova, a re: “E le hore [Baiseraele] ba ka u tšaba ka ho tsamaea litseleng tsa hao ka matsatsi ’ohle ao ba phelang ka ’ona naheng eo u e fileng baholo-holo ba rōna.” (2 Likronike 6:31) Pejana, Moshe o ile a phehella Baiseraele, a re: “Le lokela ho latela Jehova Molimo oa lōna, ’me le lokela ho mo tšaba, le lokela ho boloka litaelo tsa hae, ’me le lokela ho mamela lentsoe la hae, le lokela ho mo sebeletsa, ’me le lokela ho mo khomarela.” (Deuteronoma 13:4) Joalokaha litemana tsena li bontša ka ho hlaka, takatso ea ho tsamaea litseleng tsa Jehova le ho mo “khomarela” e tsoaloa ke ho tšepa Molimo le ho beha tšepo ho eena. Ha ho pelaelo hore ho tšaba Molimo ho etsa hore re mamele Jehova, re mo sebeletse, le hore re mo khomarele, feela joalokaha ngoana e monyenyane a ka khomarela ntat’ae eo a mo tšepang ka ho feletseng le eo a behileng tšepo ho eena ka ho feletseng.—Pesaleme ea 63:8; Esaia 41:13.
Ho Rata Molimo ke ho mo Tšaba
9. Ho rata Molimo le ho tšaba Molimo ho amana hokae?
9 Ho ea ka Mangolo, ho tšaba Molimo ha ho sitise ho mo rata. Ho fapana le moo, Baiseraele ba ne ba laetsoe ho ‘tšaba Jehova e le hore ba tsamaee litseleng tsohle tsa hae le ho mo rata.’ (Deuteronoma 10:12) Kahoo, ho tšaba Molimo le ho rata Molimo ho amana haufi. Ho tšaba Molimo ho re susumelletsa ho tsamaea litseleng tsa hae, ’me sena se fana ka bopaki ba hore rea mo rata. (1 Johanne 5:3) Sena sea utloahala hobane ha re rata motho, ka nepo re tšaba ho mo utloisa bohloko. Baiseraele ba ne ba utloisa Jehova bohloko ka bofetoheli ba bona lefeelleng. Ka sebele re ke ke ra rata ho etsa letho le tla soabisa Ntat’a rōna oa leholimo joalo. (Pesaleme ea 78:40, 41) Ka lehlakoreng le leng, kaha “Jehova o khahlisoa ke ba mo tšabang,” pelo ea hae ea thaba ha re mamela ’me re tšepahala. (Pesaleme ea 147:11; Liproverbia 27:11) Ho rata Molimo ho re susumelletsa hore re mo khahlise, ’me ho tšaba Molimo ho re thibela ho mo utloisa bohloko. Ke litšoaneleho tse tlatsanang eseng tse hananang.
10. Jesu o ile a bontša joang hore o thabela ho tšaba Jehova?
10 Tsela eo Jesu Kreste a phetseng ka eona e bontša ka ho hlaka kamoo re ka ratang Molimo ra ba ra mo tšaba. Moprofeta Esaia o ile a ngola ka Jesu, a re: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova; ’me o tla thabela ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:2, 3) Ho latela boprofeta bona, moea oa Molimo o ile oa susumelletsa Jesu hore a tšabe Ntat’ae oa leholimo. Ho feta moo, re hlokomela hore tšabo ena, ho e-na le hore e be mokhoka-khoale, e ne e le mohloli oa thabo. Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea Molimo le ho mo khahlisa, esita le har’a maemo a thata ka ho fetisisa. Ha a ne a le makhatheng a ho bolaoa thupeng ea tlhokofatso, o ile a re ho Jehova: “Eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena.” (Matheu 26:39) Kaha o ne a tšaba Molimo, Jehova o ile a mamela ka mohau likōpo tse tiileng tsa Mora oa hae, a mo matlafatsa le ho mo lopolla lefung.—Baheberu 5:7.
Ho Ithuta ho Tšaba Jehova
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha re tšoanela ho ithuta ho tšaba Molimo? (b) Jesu o re ruta ho tšaba Jehova joang?
11 Ho tšaba Molimo ha ho itlise ka tsela e tšoanang le eo tšabo e nang le tlhompho e itlisang ka eona ha re tobane le matla le boholo ba lintho tsa tlhaho. Ke ka lebaka leo Davida e Moholo, Jesu Kreste, ka boprofeta a fetisetsang memo ena ho rōna, “Tloong, lōna bara, le ’mamele; ke tla le ruta ho tšaba Jehova.” (Pesaleme ea 34:11) Ke joang re ka ithutang ho Jesu ho tšaba Jehova?
12 Jesu o re ruta ho tšaba Jehova ka ho re thusa hore re utloisise botho bo babatsehang ba Ntat’a rōna oa leholimo. (Johanne 1:18) Mohlala oa Jesu o senola kamoo Molimo a nahanang kateng le kamoo a sebelisanang le ba bang kateng, hobane Jesu o bonahatsa botho ba Ntat’ae ka mokhoa o phethahetseng. (Johanne 14:9, 10) Ho feta moo, ka sehlabelo sa Jesu, re ka kena ho Jehova ha re rapella tšoarelo ea libe. Pontšo ena e hlahelletseng ea mohau oa Molimo ke lebaka le matla la hore re mo tšabe. Mopesaleme o ile a ngola, a re: “Ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena, e le hore u ka tšajoa.”—Pesaleme ea 130:4.
13. Ke mehato efe e thathamisitsoeng bukeng ea Liproverbia e re thusang ho tšaba Jehova?
13 Buka ea Liproverbia e thathamisa letoto la mehato e re nolofalletsang hore re tšabe Molimo. “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, . . . tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:1-5) Kahoo, e le hore re tšabe Molimo, re lokela ho ithuta Lentsoe la hae ’me ka tieo re leke ho utloisisa taeo ea lona, ebe re ela keletso ea lona hloko ka ho fetisisa.
14. Re ka latela keletso e ileng ea fuoa marena a Iseraele joang?
14 Morena e mong le e mong oa Iseraele ea boholo-holo o ne a laeloa ho iketsetsa kopi ea Molao ’me “a e bale ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, e le hore a ka ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa hae hore a tle a boloke mantsoe ’ohle a molao.” (Deuteronoma 17:18, 19) Ho bala Bibele le ho ithuta eona ke lintho tsa bohlokoa le ho rōna e le hore re tle re ithute ho tšaba Jehova. Ha re ntse re sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna, butle-butle re fumana bohlale ba Molimo le tsebo ea hae. Re “utloisisa ho tšaba Jehova” hobane re bona liphello tse molemo tseo ho li hlahisang bophelong ba rōna, ’me re nka kamano ea rōna le Molimo e le ea bohlokoa. Ho feta moo, ka ho bokana kamehla le balumeli-’moho le rōna, ba banyenyane le ba baholo ba ka mamela seo Molimo a se rutang, ba ithuta ho tšaba Molimo le ho tsamaea litseleng tsa hae.—Deuteronoma 31:12.
Ho Thaba e Mong le e Mong ea Tšabang Jehova
15. Ho tšaba Molimo ho amana ka litsela life le ho mo rapela ha rōna?
15 Ho seo re seng re buisane ka sona, rea bona hore ho tšaba Molimo ho molemo le hore bohle ba lokela ho ho sebeletsa, etsoe ke karolo ea bohlokoa ea ho rapela ha rōna Jehova. Ho re etsa hore re mo tšepe ka ho feletseng, re tsamaee litseleng tsa hae ’me re mo khomarele. Joalokaha ho etsahetse ho Jesu Kreste, le rōna ho tšaba Molimo ho ka re susumelletsa hore re phethahatse kano ea rōna ea boinehelo hona joale le ka ho sa feleng.
16. Ke hobane’ng ha Jehova a re khothalletsa hore re mo tšabe?
16 Ho tšaba Molimo hase ntho e etsoang ntle ho mabaka kapa e nang le lithibelo tse sa utloahaleng. Bibele e re tiisetsa hore, “ho thaba e mong le e mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.” (Pesaleme ea 128:1) Jehova o re khothalletsa hore re mo tšabe hobane oa tseba hore ho tla re sireletsa. Re hlokomela kameho ena ea hae e lerato mantsoeng a hae ho Moshe a reng: “Hoja [sechaba sa Iseraele] se ne se ka etsa hore lipelo tsena tsa sona li ntšabe ’me li boloke litaelo tsohle tsa ka kamehla, e le hore lintho li ka se tsamaela hantle le bara ba sona ho isa nakong e sa lekanyetsoang!”—Deuteronoma 5:29.
17. (a) Ke melemo efe eo re e ruang ka ho tšaba Molimo? (b) Sehloohong se latelang ho tla hlahlojoa lintlha life tsa ho tšaba Molimo?
17 Ka tsela e tšoanang, ha re etsa hore lipelo tsa rōna li tšabe Molimo, re tla atleha. Ka litsela life? Ntho ea pele, boikutlo bo joalo bo tla khahlisa Molimo ’me bo tla re hulela haufi le eena. Davida o ne a tseba ka phihlelo hore “o tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.” (Pesaleme ea 145:19) Ntho ea bobeli, ho tšaba Molimo ho tla re ruisa molemo hobane ho tla ama hore na re ikutloa joang ka lintho tse fosahetseng. (Liproverbia 3:7) Sehlooho se latelang se tla re bontša kamoo tšabo ena e re sireletsang kateng linthong tse kotsi moeeng, ’me se tla re hopotsa mehlala e meng ea Mangolo ea banna ba neng ba tšaba Molimo le ba ileng ba furalla lintho tse mpe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Seboka-kakaretso sa Machaba a Kopaneng se ile sa amohela Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho ka la 10 December, 1948.
Na U ka Araba Lipotso Tse Latelang?
•Ho tšaba Molimo ho bolela’ng, ’me ho re ama joang?
•Ho tšaba Molimo le ho tsamaea le Molimo ho amana hokae?
•Mohlala oa Jesu o bontša joang hore ho tšaba Molimo ho amana le ho rata Molimo?
•Ke ka litsela life re ka etsang hore lipelo tsa rōna li tšabe Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Marena a Iseraele a ne a laeloa hore a iketsetse kopi ea Molao le hore a e bale letsatsi le leng le le leng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho tšaba Jehova ho re etsa hore re mo tšepe joalokaha mora a tšepa ntat’ae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Stars: Photo by Malin, © IAC/RGO 1991